Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 6/15 maq. 10-11
  • Jesu o Tšepisa Nchafatso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Tšepisa Nchafatso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo Paradeiseng e Tsosolositsoeng
    Tsoha!—2008
  • Bophelo Boo a Etsang Hore bo Fumanehe
    Tsoha!—2006
  • Na Bakreste ba na le Tšepo ea ho Phela Lefatšeng ka ho sa Feleng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Tšepo ea Sebele
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 6/15 maq. 10-11

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Jesu o Tšepisa Nchafatso

MOAPOSTOLA Petrose o re ho Jesu: “Bona, rōna re tlohetse tsohle, ’me re u latetse; re tla ba le eng ka hona?” Nahana karabo ea Kreste e hlokomelehang: “Ka ’nete kea le bolella, ke re: Nchafalong ea tsohle, mohla Mor’a motho a lulang teroneng ea khanya ea hae, lōna ba ntatetseng, le tla lula le lōna literoneng tse leshome le metso e ’meli.”—Mattheu 19:27, 28.

Ka hona Jesu mona o tšepisa hore Petrose le baapostola ba bang ba tla busa le eena joaloka marena, ba lutse literoneng. Empa neng? Jesu o re: ‘Nchafatsong.’

NCHAFATSO ena ke eng? Hona e tla etsahala neng?

Tlaleho ea Bibele e ngotsoeng ke Luka ea ketsahalo eona ena e thusa ho khetholla ‘nchafatso.’ E ea baleha: “Eaba Petrose o re: Bona, re tlohetse hohle, ’me re u latetse. Jesu a re ho bona: Ka ’nete ke re ho lōna: Ha ho motho ea tlohetseng ntlo, leha e le baholo ba hae, leha e le banab’abo, leha e le mosali . . . a sa tl’o ka . . . [a amohela] bophelo bo sa feleng tsamaisong ea lintho e tlang.”—Luka 18:28-30, NW.

Ka hona ‘nchafatso’ mona e amahanngoa le ‘tsamaiso ea lintho e tlang.’ Ha Kreste a lula leholimong teroneng ea hae e khanyang, hammoho le ba tla busa le eena, joale ho latela nchafatso ea tsamaiso e lokileng ea lintho. (2 Timothea 2:11, 12; Tšenolo 5:10; 14:1, 3) Ho nahana kamoo Molimo o qalisitseng batsoali ba rōna ba pele Edeneng ho tla fana ka leseli la hore na nchafatso e tla ba joang.

Jehova Molimo o bōpile batho ba pele ba babeli, Adama le Eva, ba phethahetse ’me a ba bea tšimong ea Edene. E ne e le paradeise ea thabo. Qalehong Jehova o ne a reretse batho hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng ba thabela khotso ea ’nete le tšireletseho, joalokaha u bona e bontšitsoe mona. Empa borabele ba senya paradeise eo ea pele, ’me ka nako ea teng, ba fella ka tsamaiso e khopo ea lintho e teng hona joale.

Na morero oa Molimo oa ho ba le Paradeise ea lefatše o tla lula o sa phethahatsoa? Che, o ke ke! Re na le tšepiso ea Kreste ea hore tsamiso e lokileng eo ka eona batho ba qalileng bophelo holim’a lefatše lena e tla nchafatsoa. Ho tla tsosolosoa maemo a Edeneng, ’me qetellong maemo ana a tla atolosetsoa lefatšeng ka bophara. Ka hona ’Mōpi o tla phahamisa morero oa hae oa mathomo oa ho ba le tsamaiso ea lintho e sa feleng. Ka ’nete re ka thabela tebello ena e theiloeng Bibeleng!—Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:3, 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela