Na Bokamoso ba Hao bo ka Fetoloa?
HA RE RE mohlomong u lokisetsa pikiniki bakeng sa lelapa empa e be u fumana hore ba bolepi ba tsa leholimo ba bolela hore ho tla sefefo se matla sa lialuma. Na u ke ke ua fetola litokisetso tsa hao? Ha ho letho leo u ka le etsang ho laola boemo ba leholimo, empa ha ho hlokahale hore le kolobe. Ha ho nkoa mehato e meng, lelapa le ka ithabisa sebakeng se seng ho sa tsotellehe sefefo.
Ho joalo le ka bokamoso ba hao le boprofeta ba Bibele. Ha e le hantle, bokamoso bo ka bonoa ka boprofeta ba Bibele. ’Me le hoja rōna batho re ke ke ra fetola liketsahalo tsa boprofeta tse amang lefatše la rōna, ka bomong re ka fetola litokisetso tsa rōna, kahoo re tiisa bokamoso bo ntlafalitsoeng har’a liketsahalo tseo.
Bokamoso ba rōna bo matahane le boprofeta ba Bibele. Haeba ka botebo re nahana ka ho tšepahala ha boprofeta ba Bibele ’me re nka bohato bo nepahetseng, bokamoso ba rōna bo ka fetoloa hore bo be molerno. Ka mohlala, Jehova Molimo o tšepisa lefatše le nang le khotso le lokolohileng bobeng. ’Me o lakatsa ha bokamoso ba rōna ekaba ho phela lefatšeng leo. Bibele e re: “Lemoha ea lokileng, . . . motho oa khotso o sa tla bona litloholo, . . . ’me litloholo tsa ba babe lia felisoa.” (Pesaleme ea 37:10, 11, 37, 38) Na re ka itšetleha ka lipallo tsa Molimo? Pele, a re fumaneng hore na boprofeta ke eng.
Boprofeta ke Eng?
Boprofeta bo bolela “molaetsa o bululetsoeng; puo e susumelitsoeng ka khalalelo.” Ka Expository Dictionary of New Testament Words ea Vine, boprofeta ba Bibele ke: “Ho tlerola ha kelello le keletso ea Molimo,” “ho boleloa ha ntho e ke keng ea tsejoa ka mokhoa oa tlhaho.” Hape ho akarelletsoa “ho bolela pele ho nako se tlang ho tla—histori e ngoloang pele ho nako. ’Me ke tlhaloso ena ea ho qetela—ho bolela pele ho nako—ho re amang hona joale. Re ke re nyakurele tšobotsi ena ea boprofeta.
Ka linako tsohle batho ba ’nile ba thahasella bokamoso. Empa ba bangata ba hlokomoloha mohloli o le mong feela o nepahetseng oa boprofeta—Bibele. Ho theosa le mehla, ba limillione ba ’nile ba leka ho nyarela bokamoso ka ho ea ho balepi ba linaleli, baphofi, liboni le linohe tse ling, ’me ba beile tšepo ea bona ho ba joalo ba bolelang ka nako e tlang. Empa ke hobane’ng ha ba bangata hakana ba tšepa mehloli e joalo ea batho ha ba lahla monyetla oa hore Bibele e na le eona taba eo ba e batlang?
Ho Tšepahala ha Boprofeta ba Bibele
Motho ho hang ha a na taolo maemong a kamoso ’me o tlameha ho a sebetsa kamoo a hlahang. Ha ho joalo ka Molimo. Boprofeta ba hae bo nepahetse ka mabaka a mabeli. La pele, e le ’Mōpi, Jehova o tseba batho ’me a ka bolela pele ho nako hore na monahano oa motho le ketso li tla fella ka eng. (Deuteronoma 31:21; Esaia 46:6, 9, 10) La bobeli, Molimo o ka bōpa liketsahalo pele li etsahala. Ka litsela ka bobeli morero oa hae kamehla o-oa finyelloa ’me lentsoe la oona la boprofeta le sala e le ’nete kamehla.
Ka moprofeta Esaia, Jehova o supa matla a ho bolela pele ho nako le ho laola bokamoso ha a bapisoa le ho hlōleha ha baprofeta ba bohata ho etsa joalo. O re: ‘Ke fosisa lipontšo tsa baprofeta ba leshano, . . . ke tiisa lentsoe la mohlanka oa ka, ke etsahatsa litaba tsa ba romiloeng ke ’na.’—Esaia 44:25, 26.
Kaha Molimo o ‘etsahatsa lentsoe la mohlanka oa oona,’ Mangolo a hlile a bolela ka nepo ho latellana ha mebuso ea lefatše, hammoho le liketsahalo tse neng li isa ho theoeng ha eona. Mohlala o fetisisang oa sena o fumanoa khaolong Da ea 2 ea buka ea Bibele ea Daniele. Mona Morena Nebukadnezare oa Babylona o tšoenyehile haholo ke toro eo a e lebetseng. O nyahame. Ha ho lea mong ho baprofeta ba hae ba Bakalde ea ka mo hopotsang toro, re se re sa re ho e hlalosa. Ba tsietsoe ho hang. Daniele, e le moprofeta oa Jehova, o senola toro le tlhaloso ea eona ha morena a mametse ka ho makala. Daniele o re:
“Sephiri seo Morena a kōpang koahollo ea sona, ha ho motho har’a ba bohlale, leha e le ho baupelli, kapa ho linohe, kapa ho balepi ba linaleli, ea ka tsebang ho se senolela morena. Empa Molimo o teng leholimong o senolang liphiri, ’me o tsebisitse Morena Nebukadnezare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang ho tla.”—Daniele 2:27, 28.
Daniele joale o qaqisa ho phahama le ho oa ha mebuso ea lichaba kamoso. Setšoantšo se kang motho se bonoang torong ea morena se emela mokoloko oa mebuso ea lefatše, ho akarelletsa Babylona (hlooho ea gauda), Medo-Persia (sefuba le liphaka tsa silevera), Greece (mpa ea koporo le lirope), Roma (litlhafu tsa tšepe), e lateloa ke ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Amerika o nang le mekha ea kajeno e ratehang ea bofetoheli ka har’a oona le tšusumetsong ea oona (maoto a tšepe le letsopa). Qetellong, babusi ba batho ba nkeloa sebaka ka puso ea Molimo ha setšoantšo se feletseng se siloa ke ’Muso oa Molimo oa leholimo (lejoe).—Daniele 2:36-45; bona le Daniele 8:19-25.
Ho tšoantšetsa ho nepahala ho qaqileng ha boprofeta ba Bibele ho ea pele, nahana ka mohlala ona: Ha re re mohlomong motho ea tsebisahalang ho boleloa kajeno hore o profetile liketsahalo tsee e leng hona li tla etsahala kamorao ho lilemo tse 200, bakeng sa selemo sa 2184. Boprofeta bo re:
▪ Ntoa e khōlō ea sesole: Lichaba tse amehang ke hona e tla ba mebuso e loantšanang ea lefatše, ’me liphello li tla fetola histori ea lefatše.
▪ Leqheka le tla sebelisoa: Mokhoa o bohlale haholo oa boenjiniere o faposa tsela ea nōka e khōlō.
▪ Lebitso la mōhlōli: Ho boleloa lebitso la hae lilemo tse 200 pele a hapa le lilemo tse ka bang 130 pele a tsoaloa.
▪ Pheletso: Sebaka le qetello tsa ea hlōloang.
Haeba boprofeta bona bohle bo ne bo netefala, na bo ne bo ke ke ba etsa hore batho ba nahane ka lintho tse ling tseo motho enoa a li buileng ka bokamoso?
Seo re tsoa se hlalosa se hlile sa etsahala ka ho qaqileng mabapi le ho lihuoa ha Babylona ke Bamede le Bapersia. Lilemo tse ka bang 200 pele ho ketsahalo ena, moprofeta oa Bibele Esaia a profeta:
▪ Ntoa e khōlō ea sesole: pakeng tsa Medo-Persia le Babylona.—Esaia 13:17, 19.
▪ Leqheka le tla sebelisoa: Ho pshesa metsi a nōka e sirelelitseng motse; ho kena motseng o sirelelitsoeng ka menyako e butsoeng.—Esaia 44:27–45:2.
▪ Lebitso la mōhlōli: Cyruse oa Persia.—Esaia 45:1.
▪ Pheletso: Qetellong Babylona e tla fetoha lesupi ka ho feletseng.—Esaia 13:17-22.
Kaha boprofeta bona kaofela bo ile ba phethahala, na u tla nahana ka boprofeta bo bong ba Bibele hore le bona boa tšepahala?
Ho na le boprofeta bo bong bo bongata ba Bibele bo phethahetseng ka ho qaqileng.a Ka mohlala, Jesu o ne a tlameha ho phethahatsa boprofeta bo bongata ho tšoanelehela ho ba Messia—’me a fela a bo phethahatsa. Buka Archaeology and Bible History, ea moprofesa J. P. Free, e re ka Jesu Kreste: “Menyetla ea hore boprofeta bona kaofela bo phethahale ho motho a le mong e fokola ho tšosang hoo e leng pontšo e matla ea hore ho hang e ne e ke ke ea e-ba bonohe feela tjee ba batho.” Ka sebele, he, mabapi le Jesu Messia, Jehova o hlile a bolela bokamoso. Empa na boprofeta ba Bibele bo ka hla ba re thusa hona joale?
Boprofeta le Nako ea Hona Joale
Ntle ho ho re thusa ho utloisisa bokamoso, boprofeta ba Bibele bo re thusa ho loana ka katleho le nako ea hona joale. Joang? Ke ka boprofeta ba Bibele ba nako e fetileng moo re ka utloisisang nako ea hona joale. ’Me ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha maemo a lefatše a le ka tsela eo a leng ka eona ke bohato bo boholo bo isang ho loaneng ka katleho le oona.
Lilemong tse fetileng tse makholo a leshome le metso e robong, Bibele e hlile ea bolela liketsahalo le maemo a lefatše tse bonahetseng lekholong lena la lilemo. Moloko oa selemo sa 1914 o feta phethahatsong ena ka liketsahalo tse kang lintoa tsa lefatše, litšisinyeho tse ngata tsa lefatše, tlala e jeleng setsi, mafu a seoa, ngatafalo ea bokhopo le tšabo e khōlō. (Luka 21:10, 11) Ho feta moo, ho fela ha ‘lerato la tlhaho’ le ho ba teng ha “ba ratang menate e seng Molimo” ho ekelitse boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, mafu a litšila, ho ntšoa ha limpa le manyalo a qhalaneng.—2 Timothea 3:1-5.
Bibele ha e profete lintho tsena feela bakeng sa mehla ea rōna empa e profeta le pheko hore ke ’Muso oa Jehova.
Boprofeta ba Bibele, joaloka leseli sebakeng se lefifi, bo ka re tataisetsa bokamosong bo molemo haeba re hlokometse pontšo ea bona. Moapostola Petrose o elelitse: “Re na le litaba tsa boprofeta, tse tiisitsoeng ka ho fetisisa, ’me le etsa hantle ha le li ela hloko, joale ka lebone le bonesitsoeng nqalong e lefifi.” (2 Petrose 1:19) Na u tla nahana ka boprofeta ba Bibele haholoanyane? Lipaki tsa Jehova li utloisisa ho thusa. Ha u ‘ela hloko’ boprofeta ba Bibele, bokamoso ba hao etlaba bo nang le melemo ea ka ho sa feleng.
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng bona Is the Bible Really the Word of God? e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
HO TLOHA MONA . . . HO TLA MONA
“O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.”—Pesaleme ea 46:9
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
HO TLOHA MONA . . . HO TLA MONA
“Ba babe ba tla khaoloa.” “Ea lokileng o tla atleha.”—Liproverbia 2:22; Pesaleme ea 72:7
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
HO TLOHA MONA . . . HO TLA MONA
“Morena Jehova o tla felisa meokho lifahlehong tsohle.”—Esaia 25:8