Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 9/15 maq. 10-12
  • Moea o sa Shoeng kapa Tsoho—Hofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moea o sa Shoeng kapa Tsoho—Hofe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo Kamorao ho Lefu—Joang?
  • Tšepo ea ’Nete ea Tsoho
  • Tumelo ea Hao e Matla Hakae Tsohong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Bontša Tumelo Bakeng sa Bophelo bo sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Tsoho, Letsatsi la Kahlolo le Bokoenehi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Na Sephefumolohi se Tsoela Pele ho Phela ka Mor’a Lefu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 9/15 maq. 10-12

Moea o sa Shoeng kapa Tsoho—Hofe?

Re u mema hore ka hloko u hlahlobe letoto la lihlooho tse ’nè tse qalang leqepheng lena. Li fana ka maikutlo a Bibele ka hore na ho etsahala joang ka moea lefung, tsoho, letsatsi la kahlolo la Molimo le mahlomola a ho qetela, li lohella tsena le sehlooho sa ’Muso sa Lentsoe la Molimo.

KA TLHAKUBELE kapa ’Mesa selemo le selemo hoo e ka bang karolo ea bone ea baahi ba lefatše e keteka “Easter,” e bitsoang “mokete oa tsoho ea Kreste.” Ka baka leo, hona ho bolela hore ba limillione ba ikhopotsang ho tsoha ha Kreste ka Sontaha sa “Easter” ba hlile ba bontša tšepo ea hore le bona qetellong ba tla tsosoa bafung. Empa, mohlolo oo re ka o bolelang ke hore boholo ba batho bana ha bo lumele hore bophelo kamorao ho lefu bo itšetlehile ka tsoho, ho e-na le hoo, ka ho pholoha ha “moea o sa shoeng” oa bona.

Batho ba bang ba makholo a limillione, ba sa ikhopotseng “Easter,” le bona ha ba lumele hore bophelo ba bona kamorao ho lefu bo itšetlehile ka tsoho, empa ka ho pholoha ha “meea” ea bona. Batho bana kaofela, ka hare le ka ntle ho Bojakane, ka ho totobetseng ba ikutloa hore e tlameha e be ho na le ho hong kamorao ho nako e khutšoanyane eo ba e phelang lefatšeng. Ba ka ikutloa ba nyahamisitsoe ke ho nahana hore motho o phela le ho shoa joaloka phoofolo. Takatso ea bona bakeng sa bophelo nakong e tlang ke ea tlhaho. Mohlomong u na le eona takatso eo. Empa ho phela kamorao ho lefu ho tla joang?

Bophelo Kamorao ho Lefu—Joang?

“Libuka tse halalelang” tsa bolumeli bo sa tšoaneng mabakeng a mangata li fana ka lipheko tse peli bothateng bona. Tse ling ho libuka tse joalo li bolela ka ho pholoha ho itlisang ha “moea” oa motho ea shoeleng. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e ruta hore bafu ba khutlisetsoa bophelong ka tsoho.—Ba-Heberu 11:17-19; Luka 20:37, 38; Johanne 5:28, 29; 11:24.

Ha ho makatse hore bolumeli ba Bochabela bo ka ruta hore hoa itlisa hore “moea” o pholohe, hobane pale e tšepahalang e bontša hore tumelo ena e simolohile Bochabela. Bababylona ba boholoholo ba ne ba lumela hore ho na le lefatše la “meea e ileng” leo baahi ba lona e leng meea ea bafu e busoang ke molimo oa monna Nergal le oa mosali Eresh-kigal. Baegepeta ba boholo-holo le bona ba ne ba kholoa hore moea ha o shoe, ’me le bona ba na le lefatše la bona la “meea e ileng.” Ba ne ba rapela Osiris e le “molimo oa bafu.” Joaloka Baegepeta, Bapersia ba boholo-holo ba ne ba lumela ‘hore meea e-ea bekhoa’ kamorao ho lefu. Bahlalefi ba bangata ba Magerike ba amohela maikutlo ana a bochabela a moea o sa shoeng, a qetella a ntlafalitsoe ke Plato lekholong la bone la lilemo B.C.E.

Ho mohlolo ke hore Bojode le bolumeli ba Bojakane li nka maikutlo a hore bophelo ba kamoso bo itšetlehile ka ho ba le moea o sa shoeng. Ena hase thuto ea Bibele ho hang. Joalokaha The Concise Jewish Encyclopedia (1980) e senola: “Bibele ha e bolele thuto ea hore moea ha o shoe, leha e le hore e hlaha ka ho hlakileng libukeng tsa pelenyana tsa borabbi [ba Bajode] . . . Qetellong tumelo ea hore karolo e ’ngoe ea motho ha e fele ’me ha e senyehe ea fetoha karolo ea tumelo ea bo-rabbi ’me ea amoheleha hoo e ka bang hohle Bojodeng ba morao.”

Baruti ba bolumeli ba Bojakane ba latela mohlala oa bo-rabbi ba Bajode ka ho amohela maikutlo a Bababylona, Baegepeta, Bapersia le Bagerike a hore motho o na le moea o sa shoeng. Empa kaha likereke tsa Bojakane li ipolela hore li amohela Bibele, li ipakela bothata e le tsona ka ho amohela thuto ena eo e seng ea Bokreste. Bothata ke bona: Likereke li ka tšoarella joang thutong ea Bibele ea tsoho, ka nako eo li bile li ruta hore motho o pholoha lefu ka moea o sa shoeng?

Likereke tsa Bojakane li tsoelipana joang le bothata bona? Catholic Encyclopedia e re bolella hore na joang, e re: “Lekhotla la Bone la Lateran le ruta hore batho bohle, leha e le bakhethoa kapa ba khopo, ‘ba tla tsoha hape ka ’mele ea bona eo ba nang le eona hona joale.’ Ka puo ea litumelo le boipolelo ba tumelo ho khutlela bophelong hona ho bitsoa tsoho ea ’mele.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna) Ka mantsoe a mang, ka baka leo ho boleloa hore tsoho ea bafu ke feela ho apesoa hape ha moea o sa shoeng ’mele oa nama. Empa hase se rutoang ke Bibele.

Tšepo ea ’Nete ea Tsoho

Liithuti tse ngata tsa Bibele li lumela hore lithuto tsa tlhaho ea moea o sa shoeng le “tsoho ea ’mele” ha li rutoe ke Bibele. Georges Auzou, setsebi sa Lefora sa K’hatholike sa Mangolo a Halalelang, o-oa ngola: “Maikutlo a ‘moea,’ a bolelang boleng ba moea ho hang boo e seng ba nama, bo arohaneng le ‘mele,’ . . . ha a eo ho hang ka Bibeleng.” “Ha ho mohla Testamente e Ncha e buang ka ‘tsoho ea nama,’ empa ‘tsoho ea bafu.’”

Ka ho tšoanang, bukeng ea hae Immortality of the Soul or Resurrection of the Dead?, setsebi sa Lefora sa Moprostanta Oscar Cullmann sea ngola: “Ho na le khanyetsano pakeng tsa tebello ea Bokreste ea tsoho ea bafu le tumelo ea Bagerike ea hore moea ha o shoe. . . . Le hoja hamorao Bokreste bo ile ba thea kamano pakeng tsa litumelo tsena tse peli, ’me kajeno Mokreste ea itekanetseng feela a li ferekanya ka ho feletseng, ha ke bone lebaka la ho pata seo ’na le liithuti tse ngata re se nkang hore ke ’nete . . . bophelo le maikutlo a Testamente e Ncha ho hang li laoloa ke tumelo ea tsoho . . . motho ea feletseng, ea hlileng a shoeleng, o khutlisetsoa bophelong ka ketso e ncha ea pōpo ea Molimo.”

E, tšepo ea ’nete ea Bibele bakeng sa bophelo nakong e tlang e itšetlehile ka tsoho, kapa ‘ho tsoha hape bafung,’ e seng ka hore ho itlise hore moea o se ke oa shoa. Bibele ka ho hlakileng e bolela hore: “Tsoho e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Hore na pherekano e kana ea bolumeli ka nako ea kamorao ho lefu e tlile joang ho tla buisanoa ka hona sehloohong se latelang.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Setšoantšo sa moea o leketlang holim’a setopo se shoeleng se bontša hore Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba lumela hore moea o pholoha lefu

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela