Lentsoe la Molimo Lea Phela
Hantle-ntle oa Heno ke Mang?
Ka letsatsi le leng ’muelli oa molao, monna ea rutehileng Molaong oo Molimo o neng o o neile Baiseraele, o ema ho botsa Jesu potso e lekang: “Moruti, ke tla rua bophelo bo sa feleng ha ke etsa eng?” Ha ho fanoa ka karabelo ea hore motho o tlameha ho rata Molimo ka ho feletseng le hore a rate oa habo joalokaha a ithata, ’muelli oa molao oa botsa: ‘Hantle-ntle oa heso ke mang?’ Jesu o arabela ka ho pheta taba e latelang:
Jesu o re Mojode e mong o leetong le tlohang Jerusalema ho ea Jeriko. Monna eo o oelana le masholu a nkang sohle seo a nang le sona, a mo khakhatha ’me a mo tlohela a le makhatheng a lefu. Boemo bo potlakile hobane monna enoa o tla shoa haeba a sa fumane thuso.
Jesu o tsoela pele, ka mohlolo moprista oa Mojode o theosa ka tsela eo le eena. O etsa joang? Le ho ema ha a eme! A se na mohau oa letho pelong ea hae, o fapoha tsela o itsoellela pele le leeto la hae.
Kamorao ho nako ho tla monna e mong oa Molevi eo le eena a nang le litokelo tse khethehileng tsa ho sebeletsa tempeleng ea Molimo. Empa le eena ha ho mohau pelong ea hae. Le eena o fapoha tsela a sa eme ho thusa.
Bona! Ke mang eo ea thusang Mojode ea khakhathiloeng? Ke monna oa Mosamaria. Hona hoa makatsa hobane Bajode le Basamaria ke lira. Joalokaha Bibele e re: “Ba-Jode ha ba kopane le ba-Samaria.”—Johanne 4:9.
Mosamaria ha a tlamelle maqeba a monna enoa feela le ho mo belesa phoofolong ea hae empa hape o mo isa tlung ea baeti le ho mo boloka moo nakoana a bile a mo hlokometse. ’Me joalokaha u bona, o ntša chelete e lekanang le moputso oa matsatsi a mabeli, o e nea mong a ntlo ea baeti ’me o re: “Mo oke, ’me seo u tla se ntša ka ho fetisa sena, ke tla se lefa mohla ke khutlang.”
Hoba Jesu a qete taba ea hae, o retelehela ho ’muelli oa molao ’me oa botsa: “Ke mang ho ba bararo bao e bileng oa habo ea oetseng har’a lihlola?” ’Muelli oa molao a arabela: “Ke ea mo etselitseng mohau.” Eaba Jesu o re: “E-ea, ’me u etse joalo le uena.”—Luka 10:25-37.
Bohle re ka ithuta ho molemo ho sena! Ho sa tsotellehe morabe, lebala, bochaba kapa boemo sechabeng, batho e ntse e le bahabo rōna. ’Me haeba re tla fumana bophelo bo sa feleng re tlameha ho ba rata le ho ba etsa hamolemo.