Buka e Buelloang
NGOAHOLA ka la 23 Pherekhong, Sunday Sun, leselinyana le tsoang Sehlekehlekeng sa Caribbean sa Jamaica, le ne le e-na le sehlooho: “Lipaki li Tsoelapele” Hoba le hlalose ka keketseho ea tsona ea morao tjena, leselinyana le hlokometse:
“Hona joale Lipaki li lokollotse buka e ncha, e hohelang ka litšoantšo tse ntle, e maqephe a 255, e ngotsoeng ka mokhoa o bonolo le o kholisang e tla ba thusa haholo ho eketsa lenane la bona. E bitsoa U KA PHELA KA HO SA FELENG PARADEISENG LEFATŠENG, buka e sekoahelo se thata e rekisoang ka theko e utloahalang ea R3,00. . . .
“Lipaki li ile tsa khathatsa ba bangata Sontaha thapama ’me li tsositse ba bangata libetheng, mekhoa eo batho ba sa e rateng.
“Empa Lipaki li tšoanetse ho mameloa. Haeba motho a sa li lumelle ho tla ha hae, leha ho ka ba joang li tla mo nea buka U KA PHELA KA HO SA FELENG PARADEISENG LEFATŠENG, eo ka ho latellana le ka ho utloahala e bontšang thuto le mekhoa ea Lipaki tsa Jehova. . . .
“Kamehla Lipaki li na le bohlale ba ho khetholla bolumeli ka liketsahalo tsa bophelo ba letsatsi ka leng. Libuka tsa Lipaki ha li bue haholo ka likhang tsa bolumeli tse nyenyane le tse thata le litlholisano tseo ho bonahalang li khahla batho ba bangata ba Thuto ea Bokreste. Lintoa tsa letsatsi le leng le le leng tseo batho ba kopanang le tsona—tse kang khatello, bolutu, mathata likamanong tsa botona le botšehali, mathata a lichelete, tšabo—li sebetsoa ka matla thutong ea Lipaki.
“Ha Bakreste ba bangata ba bua ka Evangeli eo ho bonahalang e sa amane le se etsahalang lefatšeng lena leha ba bangata ba arola bophelo ba bona ba moea bophelong ba bona bo tloaelehileng le bo bohlale, bolumeli ba Lipaki bo laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang. U KA PHELA KA HO SA FELENG PARADEISENG LEFATŠENG e totobatsa sena haholo . . .
“Ka sebele ho na le sehlooho se le seng se buelloang haholo bukeng ena, thuto ea Bopaki: boholo ba ’Muso oa Molimo. Buka e fana ka bopaki bo matla ba hore ’Muso oa Molimo e ne e le oa sehlooho tšebeletsong ea Jesu. Esita le ho phekola ha Jesu, hoo e neng e le karolo e khōlō ea tšebeletso ea Hae, Lipaki li hokahanya sena le ’Muso oa Molimo. Lipaki li bontša hore sepheo sa Jesu e ne e se ho lelefatsa bophelo ba batho. Ho e-na le hoo, mehlolo ‘e ne e paka hore, ka matla a Molimo, mathata ’ohle a batho a ka rarolloa. E, e ile ea bontša ka tekanyo e nyenyane se tla etsahala holim’a lefatše tlas’a ’Muso oa Molimo.’”
Le hoja mongoli oa leselinyana lena a phea khang ka lithuto tse ling tsa Lipaki tsa Jehova, empa, joalokaha ho boletsoe ka holimo, o khothalletsa babali ba hae hore ba fumane buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ba bangata ba lōna ba se ba bile le monyetla oa ho bala buka ena e ntle. Na u thahasella ho arolelana le ba bang lintho tsa bohlokoa tse ka hare ho eona?
Batho ba bangata ba entse joalo, joalokaha ho pakeloa ke ho abjoa ha likopi tse limillione tsa buka Phela ka ho sa Feleng selemong sa eona sa pele sa ho lokolloa. Motho e mong ea joalo ea tsoang Carolina e ka Leboea o ile a ngolla Watch Tower Society ho e ka bang mathoasong a lehlabula ngoahola. A qala lengolo la hae ka “Monghali le Moena ea Ratehang,” monna eo a re: “Kea tšepa ha le natse ha ke rialo ho lōna. Leha ho le joalo, ke le ngolla ka buka eo le e hatisitseng e bitsoang U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.
“Ka nako e ’ngoe ho e ka bang ka la pele Tlhakubele Paki ea fihla ha ka e e-na le moshanyana ea ileng a nkhopola. Hoba a mpontše buka a nthekisetsa eona. Ke ile ka bala buka ’me ka e rata haholo. Mosebetsi oa ka ke moqhobi oa tereka; ka hona bekeng e hlahlamang ka ea Sehlekehlekeng sa Long, New York. Ka bona batho ba bang bao ke ba tsebang ba nang le bana bao e seng ba bona ba nang le mathata. Ka ba fa buka. Ha kea ka ka fumana buka e ’ngoe ho fihlela ke e-ea Hayti, Missouri.
“Kamor’a moo ka ea Houston, Texas. Tseleng ho ea Houston ka emisa pel’a Holo ea ’Muso Lufkin, Texas, ’me ka nka libuka tse 10. Ha ke le Houston ka tsamaisa Libuka tsohle tse 11 tseo ke neng ke e-na le tsona. Ha ke khutla ka pota le Lufkin ka nka tse ling tse 8 (bosiung ba Paseka.) Ha ke fihla Conway, Arkansas, tse 8 li ne li tsamaile. Eaba ke nka tse 10. Nakong eo ke fihlang Durham, Carolina e ka Leboea, li ne li tsamaile. Ka hona ka nka tse peli ho Moena J——. ’Me hona Sontaheng seo ka nka tse 15 Holong Durham. Le tsona tsa tsamaea, ka hona ha ke fihla Wilmington, Delaware, ka nka tse ling tse 16. Ka nka tse tharo Rockton, Illinois. Ka tsoela Dakota e ka Leboea ’me ha kea hlola ke fumana libuka tse eketsehileng ho fihlela Memphis, Tennessee, moo ke ileng ka fumana tse ling tse 10. ’Me Brooklyn, New York (ntlo-kholo ea Watchtower), ka nka tse ling tse 27. Ke ile ka qetela ho nka Springfield, Illinois, moo ke ileng ka nka tse 10 ka la 1 Motšeanong, 1983.
“Kaofela ho tloha ka la 27 Tlhakubele ho fihlela ka la 27 ’Mesa, ke ne ke tsamaisitse libuka tse 96. ’Me, ena ke khoeli e ’ngoe ’me ha ke sa tsamaisa libuka tse ngata. Empa nako le nako ha ke fumana libuka ke kōpa baena ho ithuta le ’na hobane hona joale ha ke Paki. Empa pakeng tsa litlaleho tsa ’Muso terakeng ea ka, lithuto tseo ke li fumanang mona le mane (le buka e nyenyane e khubelu) le mohau o sa tšoanelang oa Jehova Ntat’a rōna le Mora Jesu Kreste, ho kopanyelletsa le lithapelo tse sa khaotseng, mohlomong le ’na nka fumana bophelo bo sa feleng.”
Hoba a kōpe hore a rapelloe le ho phetha lengolo la hae ka polelo ea lerato, moqhobi enoa oa teraka a qetella lengolo la hae tjena: “P.S. Letsatsing lena, la 15/17 [83], ke nkile tse ling tse 25 ho Watchtower.”
Monna eo o tsamaisa libuka tse ngata joalo tsa Phela ka ho sa Feleng joang? Bob Rodish, setho sa basebetsi ba ntlo-kholo Brooklyn ea ileng a ithuta le eena ha a emisa bakeng sa libuka tse eketsehileng, o-oa hlalosa: “O mpolelletse hore o bontša batho buka feela, a ba bolelle hore o ithutile lintho tse babatsehang tse ngata ho eona le hore seo a ithutileng sona ha e le hantle se fetotse bophelo ba hae. Joale e be o phetla maqephe a itseng ho bontša se tšoeroeng ke buka—ka mohlala, maqephe 140 le 141, a fanang ka bopaki bo latellanang ba hore ’Muso oa Molimo o se o hlomiloe maholimong ’me hona joale o-oa busa.”
Ha e le hantle, thahasello ea hao le kananelo ea botho bukeng ena ke senotlolo sa hore ba bang ba e fumane. Bee, Bob Rodish o re o utloile hore motsoalle oa hae oa moqhobi oa teraka o ntse a tsoela pele ho tsamaisetsa batho libuka hohle moo a kopanang le bona—o tsamaisitse tse fetang 200 tsa tsona ka Phuptjane ngoahola.