Lebitso le Leholo ho ’Ohle
“U tle u re ho bana ba Iseraele: Jehova, Molimo oa bo-ntat’a lōna, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaaka, Molimo oa Jakobo, o nthomile ho lōna. Ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng, ’me ke eona khopotso ea ka melokong le melokong.”—Exoda 3:15.
1. Lebitso ke la bohlokoa bofe, ha le bapisoa le mantsoe a mang a ka ’nang a sebelisoa ho khetholla motho?
E MONG le e mong ho rōna o na le lebitso. Mabitso a rōna a re khetholla re le batho. Ho utloa lebitso la motho eo u sa mo batleng ho hlahisa maikutlo a mabe, ha lebitso la motho eo u mo ratang haholo lona le tsosa maikutlo a thabo, a nyakallo. Ho ekelletsa lebitsong la hao, ho na le mantsoe a mang a hlalosang maemo a tlasana a bophelo ba hao. Motho eena eo a ka ’na a bitsoa Profesa, ’Mampoli, Ntate kapa Ntate-Moholo, ho itšetlehile ka maemo. Le leng le le leng la mantsoe ana le ka tsosa menahano e sa tšoaneng ka motho, le hlokomelisa ka lehlakore le leng la bophelo ba hae. Empa lebitso la hae le re hopotsa ka motho eo kaofela—mekhoa eohle ea hae, sohle seo re se tsebang ka eena.
2, 3. Mantsoe ao re a sebelisang ho khetholla Molimo a ka ama khopolo ea rōna ka eena joang?
2 Na motheo oona oo o sebetsa monahanong oa rōna ka Molimo? Na seo u ’mitsang sona se na le ntho eo se e etsang ponong ea hao ka ’Mōpi?
3 Mantsoe “’Mōpi” le “Ea matla Oohle” a hlokomelisa ka mekhoa e itseng ea liketso tsa hae. Lebitso “Morena” le bolela matla a hae a ho laela. Lebitso “Molimo” le mo hlalosa e le ea nang le boemo le matla a fetang a batho. ’Mali oa liphetolelo tsa Sefora tse fetoletsoeng ke Segond le Darby, ea bonang lebitso la Molimo le fetoletsoe ho l’Eternel (e sa Feleng) a ka ’na a ba le pono e fapaneng ka Molimo ho feta ’mali oa Bibele ea Senyesemane eo bafetoleli ba eona ba fetoletseng lebitso la Molimo ho “Morena.” Ke ka lebaka leo, mongoli e mong oa bolumeli a itseng: “Ho kenyelletsoa ha lebitso la botho la Molimo borapeling ba Bokreste le ho ithuteng ka Molimo ho ka ’na ha e-ba le liphello tse makatsang le tse molemo.”
4. (a) Ho ka thoe’ng ka mantsoe a fapa-fapaneng ao re a sebelisang ha re bua ka Molimo? (b) Lebitso la hae le sebelisitsoe haholo hakae ka Mangolong?
4 Mantsoe a sa tšoaneng a hlalosang Molimo—Morena, Ea Matla Oohle, ’Mōpi—a nepahetse. A sebelisoa ka Bibeleng. Leha ho le joalo, ho na le lentsoe leo Bibele e le sebelisang hangata ho feta lefe kapa lefe ho ana. Ke LEBITSO la botho la Molimo, ’me lebitso leo le lokela ho re hopotsa ka lintho tsohle tseo re li tsebang ka eena. Lebitso leo, leo kajeno ka ho tloaelehileng le bitsoang ka hore ke Jehova, kapa Yahweh, le hlaha litemaneng tsa pele tsa Bibele hangata ho feta lentsoe lefe kapa lefe le leng bakeng sa Molimo. The Comprehensive Concordance of the New World Translation of the Holy Scriptures likarolong tse 43 e thathamisa lekhetlo ka leng leo lentsoe “Molimo” kapa “ea Molimo” le sebelisitsoeng ka Bibeleng, empa likarolong tse 77 e thathamisa lekhetlo ka leng leo “Jehova” kapa “ea Jehova” le hlahang ka lona.
5. (a) Exoda 3:15 e re bolella eng ka lebitso la Molimo? (b) Ho ka thoe’ng ka ho bitsa lebitso e le “Jehova”?
5 Lebitso lena le ne le sa khethoa ke batho. Bibele e re Molimo o le khethile, le hore o itse le lokela ho sebelisoa. O itse: “U tle u re ho bana ba Iseraele: Jehova, Molimo oa bo-ntat’a lōna, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaaka, Molimo oa Jakobo, o nthomile ho lōna. Ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng, ’me ke eona khopotso ea ka melokong le melokong.” (Exoda 3:15) Ke hobane’ng ha phetolelo ee e sebelisa lebitso Jehova temaneng ee? Hobane hona ke ho bitsoa ho tloaelehileng ha lebitso la Molimo ka Sesotho le hlahang ka makhetlo a liketekete Bibeleng ea Seheberu sa pele.
6. Molemo o mong oa ho sebelisa lebitso la Molimo ke ofe?
6 Ha Bibele e sebelisa lebitso la Molimo, hona ho re thusa ho mo nahana e seng e le matla feela empa e le motho. Ho re thusa ho atamela haufi-ufi le eena. Molimo ho bonahala a le hole ho batho ba bangata. Empa moapostola Pauluse o ngotse: ‘Ha a hole ho e mong le e mong oa rōna.’—Liketso 17:27.
Boikutlo ba Hao Lebitsong
7, 8. Boikutlo ba hao ke bofe ha u utloa lebitso Jehova? Hobane’ng?
7 Boikutlo ba hao ke bofe ha u utloa lebitso lee leo Bibele e le sebelisang bakeng sa Molimo? Na le tsosa menahano e mebe kapa e metle, e thabileng? Na u rutiloe ho ikutloa hampe ka lebitso leo Molimo o itseng o lokela ho tsejoa ka lona, kapa le hlahisa boikutlo ba kananelo e tlohang botebong ba pelo, joalokaha Bibele e bontša hore le lokela joalo?
8 Ho utloa lebitso Jehova ho lokela ho re nahanisa ka ’Mōpi oa leholimo le lefatše. Seheberung sa pele-pele, Bibele e re: “Mohla Jehova Molimo [Jehova Elohim] a etsang lefatše le maholimo.” E boetse e re: “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” (Genese 2:4, 7) Ka hona re Mo kolota bophelo ba rōna. Ho bōpa ha Hae ho entse hore u be teng. Na taba eo e ama boikutlo boo u nang le bona ha u utloa lebitso la Molimo?
9. Lebitso lee le lokela ho re hopotsa eng hape?
9 Ho feta ho ba ’Mōpi, ke Moreri. Ho lumeloa hore lebitso Jehova le bolela hore “Ea etsang hore ho etsahale.” O iketsa eng le eng e hlokahalang e le hore, ntle le ho hlōleha, merero le litšepiso tsa hae li tle li phethahatsoe.
10. Exoda 6:3 e bolela’ng?
10 Jehova o boleletse Moshe: “Ka na ka iponahatsa ho Abrahama, le ho Isaaka, le ho Jakobo, ke le Molimo o matla ’ohle, empa ke ne ke sa tsejoe ke bona ka lebitso la ka la Jehova.” (Exoda 6:3) Na hoo ho bolela hore Abrahama, Isaaka le Jakobo ba ne ba e-so ho utloe lebitso lee? Che, ho ne ho sa bolele hoo, hobane pejana Jehova o ne a boleletse Moshe hore e ne e le Molimo oa banna bana ba bararo. (Exoda 3:15) Ho feta moo, joalokaha sehlooho sa pejana “Na Lebitso le Lokela ho Sebelisoa” (leqephe 4) se bontša, bahlanka bana ba khabane ba ile ba tsoela pele ho sebelisa lebitso leo. Empa lebitso le ne le le haufi le ho senoloa ka tsela e ncha. Hoo ba neng ba sa ho tsebe ke tlhaloso e eketsehileng eo lebitso lena le neng le tla ba le eona hang feela ha batho ba bone hore na Jehova o tla fella kae ho bona hore litšepiso le merero tsa hae li phethahalitsoe.
11. Baiseraele ba ne ba le haufi le ho tseba Jehova joang ka tsela e hlakileng haholo ho feta bo-ntat’a bona moholo?
11 Merero efe? Batho ba ne ba le haufi le ho bona Likotlo tsohle tse tšosang tse Leshome. Ba ne ba le haufi le ho tšelisoa Leoatle le Lefubelu ba hata moo ho omileng. Ba ne ba tla fuoa Molao tlas’a maemo a tšabehang Thabeng ea Sinai. Ba ne ba tla tšireletsoa ho tsamaea “nahathothe eane kaofela e kholo, e tšabehang” ’me ba tlisoe Lefatšeng la Pallo.—Deutoronoma 1:19; Exoda 6:7, 8; 14:21-25; 19:16-19.
Liketso Tsa Hae Tse Lerato
12, 13. Tse ling tsa lintho tseo Bibele e re bolellang tsona ka liketso tsa Jehova tse lerato ke life?
12 Tlhaloso eohle ea Bibele e hlalosa ’Mōpi. E bua ka bokhabane ba hae, ho tiea le ho loka ha hae. Bibele e re: ‘Jehova o lereko o mohau.’ E re: ‘botle ba hae bo boholo hakaakang!’ “Ke Lefika; mosebetsi oa hae o phethehile, hobane litsela tsa hae kaofela li lokile: ke Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile, o khabane.”—Pesaleme ea 25:8; Zakaria 9:17, NW; Deuteronoma 32:4.
13 Bibele e hlahisa Jehova e le Morena (Pesaleme ea 10:6; Daniele 4:34), Moahloli (Pesaleme ea 50:6; 98:9), Ntate (Esaia 64:8; Mattheu 6:6-9), Monna (Esaia 54:5; Jeremia 3:14, NW), Moruti (Pesaleme ea 71:17; Esaia 50:4; 54:13) le Mothusi (Pesaleme ea 30:2; 115:9-13; 121:2). Lebitso la hae le lokela ho re hopotsa liketso tsa hae tse lerato, le ho re hopotsa taba ea hore o hlomile metheo e lokileng le hore o na le tokelo ea ho batla kutlo le boineelo ba bana ba hae ba lefatše. Mangolo a re: “Jehova o iponahalitse, o lokisitse.” “Jehova o boloka bohle ba mo ratang, empa o felisa ba babe kaofela.”—Pesaleme ea 9:16; 145:20.
14. (a) Bangoli le libini tsa Lipesaleme ba ile ba bontša ho tšepa Jehova joang? (b) Liproverbia e bontša eng ka eena?
14 Lebitso lena le hlaha ka makhetlo a 749 bukeng e feletseng ea Bibele ea Lipesaleme. Lipesaleme, kapa lipina tsa thoriso, li ne li binoa ke barapeli ba thabileng ba ileng ba “roka lebitso la Jehova” tempeleng Jerusalema. (Pesaleme ea 122:1-4) Bangoli le libini tsa lipesaleme ba ne ba tseba lebitso la Jehova (Pesaleme ea 9:10), ba tšepa lebitso la hae (33:21), ba bitsa lebitso la hae (80:18; 105:1), ba leboha lebitso la hae le halalelang (106:47), ba batla thuso ka lebitso la hae (124:8) le ho rorisa lebitso la hae ka mehla (68:4; 135:3). Lebitso la Hae le ne le sa patoa empa e ne e le lebitso le ratoang. (Pesaleme ea 89:1; 92:1-5) Jehova ha a ka a etsa liketso tse lerato feela tse rorisoang Lipesalemeng empa o bululetse bohlale bo tlalehiloeng bukeng ea Bibele ea Liproverbia. E re: “Hobane Jehova ke eena ea fanang ka bohlale; tsebo le kutloisiso li tsoa molomong oa hae.” (Liproverbia 2:6) Haeba phetolelo ea hao ea Bibele e sebelisa “MORENA” litemaneng tsena, tiisa hore Seheberung sa pele-pele, lebitso la Molimo le hlaha ho tsona kaofela.
15. (a) Lebitso la Jehova le lokela ho re hopotsa liketsahalo life tsa bohlokoa? (b) Ho ea ka Daniele 2:20, 21 le 4:17, ke eng se re fang motheo bakeng sa ho rorisa lebitso la Jehova?
15 Lebitso le lokela ho re hopotsa sehlopha sohle se lumellanang sa pale, boprofeta, melao le bohlale tse bontšitsoeng ka Bibeleng. Le lokela ho re hopotsa boprofeta bo hlollang bo sebetsanang le tsela e ka sehloohong ea pale ea lefatše. Jehova o entse hore liketsahalo tsa pale li etsahale ka tsela eo boprofeta ba hae bo tla phethahala holim’a Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia, Greece le Roma, le ho fihlela lekholong la rōna la bo20 la lilemo le befileng le ho feta moo.—Daniele, likhaolo 2, 7, 8.a
Jesu le Lebitso la Ntate
16. (a) Ho lula ha Jesu lefatšeng ka nakoana ho lokela ho ama ho ananela ha rōna Ntat’ae Jehova Molimo joang? (b) Jesu, ka ho khetheha o ile a tsebahatsa lebitso la Ntat’ae joang?
16 Boikutlo bo mofuthu ba kananelo boo lebitso la Molimo Jehova le lokelang ho bo tlisa lipelong tsa rōna bo lokela ho kopanyelletsa le ntlha ea bohlokoa haholoanyane—hore ka mohlolo o rometse lefatšeng “letsibolo” la hae, “Lentsoe,” leo e bileng Jesu Kreste. (Ba-Heberu 1:6; Johanne 1:1-3: Ba-Roma 5:6-8) Ha a rapela Ntate oa hae oa leholimo, Jesu o itse: “Lebitso la hao ke le senoletse batho bao u ’neileng bona lefatšeng. . . . Ke ba tsebisitse lebitso la hao, ’me ke tla ’ne ke ba tsebise lona.” (Johanne 17:6, 26) Ha se hore balateli ba hae ba ne ba sa tsebe lebitso la Molimo. Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong “Lebitso la Molimo Mangolong a Bakreste” (leqephe 9), ba bone lebitso lena meqolong ea bona ea Bibele ea Seheberu le phetolelong ea Bibele ea Segerike eo ba neng ba e sebelisa. Empa ka lebaka la thuto ea Jesu, lebitso la e-ba le tlhaloso e eketsehileng—feela joalokaha le ne le etse ka lebaka la liketso tsa Jehova morao koo mehleng ea Moshe. Ka ho babatsehang Jesu a atolosa tsebo ea rōna le kananelo ho Jehova, botho ba hae le merero ea hae. Re tseba lebitso la Jehova ka tsela e molemohali ka Jesu Kreste, ea itseng: “Thuto ea ka hase ea ka, empa e le ea ea nthomileng.” Jesu o fane ka topollo le tsela ea ho atamela Ntate. Ka hona Jesu a re: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo; ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na.”—Johanne 7:16; 14:6.
17. Ke tšebeliso efe ea leholimo ea lebitso la Molimo e profetiloeng bukeng ea Tšenolo?
17 Bukeng ea Bibele ea Tšenolo, e tlalehang pono ea Johanne ea liketsahalo tsa mehleng ea rōna, lebitso la Jehova le ntse le rorisoa. Ha Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e timetsoa, bongata bo boholo leholimong bo hoa ka thabo bo re: “Alleluya! Poloko, le khanya, le hlompho, le matla, ke tsa Molimo oa rōna.” ’Me joale “baholo ba mashome a mabeli a metso e mene, le libopuoa tse phelang tse ’ne, ba oa ka lifahleho, ba khumamela Molimo o lutseng teroneng, ba re: Amen!” (Tšenolo 19:1, 4) “Alleluya” e bolela eng? Re se re bone morao leqepheng la 4 hore, “Jah” ke mokhoa o khutsufalitsoeng oa bothothokisi bakeng sa “Jehova.” Ka hona, The Random House Dictionary of the English Language e bolela hore: “Alleluya” e tsoa Seheberung bakeng sa “Rorisang Jehova.” Ka hona Molimo o rapeloa leholimong ka mohoo oa hore: “Rorisang Jehova!”
Mesebetsi e Babatsehang
18. Ho tseba lintho tseo Jehova a li entseng “ka baka la lebitso la hae” ho re thusa ho ananela eng?
18 Lebitso la Molimo le lokela ho sebelisoa. Le lokela ho re hopotsa mesebetsi ea hae le mosa oa hae o lerato. Bibele e re bolella hore o entse lintho tsena tse khōlō “ka baka la lebitso la hae, a tle a bonahatse matla a hae.” (Pesaleme ea 106:8) Mesebetsi e babatsehang eo a e entseng “ka baka la lebitso la hae” ha ea etsoa ka boikhabi empa ho re thusa ho ananela hore ke Molimo, hore o na le tokelo ea ho re bolella hore na re etse eng, le hore re ka ba le tšepo e feletseng phethahatsong ea litšepiso tsa hae. (1 Samuele 12:22) Kahoo o itse: “Hopolang liketso tsa pele tse etsahetseng khale, hobane ke ’na Molimo o matla, ’me ha ho o mong: ke ’na Molimo, ’me ha ho ea joale ka ’na. Ke ’na, ha e sa le ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le khale ke boletse tse e-song ho hlahe. Ke re: Morero oa ka o tla tiea, ke tla phetha thato ea ka kaofela. . . . Ke boletse, ’me ke tla etsa: ke rerile, ’me ke tla phetha.”—Esaia 46:9-11.
19. Joshua o tiisitse ho phethahala ha Lentsoe la Molimo ka polelo efe?
19 Makholo a lilemo pejana Joshua o ne a ile a hopotsa Baiseraele hore: “Lea itsebela pelong tsa lōna bohle le meeeng ea lōna bohle hobane ha ho ntho leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova, Molimo ao lōna, a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle li etsahetse ho lōna, ha ho e ’ngoe ea tsona e hlokahetseng.”—Joshua 23:14.
20. Tse ling tsa lintho tseo lebitso Jehova le u hopotsang tsona ke life?
20 Na lintho tsee kaofela lia ameha maikutlong a hao ka Jehova? Na ho utloa lebitso la hae ho u hopotsa mesebetsi ea hae, matla a hae, matla ’ohle a hae, ho tšepahala ha hae le bonnete ba litšepiso tsa hae? Na u amahanya lebitso la hae le Molimo oo o iketsang ho ba ntho efe le efe e hlokahalang e le hore merero ea hae e tle e phethahatsoe? Na u nahana ka ho romela ha Jehova Jesu lefatšeng ho phahamisa lebitso la Molimo, ho re ruta ka Ntat’ae le ho fana ka topollo bakeng sa bohle ba tla le amohela? ’Me na maikutlo a hao ka Jehova a kopanyelletsa ho ananela litšepiso tsa hae tsa bokamoso bo lokileng bakeng sa lefatše le hloekisitsoeng?—2 Petrose 3:13.
21. Boikutlo ba rōna bo ka tšoana le ba Morena Davida ea lokileng joang?
21 Ho tseba ka lintho tseo Jehova a li entseng ho tsoala tumelo. Tumelo e re susumelletsa ketsong. Re sebelisa lebitso la hae, re bua ka liketso tsa hae, re itela ka boithatelo re le bahlanka ba hae, ’me re lebella phethahatso ea morero oa hae o moholo le o sa hlōleheng oa ho tlosa bokhopo lefatšeng le ho hloma maemo a macha a ho loka bakeng sa batho ba mamelang. Ho ba le tumelo e joalo, ’me re e sebelisa, re ka bua joalo ka Morena Davida ea lokileng: “Molomo oa ka a o ke o bolele lithoko tsa Jehova, libopuoa tsohle li ke li boke lebitso la hae le khethehileng ka mehla le mehla.”—Pesaleme ea 145:21.
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa ho hlakisa boprofeta bona, bo bongata, bona buka “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society.
Bakeng sa tlhahlobo—
◻ Bohlokoa ba lebitso ke bofe, ha le bapisoa le lentsoe le leng le ka ’nang la khetholla motho?
◻ Lebitso la Jehova le lokela ho re hopotsa eng?
◻ Thuto ea Jesu e ile ea eketsa kananelo ea rōna ea lebitso Jehova joang?
◻ Mesebetsi eo Jehova a e entseng “ka baka la lebitso la hae” e molemo haholo ho rōna joang?
[Lebokose le leqepheng la 15]
Kamehla motho eo re sa tsebeng lebitso la hae o lula e ntse e ka ha re mo tsebe. Ha Molimo o re mema hore re sebelise lebitso la hae, ke ketso ea botsoalle ba bomolimo
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ho pholosa ha Molimo Baiseraele Leoatleng le Lefubelu ho ile ha ba tsebisa lebitso la oona joang?