Lipotso Tse Tsoang ho Babali
■ Na boprofeta ba ho tsosolosa ba Esaia le ba baprofeta ba bang ba boholo-holo bo phethahala la ho qetela paradeiseng ea moea ea batho ba Molimo kajeno’ kapa bo boetse bo sebetsa ka ho toba Paradeiseng ea kamoso “lefatšeng le lecha”?
Buka “Man’s Salvation out of World Distress at Hand,” e hatisitsoeng ka 1975 ke Watch Tower Society, e buile ka sena ho Esaia khaolo 35: “E bile hoba Bajode ba kholehong ba khutle Babylona ka 537 B.C.E., moo boprofeta ba ho ntlafatsoa ha ‘lefella,’ ‘libaka tse ommeng’ le ‘lehoatata’ li bileng le phethahatso e nyenyane. Phethahatso e khōlō le ea ho qetela, phethahatso ea moea, e qalile ho etsahala holim’a masala a Baiseraele ba moea hoba ba khutle botlamuoeng ba bona Babylona e Moholo ka mohau oa Molimo ka selemo sa 1919 C.E.” Na hoo ho bolela hore ha ho litšobotsi tsa ho tsosolosa tsa boprofeta boo tse tla phethahala Paradeiseng ea sebele holim’a lefatše nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete? Le hanyenyane!
Polelo e ka bukeng “Man’s Salvation” e tlameha ho talingoa hantle mantsoeng a eona. Boprofeta ba Esaia bo bile le phethahatso e nyenyane ha Iseraele e ne e ntšoa botlamuoeng Babylona, empa phethahatso e khōlō e ile ea qala ho etsahala ho tloha ka 1919 C.E., ha ho lokolloa Iseraele oa moea botlamuoeng Babylona e Moholo. Ho tsosolosetsoa ha bona ‘naheng’ ea bona, paradeiseng ea moea, joale ho ne ho felile ’me ho feletse, hobane ha ho mohla ba tla boela ba oele litlamong karolong efe le efe ea ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata ba Satane.
Leha ho le joalo, boprofeta bona ba ho tsosolosa le bo bong bo kopanyelletsa litšobotsi tse tla boela li phethahale ka ho bonahalang lefatšeng la Paradeise. Ka mohlala, ho Esaia 35:1-7, ho na le litšobotsi tse kang ho folisa lifofu, bo-tutu-tsebe, le lihole, tse sa kang tsa phethahala ka ho toba ha ba tsosolosoa ho tsoa Babylona oa boholo-holo; kapa hona hore ho phethahetse ha ho tsosolosoa paradeise ea moea kajeno. Empa Lipaki tsa Jehova li lebelletse ka tebello e matla ho bonahala ha litšepiso tsena lefatšeng la Paradeise. Ha ho belaetse ha rōna bohle re rata hakana Pina 119 e hlahang bukeng ea rōna ea lipina ea 1979!
Ha e bolela ka boprofeta bo bong ba ho tsosolosoa, buka ea Mokhatlo “God’s Kingdom of a Thousand Years Has Approached” (1973) e boletse: “E ne e tla ba ho hloka botsitso ho Molimo ho bululela boprofeta bo kang ba Esaia 11:6-9, le Ezekiele 34:25 le Hosea 2:18 e le setšoantšo feela kapa polelo ea moea empa bo sa bue ka lintho tsa sebele tse ka etsahalang bophelong, joalokaha eka ho phethahala ha sebele ha lintho tsena ke ntho e ke keng ea etsahala.”
Hoa thahasellisa hore bangoli ba bululetsoeng ba Mangolo a Bakreste a Segerike ba sebelisitse litšobotsi tsa boprofeta bona ba ho tsosolosa ‘lefatšeng le lecha,’ leha koana phethahatso e khōlō ea bona kajeno e le paradeiseng ea moea. Ka mohlala, moprofeta Esaia o buile ka mahlohonolo a tla tla ‘maholimong a macha le lefatšeng le lecha.’ (Esaia 65:17-25) Hamorao, moapostola Petrose a hlalosa ho tla ha letsatsi la Jehova, leo “maholimo” a joale le “lefatše” la joale a tlang ho qhibilihisoa, ’me a phaella: “Empa re lebeletse, ka pallo [e boletsoeng ke Esaia] ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” (2 Petrose 3:10-13) Ke ka lebaka leo Petrose a ileng a bontša hore litšobotsi tse boprofeteng ba Esaia e tla ba lintho tsa sebele ‘lefatšeng le lecha.’ Thabo ea ’nete, bophelo bo bolelele, mahae a sireletsehileng, lijo tse ngata, mosebetsi o khotsofatsang, khotso pakeng tsa motho le liphoofolo—mahlohonolo ana ’ohle a tiisitsoe ho ea ‘ka pallo ea Molimo.’
Ho feta moo, ha e bua ka ‘mokete oa lijo tse hlabosang, bakeng sa lichaba,’ Esaia 25:6-8 e kopanyelletsa polelo ena: “Morena Jehova o tla felisa meokho lifahlehong tsohle.” Le hoja phethahatso e khōlō e le paradeiseng ea moea (moo “bongata bo boholo” bo kopanelang ho eona), moapostola Johanne o bontša hore tšobotsi ena ea boprofeta ba Esaia e boetse e na le phethahatso ea ’nete ho batho ‘lefatšeng le lecha.’ (Tšenolo 7:9, 16, 17; 21:1-4) Ka hona, Paradeise ea qitikoe eohle e tla nchafatsoa ho tšoana le Paradeise ea Edene.—Genese 2:8; Mattheu 19:28.
Batho ba Jehova hona joale ba thabela ho tsosolosoa ho feletseng ha paradeise ea bona ea moea. ’Me ho tla ba le thabo e feletseng Paradeiseng ea sebele, “Hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.”—Esaia 11:9; 51:3.