Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 6/15 maq. 8-9
  • Lebitso la Molimo Mangolong a Bakreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebitso la Molimo Mangolong a Bakreste
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Nkeloa ha Lebitso la Molimo Sebaka
  • Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lintho Tse Etsang Hore ho be Thata ho Tseba Molimo ka Lebitso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lebitso la Molimo le Bafetoleli ba Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • A4 Lebitso la Molimo Mangolong a Seheberu
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 6/15 maq. 8-9

Lebitso la Molimo Mangolong a Bakreste

HA JESU a ne a bitsa Molimo Ntat’ae, Bajode ba mo utloang ba ne ba tseba hore na o bua ka mang. Ba ne ba bone lebitso la Molimo meqolong ea Bibele ea Seheberu e neng e le teng masynagogeng a bona. Moqolo o joalo o ile oa neoa Jesu ka synagogeng motseng oa habo, Nazaretha. A bala serapa ho Esaia se nang le lebitso la Jehova habeli.—Luka 4:16-21.

Barutuoa ba Jesu ba pele le bona ba bone lebitso la Molimo ho Septuagint—phetolelo ea Bibele Segerikeng, eo Bakreste ba pele ba neng ba e sebelisa ho ruteng le ho ngoleng. Ke ’nete, ka nako e ’ngoe ho ne ho nahanoa hore lebitso la Molimo le ne le sa hlahe ho Septuagint, empa hona joale ho tsejoa hantle hore lebitso lena le ne le hlomphuoa hoo Litlhaku tse ’Ne tseo lebitso la Molimo le ngoloang ka tsona ka Seheberu (Tetragrammaton) li ileng tsa nkoa Mangolong a Seheberu, tsa fetisetsoa mangolong a Segerike.

Aquila o ngotse lebitso la Molimo ka litlhaku tsa Seheberu litemaneng tsa hae tsa Segerike morao koo lekholong la bobeli la lilemo. Lekholong la boraro la lilemo Origen a ngola hore “bukeng e khabane haholo e ngotsoeng ka letsoho LEBITSO le ngotsoe ka mongolo oa Seheberu.” Lekholong la bone la lilemo mofetoleli oa Bibele Jerome a ngola: “Re fumane lebitso la Molimo le litlhaku tse ’ne (ke hore, יהוה) meqolong e meng ea Segerike le ho tla fihlela kajeno le ntse le hatisitsoe ka litlhaku tsa boholo-holo.”

Dr. Paul E. Kahle o oa ngola: “Joale rea tseba hore mangolo a Bibele a Segerike [Septuagint] kaha a ne a ngoletsoe Bajode ke Bajode ha a ka a fetola lebitso la Molimo ka kyʹrios [Morena], empa Litlhaku tse ’ne tsa mongolo oa Seheberu tse neng li ngotsoe ka Seheberu kapa tsa Segerike li ile tsa bolokoa [libukeng tse ngotsoeng ka letsoho].”—The Cairo Geniza, leqepheng 222, 224.

Hona ho bolela’ng? Ho bolela hore, hore na ba ne ba bua Seheberu kapa Segerike, ha bamameli ba Jesu ba ne ba bala Mangolo ba ile ba bona lebitso la Molimo ho oona. Ka hoo hoa utloahala hore ebe ha ba qotsa litemana tsena ba ne ba tla latela mokhoa oo ba o boneng—ho bea litlhaku tse ’ne tsa Seheberu tsa lebitso la Jehova tabeng ea mongolo oa bona oa Lengolo la bona la Segerike la Bakreste.

Ho Journal of Biblical Literature, George Howard, e mong oa liprofesara tsa bolumeli Univesithing ea Georgia, o ngotse: “Kaha Litlhaku tse ’Ne tsa Seheberu li ne li ntse li ngotsoe Bibeleng tsa Segerike tse etsang Mangolo a kereke ea pele, hoa utloahala ho lumela hore bangoli ba T[estamente] e N[cha], ha ba qotsa Lengolong, ba ile ba boloka Litlhaku tse ’Ne tsa Seheberu lengolong la bibele.”—1977, Moqolo 96, No. 1, leqephe 77.

Ho Nkeloa ha Lebitso la Molimo Sebaka

Ho bonahala hore lebitso la Molimo le ile la tlosoa hamorao ho Septuagint le “Testamenteng e Ncha” ha Bakreste bao e neng e se Bajode ba se ba sa utloisisi litlhaku tsa Seheberu. Ke ka lebaka leo Dr. Kahle a ngolang: “Ke Bakreste ba fetoletseng Litlhaku tse ’Ne tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo ho kyʹrios [Morena], ha ho se ho sa utloisisoe lebitso la Molimo le ngotsoeng ka litlhaku tsa Seheberu.”—The Cairo Geniza, leqephe 224.

Tahlehelo ee e ne e le ea bohlokoa bofe? Moprofesa Howard o re: “Ho tlosoa hona ha Litlhaku tse ’Ne tsa Seheberu, ponong ea rōna, ho bakile pherekano likelellong tsa Bakreste ba pele le Balichaba ka kamano pakeng tsa ‘Morena Molimo’ le ‘Morena Kreste.’”—Leqephe 63 la sehlooho se qotsitsoeng pejana.

Ka mohlala, Pesaleme ea 110:1 e re: “Jehova o itse ho Morena oa ka.” Sena se qotsitsoe ho Mattheu 22:44 moo, kamor’a hore ho lahloe lebitso la Jehova, boholo ba liphetolelo tsa kajeno li balehang tjena: “Morena o itse ho moren’a ka.” Ka hona, ho litho tsa likereke tsa Bojakane phapang ea sebele pakeng tsa Jehova (“Morena”) le Jesu (“Moren’a ka”) ea lahleha.

Ho na le melemo e meholo ka ho latela mohlala oa Bibele oa ho sebelisa lebitso la Molimo: (1) Ho re thusa ho talima Molimo e le Motho, e seng matla feela. (2) Ho re thusa ho atamela haufi le eena. (3) Ho tlosa pherekano, ho chorisa menahano ea rōna ka eena, ho tlisa menahano ea rōna haufi-ufi le seo Bibele e hlileng e se rutang.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Lebitso la Molimo, ka mongolo oa Seheberu, le hlahile liphetolelong tsa Segerike tsa pele-pele tsa Mangolo a Seheberu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela