Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 4/15 maq. 10-16
  • Hlokomela ’Mino o Hlephisang Boitšoaro!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlokomela ’Mino o Hlephisang Boitšoaro!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ho Hlokahala ho Itlhokomela?
  • Se ke ua Kopanela le Bademona!
  • Qoba Moea oa Lefatše
  • Ho Khetha Botle ho Bobe
  • Nka Boloka ’Mino Sebakeng se Loketseng Joang?
    Tsoha!—1993
  • Nka Etsa’ng Hore ’Mino o se ke oa Ntaola?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Na nka Mamela ’Mino o Mong le o Mong oo ke U Ratang?
    Bacha Baa Botsa
  • Ho Thabela ’Mino—Senotlolo ke Sefe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 4/15 maq. 10-16

Hlokomela ’Mino o Hlephisang Boitšoaro!

“Jehova, u mpontše tsela ea hao, u ntsamaise tseleng e lokileng.”—PESALEME EA 27:11.

1. Ke joang mpho ea Jehova ea ’mino e ikhethang?

KE KA mosa Jehova Molimo a neileng batho neo ea ’mino. Hona ebile pontšo e ikhethang ea mosa oa hae o sa tšoanelang, hobane le hoja o sa hlokahale hore batho ba phele, o ba nolofaletsa ho bontša boikutlo—masoabi a bona le thabo ea bona. (Genese 4:21) ’Mino o-oa tšelisa ha masoabi a le teng kapa o eketsa thabo nakong ea nyakallo. Ke ka nepo Jakobo a ileng a ngolla Bakreste bahabo: “E mong ha a thabile, a bine lifela.”—Jakobo 5:13.

2. ’Mino le pina li bile le kamano efe le borapeli ba Jehova?

2 Ke khale ho bina le ’mino li amana le borapeli ba Jehova. Batho ba hae ba boholo-holo ba ile ba mo rorisa ka thabo ka pina linakong tsa topollo. (Exoda 15:1-21; Baahloli 5:1-31) Molimo oa laela hore ho hlongoe sehlopha sa libini bakeng sa tšebeletso tempeleng ea hae. (Pesaleme ea 68:24-26) Jesu Kreste le baapostola ba hae ba ile ba bina lithōko kamor’a Sejo sa Morena sa Mantsiboea. (Mareka 14:26) Moapostola Pauluse a khothalletsa Bakreste bahabo ho bontša boikutlo ba bona ka ‘lipina tsa moea, ’me ba binele Morena, le ho mo lulueletsa ka lipelong tsa bona.’ (Ba-Efese 5:19) Le ho tla fihlela kajeno, ho bina ke tšobotsi ea kamehla ea borapeli har’a Lipaki tsa Jehova.

3. Ke bopaki bofe bo teng ba hore ’mino o na le matla?

3 Ho ke ke ha latoloa hore ’mino o na le matla. O ka fihla lipelong, oa fehla maikutlo. Kahoo, ho sebelisoa lipina tsa bosechaba le ho macha ho tsosa moea oa ho rata naha. Likolo tsa lefatše li na le lipina tsa “ntoa” ho susumetsa limathi. Baphatlalatsi ba sebelisa ’mino o hapang hore ba rekise thepa ea bona. Bopaki bo joalo ba matla a ’mino bo lokela ho falimehisetsa Bakreste ho ikalosa.

Ke Hobane’ng ha ho Hlokahala ho Itlhokomela?

4. Ka ’mino, barapeli ba Jehova ba lokela ho ba hlokolosi ho eng?

4 Satane Diabolose le eena o hlokometse matla a maholo a ’mino, ’me ka linako tse ling o sebelisa ’mino ho ama pelo e be joale o khelosa batho borapeling bo hloekileng ba Jehova. Ka lebaka leo, ho hlokahala hore Bakreste ba tšepahalang ba ‘boloke pelo, hobane ke eona mohloli oa bophelo.’ (Liproverbia 4:23) Re hlokomele ka ho fetisisa hore ’mino oo re o mamelang ha o re tlose “tseleng e lokileng” ho re theolela boitšoarong bo hlephileng bo hlomphollang Molimo.—Pesaleme ea 27:11.

5. Ha ho khethoa ’mino, ke hobane’ng ha re lokela ho hloaea?

5 Jehova o fuparollotse seatla haholo ka ho nea batho mpho ea ’mino. Empa e sebelisitsoe hampe hangata hakaakang! Ka baka leo, ha re khetha ’mino, ho hlokahala re hloaee haholo re be re be masene. Leha re sa utloe mantsoe, hangata re ka bolela hore na lipina tse itseng li lokiselitsoe ho fehla moea oa mofuta ofe. Moshe o utloile a le sebakana hore ’mino o hlahang liahelong tsa Baiseraele hase ’mantsoe a ’mino oa bahlōli, kapa oa ba hlōtsoeng.’ Ha a fihla liahelong ’me a bona boitšoaro ba batho, a tseba hore ’mino e ne e le o isang boitšoarong bo se nang molao ba borapeli ba litšoantšo. (Exoda 32:15-19, 25, bapisa NW) Kahoo le rōna kajeno ho hlokahala re hlahlobe boikutlo, kapa moea, o hlahisoang ke ’mino oo re o mamelang. Na o-oa re hlasimolla, kapa na ke ’mino o hlephisang boitšoaro?

6. Diabolose o ’nile a sebelisa ’mino o mong joang, kahoo ke mantsoe afe a Pauluse a hlileng a hlokomelehang?

6 Moapostola Pauluse o ile a hlokomela hore Satane o lakatsa ho hlephisa kapa ho silafatsa boitšoaro ba batho ba Jehova. Kahoo, Pauluse a phehella balumeli bahabo hore ba ikarole bobeng, ’me a botsa: “Kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? Kapa leseli le na le kopano efe le lefifi? Kreste o na le selekane sefe le Beliale?” (2 Ba-Korinthe 6:14-17) Kajeno, Diabolose ka mano o sebelisitse mefuta e mengata ea bokhopo ’minong, kahoo a leka ho eka batho ho oela boitšoarong bo hlephileng ’me ka hona a ba furalatse Molimo. Lipaki tse ineetseng tsa Jehova ho hlokahala li falimehele likotsi tsena.

Se ke ua Kopanela le Bademona!

7. Mokreste a ka bolela joang haeba ho e-na le tšusumetso ea bodemona ’minong o itseng?

7 Lebaleng la ’mino ho na le likotsi tsa moea. Ka mohlala, libini tse ngata tse ratehang li kenelletse boloing. Tse ling li lumela pepenene hore li rapela Satane, ’me tšusumetso ea bosatane hangata e iponahatsa ’minong oa tsona le lipineng tsa tsona. Empa Mokreste a ka bolela joang haeba tšusumetso ea bodemona e le teng ’minong o itseng? Mabakeng a mang a ka sheba feela sekoahelo sa pokello ea liplata. Ho sona u ka ’na ua bona batho ba apereng joaloka baloi, bademona kapa bo-diabolose. Kapa sekoahelo se ka ba le litšoantšo tse sekametseng liketsong tsa mehlolo kapa boloi. Lebitso la sehlopha sa libini kapa pokello ea lipina se ka bontša kamano le bademona, ho tšoana le mabitso le mantsoe a lipina. Ka mohlala, u ka ba le maikutlo afe ka mabitso a lipina a kang “Ho Qenehela Diabolose” le “Bana ba Lebitla”? New York Post e ile ea tlaleha hore pina e ’ngoe e joalo e ne e le “ho lumela ka sebete” hore libini ke “metsoalle ea Satane.”

8. Ka ho bapalla plata morao, liplata tse ling li hatisitsoe ’mino oa mofuta ofe?

8 Ho na le liplata tse hatisitsoeng melaetsa ea bademona le eo e seng ea mangolo e poteletseng mantsoeng a lipina ’me e utloahala ha plata e bapalloa morao, mokhoa ona o bitsoa “backward masking,” lihlopha tse ling tsa ’mino li sebelisa mokhoa ona. Ha plata e ’ngoe ea pina e ratoang haholo e bapalloa morao, e pheta-pheta mantsoe a reng, “Etsa qeto ea ho tsuba matekoane.” Plata e ’ngoe e ratehang ha e bapalloa morao e na le molaetsa o reng: “Ke tla bina hobane ke phela le Satane. . . . Nke ke ka u balehela, Satane oa ka ea motle.”

9. Motho a ka monya likhopolo tsa mefuta efe ha a mamela ’mino oa mofuta o itseng, ’me hona ho ka ba kotsi joang?

9 Ka tlhaho, batho ha ba bapalle liplata morao. Leha ho le joalo, ha ho mametsoe liplata tsa ’mino oa mofuta o itseng, kelello e ka ’na ea monya likhopolo tseo e seng tsa mangolo kapa tsa bodemona ha e tlohelletsoe litlhahisong tse mpe. High Fidelity Magazine e ile ea qotsa karolo e ’ngoe ea sehlooho sa mokhatlo o mong oa liplata e reng: “Moea oa ho amohela ’mino o mocha oa ‘rock’ o tšoana hantle le moea oa ho amohela ’mino o mocha oa ‘classic.’ . . . Ho hlokahala u ineele ho oona u o lumelle ho falla ka mohopolo oa hao.” Empa na ke bohlale? Mohopolo o sa alosoang ka lintho tsa moea o ka u siea u e-na le sebaka sa ho kenelloa ke bademona!—Bapisa Mattheu 12:43-45.

10. Bakreste ba khabane ba lokela ho talima eng kapa eng e nang le bodemona joang?

10 Moapostola Pauluse o ile a ngolla balumeli bahabo bao a ba ratang, a re: “Lintho tsee bahedene ba li hlabelang aletareng, ba li hlabela bademona, e seng Molimo; ’me ke hana hoba le ka jesana le bademona. Le ke ke la noela senoelong sa Morena le senoelong sa bademona; le ke ke la jela tafoleng ea Morena le tafoleng ea bademona.” (1 Ba-Korinthe 10:20, 21) Boitšoaro bo bobe le ho kenella bonoheng, boloing kapa eng le eng ea bodemona ha li na sebaka bophelong ba Mokreste ea khabane.—Deuteronoma 18:10-12; Ba-Galata 5:19-21.

11. Mokreste o lokela ho etsa joang haeba a fumana hore o na le liplata tsa ’mino oa bodemona?

11 Ka lebaka la keletso e bululetsoeng ke Molimo, Mokreste o lokela ho etsa joang haeba a hlokomela hore o na le liplata tse bontšang tšusumetso ea bodemona? Ruri o lokela ho li lahla, hobane batho ba Jehova ha baa lokela ho ‘jesana le bademona.’ Tlas’a maemo a kang oona ao, Bakreste ba pele ba Efese ha baa ka ba tsila-tsila, hobane rea bala: “Le ba bangata ba neng ba tšepile litaba tsa bonohe, ba tlisa libuka tsa bona, ba li chesa pel’a bohle; ha ho lekanngoa theko ea tsona, ha fihleloa hoba e lekana le lichelete tsa silevera tse likete tse mashome a mahlano.” (Liketso 19:19) ‘Barati bao ba Jehova’ ba ne ba hloile bobe ’me ha baa ka ba sitisoa ke ho nahana ka ho lahleheloa ke lintho tse bonahalang. Ho e-na le hoo, molemong o mohoIo oa bona oa moea, ba lahla matlotlo a bodemona.—Pesaleme ea 97:10.

Qoba Moea oa Lefatše

12, 13. (a) Ke moea ofe oa lefatše o atisang ho amana le ’mino oa kajeno le libini, ’me hona ho bontšoa joang? (b) Lipaki tsa Jehova li lokela ho sebelisa Ba-Galata 6:7 joang?

12 Hape re se ke ra hlokomoloha moea oa lefatše oa boitšoaro bo se nang moeli oo hangata o amanang le ’mino le libini tsa kajeno. (Bapisa Ba-Efese 2:1-7.) Ka mohlala, ha ho hlakoloa mokete o mong oa lipina, barati ba ’mino ba likete ba loana, The Toronto Star ea tlaleha: “Ba thuthuka mapolesa a 268 ka libotlolo, le liketane le libetsa tse ling mofere-fereng oa metsotso e 30 . . . Ba tamolla litulo tse 200 tse chesellelitsoeng lipalong tsa tšepe tse tsetetsoeng ka konkreiti. Ba hotola litulo tse ngata tsa tšepe tse sethalleng. . . . Ba arola liheke tsa tšepe tse parakang, ba pshatla lifenstere tsa ntlo ea litekete le ntlo ea lijo ea Lebala la Lipapali, le ho thuoa likoloi tse ngata tse ka ntle ho lebala la lipapali.” Na Mokreste o lokela hore a be mokhatlong o joalo?

13 Meketeng e joalo hangata tahi le lithethefatsi li sebelisoa ka bolokolohi. Ho phaella moo, ’mino le liketso tsa libini li susumelletsa moea oa boitšoaro bo se nang moeli. Ka ho hlakileng, ’mino o binoang ka makhetlo a joalo, hammoho le lintho tse akarelletsang bodemona, lithethefatsi le sehlōhō, li ka hlephisa boitšoaro haholo. Na Mokreste a ka mamela ’mino oona oo lapeng ha hae a sa tsoe kotsi? Che! ’Me ha ho paki e tšepahalang ea Jehova e ka hlokomolohang motheo ona oa Bibele: “Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.”—Ba-Galata 6:7.

14. Ke hobane’ng ha ho sa lokela ho mamela le ho tantšetsa pina e khothalletsang boitšoaro bo bobe?

14 Leha ho le joalo, ba bang ba ’nile ba ikutloa hore: ‘Ha ke mamele ’mino ka lebaka la mantsoe; ke ithatela molumo feela. Ho monate ho o tantšetsa.’ Empa le hona mona kotsi e ka ’na ea e-ba teng. Ho latela The Times-Herald ea Newport News, Virginia, “ea tloaetseng ho tantšetsa ‘disco’ a ka tantšetsa pina bosiu bohle a sa tsotella letho ka ’mino ha e se feela molumo le mantsoe a ntseng a pheta-phetoa a pina ao sebini se hapang maikutlo ka oona.” Ke ’nete hore ’mino o ka ’na oa e-ba le molumo o hapang bakeng sa tantši, empa mantsoe a re khothalletsa ho etsa joang? Ke eng e kenang ka mohopolong oa momameli? Ka mohlala, paki e tšepahalang ea Jehova e ka tantšetsa joang ’mino oa pina e khothalletsang nako le nako ho etsa bohlola?—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.

15. Ho na le litšekamelo life tse hlephisang boitšoaro ’minong oa kajeno?

15 Koana, mantsoe a hlephisang boitšoaro ha a fumanoe feela ’minong oa “rock” le oa “disco.” Linaheng tse ngata kapa libaka, ho na le mefuta e mengata ea ’mino o ka ’nang oa rateha sebakeng seo ho sa tsotellehe ho ba le molumo kapa ho sebelisa mantsoe ao Bakreste ba ’nete ba ka a fumanang a sa lumellehe. Mabapi le ’mino oa “country,” sehlooho ho The News & Observer se ngotsoeng ke Raleigh, Carolina Leboea, se re: “Kamehla matekatse a bananyana le a banna a ’nile a phetha likarolo tse itseng ’minong oa ‘country,’ empa ha ho mohla litaba tsa ’ona tse litšila li kileng tsa beoa leseling joaloka hona joale.” Ha makasine The Spokesman-Review o supa tšekamelo e ’ngoe ’minong o ratehang empa e le oa boitšoaro bo bobe, o re: “Basali ba bina ka likamano tsa botona le botšehali bosiu, likamano tsa botona le botšehali moo ho tantšetsoang, likamano tsa botona le botšehali likoung tsa literata.” Ekaba lipina tse joalo ke eng ha ese ho hlephisa boitšoaro feela?

16. Thuso ke efe ho motho eo pelo ea hae e mo susumelletsang ho mamela kapa ho tantšetsa ’mino o hlephileng likamanong tsa botona le botšehali?

16 Le ka mohla u se lebale hore pelo ea motho e sa phethahalang e mano, e bolile. (Jeremia 17:9) Na pelo ea hao e u susumelletsa ho mamela kapa ho tantšetsa seo u tsebang hore se fosahetse mahlong a Jehova? Haeba ho joalo, hlokomela! Ka thapelo u batle thuso ea Jehova e le hore u ka ‘qamaka se ka khahlisang Morena. ’Me u se ke ua ba le kabelo mesebetsing e nyopang ea lefifi.’ (Ba-Efese 5:10-12; Pesaleme ea 5:1, 2) Ho hana u tiile ho mamela kapa ho tantšetsa ’mino o hlephileng likamanong tsa botona le botšehali ho ka ’na ha sebeletsa e le khalemelo ho ba bang bao lipelo tsa bona li ka ’nang tsa ba khelosa.

17. Ka ’mino, u nahana hore re ka sebelisa joang keletso e ho (a) Ba-Efese 5:3? (b) Tite 2:11-14?

17 Ba qoelisitsoeng moeeng oa tsamaiso ena e khopo ea lintho ba ka ’na ba nyakallela ’mino o hlephileng likamanong tsa botona le botšehali. Empa hona ho ka ba joang ho Bakreste ba khabane? Baa eletsoa: “Ha e le bofebe, le litšila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a lōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli.” (Ba-Efese 5:3) Na ka mokhoa o loketseng re ‘tetse ho se tšabe Molimo le litakatso tsa lefatše’? Re se ke ra alosa seo re se buang feela empa hape le seo re se mamelang, e le hore se se akarelletse lipina tse buang ka boitšoaro bo bobe. Re “phele nakong ea joale ka kelello, ka ho loka, le ka borapeli.”—Tite 2:11-14.

18. Ka boikutlo ba rōna ka libini tse ling, ho ka botsoa lipotso life?

18 Empa uena u ikutloa joang ka libini tsa lefatše? Ipotse: Na ho na le tseo ke li etsisang moaparong oa ka, boitlhophong le puong? Ke bua hakae ka bona le ’mino oa bona? Na ke ba fetotse melimo ka ho apara “T-shirt” tsa bona kapa libaki tse phatlalatsang libini tse joalo, kapa le ka ho fanyeha litšoantšo tsa bona ka phapusing ea ka ea ho robala? Na hona ho khahlisa Jehova, eo ke lokelang ho mo rapela? Na ke latela keletso e hlakileng ea Bibele ea ho ‘tšaba tšebeletso ea litšoantšo’?—1 Ba-Korinthe 10:14; Ba-Roma 1:24, 25.

Ho Khetha Botle ho Bobe

19. Ka ’mino, matla a koetlisitsoeng hantle a temoho a ka sebelisoa joang?

19 Moapostola Pauluse o ngolile: “Lijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao likelello tsa bona li lemaletseng ho khetha ho hotle le ho hobe.” (Ba-Heberu 5:14) Batsoali ba Bakreste le bacha ho hlokahala ba sebelise matla a koetlisitsoeng hantle a temoho ho khetha pakeng tsa botle le bobe. Ho hlokahala ba hlokomele ’me ba hane ka ho feletseng likeko tse thetsang tsa ’mino o hlephisang boitšoaro. Ha molao oa hore “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lokile” o ntse o tebalefatšeng lena le busoang ke Diabolose le ’mino oa Iona, Lipaki tsa Jehova, tse nyenyane le tse khōlō, li tlameha ho etsa qeto ka ho feletseng ho etsa hore bophelo ba tsona bo lumellane le litekanyetso tse phahameng tsa Ntate oa tsona oa leholimo.—Pesaleme ea 119:9-16; 1 Johanne 5:19.

20. Ho khothalletsoa eng ho mocha ea tšoasehang moeeng oa lipina tse belaetsang?

20 Le ka mohla u se lebale hore ’mino o na le matla. O ka ama pelo. Na u ipona u tšoasitsoe moeeng oa lipina tse belaetsang tsa lefatše? Nka bohato ka potlako ho sireletsa pelo ea hao. Haeba u mocha, qoqa ka boemo le batsoali ba hao ba Bakreste. Hape, rapela ka matla hore Jehova a u thuse ka moea oa hae o halalelang.—Liproverbia 4:23; Luka 11:13; Ba-Galata 5:22-24.

21. Batsoali ba Bakreste ba ka thusa joang bana ba bona ho qoba ’mino o hlephisang boitšoaro?

21 Batsoali, le etsa’ng ho thusa bana ba lōna ho khetha pakeng tsa ’mino o amohelehang le o hlephisang boitšoaro? Joaloka Bakreste, na ka nepo le ka ba lumella ho mamela lipina tsa bodemona, boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le lipolaeano? Joale, he, pele le reka plata kapa le lumella bana ba lōna ho mamela ’mino o itseng, ipheng nako ea ho hlahloba sekoahelo sa plata ho bona haeba se fana ka bopaki ba litšusumetso tse silafatsang. Nahanang ka mabitso le mantsoe a lipina. Haeba lipina li hlephisa boitšoaro, buisanang hona ka mofuthu le bana ba lōna. Le ka ’na la supa hore Bakreste bohle ba lokela ho ‘ba masea bobeng empa e be banna ba hōlileng kutloisisong,’ ba sa batle ho tseba lintho tse mpe kapa ho tlatsa mehopolo ea bona ka maikutlo a hlephisang boitšoaro. (1 Ba-Korinthe 14:20) Kamorao ho puisano ntle ho pelaelo lōna le bana ba lōna le tla lahla liplata life kapa life tse belaetsang Mangolong tseo le nang le tsona ’me le etse qeto hammoho hore le ke ke la boela la mamela ’mino o hlephisang boitšoaro.

22. (a) Ke hobane’ng ha re sa haelloe ke letho le molemo ka ho hana ’mino o hlephisang boitšoaro? (b) Boikutlo ba rōna e lokela ho ba bofe le pono ha re khetha ’mino?

22 ’Mino o amohelehang le o hahang ho ea ka Mangolo o mongata, ho akarelletsa lipina tsa ’Muso tse thabeloang ke Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle. Ka hona ha re haelloe ke letho le tšoanelehang ka ho hana ’mino o hlephisang boitšoaro. Ka ho ithuta Bibele kamehla le libuka tse amanang le eona tsa Bokreste, e se eka re ka koetlisa matla a rōna a temoho ho khetha botle ho bobe. Joale re itšoarelle ka botle. Haeba ’mino ofe kapa ofe o hanana le litekanyetso tsa ho loka tsa Molimo, re o hane. Ineele taeong ea oona ’me u tiee ho lula “tseleng e lokileng.” (Pesaleme ea 27:11) Ka mekhoa eohle, hlokomela ’mino o hlephisang boitšoaro! Le teng ’mino oo u o khethang e be o rorisang Molimo, o “re fang tsohle ka bongata, re tle re li thabele.”—1 Timothea 6:17.

U Ka Arabela Joang?

◻ Re na le bopaki bofe ba hore ’mino o na le matla?

◻ U ka bolela joang haeba ’mino o itseng o e-na le tšusumetso ea bodemona?

◻ Ho ka etsoa joang ha u e-na le liplata tsa ’mino tse nang le tšusumetso ea bodemona?

◻ Haeba motho pelo ea hae e mo susumelletsa ho mamela kapa ho tantšetsa ’mino o hlephisang boitšoaro, thuso ke efe?

◻ Batsoali ba Bakreste ba ka thusa bana ba bona ho qoba ’mino o hlephisang boitšoaro joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

’Mino o hlephisang boitšoaro hase oa batho ba Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Na Bakreste ba ’nete ba ka etsisa libini tsa lefatše ka moaparo, boitlhopho le mokhoa oa bophelo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela