Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 5/1 leq. 9
  • Lenyalo la Pholosoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lenyalo la Pholosoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Qhala Manyalo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lelapa la Hao le ka Thaba
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Bophelo ba Lelapa bo Thabisang Molimo
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Le se ke la Arola Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho Jokong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 5/1 leq. 9

Lenyalo la Pholosoa

Monna oa New Caledonia o tlaleha hore, “Selemong se fetileng re ne re ikutloa hore re loketse ho hlalana.” Lebaka? Ho se buisane, botho bo sa tšoaneng, mathata a bophelo le boloetse ba methapo ba mosali. Kamorao ho lilemo tse leshome ba le hammoho, ba ikutloa ka bobeli hore lenyalo la bona le hlōlehile.

Hoseng ho hong mosali a buisana le moahelani oa hae ka mathata a hae. Moahelani, eo ho ileng ha etsahala hore e be e mong oa Lipaki tsa Jehova, a mo bolella kamoo keletso e sebetsang e ka Bibeleng e thusang ho rarolla mathata a lelapa. Eare hamorao ha monna a utloa sena, ha a ka a khahloa. O ne a ikutloa hore ha ho letho le ka fetolang “pelo e khutšoanyane” ea mosali oa hae le botho ba hae. Leha ho le joalo, mosali a phakisa a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. A mamela ka hloko metheo ea Bibele ha a e hlalosetsoa le ho leka ho e sebelisa bophelong ba hae.

Monna o-oa tlaleha: “Kamorao ho libekenyana ka qala ho hlokomela liphetoho bothong ba hae.” A maketse, a lumela ho ea kopanong ea setereke ho ea bona se etsoang moo. Lipuo tsa Bibele tsa mo ama ka botebo. A kopanela thutong ea Bibele ea mosali oa hae, ’me o lumela hore: “Joale re fumane motheo oa thabo ea sebele ea bophelo ba lelapa. ’Me re thabile haholo, ’na le mosali oa ka hore e be re kopanela le ba bang pheko ena ea mathata a lelapa—ha e le hantle, mathateng ’ohle a talimaneng le batho kajeno.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela