Batho ba Limillione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Shoa Lefatšeng la Rōna
“Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang no ’na, leha a shoele, o tla phela. E mong le e mong ea phelang, ’me a lumetse ho ’na, a ke ke a shoa le ka mohla o le mong.”—JOHANNE 11:25, 26.
1. Hore motho a se ke a shoa le ka mohla lefatšeng la rōna ho tla bolela eng bakeng sa motho eo ea hauhetsoeng?
HORE motho a se ke a shoa le ka mohla ho ka bolela hore motho ea hauhetsoeng joalo o tla phela kamehla mona lefatšeng e le monna kapa mosali ea ka shoang! Ke qeto e utloahalang, na ha ho joalo? ’Me na e lumellana le mantsoe a kaholimo a Jesu Kreste a builoeng lilemo tse fetileng tse makholo a 19? E!
2, 3. (a) Mangolo a Seheberu a na le tšepo efe? (b) Maikutlo a litsamaiso tsa bolumeli tsa Bojakane ke afe?
2 Mangolo a halalelang a Seheberu, ho tloha ho Genese ho ea ho Malakia, ha a bue ka tšepo ea leholimo, ka hona Bajode ba neng ba sa ntsane ba tšoarelletse ka matla Mangolong ana ba ne ba se na tšepo kapa takatso ea leholimo. Empa Mangolo a Seheberu a hlile a na le tšepo ea bophelo bo sa feleng. (Pesaleme ea 37:29; Jobo 14:13-15) Ho Mojode oa tlhaho ea bolotseng, bophelo bo sa feleng lefatšeng tlas’a maemo a ’Muso oa Messia ea tšepisitsoeng e ne e le tšepo le tebello ea tlhaho.
3 Ka kakaretso, leha ho le joalo, maikutlo ana hase a amoheloang litsamaisong tsa bolumeli ba Bojakane. Litsamaiso tsena li lumela le ho ruta hore rōna batho re na le moea o sa shoeng kahare ho ’mele ea rōna e shoang le hore lefung la rōna leo re ke keng ra le qoba moea ona o-oa lokolloa ’me o balehela sebakeng sa moea se sa bonahaleng. Mono o kena kahlolong ’me Molimo o o abela lehlohonolo la leholimo kapa sebaka sa tsuo tlhokofatsong e sa feleng haeba motho e ne e se Mokreste ea tšepahalang. ’Me maikutlo a Bojakane ke hore lefatše, letsatsi, khoeli le linaleli li tla chesoa, li senngoe, ntoeng ea bokahohleng.
4. Ke hobane’ng ha ho se shoe lefatšeng la rōna ho ka bonahala eka hase litaba tse molemo bakeng sa batho ba bangata ba hopotseng ka ho phela boemong ba lona ba hona joale?
4 Ho ea ka maikutlo ao a bolumeli, ho ke ke ha etsahala hore “limillione tse phelang hona joale li ke ke tsa e-shoa lefatšeng la rōna.” Empa, batho ba bangata ba ka ’na ba re botsa, Ekaba ke mang ea ka thabelang ho phela lefatšeng le kang lee le tlakiloeng ke litlala, mafu a seoa, litšisinyeho tsa lefatše, lintoa, mahloeo pakeng tsa lichaba le merabe, lefatšeng le tletseng ka lihlomo tse kotsi tsa ntoa tse sokelang ho phela ha motho lefatšeng? Haeba lintho tse tšabehang joalo li ne li ka hlasela lefatše la rōna ka ho sa feleng, batho ba bangata ba nang le kutloisiso ba ne ba tla thabela ho tloha lefatšeng—le haeba e le ka lefu!
Morero oa Mathomo oa Lefatše
5. Lefatše le ne le le boemong bofe ha Molimo o bea motho ho lona, ’me Molimo o ikutloa joang ka batho?
5 Leha ho le joalo, qalehong ea ho phela ha batho, ’Mopi o ba file lefatše e le lehae la bona ka ho sa feleng. Ka sebele ka nako eo e ne e le ‘lefatše le molemo.’ Tlaleho ea Bibele ea pōpo e re bolella hore, hoba ’Mōpi a qale ka ho lokisetsa monna le mosali maemo a lefatše ’me a ba bee teng, “Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo.” (Genese 1:31) Hoja lefatše le sa ka la bonahala le le molemo haholo ho ’Mopi, a ka be a sa ka a bea bana ba hae ba batho mona. Mongoli oa tlaleho ea pōpo o re ka Molimo ’Mōpi: “Ke Lefika; mosebetsi oa hae o phethehile, hobane litsela tsa hae kaofela li lokile; ke Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile, o khabane.” (Deuteronoma 32:4) Molimo o matla ’ohle ha o na tlaleho ea mosebetsi, kapa ketso, eo o ka ikopelang tšoarelo ho mang kapa mang ka eona. E le Ntate ea molemo o ratile batho ho tloha qalehong. O ntse a rata batho.—Johanne 3:16.
6, 7. Ke hobane’ng ha re ka ikutloa re e-na le tšepo hore ha Molimo o bōpa lefatše le motho e ne e se morero oa lefeela?
6 Taba e thabisang ke hore ho bōpa ha Molimo lefatše le ho bea motho holim’a lona e ke ke ea e-ba morero oa lefeela. Ha Molimo o bea sepheo se hlomphehang ka pel’a monna oa pele le mosali, oa nea Adama le Eva matla a ho ngatafala ka bana ba phethahetseng le ho tlatsa lefatše ka bona. Hape, ba laeloa ho busa lefatše hore e be Paradeise le ho busa libōpuoa tsohle tse tlasana ho motho tsa lefatše. (Genese 1:28) Ka masoabi, kamorao ho lilemo tse fetang 6 000 motho a le teng ’me a bokeletse phihlelo, o hlōlehile ho etsa seo a neng a neiloe matla a ho se etsa. Taba e mpe haholo ke hore, ho na le tšabo ea hore batho ba tla ipolaea ka sehlōhō se fetisisang ka lintho tseo ba li qapileng ka lehloeo. Empa kahobane batho ba hlōlehile linthong tse ngata, hona ha hoa etsa hore Molimo ’Mopi a hlōlehe.
7 Morero oa tšimolohong oa Molimo maloka le lefatše la rōna o tla phethahala. Molimo o re tiisetsa hoo! (Esaia 55:11) Ho Moeklesia 1:4 Bibele e re: “Ho ikela moloko o mong, o mong o hlahe, empa lefatše le hlola ka ho sa feleng.” ’Me ho Esaia 45:18 Molimo ’Mōpi o ipolela e le “Molimo o bōpileng lefatše, moetsi oa lona,” ’me o phaella a re: “ea le tiisitseng ea sa ka a le bōpela lefeela, ea mpang a le bōpetse hore le ahuoe, o bolela, o re: Ke ’na Jehova, e mong ha a eo.” ’Me ka nako e loketseng ea Molimo le fela le ‘tla ahuoa’ ke moloko oa batho o phethahetseng, o hauhetsoeng ka neo ea bophelo bo sa feleng!
8, 9. (a) Ke hobane’ng ha morero oa Molimo ka lefatše hore le ahuoe o sa hanyetsoe ke taba ea hore maholimo a joale le lefatše li tla feta? (b) “Maholimo a macha” le “lefatše le lecha” ke eng, ’me tšepiso ea Bibele ke eng maloka le tsona?
8 Moapostola Petrose ha a hanyetse polelo e ka holimo maloka le morero o tiileng oa Molimo ha a re lemosa hore maholimo le lefatše tsa joale li tla feta. Che, hobane hang kamor’a ho re hopotsa ka qetello ena e tlang e haufi hakana, o tsoela pele a re: “Empa re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” (2 Petrose 3:10-13) Tšepiso ea Molimo ea maholimo a macha le lefatše le lecha e bolokiloe ho Esaia 65:17. Hore na li tla nka nako e kae, rea bolelloa ho Esaia 66:22: “Hobane joale ka ha maholimo a macha, le lefatše le lecha lee ke seng ke tla le bōpa, a tla hlola a le teng pel’a ka, ho bolela Jehova, leloko la lōna le lebitso la lōna le tla ’ne le be teng pel’a ka.”
9 E, maholimo a macha le lefatše le lecha li tla ’ne li eme pel’a Jehova; li tla ema li tiile, li tla tšoarella, li tla tsoela pele! “Lefatše le lecha” le entsoeng ka moloko o lokileng oa batho, o tla aha qitikoeng e hloekisitsoeng, eo ’Mōpi a e ‘entseng hore e ahuoe.’ (Esaia 45:18) “Maholimo a macha,” ao e leng marena a macha a leholimo a lokileng, a tla ikarabella bakeng sa lefatše le hloekisitsoeng le baahi ba lona ba lokileng. Ka sebele Jehova Molimo o tla be a sa bōpela qitikoe ea rōna ea lefatše “lefeela.” Le sa ntsane le tla mo phahamisa e le Moetsi!
Ho Pholohela ‘Lefatšeng le Lecha’
10, 11. (a) Liithuti tsa litaba tsa lefatše ha li nahanele eng litabeng tsa tsona, ’me ke eng eo re ka e pholohang, hona re tla pholohela ho eng? (b) Re ka ithuta eng ka ho pholoha ha Noe le lelapa la hae Moroallong?
10 Setšoantšo se atisang ho etsoa ke liithuti tsa litaba tsa lefatše ha se fane ka tšepo ea batho ba ka pholohang lefatšeng ho kena tsamaisong e ncha e molemo ea lintho. Ka teboho mehopolo ea bona hase mehopolo ea ’Mōpi oa lefatše, leha e le hore litsela tsa bona ke litsela tsa hae. (Esaia 55:8-11) Mehopolo ea bona ha e-ea theoa ho se ileng sa etsahala lefatšeng khale mehleng ea motho Noe. Liqhomane tsohle tse kotsi tsa lichaba le tse ling tse matla hase letho ka matla ha li bapisoa le Moroallo oa phikoloho o ileng oa nesa pula ka nako eo ho felisa lefatše leo la khale la ho bolaeana. Ka mohau Jehova Molimo ’Mōpi o ile a etsa litokisetso bakeng sa lelapa la motho hore le pholohe bofelo bo kotsi ba lefatše ka nako eo e le hore le ka ’na la e-ba teng lefatšeng.
11 Ha e le baphonyohi ba batho ba lefatše leo la khale, ba ne ba le robeli, e le Noe le mosali oa hae, le bara ba bona ba bararo le basali ba bona. Ka meea ena e robeli ea batho moloko oa rōna oa qalisa bocha ho lokeng. (2 Petrose 2:5; 3:6) Hona ho sebeletsa e le mohlala bakeng sa nako e tlang e haufi. (Genese 9:1-7) Ho bontša hore, joalokaha Noe le lelapa la hae ba ile ba pholoha bofelo ba lefatše mehleng ea bona, le rōna re ka pholoha bofelo ba lefatše lena ho kena tsamaisong e ncha ea lintho e haufi hakana!
12, 13. (a) Ke hobane’ng ha batho ba limillione kajeno ba sa tšabe bofelo ba tsamaiso ee ea khale ea lintho? (b) Thapelo eo re e rutiloeng ke Mora motho e re tiisetsa eng mabapi le lefatše la rōna?
12 Batho ba limillione kajeno lefatšeng ba ananela hore “maholimo a macha” le “lefatše le lecha” li haufi haholo le rōna. Ha ba tšabe bofelo ba lefatše la joale la khale, le hoja bo tla etsahala joalokaha eka ke mollo o kopelang leholimo le lefatše. Ba tseba hore Lentsoe le tšepahalang la ’Mōpi oa lintho tsohle le boletse hore lefatše la rōna le tla pholoha joaloka qetellong ea lefatše la pele mehleng ea ntat’a bona moholo Noe. Mopesaleme ea bululetsoeng o buile tjena ka lefatše la rōna: “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, ’me lefatše o le neile bana ba batho.”—Pesaleme ea 115:16.
13 “Bana ba batho” ha baa ka ba etsetsoa leholimo, empa lefatše, moo ’Mōpi a ba lumelletseng ho lula teng. Tlase mona lefatšeng Moruti e Moholo ea ileng a ipitsa “Mor’a motho” o rutile barutuoa ba hae hore ba rapele ’Mōpi, ba re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 24:37; 6:9, 10) Hore thapelo e arabeloe ke “ea utloang merapelo” ka ho tla ha ’Muso oa hae oa leholimo, lefatše la rōna le tlameha ho pholoha bofelo bo tlang ba tsamaiso ea joale ea lintho e tsuong. (Pesaleme ea 65:2) Batho ba phonyohileng ba tla etsa thato ea Ntate oa leholimo holim’a lefatše joalokaha mangeloi a leholimo a etsa thato eo ka botšepehi.
14. “Lefatše le lecha” le tla qalisoa ke bafe, ’me lefatše le lecha leo le tla atolosoa joang?
14 Ke tebello e babatsehang hakaakang e ka pel’a baetsi ba thato ea Molimo lefatšeng le hloekisitsoeng! Baphonyohi ba batho ba lefatše lena la joale, ba lebelletseng ho sebeletsa Ntate oa leholimo ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise, ba tla qalisa “lefatše le lecha” tlas’a “maholimo a macha” a Messia. Ka nako ea teng “lefatše le lecha” lena le tšepisitsoeng le tla atolosoa ka tsoho ea bafu ba lopolotsoeng ba batho ba tla rutoa ho loka le ba tla tlameha ho etsa se lokileng. (Johanne 5:28, 29) Ka lebaka la sena, ba lebelletseng ho pholoha bofeIo ba tsamaiso ea lefatše lee ba tla etsa joang?
15, 16. (a) Moapostola Petrose o bontšitse eng e le tsela e loketseng ho ba lebelletseng ho phonyoha bofelo ba lefatše lee? (b) Noe e ne e le motho oa mofuta ofe mehleng ea pele ho Moroallo, ka matšeliso afe ho eena le lelapa la hae?
15 Potso eo e ntle. Lilemong tse fetileng tse fetang 1 900 moapostola Petrose o ile a bontša hore na karabelo e lokela ho ba efe potsong eo ha a ngola: “Ha e le moo ntho tseo tsohle li abetsoe ho felisoa, e ka khona le be batho ba matla hakakang liketsong tse halalelang tsa borapeli; le ntse le lebeletse ’me le akofisa ho tla ha letsatsi la Molimo, leo maholimo a tla felisoa ke ho cha ka lona, ’me metheo e tla qhibiliha ke ho cha.” (2 Petrose 3:11, 12) Haeba ho ne ho loketse hore moapostola ea bululetsoeng a ngole mantsoe ao lilemong tse fetileng tse 1 900 mehleng ea nala ea ’Muso oa Roma, ho loketse haholoanyane hakaakang hore mantsoe ao a khothatso a tobisoe ho Lipaki tsa Jehova mehleng ena ea qetello ea tsamaiso ee ea lintho. ‘Ho tla hona ha letsatsi la Jehova’ ho tla fella ka ho senngoa, hoo ka tšoantšetso e kang pitsa e qhibilihang ha “lefatše le tla cha ruri le mesebetsi e ho lona.”—2 Petrose 3:10.
16 Mehleng e qetellang pele ho Moroallo oa lefatše, “Noe e ne e le motho ea lokileng, ea khabane mehleng ea hae; ’me Noe o ne a tsamaea le Molimo.” (Genese 6:9) Ho tsamaea ha Noe ka tsela eo e le hlooho ea lelapa la hae le lenyenyane ho ile ha sebeletsa hore ba phelisoe ke Molimo oo a neng a tsamaea le oona. Hoba Noe le lelapa la hae ba tsoe ba phela arekeng ea poloko, ba sebelisetsoa ho qalisa tsamaiso e ncha ea lintho ea ho loka tlas’a tlhohonolofatso ea Jehova Molimo. Eaba Molimo o etsa selekane le baphonyohi bana ba Moroallo hore o ke ke oa hlola o tlisetsa moloko oa motho Moroallo oa lefatše lohle.—Genese 9:8-17.
17. Temoso ea Noe e ne e lelefetse hakae, ’me ke boemo bofe bo lumellanang le boo kajeno?
17 Noe a lemosa esale pele ka metsi a tla tšoloha hoo a tla koahela lefatše lohle. Lipaki tsa Jehova tsa lekholong la lilemo la bo20 le tsona li neiloe temoso ea bofelo ba lefatše lena. Temoso ena e theiloe Bibeleng e bululetsoeng le phethahatsong ea boprofeta ba eona bo hlakisang hore re haufi le ho fela ha tsamaiso ena ea lintho e sehlōhō.
Ho Amohela Bafu ba Khutlelang Lefatšeng
18. Ke pono efe e tlileng pele ho nako ea tsoho ea lefatšeng ea bafu e hlalositsoeng ho Tšenolo eo Lipaki tse limillione li e nyakallelang kajeno?
18 Kajeno limillione tsa Lipaki tsa Jehova tse ‘tsamaeang le Molimo’ li nyakallela pono ea lintho tse tla etsahala tse ho Tšenolo 20:11-14, moo re balang: “Eaba ke bona terone e tšoeu e khōlō le e mong ea lutseng holim’a eona, eaba lefatše le leholimo li baleha pel’a sefahleho sa hae, ’me ha lia ka tsa hlola li fumaneloa sebaka. Ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo ba eme pel’a terone; ha phetloa libuka; ha phetloa le buka e ’ngoe, e leng buka ea bophelo; ’me bafu ba ahloloa ka tse ngoliloeng libukeng tseo, e leng ka mesebetsi ea bona. Leoatle la busetsa bafu ba ho lona, lefu le lebitla tsa ntša bafu ba ho tsona; e mong le e mong a ntoo ahloloa ka mesebetsi ea hae. Lefu le lebitla tsa akheloa letšeng la mollo; ke lona lefu la bobeli.”
19. Bafu ba batho ba tla tsosetsoa lefatšeng le boemong bofe, ’me ba tla tšoaroa joang ha ba qalisa bophelo bocha?
19 Ba tsosoang bafung ho latela boprofeta boo ba Bibele ba ke ke ba khutlela lefatšeng le se nang baahi. Limillione tsa Lipaki tsa Jehova tse ineetseng le ho kolobetsoa li lebelletse ho pholoha ha ho feta maholimo a khale le lefatše la khale tsa tšoantšetso ’me li amohele bafu ba tsoselitsoeng lefatšeng le tla beng le lokiselitsoe ho ba Paradeise ea lefatše lohle. (Luka 23:43) Tsamaiso e ncha ea lintho joale e tla be e qalisitsoe. Ka lerato baphonyohi ba bofelo ba lefatše lena la khale ba tla be ba se ba lokiselitse ho khutla ha bafu ba lopolotsoeng ba batho.
20. Ke litaelo life tse fanoeng ke Jesu hoba a tsose Lazaro le morali oa Jairuse bafung tse bontšang seo baphonyohi ba tla tlameha ho se etsa lebitsong la libillione tse tsositsoeng?
20 Baphonyohi bao ba limillione ba tla hopola kamoo, hang kamor’a hore Jesu a tsose motsoalle ea ratoang oa hae Lazaro lebitleng mane Bethania, haufi le Jerusalema, a ileng a laela ba boneng mohlolo ona hore ba lokolle Lazaro maseleng ao a neng a patiloe ka oona. Ka ho tšoanang, ha Jesu a tsosa bafung morali oa ’musisi oa Mojode Jairuse, a “laela hore ba mo fe lijo.” (Luka 8:55; Johanne 11:44) Ntle ho pelaelo baphonyohi ba tla neoa litaelo tse tsoang leholimong hore ba etse litokisetso tse loketseng bakeng sa ho khutla ha bafu ba libillione ba batho.
21, 22. (a) Ke ka lenaneo lefe baphonyohi ba tla thusa bafu ba tsositsoeng hore ba iphumantše ka botlalo melemo ea lefu la Kreste? (b) Ke hobane’ng ha “lefatše le lecha” le tla loka ho tloha qalong feela?
21 Hape ho tla etsoa mosebetsi o moholo oa ho ruta. Hona ho tumellanong le morero oa Molimo bakeng sa bafu ba batho ba khutlang hore ba iphe melemo e feletseng ea sehlabelo sa topollo sa Jesu Kreste. Ke ka ho etsa joalo feela ba tlang ho lumelloa ho phela lefatšeng la Edene, phethehong ea botho. “Bongata bo boholo” ba ba lebelletseng ho pholoha ‘mahlomoleng a maholo’ bo se bo ntse bo itokisetsa ho kopanela lenaneong leo le babatsehang la ho ruta. Bo ikentse bo fumanehang bakeng sa melemo ea lefu la sehlabelo la Jesu Kreste, “Konyana ea Molimo.” (Johanne 1:29) Ke se bontšoang ho Tšenolo 7:9-14 moo, har’a lintho tse ling, ho boleloang tjena ka bona: “Ke ba tsoang mahlomoleng a maholo; ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana.” Kahoo, ka lebaka la ho amohela melemo ea topollo ea Kreste, ba tšoantšetsoa ba ‘apere liaparo tse telele tse tšoeu.’
22 Ka “bongata bo boholo” bona, ho boetse ho thoe ka tšoantšetso: “Ba o sebeletsa motšehare le bosiu tempeleng ea oona.” (Tšenolo 7:15) “Mahlomoleng a maholo” a haufinyane, ba ke ke ba hlobolisoa liaparo tse telele tse tšoeu tsa bona, empa ka ho se thekesele ba tla ’ne ba sebeletse Jehova Molimo tlas’a tšireletso ea hae. (Tšenolo 7:17) Batho bana, ka ‘liaparo tse telele tse tšoeu’ tsa tšoantšetso, etlaba karolo ea pele ea “lefatše le lecha,” e le hore ho tloha qalehong ea lona feela, ‘ho loka ho ikahele teng.’—2 Petrose 3:13.
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Batho ba nakong e fetileng le ba hona joale ba ’nile ba e-ba le maikutlo afe ka bophelo?
◻ Morero oa Molimo ka lefatše lohle ke ofe, ’me Bibele e paka hona joang?
◻ Se ileng sa etsahalla Noe le lelapa la hae se re kholisa joang hore limillione tse phelang hona joale li ke ke tsa e-shoa?
◻ Bafu ba tla amoheloa ke bo-mang ha ba khutla, ’me ba tla etsetsoa litokisetso life?
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Noe le lelapa la hae ba pholoha Moroallo. Batho ba limillione ba tla pholoha bofelo ba lefatše lena
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Joalokaha Lazaro a ile a amoheloa hape a phela, le baphonyohi ba Harmagedone ba tla amohela bafu ba khutlang