Batho ba Limillione ba Itokisetsa Bophelo bo sa Khaoheng Lefatšeng
1. (a) Ho nakong hore ba limillione joale ba hopole mantsoe afe a Jesu ho Maretha oa Bethania? (b) Ba limillione joale ba thabisoa ke karolo efe ea mantsoe ao, hona hobane’ng?
HO NAKONG hantle ho batho ba limillione ba phelang hona joale ho hopola mantsoe a Jesu Kreste ho Maretha oa Bethania: “Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela. E mong le e mong ea phelang, ’me a lumetse ho ’na, a ke ke a shoa le ka mohla o le mong.” (Johanne 11:25, 26) Ruri hoa thabisa ho batho bao ba limillione ba batlang bophelo bo sa feleng lefatšeng le lokileng hore ba lemohe hore mantsoe a Jesu a reng, “E mong le e mong ea phelang, ’me a lumetse ho ’na, a ke ke a shoa le ka mohla,” a sebetsa hona joale.
2. (a) Ha Jesu Kreste a ntse a le lefatšeng, e ne e le “tsoho” bakeng sa batho bafe? (b) Ka mantsoe a hae ho Maretha, Jesu o ne a hlile a supa nakong efe e tlang, ’me ke hobane’ng ha a ne a tla tlameha ho ba “bophelo” le ho ba limillione ba neng ba phela ka nako eo?
2 Ha Jesu a le lefatšeng e ne e le “tsoho” hobane o ile a tsosa Lazaro le batho ba bang. Empa mantsoe ana ao a a buileng pejana a tsosa Lazaro, a ne a hlile a supa nakong e tlang e neng e le hōle haholo nakong eo. Jesu o ile a supa nakong ea ha a ne a sa tlo fetoha tsoho le bophelo feela ho balateli ba hae bao e neng e tla ba majalefa le eena ’Musong oa leholimo empa hape le ho bafu ba batho ba tla fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng la rōna tlas’a ’Muso oa hae. Le tabeng ea ba tla beng ba phela lefatšeng nakong ea ’Muso oa hae le ba sa tlo hloka ho tsosoa lebitleng la lefatše, ho ne ho tla hlokahala hore Jesu e be “bophelo.” Hobane’ng? Hobane ba tla be ba ntse ba le tlas’a tsuo ea lefu ka lebaka la boetsalibe bo futsitsoeng ho Adama ea sa kang a mamela. Kahoo ba tla be ba ntse ba le boemong ba ho shoa.—Ba-Roma 5:12.
3. Ke ka lebaka la ho sebelisa tšoaneleho efe Jesu Kreste a fetohang “bophelo” ho batho ba phelang hona joale, ’me tšoaneleho ee e sebelisoa joang kajeno?
3 Ho batho ba phelang lefatšeng hona joale, Morena ea busang Jesu Kreste o fetoha “bophelo” ka lebaka la hore ba lumela ho eena, tumelo ena e pakoa ke mesebetsi. Nakong ena ea “ho fela ha lefatše,” mesebetsi ena e ne e tla akarelletsa ho ba le karolo e mafolo-folo ho phethahaleng ha boprofeta ba Jesu bo ho Mattheu 24:14 ba ho bolela Evangeli ea ’Muso oa Molimo pele “bofelo” ba lefatše lena bo hlaha. (Mattheu 24:3; Mareka 13:3, 4) Ba lumelang ba pholohang ho fela ha lefatše la joale le ba lebelletseng ho phela Paradeiseng e tsosolositsoeng ho ke ke ha hlokahala hore ba shoe le ka mohla. (1 Johanne 2:17) Ba tla ‘khutlela mehleng ea bocha ba bona,’ e, ba khutlele phethehong ea botho e kang eo Adama, motho oa pele, a neng a e-na le eona. Re na le motheo oa ho lumela hore kajeno ho na le batho ba limillione ba phelang ba lebelletseng bophelo bo sa tlo khaotsa lefatšeng.
4. (a) Boprofeta ba Jesu bo supa motheo oa hore batho ba thabele bophelo bo sa khaotseng lefatšeng joang? (b) Ke ‘batho’ bafe ba tla pholosoa ho kena taolong e ncha?
4 Jesu o fane ka motheo oa tšepo e joalo ha a fana ka boprofeta bo maloka le nako eo ho seng e tšoanang le eona ea khathatso eo ‘lefatše lena le tla fela ka eona.’ O itse: “Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong. Le hojane matsatsi ao a se ke a khutšofatsoa palo, ho no ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakhethoa, matsatsi ao a tla khutšofatsoa.” (Mattheu 24:21, 22) Kahoo matsatsi a ‘mahlomola a maholo’ a tla khutsufatsoa, ’me, ka lebaka leo, ho na le ‘batho’ ba tla pholoha ho kena tsamaisong e ncha ea lintho. Batho ba joalo ba tla akarelletsa batho ba bang ba bangata ntle ho “bakhethoa” ba tla beng ba ntse ba le lefatšeng ba emetse ho halaletsoa ’Musong oa leholimo le Jesu Kreste. Hoba batho bao ba ‘pholohe’ mahlomola a maholo, ba tla kena tsamaisong e ncha ea lintho tlas’a puso ea eo etlaba Ra-bo-sa-feleng oa bona.—Mattheu 24:31; Mareka 13:20, 22, 27; Tšenolo 17:14; Esaia 9:6, 7.
Kotsi e Hlahisoang ke Sebata
5. Ke eng e bonoeng e le taolong ea Konyana e teroneng, ’me ke mabitso a bafe a sa ngoloang “bukeng ea bophelo”?
5 Ke lebitso la mang le tla fumanoa le ngotsoe “bukeng ea bophelo” eo ho buoang ka eona ho Tšenolo 17:8? La hao? La ka? Ho re lemosa nako esale teng, temana eo e re: “Sebata seo u [Johanne] se boneng se ne se le teng, ’me ha se eo; se se se tla nyoloha sekoting, se ntoo ea tahlehong; ’me ba ahileng lefatšeng, bao mabitso a bona a sa kang a ngoloa bukeng ea bophelo ha e sa le lefatše le theoa, ba tla makala ha ba bona sebata, hobane se ne se le teng, ’me ha se eo, athe se tla boela se be teng.”
6. (a) “Sebata” sa tšoantšetso se theohetse neng ka sekoting, ’me se nyolohile ka sebopeho sefe? (b) Ke tsela efe e kotsi eo ho hlokahalang e qojoe?
6 “Sebata” seo sa tšoantšetso ka lekhetlo la pele se tsebiloe e le Selekane sa Lichaba. Se ile sa theohela sekoting seo se sa sebetseng ho sona nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše ea lilemong tsa 1939-45 eaba joale se nyoloha sekoting e se e le Machaba a Kopaneng kamorao ho ntoa eo. Kahoo ho tloha ka 1945 boemo bo bohloko bo ka ’nang ba ama motho ea batlang bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise bo hohle. A ka ekoa hore a nke tsela e tla mo etsa ea sa tšoaneleheng hore lebitso la hae le ngoloe “bukeng ea bophelo.” Kahoo, hona joale ho hlokahala hore re sebelise “kutloisiso e nang le bohlale” boitšoarong ba rōna maloka le “sebata” sa tšoantšetso.—Tšenolo 17:9.
7. (a) Sebata se ’mala oa sekarelata sa Tšenolo khaolo ea 17 se bitsoa eng ho Tšenolo khaolo ea 13? (b) Ke ka tsela efe “setšoantšo sa sebata” e leng mohlala oa sebata sa pele, ’me lihlooho tse supileng tsa sona li emela eng?
7 “Sebata” sena sa tšoantšetso sa Tšenolo khaolo ea 17, se hlalosoang se le ’mala oa sekarelata, ruri se ka “sebata” sa pele seo Tšenolo khaolo ea 13 e buang ka sona. Sebata sena se ’mala oa sekarelata sa ipaka e le ho bitsoang “setšoantšo sa sebata.” (Tšenolo 17:3; 13:14-18) Ho tšoana le mohlala oa sona, ‘setšoantšo sena sa sebata’ se na le lihlooho tse supileng, tse supang “marena a supileng.” “Marena” a mahlano a tšoantšetso a neng a se a oele a ne a tšoantšetsa mebuso ea lefatše ea Egepeta, Assyria, Babylonia, Medo-Persia le ’Muso oa Greece o ileng oa theoa ke Alexandere e Moholo. “Morena” oa botšelela e ne e le ’Muso oa Roma oa mehleng ea Johanne. “Morena” oa bosupa ea neng a tla tla Johanne a se a shoele histori e pakile hore ke ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. ’Me “morena” oa borobeli, sebata se ’mala oa sekarelata, e le “setšoantšo” sa sebata sa pele, o bonahetse ka lekhetlo la pele e le Selekane sa Lichaba.—Tšenolo 17:9-14.
8. (a) “Linaka tse leshome” tsa sebata li emela eng? (b) “Linaka tse leshome” li tla busa e le marena le sebata sa tšoantšetso halelele hakae, ’me ho tla etsahala joang ka ba tsotang sebata see?
8 Ha e le “linaka tse leshome” tse lihloohong tse supileng tsa sebata se ’mala oa sekarelata, li hlalosoa e le “marena a leshome,” ke hore, mebuso eohle ea lipolotiki e nang le boemeli ho mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. “Marena” ana a tla thabela bophahamo lefatšeng kapa matla ka nako e khutšoanyane, joalokaha eka ke ka “hora e le ’ngoe.” Hoo ho boetse ho hlalosa nako e khutšoanyane e pheloang ke bohle ba tsotang ho tsosoa ha “setšoantšo sa sebata” le ba se tšehetsang. Ba joalo mabitso a bona ha a ea ngoloa “bukeng ea bophelo.” Kahoo ba sa batleng ho shoa lefatšeng la rōna ba ke ke ba kopanela le bona borapeling ba “setšoantšo sa sebata.”
9. Ke ntoa efe e hlophisoang hona joale, ’me ntoa e tla qetella joang?
9 Joale mela ea ntoa e-ea hlophisoa. “Linaka tse leshome” li emetse ho loana. Tšenolo 17:14 e re: “Ba tla loantša Konyana, empa Konyana e tla ba hlola, kahobane ke Morena oa marena, le ’Musi oa babusi, ’me ba nang le eena ke ba bitsitsoeng, le bakhethoa, le balumeli.” Hona ho bontša hore masala a sa ntsaneng a phela lefatšeng a ba bitsitsoeng, ba khethiloeng le ba tšepahalang joalo a tla tobana le tlhaselo ea “linaka tse leshome.” Leha ho le joalo, “linaka tse leshome” tsena li tla hlōloa ke Konyana, ho bolelang hore “setšoantšo sa sebata” se tla “ea tahlehong.” (Tšenolo 17:8) Babuelli, barati le batšehetsi ba sebata seo le bona ba tla ea tahlehong. Mabitso a bona ha a fumanoe a ngotsoe “bukeng ea bophelo.”
10. Masala a ba bitsitsoeng le ba khethiloeng a sa ntsane a tlameha ho ipaka hore ke eng?
10 Ho sa tsotellehe hore na masala a ba bitsitsoeng, ba khethiloeng le ba tšepahalang a se a fokola hakae ka palo, ha a tšabe. Le bona ba seng bakae ba tlameha ho ipaka ba tšepahala ho fihlela ha Kreste a hlōla “setšoantšo sa sebata,” sebata le barapeli bohle ba sona ba lefatšeng. Hoo etlaba bofelo ba lefatše lena! Empa leha lefatše le fela, lelapa la motho le ntse le tsoela pele!
Ke Hobane’ng ha re re “Limillione tse Phelang Hona Joale”?
11. Polelo ea hore “Limillione tse phelang hona joale li ke ke tsa e-shoa lefatšeng la rōna” ha e-ea theoa ho eng, empa ho na le mabaka afe a ho lebella see?
11 Polelo e qahamisang litsebe, “Limillione tse phelang hona joale li ke ke tsa e-shoa lefatšeng la rōna” ha e-ea theoa lipalong tsa motho, joalokaha ho ka thoe ho tla pholoha motho a le mong ho ba 1 000 ba ahileng lefatšeng hona joale. Jehova Molimo, Mohloli oa bophelo bohle, ha a etse liqeto tsa litaba tsa bohlokoa motheong o joalo! Ha hoa ba joalo nakong ea Moroallo o ileng oa felisa lefatše la mehleng ea Noe. Le kajeno ha ho joalo! Ho na le mabaka a kholisang a Mangolo bakeng sa ho lebella hore “limillione tse phelang hona joale” li pholohe.
12. Ke bafe bao ka 1935 ba neng ba loketse ho ema ka lehlakoreng la ba bitsitsoeng, ba khethiloeng le ba tšepahalang, ’me ba ile ba bonahatsa boemo ba bona joang?
12 Lilemo tse ’ne pele Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma ’me “setšoantšo sa sebata” se theohela sekoting sa boemo bo kang lefu, Konyana ea Molimo e ne e sa ntsane e e-na le ba bang lefatšeng ba neng ba loketse ho tsoa ba le ntsoe-leng ka lehlakoreng la hae ba le moleng le masala a ba bitsitsoeng, ba khethiloeng le ba tšepahalang. Ka 1935, kopanong e hopolehang ea Lipaki tsa Jehova Washington, D.C., batho bana ba sebele ba bontša hore ba eme ka lehlakoreng la Morena oa marena ho loantša “setšoantšo sa sebata.” Joang? Ka hore ba 840 ho bona ba kolobetsoe pooaneng, e le tšoantšetso ea hore ba ineela ho Jehova Molimo ka ho feletseng. Ba ho entse kamor’a letsatsi le latelang ha ba kopanong ba ne ba mametse puo, “Bongata bo Boholo,” e neng e hlalosa Tšenolo 7:9-17. Kahoo ba potlakela ho sebelisa monyetla oa pele fela oa ho ba karolo ea “bongata bo boholo” bo hlatsoang liaparo tse telele tsa bona maling a Konyana le bo tsoang “mahlomoleng a maholo” ao ka Kreste Molimo o a tlisetsang “setšoantšo sa sebata” le bohle ba emeng le sona le “linaka tse leshome” tsa sona.
13. (a) Ho khutsufatsoa ha matsatsi a ‘mahlomola a maholo’ ho bolela eng ho masala a bakhethoa? (b) Kahoo haeba masala a bakhethoa a tla pholoha bofelo ba lefatše lena, hona ho se ho bolela le eng hape?
13 ‘Mahlomola a maholo’ ao a tla “khutšofatsoa” ka lebaka la bakhethoa ba Jehova, ba bitsitsoeng le ba khethiloeng ba hae. (Mattheu 24:21, 22) Hona ho bolela hore masala a bona a tla pholoha mahlomola ’me e be lipaki tse boneng ketso e makatsang ea Jehova eo ka eona a phahamisang borena ba hae holim’a leholimo le lefatše. (Esaia 28:21) Kaha matsatsi a tla khutsufatsoa ka lebaka la bona, ho hlakile hore ‘batho’ ba bang ba tla pholosoa bofelong ba lefatše lena la khale. Haeba masala a bakhethoa a tla sireletsoa ke Jehova ho tiisa hore a pholoha, ho tla ba joalo le ka “bongata bo boholo” ba ba ineetseng, ba kolobelitsoeng le ba tšepahalang ba tla pholoha tlas’a tšireletso ea Molimo. Kajeno bongata bo boholo ba Lipaki tsa Jehova ke litho tsa “bongata bo boholo” bo tla pholoha “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” boemong ba lefatše bo bitsoang Harmagedone, kapa Armagedone.—Tšenolo 16:14-16.
14. Litho tsa “bongata bo boholo” li ngata bo bokae, ’me li bapisoa joang le baahi ba lefatše?
14 Hona joale ho tlalehoa hore baahi ba lefatše ke batho ba libillione tse 4,6. Ho tloha ka 1935 C.E. litho tsa “bongata bo boholo” li tlameha e be li eketsehile hoo li baloang ka limillione. Na ho joalo? Masala a tlotsitsoeng a likete tse seng kae a kupelitsoe ho hang ke makholo a likete a phetheselang a Lipaki tsa Jehova tse kolobelitsoeng tse tšoarehileng ho ‘bolela Evangeli ea ’Muso’ lefatšeng lohle “e tle e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Mattheu 24:14; Mareka 13:10) Ho ea ka lipalo tse bokeletsoeng ka hloko tse etsoang selemo le selemo ke ntlo-kholo ea Watch Tower Bible and Tract Society le liofisi tsa eona tsa makala a 95, ho na le ba fetang limillione tse 2,4 ba mafolofolo kamehla mosebetsing o laetsoeng ke Jehova bakeng sa “ho fela ha lefatše.” ’Me ho bokelloa ha ho qetela ha bao e tla ba litho tsa palo e feletseng hantle ea “bongata bo boholo” ha ho s’o felle. Ho lokela ho eketseha! Empa hona joale motho a le mong ho ba “bongata bo boholo” o ikarabella ka baahi ba lefatše ba 2 000.
15. (a) Ke hobane’ng ha ho utloahala hore batho ba phelang hona joale ba tla pholoha bofelo ba lefatše? (b) Ke hobane’ng ha Morena oa tsamaiso e ncha e ke ke ea e-ba ntate oa nakoana feela ho bona?
15 Hona joale e tlameha e be ho setse sekotoana sa “hora e le ’ngoe” eo ka eona “linaka tse leshome” li tla busa e le marena le phoofolo e ’mala oa sekarelata, ke hore, “setšoantšo sa sebata,” mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Ka ho utloahalang, litho tsa “bongata bo boholo” li ka pholoha timetso e tlelang “sebata” le “setšoantšo sa sona.” Tlas’a tšireletso ea Jehova ba tla pholoha bofelo bo tukang ba lefatše lena le khopo ’me ba kene tsamaisong e ncha ea lintho ea ho loka. (Tšenolo 7:16, 17) Mono ba ke ke ba kheloha tseleng ea bophelo e tšoailoeng ke Molimo. Ka baka leo, Morena Jesu Kreste etlaba Ra-bo-sa-feleng oa bona.—Esaia 9:6, 7.
Ho Itokisetsa Bophelo bo ke keng ba Khaoha
16. Ke polelo efe joale e ka etsoang ka tieo, ’me ke mantsoe afe a Jesu a ka hopoloang hantle ka nepo mona?
16 Ka hona, ho ka boleloa ka tšepo le ka ponelo-pele e loketseng hore, “Limillione tse phelang hona joale li ke ke tsa e-shoa lefatšeng la rōna.” Ntlheng ena ho loketse ho hopola mantsoe a Jesu a makatsang: “Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela. E mong le e mong ea phelang, ’me a lumetse ho ’na, a ke ke a shoa le ka mohla o le mong.”—Johanne 11:25, 26.
17. Litho tsa “bongata bo boholo” li se li bonahalitse tumelo ea tsona ho Molimo le Konyana joang, ’me ke hokae moo joale ba sebeletsang Molimo ka tsela e amohelehang?
17 Litho tse phelang tsa “bongata bo boholo” li se li ntse li bonahatsa tumelo ea tsona ho Eo e leng “tsoho le bopheIo.” Ka hore li ineele ho Jehova Molimo le ka ho tšoantšetsa sena ka kolobetso ea metsing, li lumela hore poloko ea tsona e tsoa feela ho ‘Molimo oa tsona, o lutseng teroneng, le Konyana.’ Li ka mabaleng a tempele ea Jehova, li eme pel’a terone ea Hae, ’me lia amoheleha kahobane li hlatsoitse liaparo tse telele tsa tsona, li li soeufalitse maling a Konyana, Jesu Kreste.—Tšenolo 7:9, 10, 14.
18. “Bongata bo boholo” joale bo ka balloa ho eng, ’me joale bo ka talingoa bo e-na le kamano efe le Molimo?
18 Kaha “bongata bo boholo” bo baletsoe ho loka joalo, bo ngolisoa bukeng ea bophelo. (Ba-Roma 6:13) Ho tšoana le mopatriareka oa pele ho Bokreste Abrabama, ea ileng a balloa ho loka ka lebaka la tumelo ea hae e sebetsang, “bongata bo boholo” bo ka talingoa e le ‘metsoalle ea Molimo.’ (Ba-Roma 4:6-22; Jakobo 2:23; Pesaleme ea 32:2) Kaha bo bolokile boemo ba bona ba ho loka pel’a Jehova Molimo o tla bo boloka bo phela lefatšeng ho feta ’ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ Harmagedone, eo lefatše lena le tla felisoa ka eona.
19. (a) Bo ke ke ba hloka eng ho re bo ‘phele’? (b) Ke hobane’ng ha ‘bo ke ke ba hlola bo e-shoa le ka mohla’?
19 Kahoo ho ke ke ha hlokahala hore bapholohi ba Harmagedone ba tsosoe bafung hore ba ‘khutlele bophelong’ lefatšeng. Tabeng ea bona mantsoe a Jesu e tla ba a sebele: “E mong le e mong ea phelang, ’me a lumetse ho ’na, a ke ke a shoa le ka mohla o le mong.” (Johanne 11:26) Ka hore ba phethahatse boineelo ba bona ho Jehova Molimo ka ho se thekesele le ho etsa thato ea oona joalokaha ba e tsebisoa ka Morena Jesu Kreste, ba tla finyella ho loka ho phethahetseng bofelong ba puso ea Kreste ea lilemo tse sekete. Tlas’a teko ea ho qetela e tla beeloa batho bohle ba tsosolositsoeng ka nako eo, ba tla paka botšepehi ba bona ba moea ’ohle ho Molimo ea Holimo-limo ’me ba tla boloka mabitso a bona a ngotsoe “bukeng ea bophelo.”—Tšenolo 20:7-15.
20. Ke hobane’ng ha litokelo tsa bona le phihlelo e tla ba tse ikhethang ho bohle ba tla aha Paradeiseng ea lefatšeng, ’me liteboho bakeng sa see li loketse mang feela?
20 Ke tokelo e ikhethang hakaakang eo hona joale e beiloeng pel’a “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Molisa ea Molemo! (Johanne 10:16) Tšepo e beiloeng ka pel’a bona—ea ho phela thabong e sa sitisoeng tšimong ea Edene e tsosolositsoeng lefatšeng eaba ea atolosetsoa lefatšeng ka bophara—ke e khahlang haholo. Ruri bo na le seo bo tla se phelela. Har’a batho bohle ba tla phela Paradeiseng ea lefatšeng phihlelo ea bona etlaba e ikhethang ruri le e fapaneng, ea ho pholoha bofelo ba lefatše lena le khopo le ho se shoe le ka mohla lefatšeng la rōna. Ea tla lebohuoa bakeng sa hona ke Mohloli oa bophelo bo phethahetseng, Jehova Molimo, ka Mora oa hae, Jesu Kreste.
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Tšepiso ea Jesu ea ho ‘se shoe le ka mohla’ e sebetsa ho bo-mang?
◻ Sebata sa Tšenolo khaolo ea 17 ke eng, ’me se amana kae le hore na batho ba fumana bophelo bo sa feleng kapa che?
◻ Ke hobane’ng ha ho utloahala hore kajeno batho ba phelang ba tla pholoha bofelo ba lefatše?
◻ Molimo o talima litho tsa “bongata bo boholo” joang, ’me li balloa eng?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Boitšoaro ba hao maloka le “sebata” see bo ama ho pholoha ha hao ho thabela bophelo bo sa feleng joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ba limillione ba ke ke ba e-shoa. U ka ba har’a bona joang?