Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 5/1 leq. 10
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tloaelo ea Ntoa
  • “Batho ba Lebetse Molimo”
  • Na U “Motsoalle”?
  • Senokoane se Hlohlelletsang Ntoa le Mahlomola
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ntoa ea I ea Lefatše le Qaleho ea Litlokotsi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Khotso ea ’Nete—E Tsoa Mohloling Ofe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ntoa e Tla Felisa Lintoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 5/1 leq. 10

Ho Nyarela ka Litabeng

Tloaelo ea Ntoa

Sengoli Flora Lewis sa ngola ho “The New York Times” hore, “Lintoa li-ea-li-fetana, ka sebopeho, boholo le mokhoa.” A bolela naha ena le eane tse keneng ntoeng ea mofuta o itseng, sengoli se re: “Letoto le theosa joaloka lethathamo la buka ea libaka tsa lefatše.” Lebaka? O re: “Lebaka ke hore ha ho sa na ea laolang lefatše le ho boloka taolo ea mofuta ofe kapa ofe.” Na Machaba a Kopaneng a fokolitse tloaelo ea ntoa? “Kaha a hatisa haholo boreneng, boiphahamisong ba bosechaba, hore ho ntšoe maikutlo ka lipelaelo, Machaba a Kopaneng a fetohile seboka sa lipelaelo ho rotetsa likhohlano tse nyenyane ha khohlano e khōlō ea ho tseka puso e ntse e kèkèla.” Kamorao ho liboka tse ngata haholo tse reretsoeng ho thibela ntoa, Lewis o re, “batho ba bangata ba ntse ba batla ho loana hore ntoa e ’ne e tsoele pele.”

Ruri ntoa ke tloaelo bakeng sa moloko o qalileng ka 1914. Hobane’ng? Buka ea Bibele ea Tšenolo e hlile ea bona monna oa pere oa tšoantšetso, a tsokotsa sabole e khōlō, a thetheretsa ka pere ea hae ea ntoa e khunong a romiloe “ho felisa khotso lefatšeng.” (Tšenolo 6:4) Boprofeta boo bo fetohile ’nete lekholong lena la lilemo, hobane lefatše ha lea bona feela ho tšosa ha lintoa tse peli tsa lefatše empa hape le bone mophula o sa khaotseng oa likhohlano tse tšollang mali.

Ba ratang khotso ka sebele, leha ho le joalo, ba lebelletse ho senngoa ha “tloaelo ea ntoa” ea bokhoba ho tla etsoa ke mopalami oa tšoantšetso oa Tšenolo oa pere e tšoeu. Ke Kreste Jesu, “Morena oa Khotso.” Ho tloha ka 1914 o palame ‘ho ea hlōla.’ Pele, a hlōla bahanyetsi ba leholimo ba puso ea Molimo, joale o ‘tla hlōla’ bahanyetsi bohle ba lefatšeng. Joale lefatše le tla tloaela khotso.—Esaia 9:6; Tšenolo 6:2; 12:7-12.

“Batho ba Lebetse Molimo”

Sengoli sa Russia le mohapi oa Moputso oa Tlotla Alexander Solzhenitsyn o nepile lebaka leo lefatše lohle le oeleng moeeng ka Iona puong eo a neng a amohela moputso oa selemo sena oa Templeton ntlong ea borena bo boholo ea Manyesemane. A re: “Haeba ne nka biletsoa ka bokhutšoanyane ho tsebahatsa tšobotsi e ka sehloohong ea lekholo la lilemo la bo20 kaofela, le hona mona, ke ne ke tla sitoa ho fumana ntlha e tobileng le e nepahetseng ho feta ho boela ke pheta hore: ‘Batho ba Lebetse Molimo.’ Ho sitoa ha batho ho ba seli, ho amohuoa ha bona litekanyetso tsa bomolimo, ke Iona lebaka la bonokoane bohle bo boholo ba lekholo lena la lilemo. Ba pele ho bona ebile Ntoa ea I ea Lefatše, ’me boholo ba tsietsi ea rōna ea hona joale bo ka saloa morao ho fihlela moo.”

Mong. Solzhenitsyn, a hlokomela hore ‘bofokoli ba mofuta oona ona’ bo lohelletsoe ho batho ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše ho tla fihlela joale, a boela a re: “Lefatše la kajeno le fihlile boemong boo ho bona, haeba bo ne bo ka hlalosetsoa makholo a fetileng a lilemo, a neng a ka hooa hore: ‘Hona ke Bofelo!’”

Batho ba bile “mehleng ea qetello” ea Bibele ho tloha Ntoeng ea I ea Lefatše—nako e tšoailoeng ka hore batho ba be le “sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona.” (2 Timothea 3:1, 5) Ka phello efe? Molimo o kile oa bua tjena ho Jerusalema ea boholo-holo nakong e ’ngoe ea histori ea eona: “U hlile ua ntebala, ’me u itšepetse leshano.” Joaloka motse oo o ommeng moeeng oa boholo-holo, Bojakane, hammoho le lefatše lena le se nang Molimo, bo talimane le tšenyo.—Jeremia 13:25.

Na U “Motsoalle”?

Eugene Kennedy, moprofesa oa thuto ea kelello Univesithing ea Loyola Chicago le sengoli sa libuka tse ngata tsa boitšoaro ba motho o re, “Leshano le leholo la setsoalle ke hore se tla itlisa ho batho ba sa etse letho ho se fumana.” “U.S.News & World Report” le eona e mo qotsa a re: “Batho ba thatafalloa ke ho tseba hore na ba ka iketsetsa metsoalle joang hobane mokhatlo oa rōna o ba bolelletse hore ho ikhotsofatsa ho tla ba atlehisa le ho ba thabisa.”

Jesu o itse, “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.” (Liketso 20:35) Ha u fana ka seo u nang le sona, nako le thahasello ka pelo eohle, haholo liketsong tsa Bokreste, ho tla u thusa ho ba motsoalle le ho ba le ‘motsoalle e mong ea tla u khomarela le ho feta ngoan’eno.’—Liproverbia 18:24.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela