Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 5/1 maq. 7-9
  • Ha Molekane a sa Tšepahale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Molekane a sa Tšepahale
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlala oa Molimo
  • U be Mohau Hobane’ng?
  • Mahlohonolo ho ba Mohau
  • Qeto e Etsoang ka Thapelo
  • Hlompha “Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Boprofeta ba Hosea bo re Thusa ho Tsamaea le Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na Lenyalo le ka Bolokoa ka Mor’a Ketso ea ho se Tšepahale?
    Tsoha!—1997
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 5/1 maq. 7-9

Ha Molekane a sa Tšepahale

EBILE letsoalo la ma-setla-libete. Banyalani ba ne ba e-na le ngoana a le mong e monyenyane, ’me mosali e monyenyane e le moimana oa ngoana oa bobeli. Joale a fumana hore monna oa hae o mo ekile. O febile! A utloile bohloko haholo a bile a ferekane, a ipotsa hore na o tla etsa joang.

Ka masoabi, bothata bona bo tloaelehile. Litlaleho tse tsoang linaheng tse sa tšoaneng li bontša hore batho ba bangata ba lenyalong kajeno ba bolotsana ho balekane ba bona ’me ba bakela manyalo a bona litlokotsi tse matla. Mokreste ea fumanang hore molekane oa hae o hlokile botšepehi o lokela ho itšoara joang?

Boemong bo joalo, mantsoe a Jesu ka taba ena a lokela ho nahaneloa: “Ke re ho lōna: E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae, ha e se ka baka la bofebe, a nyala e mong, oa feba.” (Mattheu 19:9) Hona ho bolela eng? Hore bofebe (boo ka kutloisiso ea Bibele bo akarelletsang bohlola le likamano tsa botona le botšehali tse feteletseng tse kang bosodoma) bo ka qhala lenyalo. Ka mangolo, molekane ea seng molato o na le tokelo ea ho hlala ea molato le ho kena lenyalong hape a sa sitoa mahlong a Molimo.a

Empa na molekane ea seng molato o tlameha ho latela tsela ee ea ketso?

Mohlala oa Molimo

Mohlala oa mehleng ea Iseraele ea boholo-holo o re thusa ho arabela sena. Moprofeta oa Molimo ea neng a bitsoa Hosea o ile a nyala mosali ea bitsoang Gomere ’me ba e-ba le mora le eena. Kamorao ho moo, Gomere a hloka botšepehi ’me a ba le bana ba babeli ka banna ba bang. Eaba joale o lahla Hosea ho ea phela le linyatsi tsa hae. Leha ho le joalo, Hosea a bontša qenehelo e khōlō. A boela a amohela Gomere hape, le hoja a ile a tlameha ho mo lefella chelete. (Ho hlakile hore linyatsi tsa hae li ne li mo furaletse ’me a oetse bofumeng le bokhobeng.) Kahoo ho e-na le hore a qobelle hore ntho li sebetsoe ka toka eohle bakeng sa mosali oa hae, Hosea a bontša mohau.

Mohau ona oa Hosea o sebelisitsoe ka Bibeleng e le pontšo ea ketso ea mohau e kholoanyane ho mosali ea fosang. Jehova Molimo o bapisitse kamano ea hae le Iseraele le ea monna ho mosali. “’Na ke ne ke le mong a bona ea kang monna ho bona,” kamoo a boletseng ka lekhetlo le leng. (Jeremia 31:32, NW) Empa, joaloka mosali oa Hosea, Baiseraele ba ne ba sa tšepahale. Ba ne ba atisa ho rapela melimo ea bohata, kahoo ba etsa bofebe ba moea. (Hosea 6:10; 7:4) Ka molao oa oona, Molimo o ka be o ba ‘hlalile,’ oa ba lahla. Oa etsa joang?

Ho tšoana le Hosea, a bontša hore o utloisisa ho khutlisa mosali oa hae ea fositseng haeba a ka furalla bofebe ba hae. A lebella nako ea ha “bana ba Iseraele ba tla khutla, ba batle Jehova, Molimo oa bona, le Davida, morena oa bona; mehleng ea morao, ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo oa hae.”—Hosea 3:5.

Na Mokreste a ka bontša tšoarelo e lerato joalo ho molekane ea fosang?

U be Mohau Hobane’ng?

E, ha e le hantle, ba bangata ba bile mohau. Batho ba lenyalong ba febang ba bea bokamoso ba bona matsohong a balekane ba se nang molato. Empa hangata batho bana ba sitetsoeng ba fumane lipelo tsa bona li ba lumella ho tšoarela. Ba ho entse hobane’ng?

Ntlheng e ’ngoe, ba ile ba hopola hore lenyalo ke neo e tsoang ho Molimo le hore le ke ke la qhaloa habobebe. Hape ba nahanne ka mohau o moholo oa Molimo oo a o bontšitseng rōna bohle le ho hopola kamoo ho mo khahlisang ha re hauhelana. Jesu o itse: “Ho lehlohonolo ba mohau; ho bane ba tla hauheloa.”—Mattheu 5:7.

Mohau o bonolo, haholo ha mokhopisi a e-na le boikutlo bo tebileng ba hore o molato ’me ka tieo a ikoahlaela phoso e entsoeng. Tabeng e joalo, molekane ea seng molato o ikutloa a ka ’na a utloa ho tšoaneleha ho loantša bohloko le khopiso ’me ka lerato a thusa moetsalibe hore a fetohe. Tšoarelo e joalo e tsoang ho molekane ea lerato e ka thusa moetsalibe ea bakileng hore a hlokomele ho feta neng kapa neng hore na lenyalo la hae ke letlotlo le lekaakang le hore a ikemisetse ho feta pele hore a se le bee tsietsing hape.

Hopola, hore ka linako tse ling—empa e seng kamehla—bofebe ke phello ea boemo bo sa thabang ka lapeng. Na hoo ho ka sireletsa bofebe? Le hanyenyane! Empa ho hlokomela hore boemo bo joalo bo bile teng ho ka ’na ha thusa molekane ea seng molato ho bona se ka etsoang ho thusa molekane ea fositseng hore a se khere hape.

Ka mohlala, monna a ka ’na a lula lihora tse telele mosebetsing kapa tšebetsong e ’ngoe e tšoanelehang. A ka ’na a ikutloa a thabile ka ho feletseng a khotsofetse, empa ho thoe’ng ka mosali eo a mo siang lapeng a mo amohile botsoalle ba hae?

Kapa nahana ka taba ea monna ea neng a ee a tle lapeng a khathetse a tsoa mosebetsing ho fumana ntlo e se nang motho, ho se lijo tse phehiloeng le qubu ea liphahlo tse tšoehlang fatše. Mosali a tšoarehile mererong e ka ntle ho ntlo eo ntle ho pelaelo e neng e le metle ebile e le ea bohlokoa, empa phello e le hore monna oa hae o ne a ikutloa a hlokomolohiloe a sa ratuoe. Kahoo, a bōkana le mosali e mong. Eare ha pōko e tsebisahala, a kōpa tšoarelo ’me a tšepisa hore a ke ke a hlola a pheta sebe sa hae. Leha ho le joalo, mosali a lokisetsa ho tsoela pele le ho mo hlala, hoo koana, a neng a e-na le tokelo ea ho ho etsa, hobane monna oa hae o ne a sitiloe haholo. Empa na mosali o ne a ka re ha a na molato ho hang boemong bo bobe ba lenyalo bo isitseng bofebeng?

Ka hona, ka mabaka a itseng, Mokreste a ka ’na a ikhethela ho etsisa Molimo le ho tšoarela molekane ea fositseng. Haeba ho le joalo, ho ka hlaha mahlohonolo a maholo. Mahlohonolo afe?

Mahlohonolo ho ba Mohau

Pele, ba bangata ba ileng ba tšoarela balekane ba bona ba sa tšepahalang, ba bakileng ba ile ba khutlisetsa lenyalo boemong bo botle. Monna, mosali le bana ba ile ba thabela bophelo ba lelapa bo thabileng hape. Ka sebele, ena ke pakane e lokelang ho sebeletsoa.

Hangata ea tšoaretsoeng o ananela molekane oa hae ea seng molato le ea mohau haholo. A ka ’na a hlokomela litšoaneleho tsa boikokobetso le lerato tseo mohlomong ho seng mohlang a kileng a li hlokomela, haholo ha a bona boemo bo bohloko boo a beileng molekane oa hae ho bona.

Ke sona se ileng sa etsahala ka lelapa le boletsoeng qalehong ea sehlooho sena. Ha e le hantle, mosali e monyenyane o ile a utloa bohloko haholo ho fumana hore monna oa hae o ne a le bolotsana. O ne a e-na le tokelo ea Mangolo ea ho mo leleka le ho felisa lenyalo. Leha ho le joalo, hona ho ne ho tla fella ka lelapa le se nang ntate le ho hlora ha mosali ea hlalileng.

Ho e-na le hoo, a bontša ho nahanela ngoana oa hae e monyenyane le lesea le s’o belehoe. Hape a nahana ka masoabi a tebileng a monna oa hae le ho hopola lerato leo ba kileng ba e-ba le Iona. Ka hona, a ikhethela ho etsisa Jehova Molimo le ho tšoarela monna oa hae ea bakileng. Monna a khahloa haholo. Ka thuso e lerato ea mosali oa hae o tsitsitse le ho hlomphuoa hape ke lelapa la hae le metsoalle. Bothata bona joale bo fetile. Lelapa lena le thabileng le kopane ’me le sebeletsa bokamoso hammoho.

Qeto e Etsoang ka Thapelo

Ho tlōla molao oa Molimo ho ke ke ha nyenyefatsoa ka tsela efe kapa efe. Ba bolotsana ho balekane ba bona ba lenyalo ba ema ba le molato ka pel’a Jehova Molimo, Moqapi oa lenyalo la batho. Ha ba lahleheloa ke malapa a bona, ba tlameha ho hlokomela hore hona ke phello e tobileng ea sebe sa bona. Haeba ba lakatsa ho tsosolosa kamano ea bona le Molimo le ho lebella ka tšepo litšepiso tseo o re tšoaretseng tsona, ba tlameha ho baka ’me ba fetohe ka ho feletseng monahanong le tseleng e mpe eo ba itšoarang ka eona bophelong—le haeba balekane ba bona ba ba tšoarela kapa che.

Leha ho le joalo, ho qhalana ha hoa lokela ho talingoa e le tlamo. Joalokaha Hosea a ile a tšoarela Gomere, ’me Jehova nako le nako a ile a tšoarela bofebe ba moea ba Baiseraele, balekane ba seng molato ba lokela hore bonyane ba nahane, ’me ba nahane ka thapelo ka monyetla oa ho boloka tlamo ea lenyalo. Hona e ka ba tsela ea ho bontša ho hlompha Moqali oa lenyalo, le hore mohlomong ho phetloe tsela bakeng sa banyalani hore ba thabele lenyalo la bona hape.

[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Molula-Qhooa oa September 1, 1983, maqephe 29, 30.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela