Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 5/15 maq. 3-4
  • Na Ruri Bokamoso bo tla Phethahatsa Litebello tsa Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Ruri Bokamoso bo tla Phethahatsa Litebello tsa Hao?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U Talima Bokamoso Joang?
  • Nka Mehato e Tiileng ho Finyella Bokamoso
  • Tumelo le Bokamoso ba Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Motho e Mong le e Mong o Batla ho Phela Hamonate
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Kamoo U ka Fumanang Bophelo bo Thabisang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Na Bokamoso ba Hao bo ka Fetoloa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 5/15 maq. 3-4

Na Ruri Bokamoso bo tla Phethahatsa Litebello tsa Hao?

U LE MONYENYANE kapa u le moholo, u ruile kapa u futsanehile, u kula kapa u phela hantle, u na le bokamoso, hobane lentsoe “bokamoso” le bolela “nako e tlang.” ’Me bohle ba finyella bokamoso ka lebelo le lekanang la metsotso e 60 ka hora. Leha ho le joalo, hore na bokamoso boo bo tla u tlisetsa eng, ho itšetlehile ka hore na u bo talima joang le ho bo lokisetsa.

Bokamoso ba hao bo jere ho fetang feela nako e u saletseng ea bophelo ba hao ba hona joale. Hape bo akarelletsa hore na u sebelisa joang nako, litokisetso tseo u li entseng le lipakane tseo u li beileng. Joalokaha moqapi e mong ea hlokomelehang a kile a re: “Bohle re lokela ho ameha ka bokamoso hobane ke hona moo re tla phela bophelo bohle ba rōna teng.”

U Talima Bokamoso Joang?

Ke hobane’ng ha ba bangata hakana ba nahana hanyenyane hakana ka bokamoso? Mabaka a mangata. A mang ke ana:

▪ Lipelaelo le ho loana le bophelo ba letsatsi le letsatsi li bupetsa ho nahana ka bokamoso.

▪ Maikutlo a “moloko oa hona joale” a ntšetsa pele pono ena, ‘phelela kajeno ’me hosesane ho tla bona se sa hona.’

▪ Ba phelang ka boikutlo ba hore ’ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tlang e lokile’ ba lumela hore motho a ke ke a thibela ho tla etsahala.

▪ Boikutlo ba hore ‘ho thusa’ng ho etsa hore le hore’ bo fella ka tsieleho ’me bo sitisa ho bea lipakane tsa kamoso.

Empa ho thoe’ng ka ba hlileng ba lokisetsang bokamoso? Litokisetso tsa bona li ka ’na tsa haelloa ke sepheo ’me ka lebaka leo, bokamoso ba bona bo ka ’na ba soabisa. Joang? Haeba litokisetso li theiloe feela monahanong oa motho le boitekong ba hae hore li phethahale, li ka ’na tsa isa bokamosong bo fapaneng le se lebelletsoeng. Mongoli ea bohlale oa khale o hlokometse sena ka monahano oa motho: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.”—Jeremia 10:23.

Haeba motho a thatafalloa ke ho tsamaisa lika tsa hae ho ea nakong e tlang, a ka atleha ho tsamaisa tsa ba bang joang? A ke ke, hobane lintho tse peli tse bōpang monahano oa motho li holofetse. E ’ngoe ke litšobotsi tse futsitsoeng; e ’ngoe, tikoloho. ’Me khopolo ea tikoloho ea bopolotiki, bolumeli, moruo le kahisano e ntse e bōpa batho nako le nako hore ba tšoane le eona. Phello? Ho suthela hōle le boiteko ba bokamoso ba sebele.—Ba-Roma 5:12; 1 Johanne 5:19.

Ka mohlala, boiteko bona bo ka ’na ba akarelletsa ho lokisetsa bokamoso ba thuto ea bana ba rōna, re nka hore e tla ba tiisetsa bokamoso bo molemo haholoanyane. Empa leha ho le joalo ho na le liithuti tse qetileng liunivesithing tse hlokang mosebetsi. Kapa e ka ’na ea e-ba ho sebetsa ka matla hona joale e le hore motho a ka sireletseha licheleteng kamoso. Empa ho nyoloha ha theko ho ja matla a chelete e bokeletsoeng. Kapa mohlomong ke ho lebella ho phomola mosebetsing motho a e-na le ntlo le chelete e tla mo etsa ea lokolohileng linthong tse bonahalang le hore a phele lilemo tsa botsofali hamonate haholo. Empa lefu kapa tlokotsi e ’ngoe feela li amohile ba bangata tšepo eo. Kapa mohlomong ke ho lumela hore nako e tlang e tla ba molemonyana hosesane. Empa “hosesane” hoo ho se mohla ho tlang.

Nka Mehato e Tiileng ho Finyella Bokamoso

Na ua ipotsa, ‘E be nka ba le bokamoso bo molerno le ba sebele joang?’ Karabelo e ka ’na ea e-ba ho seo mohapi oa moputso oa tlotla John Galsworthy a se ngotseng: “Ha u sa nahane ka bokamoso, u ke ke ua ba le bona.” Pele, u nahane ka matla ka hore na bokamoso bo ka tla le eng. Joale u nahane ka hore na u lakatsa ho ba eng le ho etsa eng kamoso. E be joale u nka mehato e hlokahalang ho leba pakaneng eo.

Ha u nahanisisa ka bokamoso, akarelletsa Bibele mabakeng a hao hobane e ka u bontša liketsahalo tsa kamoso tseo mohlomong u sa hlokomeleng hore li ka pel’a hao. Ho bolela ka nepo liketsahalo tsa kamoso ke tšobotsi e ’ngoe ea bohlokoa ea Bibele. Ho bonolo hobane Moqapi oa eona, Jehova, ke Molimo oa boprofeta. O re: “Ke ’na, ha e sa le ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le khale ke boletse tse e-song ho hlahe.” (Esaia 46:10) Ka lebaka leo, ho ithuta ka merero ea Molimo ka bokamoso le kamoo bo tla re ama kateng ke tsela ea bohlokoa haholo e ka lateloang, na ha ho joalo? Litebello tsa rōna tsa kamoso e ka ’na ea e-ba litoro feela haeba litokisetso tsa rōna li sa nahanele boprofeta bo halalelang. Ke eng eo Molimo o e profetang eo re lokelang ho e tseba? Na re ka fetola litokisetso tsa rōna tsa bokamoso hore li lumellane hantle le boprofeta ba Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela