Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 5/1 leq. 29
  • Pampitšana e Pholosa Bophelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pampitšana e Pholosa Bophelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 5/1 leq. 29

Pampitšana e Pholosa Bophelo

“Ke ne ke entse qeto ea hore hoseng hona ke tla ipolaea,” ho rialo mofumahali e mong ho motsoalle oa hae fono-fonong. O re o ne a rerile ho khanna koloi ea hae ’me ebe o e khelosa borokhong.

Tlaleho ena e ile ea boleloa ke motsoalle oa hae ho Lipaki tse ling tse peli tsa Jehova ha li kena tlung ea hae hoseng hoo. O tsoela pele ho botsa hore ke’ng se fetotseng maikutlo a hae.

Mofumahali a arabela, “Ke ne ke qetile ke itokiselitse ho tsoa ka monyako oa ntlo ea ka, empa ha ke o atamela, ka fumana pampitšana e buang ka ho ba teng ha motho ea tsotellang, motho ea u ratang, e lebisa ho Molimo.” Pampitšana eo ea mo thibela ho tsoela pele ka morero oa hae. Empa e ne e tsoa hokae?

Mofumahali o hlalosa hore, “Pampitšana e ne e siuoe ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.” E pholositse bophelo!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela