Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 5/1 maq. 27-29
  • Mosali oa Pele oa ho Thetsoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mosali oa Pele oa ho Thetsoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšimoloho ea Hae
  • Ho Ekoa ka Noha
  • Liphello tse Bohloko
  • Re ka Ithuta ho Banyalani ba Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Bophelo bo ne bo le Joang Paradeiseng?
    Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
  • Ba Bang ba re Phahametse
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Sebe sa Tšimolohong e ne e le Eng?
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 5/1 maq. 27-29

Mosali oa Pele oa ho Thetsoa

ENE e le mokhethoa har’a basali. Bophelong ba hae ha ho mohla a kileng a tseba bosea, bongoana le ho fetohela bosaling. Ha li tloha feela ebile mosali ka ho feletseng. Ha e le hantle, letsatsi la pele a phetse ke Iona leo a ileng a chata ka lona.

Ha monna Adama a mo bona, a susumeletseha hore a re: “Joale enoa ke lesapo la masapo a ka, ke nama ea nama ea ka; o tla bitsoa mosali, hobane o ntšitsoe ho monna.”—Genese 2:23.

Ke hobane’ng ha Adama a ile a bua tjee ka mosali oa pele eo a ’moneng? Ka nako eitseng, monna e ne e le eena feela setho sa mofuta oa motho se phelang paradeiseng e ntle, serapa kapa tšimo ea lifate le lipalesa eo a neng a e lokiselitsoe e e-na le sohle se hlokahalang bophelong. Ha a ntse a shebile liphoofolo tse sa tšoaneng ’me a li khethela mabitso a li loketseng, o ne a bona hore kaofela li na le balekane. Empa ha a ka a bona e kang eena eo a neng a ka qoqa hamonate le eona le ka lerato. (Genese 2:19, 20) Kahoo, ka potlako a hlokomela hore mosali ke molekane ea mo loketseng, motlatsi oa hae. Hamorao, a mo rea lebitso Eva, le bolelang “Ea Phelang,” kaha e ne e tla ba “’m’a ba utloang bohle.”—Genese 3:20.

Tšimoloho ea Hae

Ho fapana le batho ba bang ba simolohileng ka karolo e nyenyane haholo, Eva o qalehile ka lehopo leo ’Mōpi a le nkileng lehlakoreng la Adama. Leseling la tsebo ea kajeno ea bongaka, ho khethoa ha lehopo ebile ho tšoanelehang ka ho fetisisa. Ha lera le kopanyang linama tse koahetseng lesapo le siuoa moo le leng teng, khopo ha e tlohele ruri. Khopo e tla hlomela hape. Ka sebele ho ne ho se thata bakeng sa ’Mōpi, ea ileng a nolofaletsa motho hore a hōle ka karoloaneng e nyenyane haholo e emolisitsoeng ea lehe le ka popelong, hore a nke likaroloana tsena tse ngata tse etsang lehopo hore a hahe likaroloana tsena ho li etsa mosali. Kaha Adama o ne a robetse boroko bo tebileng ha a ntšoa khopo lephakong, o tlameha a be a tsebisitsoe ke ’Mōpi oa hae hore na mosali o entsoe joang. Hona ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha a ne a ka bitsa Eva ‘lesapo la masapo a hae le nama ea nama ea hae.’—Genese 2:21-23.

Adama le Eva ba ne ba lebelletse likhōlō. E ne e le ho tlatsa lefatše ka batho ba kang bona le ho fetola mobu o ka ntle ho serapa sa bona paradeise e ntle. (Genese 1:28) Leha ho le joalo, hore ba ’ne ba thabele ho phela paradeiseng ho ne ho itšetlehile ka ho utloa molao oa Moetsi oa bona. Ea Holimo-limo o ne a boletse hore ‘sefate sa tsebo ea botle le bobe’ ha se na ho jeoa ke Adama le Eva. (Genese 2:16, 17) Sefate seo se ne se tšoantšetsa tokelo ea ’Mōpi ea ho lekanyetsa se setle le se sebe bakeng sa bana ba hae ba batho. E ne e tla ba ho sa lokelang hakaakang hore libopuoa li bee tekanyetso ea se setle le se sebe!

Ho Ekoa ka Noha

Leha ho le joalo, Eva o thetsitsoe hona tabeng ea “sefate sa tsebo ea botle le bobe.” Ka letsatsi le leng, ha monna oa hae a le sieo, a ba le phihlelo e sa tloaelehang ho hang. Noha e masene ha bonahala e hlalefisitsoe ’me e neiloe matla a ho bua. Ho se tsebeng ha Eva, mora ea mano oa Molimo o ne a sebelisa noha eo joalokaha motho a ka bua ka popi. (Bapisa Johanne 8:44) Noha ena e tlase ea botsa potso eo ho neng ho bonahala e se na molato oa letho: “A efela Molimo o itse: Le se ke la ja lifate tsohle tsa tšimo na?” (Genese 3:1) Eva a arabela ka nepo, hobane e tlameha e be Adama o ne a mo boleletse ka “sefate sa tsebo ea botle le bobe.” A re: “Re ka ja litholoana tsa lifate tse tšimong; empa ha e le litholoana tsa sefate se har’a tšimo, Molimo o itse: Le se ke la li ja, ’me le se ke la li ama, hore le tle le se ke la shoa.” (Genese 3:2, 3) Patlisiso ea noha, leha ho le joalo, e ne e kentse pelaelo ka bolotsana kelellong ea Eva, pelaelo eo mohlomong a neng a se na eona pele. Pelaelo e le hore, Ke hobane’ng ha tholoana ea “sefate sa tsebo ea botle le bobe” e hanetsoe ka kotlo ea lefu?

Noha e ne e e-na le karabelo: “Ha e le ho shoa, le ke ke la shoa: Molimo o mpa o tseba hobane, mohla le li jang, mahlo a lōna a tla tutuboloha, ’me le tla ba joale ka melimo, le tsebe botle le bobe.” (Genese 3:4, 5) Joale Eva o ne a talimane le qeto. Na o ne a tla sireletsa ’Mōpi eo a neng a phela ka lebaka la hae le ea neng a neile eena le monna oa hae sohle se hlokahalang bakeng sa thabo ea ho phela ka ho sa feleng? Kapa, o ne a tla mamela mantsoe a tsoang sebopuoeng se tlase se neng se sa mo etsetsa letho le ka mohla? Eva o ne a sa sala lepala-paleng bakeng sa ho etsa qeto e nepahetseng. O ne a tseba molao oa Molimo ’me a e-na le bopaki bo nepahetseng ba lerato la ’Mōpi oa hae ho eena le monna oa hae. Kahoo Eva a ka be a entse qeto ea hore ho tlameha ho be ho e-na le lebaka le utloahalang le hlohlellelitseng taelo ea Molimo le hore ho molemong o fetisisang oa hae hore a utloe. Ntle ho moo, kaha monna oa hae e ne e le nama e le ’ngoe le eena, ho ka be ho bile molemo hore a buisane le eena pele ka taba ena.

Leha ho le joalo, ka masoabi Eva ho totobetse hore o sitiloe ho ba le kananelo e hlokahalang bakeng sa Moetsi oa hae hore a nahane hantle ka taelo e halalelang. Tlaleho ea Bibele e re: “Mosali eitse ha a bona hobane sefate se monate ho jeoa, ’me se khahlisa mahlo, ’me se lakatseha ke ho hlalefisa, a nka litholoana tsa sona, a li ja.” (Genese 3:6a) Ka moea oa boitaolo, Eva a ikhethela ho itherela hore na se setle le se sebe ke sefe bakeng sa hae ho fapana le ho ikokobeletsa qeto ea Molimo ho sena. A thetsoa ho hang ke leshano leo a le boleletsoeng ka noha. Ka hona, ha a ja tsa sefate se hanetsoeng, o ho entse e le ha a lebelletse hore boemo ba hae bo be molemonyana.

Eva ha a ka a senya nako ho atamela monna oa hae, a rerile hore a mo fumane hore a kopanele le eena ho tlōleng molao oa Molimo. Adama o ne a tseba hore ho ja tholoana ho bolela lefu ho eena. Ha a ka a kholoa mantsoe a noha: “Ha e le ho shoa, le ke ke la shoa.” Empa qetellong, Adama a ineela leqoopheng la mosali oa hae hore a je tholoana.—Genese 3:6b.

Liphello tse Bohloko

Phello ea e-ba efe? Phello e ileng ea hlaha hang-hang ha e-ea ba monate. Adama le Eva eaba ha ba sa talimane ka ’mele e feela ka tsela e hloekileng. Letsoalo le molato la bona la ba etsa hore ba ikutloe ba sa hloeka, ho tsoala boikutlo ba hore ba ikutloe ka tsela eo ba sa kang ba e tseba ho hang. Ba iketsetsa meitlamo ka makhapetla a sefate sa feiga.—Genese 3:7.

Hamorao, ha ba utloa lentsoe la Molimo, Eva a ipata le monna oa hae lifateng tse lapeng la bona la tšimo. Ha a arabela ’Mōpi mabapi le ketso ea bona, Eva a lumela: “Noha e nthetsitse, ’me ke jele.”—Genese 3:8-13.

Liphello tse bohloko tsa hlahela batho bao ba babeli ba pele. Eva o ne a tlotse moeli oa karolo eo a e neiloeng ke Molimo eaba o iketsa moruti oa monna oa hae. Kahlolo eo ’Mōpi a ileng a mo lihela eona e senotse phello e kotsi eo tsela ena e neng e tla e nka lenyalong la hae. Adama o ne a tla mo ‘busa,’ ho bontša hore ho tloha ka nako eo ho ea pele bohlooho ba hae bo ne bo tla sebelisoa ka tsela ea puso, e hatellang. Empa leha ho le joalo Eva o ne a tla mo lakatsa a mo laba-labele ka matla.—Genese 3:16.

Ho ba ’mè le hona ho ne ho tla tsamaea le mathata. Taelo ea Molimo ea e-ba hore: “Ke tla u atisetsa bohloko ba hao haholo-holo kemarong ea hao; u tla beleha bana ka bohloko.” (Genese 3:16) A le boemong ba hae bo seng bo sa phethahala, mohlomong Eva o bile bohlokong bo boholo ha a beleha hoo a neng a hlokomela hore bo ka ’na ba fella ka lefu ho eena le bana ba hae.

Qetellong ba ne ba tla shoa le monna oa hae. ’Mele ea bona e ne e tla bola e khutlele metsoakong ea lefatše.—Genese 3:19.

Ho feta moo, Eva le monna oa hae ba lelekoa lehaeng la bona le letle la paradeise, ho ea qala bophelo tlas’a maemo a thata sebakeng se sa lengoang. Leha ho le joalo, ’Mōpi a ba etsetsa liaparo ka mosa ka matlalo.—Genese 3:21-24.

Ka nako ea teng, Eva a beleha Kaine le Abele, hammoho le bara ba bang le barali. (Genese 4:1, 2; 5:4) Nahana hore na o ile a ikutloa joang ha a utloa hore Kaine o bolaile ngoan’abo Abele. Lefu leo la pele la motho e tlameha e be le ile la tšosa hakaakang! Kamorao ho moo, ha Adama a le lilemo li 130, Eva a beleha mora e mong. A mo rea lebitso la Setha, a re: “Molimo o mphile ngoana e mong sebakeng sa Abele ea bolailoeng ke Kaine.”—Genese 4:25; 5:3.

Taba ea Eva e bontša ka matla hakaakang hore ho hlokomoloha molao oa Molimo ho isa mathateng a tebileng! Neng le neng ha ho etsoa hore bobe bo bonahale bo khahleha ho rōna, e se eka re ke ke ra lebala se etsahalletseng Eva. Ho hang thabo e ke ke ea hlahisoa ke ho hlokomoloha litekanyetso tsa ’Mōpi oa rōna ka se setle le se sebe. E se eka re ke ke ra tšoana le Eva ’me ra ineela kekong, e tla re ntša kotsi ka ho sa feleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela