Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 5/1 maq. 30-31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Re Tla Kopana Paradeiseng!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Paradeise eo Bibele e Buang ka Eona e Hokae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na Paradeise e Tla Hle e be Teng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Paradeise Lefatšeng—Na ke Toro Feela Tjee Kapa Ehlile e Tla ba Teng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 5/1 maq. 30-31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

■ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li re ho tla ba le Paradeise ea kamoso lefatšeng, kaha 2 Ba-Korinthe 12:1-4 e amahanya “paradeise” le ‘leholimo la boraro’?

Taba eo ho buuoang ka eona e bontša hore “paradeise” e boleloang ho 2 Ba-Korinthe 12:1-4 hase paradeise ea sebele e lefatšeng. Leha ho le joalo, lirapa tse ngata ka Bibeleng li paka hore Molimo o tla tsosa Paradeise ea sebele lefatšeng la rōna.

’Nete ke hore Paradeise ea pele eo batho ba bileng ho eona e ne e le ea sebele. Adama le Eva ba ne ba phela serapeng se setle kapa tšimo ea lifate le lipalesa e leng eona tlhaloso ea sehlooho ea lentsoe la Seheberu, Segerike, le Sepersia le ngotsoeng e le paradeise. Ba ne ba lebelletse bophelo bo sa feleng thabong le bophelong bo botle ba ’mele Paradeiseng eo. Leha ho le joalo ba lahleheloa ke Paradeise eo ea Lefatšeng ha ba rabela ba bile ba etsa sebe, ba etsa hore Molimo o ba leleke tšimong ea Edene.

Hoo ho re tlohela hokae, hona joale le kamoso? Ho hang hona joale ha ho bopaki ba hore lefatše la rōna le fetoleloa paradeiseng. Ho e-na le hoo, tšilafalo le timetso li hohle. (Tšenolo 11:18) Le teng, ha ho utloahale hore morero oa Molimo bakeng sa lefatše hore e be Paradeise o tla hlōleha; seo o se qalang, o-oa se phetha. Ntlheng ena o ile oa romela Mora oa oona ho fana ka topollo, ka hoo a rala motheo bakeng sa hore libe tsa rōna li tšoareloe le ho se phethahale hoo re ho futsitseng ho Adama re ho lahle. (1 Timothea 2:5, 6; Ba-Roma 5:18) Ha ho finyelloa seo, batho ba tla nolofalloa ke ho thabela se neng se beiloe ka pel’a Adama le Eva, bophelo bo sa feleng. Hokae?

Morero oa mathomo oa Molimo bakeng sa batho e ne e le bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise, ’me morero oa Molimo o ke ke oa hlōlisoa kapa oa tšoepholoa. (Esaia 55:11) Kahoo na re ke ke ra lebella bophelo boo bo sa feleng bo tla thabeloa hona moo lefatšeng, ka lefatše le buselitsoe maemong a paradeise ka nako eo? Ho na le bopaki bo bongata ka Bibeleng hore ana ke maikutlo a nepahetseng, hore thato ea Molimo e sa ntsane ‘e tla etsoa lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.’ (Mattheu 6:10; Tšenolo 21:4, 5) Bakeng sa puisano e qaqileng haholo ea Bibele e tšehetsang sena, bona “Na Bibele e Tšepisa Lefatše la Paradeise?” ho “Molula-Qhooa” oa April 15, 1984.

Le teng, ho thoe’ng ka mantsoe a moapostola Pauluse ho 2 Ba-Korinthe 12:1-4? Mono o totobalitse hore o ne a sebetsana le ‘mehlolo le litšenolo tsa Morena.’ ’Me ho hlakile hore ke eena ea fumaneng pono e khethehileng kapa tšenolo ea ntho eo e leng hona e neng e tla tla hoba a fete. A bua ka ho “nkeloa Paradeiseng.” Empa kaha o boetse a bolela “leholimo la boraro,” ho bonahala hore o ne a bua ka ntho e ’ngoe ea moea, joalokaha e khetholleha tšimong ea sebele ea paradeise. Ho ne ho e-na le mohlala oa hore a etse joalo.

Boprofeta bo bongata ka Mangolong a Baheberu bo ne bo ile ba bolela esale pele hore Bajode ba tlamiloeng Babylona ba tla khutlisetsoa naheng ea habo bona. Ntle ho lipontšo tsa hore naha le tikoloho ea eona e ne e tla ntlafala, boprofeta bona bo ne bo bontšitse hore Bajode ba khutlisitsoeng ba ne ba tla fetoha. Ka mohlala, Esaia a ngola hore Jehova o tla ‘nontša masapo a bona, ba be joale ka serapa seo metsi a sona a sa psheng se nosetsoang’ ’me ba bitsoe “lieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa.” (Esaia 58:11; 61:3; bapisa Pesaleme ea 1:3.) A sebelisa tšoantšetso e joalo ka nako ea pelenyana, Esaia a ngola hore ha Baiseraele ba ne ba le khabane ho Jehova ba ne ba tšoana le morara oa hae kapa boleme ba hae; ha ba sa tšepahale, ba ne ba tšoana le morara oa naha ’me ba loketsoe ke ho chesoa, sebakeng sa bona ho mela mofoka le meutloa.—Esaia 5:1-7.

Ka hona, ho na le lebaka la Bibele la ho utloisisa litšupiso tsa pono ea Pauluse tse ho 2 Ba-Korinthe 12:4 hore ke tsa ho tsosolosoa ha kamoso ha nala ea moea har’a barapeli ba Molimo. Eena ka boeena o boletse hore ho tla etsahala hore batho ba oe Bokresteng ba ’nete pele ‘ho ho tla’ ha Morena. (Liketso 20:29, 30; 2 Ba-Thessalonika 2:3-8) Leha ho le joalo, boo e ne e sa tlo ba boemo ba kamehla. Phutheho ea ’nete ea Bokreste, “boleme ba Molimo,” e ne e tla atleha hape le ho bea haholo. (1 Ba-Korinthe 3:9) Re utloisisa hore ke eona paradeise eo Pauluse a neng a e bona ponong. Ho supa ha hae paradeiseng e joalo ea moea, leha ho le joalo, ha ho hlakole letho litšepisong tse ngata tsa Bibele tsa Paradeise e haufi ea lefatše, Paradeise e khutliselitsoeng tumellanong le morero oa mathomo oa Molimo bakeng sa lefatše.

■ “Pontšo ea moprofeta Jonase” e boleloang ho Mattheu 16:4 ke efe?

Ha a arabela kōpo ea Bafarisi le Basaduse bakeng sa pontšo, Jesu a re: “Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla pontšo, o mpa o ke ke oa neoa pontšo, ha e se pontšo ea moprofeta Jonase.”—Mattheu 16:1-4.

Baeta-pele ba bolumeli ka ho totobetseng ba ne ba batla pontšo e bonahalang e tsoang leholimong pele ba ka amohela Jesu e le Messia, tebello ea bona e theiloe kutloisisong e fosahetseng ea Daniele 7:13, 14. Ba ne ba batla ha Messia a e-tla ho latela se lumellehang ho bona, ba hlokomoloha lintho tse babatsehang tseo Jesu a neng a li etsa le ho li ruta. (Johanne 4:25-29, 42; 7:31; 9:30-33) Eaba Jesu o bolella Bafarisi le Basaduse hore pontšo e ’ngoe feela eo ba tla e bona ke “pontšo ea moprofeta Jonase.”

Likhoeli pelenyana ho moo Jesu o ne a ile a bolela “pontšo ea moprofeta Jonase.” Seo a ileng a phaella ka sona joale se ka re thusa hore re lemohe seo a neng a se bua: “Hobane joale ka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ea hlapi e kholo, Mor’a motho le eena o tla ba maleng a lefatše matsatsi a mararo le masiu a mararo.”—Mattheu 12:38-40.

Ka kutloisiso eitseng, Jonase o ne a le Sheol, kapa ka lebitleng ha a le ka mpeng ea tlhapi e kholo e ileng ea mo koenya. (Jonase 2:1, 2) Eaba o-oa tsoa, joalokaha eka o tsositsoe, hore a phethe kabelo ea hae ea boprofeta Ninive. Ho ne ho tla ba joalo le ka Jesu empa e le ka mokhoa oa mohlolo haholoanyane.

Jesu o hlile a bolela hore o tla shoa le hore ka letsatsi la boraro o tla tsosoa bafung. (Mattheu 16:21; 20:17-19; Johanne 2:19-21) Ha Jesu a fela a tsoha bafung ka letsatsi la boraro, barutuoa ba hae ba hopola seo a neng a se buile, ’me hona ha tiisa tumelo ea bona ho eena. (Johanne 2:22; 1 Ba-Korinthe 15:3-8) Le ba bang ho baprista ba Bajode ba ileng ba ithuta ka “pontšo ea moprofeta Jonase” le molaetsa oa Bokreste ‘ba ne ba lumela.’ (Liketso 6:7) Empa ka sebele ba ne ba le banyenyane ka palo. Boholo ba baeta-pele ba Bajode ba neng ba hanne ho khahloa ke mesebetsi le lithuto tse babatsehang tsa Jesu ha a le har’a bona ba ’nile ba e-ba maikutlong oona ao. Ba hana “pontšo ea moprofeta Jonase,” ho tsoha ha Jesu bafung ka letsatsi la boraro.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela