Le Tlale Tšepo!
“Molimo oa tšepo o le tlatse ka thabo eohle le ka khotso eohle tumelong, tšepo ea lōna e tle e ekeletsoe ka matla a Moea o Halalelang.”—BA-ROMA 15:13.
1, 2. (a) Pauluse o fane ka lebaka lefe la ho ‘tlala tšepo’? (b) Boprofeta ba Esaia bo supela pele tšepo ee joang?
LE TLALE tšepo? Ho na le lebaka lefe la ho ‘tlala tšepo’ lefatšeng le lefifi joalo ka lee, moo bonokoane le boitšoaro bo bobe li ikonkang literateng, moo tlala ea sekoboto kapa tlala feela e aparetseng batho ba fetang billione, le moo lihlomo tsa “nuclear” li cheiloeng joaloka sabole e ka ’nang ea hlaba holim’a batho bohle neng kapa neng? Pejana a etsa thapelo e kaholimo, moapostola Pauluse o boletse lebaka, a qotsa moprofeta Esaia ka mantsoe ana: “Ho tla hlaha lehlomela la Jese, e leng ea tla ema ho busa lichaba, ’me ba-lichaba ba tla mo tšepa.”—Ba-Roma 15:12.
2 Mona Pauluse o ne a qotsa ho Esaia 11:1-10. Hona ho profeta lichaba tse tšepileng Jesu, tse neng li tšoantšetsoa ke Morena Davida, mora oa Jese. Ha a Mo hlalosa, mongoli oa molaetsa Mattheu le eena o qotsa Esaia, ka mantsoe ana: “Bonang mohlanka oa ka eo ke ikhethetseng eena, moratuoa oa ka, eo moea oa ka o khahlisoang ke eena; ke tla bea Moea oa ka holim’a hae, ’me o tla bolella lichaba ho loka . . . ’Me lichaba li tla tšepa lebitso la hae.”—Mattheu 12:18-21; Esaia 42:1, 4.
3, 4. (a) Jesu o na le “lebitso” lefe hona joale, hona hobane’ng? (b) Re ka utloisisa Tšenolo 19:10, 11 joang?
3 Ke hobane’ng ha lichaba li lokela ho tšepa lebitso la Jesu? Ke ka lebaka la sohle seo lebitso la hae le se emelang. Ha a ne a le mona lefatšeng e le motho, Jesu o iketselitse “lebitso” e le motšepehi ea se nang sekoli. Mahloriso, lithohako, litlhokofatso—ha ho letho le neng le ka mo khelosa hore a se etse thato ea Molimo ka botšepehi ho fihlela lefung. Pauluse o hlalosa hore, “Ke ka baka leo Molimo o mo phahamisitseng ka ho fetisa, ’me o mo neile lebitso le holim’a mabitso ’ohle; hore lebitsong la Jesu, mangole ’ohle a ba maholimong, le lefatšeng, le ka tlase ho lefatše, a khumame, ’me maleme ’ohle a bolele hore Jesu Kreste ke Morena, e be tlotliso ea Molimo Ntate.”—Ba-Filippi 2:9-11.
4 Lebitso la Jesu joale le emela setulo se phahameng seo Jehova a mo phahamiselitseng ho sona e le Moprista e Moholo le Morena “ea lutseng letsohong le letona la terone ea Boholo maholimong.” Ke Eena ea bitsoang “Motšepehi le oa ’Nete,” eo litaba tsohle tsa boprofeta li lebisang ho eena, “hobane bopaki ba Jesu ke Moea oa boprofeta.”—Ba-Heberu 8:1; Tšenolo 19:10, 11.
5. Ke hobane’ng, haholo-holo kajeno, re lokela ho ‘tlala tšepo’?
5 Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘tlala tšepo’ kajeno? Ke hobane litaba tsa boprofeta li bontša hore Jesu o tloha a etsolla kotsi eohle eo moetsalibe Adama a e tliselitseng batho. “Hobane joale ka ha ba bangata ba beiloe baetsalibe ka ho se utloe ha motho a le mong, ka mokhoa o joalo, ba bangata ba tla beoa ba lokileng ka ho utloa ha a le mong.” (Ba-Roma 5:19) E le Moprista e Moholo oa Molimo maholimong, Jesu o tla sebelisa molemo oa sehlabelo sa hae sa botho bo phethahetseng ho khutlisetsa batho bohle ba mamelang, ho akarelletsa ba libillione ba bafu ba tsositsoeng, phethehong ea botho, ka tebello ea ho phela ka ho sa feleng thabong lefatšeng la Paradeise. Jesu o tla busa e le morena “a tle a be a bee lira tsohle ka tlas’a maoto a hae. Sera se tlang ho felisoa morao-rao ke lefu.” Joale, batho bohle ba tla thabela phetheho ea botho Paradeiseng eo ea khotso.—1 Ba-Korinthe 15:25, 26; Pesaleme ea 72:3, 7; Esaia 33:24.
Ho Fumana Pono ea Nako e Telele
6. (a) Ke joang feela re ka fumanang pono ea nako e telele ea merero ea Molimo? (b) Hona ho ka re tsoela molemo joang?
6 Ke ka Bibele feela re ka ithutang ka morero oa sebele oa bophelo. Ke Molimo feela, ka Lentsoe la oona, o ka hlalosang hore na re tsoile kae, hore na ke hobane’ng ha re le teng, le hore na bokamoso bo re tšoaretse eng. (Esaia 46:9, 10; 2 Timothea 3:16) Bibele e re nea pono ea nako e telele ka ho sebetsahala ha merero ea Morena ’Musi Jehova. E re bolella kamoo re ka bang le karolo e thabisang ho etsoeng ha thato ea hae, ’me hoo e le ka mehla eohle e tlang ho tla!—Pesaleme ea 37:31, 34.
7. “Pontšo” ea Jesu ea boprofeta e phethahalitsoe joang?
7 “Pontšo” ea boprofeta eo Jesu a buileng ka eona qetellong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng joale e phethahala ka ho tsotehang. Hona joale Jesu o lutse teroneng ea hae e khanyang ea leholimo, a ahlola lichaba tsa lefatše le ho khetha batho “Joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli.” Hona ho etsoa tumellanong le tsela eo ba arabelang molaetsa oa ’Muso o boleloang ke “baena” ba Kreste, Lipaki tsa Jehova tse tlotsitsoeng tse sa ntsaneng li sebeletsa Molimo mona lefatšeng. (Mattheu 24:3-14; 25:31-40, 46) Empa na hona ho etsa hore, Jesu a lekane le Jehova Molimo kapa a mo phahamele?
8. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a entse Jesu Morena ea busang le eena? (b) Jesu o tla bontša ho ikokobeletsa Ntate joang?
8 Che, hobane “hloho ea Kreste ke Molimo,” eo kamehla e leng “Morena ea se nang ho fela” le ’Musi oa pōpo eohle ea hae. (1 Ba-Korinthe 11:3; 1 Timothea 1:17; Tšenolo 4:11) Ke feela ha borabele bo hlahisa hlooho ea bona e tšabehang Paradeiseng ea Edene moo Jehova a ileng a bolela hore o tla hlahisa Morena ea tla busa le eena—“peō” ea tšepiso—“a felise mesebetsi ea Diabolose.” (Genese 3:15; 1 Johanne 3:8) Leha ho le joalo, hoba a tumise lebitso la Jehova le borena ’me a phahamisetse batho phethehong paradeiseng e tsosolositsoeng lefatšeng, Kreste ‘o busetsa ’muso ho Molimo Ntate,’ Mora le eena a ipea tlas’a Molimo.—1 Ba-Korinthe 15:24-28.
9. (a) Esaia o hlalosa boholo ba Jehova joang? (b) Mangolo a bontša mocha oa poloko e le ofe?
9 Ha a bua ka ‘Boholo ba Jehova,’ moprofeta Esaia o lumela hore: “Jehova ke moahloli oa rōna, Jehova ke molaoli oa rōna, Jehova ke Morena oa rōna, o tla re boloka.” Batho bohle ba batlang bophelo ba tlameha ho amohela ’nete ea hore pholoho e tsoa ho Jehova ka Kreste Jesu. (Esaia 33:21, 22; 12:2; Liketso 2:21; 4:12; Ba-Roma 10:13; Tšenolo 7:10) Hoba a bue ka Jehova e le E Moholo ho bohle, moprofeta Esaia o tsoela pele ho bontša kamoo a bolokang ba mo ratang, le hore na ke ka morero ofe.
“Letsatsi la Liphetetso Tsa” Jehova
10. Ke kahlolo efe e boleloang ho Esaia 34:1-4, hona hobane’ng?
10 Lichaba tsa lefatše li na le tlaleho e sisimosang ea ho busa hampe, ’me li hanne ’Muso oa ho loka oa Molimo ka Kreste oa hae. Ka baka lena moprofeta Esaia o buisana le tsona, a re: “Atamelang, lōna lichaba, le tle le utloe; Iōna batho, le mamele! Lefatše a le ke le mamele, le tse ho lona kaofela, lefatše le tse tsoang ho lona kaofela! Hobane Jehova o halefetse lichaba tsohle, o halefetse makhotla a tsona kaofela; o li neetse thohako, o li neetse lefu. Bafu ba tsona ba tla lahloa feela, sebolu se tsoe litopong tsa bona, mali a tsona a phalle lithabeng. Makhotla kaofela a maholimo a tla qhibiliha; maholimo [mebuso ea batho e se nang molemo] a tla menoa joale ka buka e ngoliloeng, makhotla a ’ona a oele fatše joale ka mahlaku a morara ha a foforeha, le joale ka mahlaku a sefate sa feiga ha a pona.”—Esaia 34:1-4.a
11. (a) Ho Esaia 34:5-7, Jehova o re’ng ka Edomo? (b) Edomo e ne e le eng, ’me mokan’a eona oa kajeno ke eng?
11 A mantsoe a matla! Ho sisimosang hape ke kahlolo eo joale Jehova a e bolelang khahlanong le batho ba Edomo: “Lerumo la ka le tahiloe leholimong; bonang, le tla theohela holim’a Edomo le holim’a sechaba seo ke se neetseng thohako.” (Esaia 34:5-7) Edomo, e bile teng ka bana ba moholoane oa Jakobo Esau (ea ileng a reoa Edomo hape), ebile sera sa sechaba sa Iseraele, bana ba Jakobo ka nako e telele. ’Me e na le mokan’a eona kajeno. Ke ofe? ke mang ea etelletseng pele ho nyeliseng le ho hloriseng Baiseraele ba moea lekholong la lilemo la bo20? Na hase Bojakane bo koenehileng, ka sehlopha sa bona se ikhohomosang sa baruti? Baruti ka mahlakoreng a mabeli ha baa ka ba tšehetsa ka lipelo tsohle tsa bona, lintoa tse peli tsa lefatše tsa lekholo la rōna la lilemo feela empa ba phaella molatong oa bona oa mali ka ho susumelletsa mebuso ea lefatše hore e thibele le ho bolaea Lipaki tsa Jehova, tse emelang Jerusalema oa leholimo, kapa Sione lefatšeng.
12. (a) Jehova o iphetetsa joang ho “Edomo”? (b) Lipaki tsa Jehova li ikarotse ka litsela life bolumeling ba Bojakane?
12 Ka baka leo moprofeta oa Molimo a re: “Jehova o beile letsatsi la tefetso, le selemo sa phetetso see a tla lefetsa Sione ka sona.” (Esaia 34:8) Hona ho ama “Edomo” oa kajeno joang? Ka tšenyeho, joalokaha litemana tse latelang li bontša ho Esaia 34:9-17. Ka tsela ea moea ho tloha selemong seo ntoa e letseng ka sona sa 1919, ruri bolumeli ba Bojakane bo fetohile ntho e shoeleng, tšenyeho, mahlong a Morena ’Musi Jehova. Ke karolo e khōlō ea “Babylona e moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o molato oa mali, o ileng oa hlanamisa maoto moeeng kamorao ho ntoa ea pele ea lefatše, o ahloloa ke Jehova. Lipaki tsa Jehova li ikarotse ho “Edomo” ea kajeno e shoeleng moeeng. Ha li kopane kae kapa kae le mekha ea eona ea tumelo e kopaneloang, mofere-fereng oa eona oa lipolotiki kapa boiponahatso ba eona ba mekha e khelohileng. Haufinyane tsamaiso ena ea bokoenehi e tla felisoa nyele, ha “letsatsi la liphetetso” tsa Jehova le oela lefatše lohle.—Tšenolo 14:8; 18:2, 4, 24; 19:11-21.
Tšireletso “Paradeiseng”
13. Esaia o hlalosa ho khutla “Babylona” ea kajeno joang?
13 Ka mantsoe a thothokisang hamonate, Esaia khaolo ea 35 joale e hlalosa ho khutla ha masala a Iseraele oa moea botlamuoeng “Babylona e moholo,” a ho roesa tlokola ka hore: “Ba lopolotsoeng ke Jehova ba tla khutla, ba boele Sione ka lifela tsa hlōlo, ba roetse thabo e sa feleng hlohong; lehlohonolo le thabo li tla tla ho ba khahlanyetsa, bohloko le masisa-pelo li balehe.” Ruri ena ke paradeise ea moea, e re hopotsang ka mantsoe a Esaia 51:3: “Jehova o utloetse Sione bohloko, o utloetse nqalo tsohle tsa hae tse senyehileng bohloko; o fetotse nahathothe ea hae ea e-ba joale ka Edene, le naha ea hae e omeletseng o e entse serapa [paradeison (paradeise), Septuagint Version] sa Jehova.”
14. (a) Pauluse o hlalositse paradeise efe? (b) Paradeise ee e tšoantšetsoa joang ho Esaia 35:1-7, ’me ke bo-mang ba ka kopanelang ho eona?
14 Ruri batho ba Jehova ba tlotsitsoeng ba kene paradeiseng ea moea kajeno! Hona ho hlalosoa hantle hakaakang ho Esaia 35:1-7! Ho tšoana le se hlalosoang ke moapostola Pauluse ho 2 Ba-Korinthe 12:3, 4, moo ho bonahalang a hlalosa seo a fetileng ho sona: “Kea tseba hoba motho eo—kapa e bileng ka ’mele, kapa e bileng ka ho siea ’mele, ha ke tsebe, ho tseba Molimo—o kile a nkeloa Paradeiseng, ’me a utloa litaba tse se nang ho boleloa, tseo motho a ke keng a lumelloa ho li hlahisa.” Empa hona joale ho lumelletsoe hore ho buuoe ka paradeise ea moea e teng hona joale har’a masala a tlotsitsoeng a Molimo, le eo ‘bongata bo boholo ba lichaba tsohle’ bo tlileng ho tla kopanela ho eona. Har’a bona ho tlokoma mokhatlo o thabileng, phutheho ea lefatše lohle ea Lipaki tsa Jehova, e kopaneng tlamong ea lerato le bonngoeng ba morero le ketso. Ruri ke paradeise ea moea!
15. (a) Pesaleme ea 91 e bontša eng ka paradeise ea moea? (b) Ho botsoa potso efe ka “bongata bo boholo,” hona hobane’ng?
15 Ha feela li ntse li hlaolela paradeise ena ea moea, Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa ntšoa kotsi ke lihlomo tseo li li liheloang ke Satane. (Pesaleme ea 91:1-11) Ha e le ka masala a Iseraele oa moea, boprofeta bo boholo ba tsosoloso ba Esaia bo phethahala ka ho hlollang hona joale. Empa palo ea bana ba tlotsitsoeng ba lefatšeng e theohile hoo e leng ka tlase ho 10 000—ka tlase ho 0,4 lekholong ho Lipaki tsohle. Boholo ba liphutheho tse 45 000 tsa Lipaki tsa Jehova tsa kajeno ha li na batlotsuoa har’a tsona. Joale ho thoe’ng ka limillione tsa “bongata bo boholo”? Ke ’nete hore li kopanela thabong ea paradeise ea moea le masala a tlotsitsoeng. Empa na ha re bone tšepo ea bona e hlollang ea Paradeise ea lefatšeng e tšoantšetsoang boprofeteng bona boo?
Lefatše le Etsoa le Khanyang
16. (a) Ke hokae hona joang morero oa Molimo o lokelang ho phahamisoa? (b) Ho tla joang hore e be motho a ka tšoanelehela bophelo Paradeiseng? (c) Hona ho nolofalitsoe joang hape?
16 Hopola, ke mona lefatšeng, Edeneng, moo Paradeise e ileng ea lahleha. Ka baka leo, ke hona mona moo morero oa Jehova ka lefatše le motho o tlamehang ho phahamisoa. Lefatše le tlameha ho etsoa Paradeise e akaretsang bakeng sa batho tumellanong le morero oa mathomo oa Jehova. (Genese 1:27, 28) Paradeise ea Edene e ne e e-na le ho fetang feela khotso har’a motho le liphoofolo le botle ba serapa bo kang serapa sa lifate le lipalesa. Motho ea neng a entsoe ka setšoantšo sa Molimo o ne a hloekile boitšoarong, ’me a tlameha ho lula joalo, hore e ’ne e be karolo ea phutheho e khōlō ea Molimo. O ne a tlameha ho mamela ’Mōpi oa hae haeba a ne a tla lula a phethahetse, a lokolohile ho kuleng, lefung le ho sekameleng liphosong. Adama a hlōleha ho sena. Hore Paradeise ea lefatše e tsosolosoe, batho ba baetsalibe ba tlameha ho phahamisetsoa phethehong hape, hona ho etsahala ka lebaka la sehlabelo sa topollo sa Jesu.—Ba-Roma 5:12, 18.
17. (a) “Bongata bo boholo” bo kene paradeiseng ea moea joang? (b) Ka Mangolo, bo lokisetsoa bophelo bo sa feleng joang—hokae?
17 Kajeno, ho hang lefatše hase paradeise. Empa leha ho le joalo “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” bo tlile paradeiseng ea moea. (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16) Joang? Ka ho neela bophelo ba bona ho Jehova, bo lumellana le se hlokoang ke eena le ho kopanela le masala a tlotsitsoeng a kentsoeng paradeiseng ea moea ho tloha ka 1919 ho ea pele. (Bapisa Ezekiele 38:8-16.) Mono bo lokisetsoa le ho hlomelleloa bophelo paradeiseng ea lefatšeng e tla tla kamor’a mahlomola a Harmagedone. Ha e le ka lefatše lena, Paradeise e tla tsosolosoa ho lona e tla hlola ka ho sa feleng, tlotlisong ea Molimo. Morena Davida o e profetile, a re: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.” E, “ho lehlohonolo ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatše,” ha rialo Jesu.—Pesaleme ea 37:11; Mattheu 5:5.
18. “Khanya ea Jehova” e tla bonoa joang Paradeiseng ea lefatšeng?
18 Paradeiseng eo ea lefatšeng, batho bohle (ho akarelletsa ba tsoselitsoeng lefatšeng) bao ka kutlo ba iketsang ba fumanehang sehlabelong sa topollo sa Jesu ba tla thabela mahlohonolo a kang a hlalosoang ke Esaia le baprofeta ba bang mabapi le Iseraele oa moea. Ka thabo, tšepiso ea Jesu ho lesholu le nang le kutloelo-bohloko sefateng Calvary e tla phethahala ka ho babatsehang. (Luka 23:43) “Khanya ea Jehova le boholo ba Molimo oa rōna,” li tla bonoa ka sebele lefeelleng le lehoatateng le melang limela, le ho phekoloeng ha lifofu, bo-tsebetutu, lihlotsa le limumu. Ha paradeise eo ea khotso e atolohela lefatšeng lohle, “tau e tla fula joang joale ka khomo,” joalokaha ho se pelaelo ea hore e ne e ho etsa Edeneng le arekeng ea mehleng ea Noe. Ha ho ‘ea tla etsa hampe kapa a senye’ Paradeiseng.—Genese 1:29, 30; Esaia 11:6-9; 35:1-7; 65:25.
19. (a) Esaia 25:6-8 e phethahala pele joang? (b) E tla phethahala joang hape ho ba tla phela lefatšeng?
19 Hore paradeise ea moea e tla pele ho ea nama ho bontšoa ke Esaia 25:6-8. Boprofeta bona bo phethahatsoa moeeng kajeno paradeiseng ea moea, moo batho ba Jehova ba phahamiselitsoeng ho thabela “mokete” o nonneng. (Bapisa Ezekiele 36:1-6.) Ka lebaka la ho lumela ha bona, ba tletse thabo le khotso, ’me ba tletse tšepo ea mahlohonolo a ’Muso. (Ba-Roma 15:13) Esaia o profetile: “Morena Jehova o tla felisa meokho lifahlehong tsohle.” Hona ho phethahetse ka ho babatsehang ho masala a tlotsitsoeng, a khutlisitsoeng “Babylona e moholo,” pele ho Harmagedone. ’Me Tšenolo 7:17 e sebelisa mantsoe oona ana bakeng sa maemo a hlohonolofetseng a “bongata bo boholo” ba kajeno. Ho feta moo, mantsoe a Esaia a qotsitsoe mabapi le “lefatše le lecha,” ho Tšenolo 21:3, 4, moo re balang: “Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho . . . Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” ‘Lefatšeng le lecha’ tšepiso ena e babatsehang e tla phethahatsoa paradeiseng e tsosolositsoeng lefatšeng le hloekisitsoeng.
20. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Molimo ba e-na le mabaka ’ohle a hore ba ‘tlale tšepo’?
20 Ka sebele, masala a tlotsitsoeng, hammoho le “bongata bo boholo,” a na le mabaka ’ohle a ho ‘tlala tšepo’ ha ho phethahala ha litaba tsa boprofeta ba Molimo ho phuthuloha ka pel’a mahlo a oona. Tšepo e ke ke ea soabisoa, hobane litšepiso tsohle tse khōlō tsa Jehova li tlameha ho fetoha ’nete qetellong. Ka baka leo, ‘re be le tšeliso e tiileng ho phallela tšepo eo re e beetsoeng.’—Ba-Roma 15:13; Ba-Heberu 6:18.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona buka Man’s Salvation out of World Distress at Hand! (e hatisitsoeng ke Watchtower Society), maqephe 205-241, bakeng sa boitsebiso bo qaqileng haholoanyane ka boprofeta bona.
Na u sa hopola?
◻ Mabapi le lebitso la Jesu ke ka lebaka la eng re ka ‘tlalang tšepo’?
◻ Boemo bo phahameng ba Jesu bo amana kae le ba Jehova?
◻ Esaia khaolo ea 34 e bontša eng ka “letsatsi la liphetetso tsa” Jehova?
◻ Re ithuta eng ka “paradeise” ho Esaia khaolo ea 35 le 25:6-8?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
‘Jehova o na le letsatsi la liphetetso’
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Paradeise ea moea e sireletsa ‘mafung a seoa’ a tlakileng batho hona joale