Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 7/1 maq. 10-11
  • Hlokomela Boikhohomoso!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlokomela Boikhohomoso!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bahlorisi ba Baikhohomosi
  • Litemoso Tsa Khale
  • Ela Hloko Mehlala ea Mangolo
  • Boikakaso bo Tsoala Boikhohomoso
  • Ho Iketelletsa Pele ho Etsa Hore Motho a se ke a Hlompha
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Ho Iketelletsa Pele ho Tlisa ho se Hlomphehe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • “Ho Mamela ho Molemo ho Feta Sehlabelo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho Inyenyefatsa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 7/1 maq. 10-11

Hlokomela Boikhohomoso!

KE MANG ea sa batleng ho qoba liphoso? Li ka soabisa, hangata li senya ho hong kapa li etsa hore motho a ikoahlaee! Na re batla ho qoba liphoso tse tepeletsang? Joale re tlameha ho ikalosa tšobotsing e khannelang ho tsona habonolo. Re tlameha ho hlokomela boikhohomoso!

Boikhohomoso ke eng? Ke ho “iketelletsa pele, ho ipha litokelo, kapa ho ipha tumello,” “ho tlōla meeli,” “ho itokisetsa ho etelletsa pele boitšoaro kapa monahano oa motho.” Ka sebele, boikhohomoso bo etsa hore motho a etse lintho ka maikutlo a hae le ho mo etsa hore a hane keletso kapa khalemelo.

Empa baikhohomosi ke bafe? Na ke feela bao ho totobetseng hore ba babe? Hantle-ntle ke bafe bao ho hlokahalang ba hlokomele boikhohomoso?

Bahlorisi ba Baikhohomosi

Ba ka pele-pele har’a baikhohomosi ba lefatše ke bahlorisi ba batho ba Molimo. Ba tsitlella hore ho mameloe bona ho e-na le Jehova. Na ho na le ketso ea boikhohomoso e ka fetang eo?

’Muso oa boholo-holo oa lefatše oa Babylona o ne o le molato oa boikhohomoso bo joalo. Eaba Molimo o bolela ka baprofeta ba oona hore Babylona o tla oa. Molimo oa re: “Ke tla felisa baholo ba baikhantši, ke kokobetse boikhohomoso ba bahlorisi.” ’Me rea bala: “Bona, ke tla ho uena, moikhohomosi, ho bolela Morena, Jehova oa makhotla, hobane ho tlile letsatsi la hao, nako eo ke u khalemelang ka eona.”—Esaia 13:11; Jeremia 50:31.

Mehleng ea kajeno, ba bangata ba ikhohomosang ka tsela eona eo, ba hlorisitse Lipaki tsa Jehova. Empa bahlorisi bana ba ikhohomosang ha baa atleha. Ba kae bahlorisi ba baikhohomosi ba kang Adolf Hitler oa Nazi le Duplessis ea tsebisahalang oa Canada?

Litemoso Tsa Khale

Empa, hase bahlorisi ba batho ba Molimo feela ba ’nileng ba oela lerabeng la boikhohomoso. Hona ho hlaka hakaakang tabeng ea Saule, motho oa pele ho busa meloko e 12 ea Iseraele ea boholoholo! Ha a qala ho khethoa, e ne e le monna ea khabane. Ha e le hantle, o bile a ipata ha a ne a lokela ho hlahisoa ka pel’a bona e le morena oa bona. (1 Samuele 10:17-24) Kamorao ho nako, leha ho le joalo, hlompho ena ea pele ea etsa hore Saule a inahane ho tlōla. Phello? A ba molato oa boikhohomoso.

Ka lekhetlo la pele ebile ntoeng le Bafilista. Moprofeta Samuele o ne a lokiselitse ho teana le Saule ka nako eitseng hore a nyehele sehlabelo ho Jehova. Empa eare ha ho bonahala tsieleho, ’me Samuele a sa bonahale, Saule ka boikhohomoso a nyehela sehlabelo. Liphello ea e-ba life? A bolelloa hore boikhohomoso ba hae bo tla etsa hore a lahleheloe ke borena ba hae!—1 Samuele 13:5-14.

Nakoana kamorao ho moo, Jehova a laela Saule hore a phetetse tlhaselo e sehlōhō eo Baamaleke ba ileng ba e etsetsa Baiseraele leetong la bona la lefeelleng. Saule o ne a tlameha ho ripitla Amaleke, empa ka meharo a sia tse ntle mehlapeng ea Baamaleke, ’me kamor’a moo a bolela hore liphoofolo tsena li ne li boloketsoe mahlabelo. A ba a pholosa morena Agage oa Baamaleke. Ka lebaka la tsela ena ea boikhohomoso, Samuele a re ho Saule: “Ereka ha [ka boikhohomoso] u lahlile taelo ea Jehova, le eena o u lahlile, hore u se ke ua ’na ua ba morena.” (1 Samuele 15:1-23) Ke moputso o mokaakang oa ho lefella boikhohomoso!

Mohlala o mong o lemosang ke oa Morena Oziase kapa Azaria oa moikhohomosi. Ka phoso a leka ho chesa mokubetso tempeleng ea Jehova. Ka phello efe? Oziase a otloa ka lepera le tšabehang ka lebaka la boikhohomosi ba hae! E, “Jehova a otla morena, ea e-ba mo-lepera ho isa ho shoeng ha hae.” (2 Marena 15:5; 2 Likronike 26:16-23) Ke temoso e kaakang ea ho hlokomela boikhohomoso!

Ela Hloko Mehlala ea Mangolo

Bahlorisi ba batho ba Jehova, hammoho le batho ba bang ba ineetseng ho Molimo, ba ’nile ba ineela lerabeng la boikhohomoso nakong e fetileng. Ho thoe’ng ka rōna kajeno? Kotsi ea ho ikhohomosa e ntse e le teng. Ka lebaka la litšekamelo tse futsitsoeng tsa sebe, meleko ea lefatše lena le lebe le “merero” ea Satane Diabolose, ho hlokahala bohle re ikalose ho etseng lintho ka boikhohomoso.—2 Ba-Korinthe 2:11; Pesaleme ea 51:5; 1 Johanne 2:15-17.

Jehova Molimo ka Lentsoe la hae o re lemosa ka lerato tabeng ea boikhohomoso. Ka mohlala, rea bala: “Ha ho hlaha boikhohomoso, eba lihlong lia hlaha le tsona; empa bohlale bo ho ba ikokobetsang [ba inyenyefatsang, NW].” (Liproverbia 11:2) Morena Davida o ile a rapela ka bohlale, a ananela hore na boikhohomoso bo bobe hakaakang: “U boloke mohlanka oa hao ho baikakasi, ba se ke ba rena holim’a ka . . . ’me etlaba ke sesefile litlōlo tse kholo.”—Pesaleme ea 19:13.

Boikakaso bo Tsoala Boikhohomoso

Leha ho le joalo, haeba re tla qoba boikhohomoso re tlameha ho balehela boikakaso. U tla hopola hore Saule e ne e le motho ea inyenyefatsang ha a khetheloa ho ba morena oa Iseraele. Empa ha a ka a felella ka tsela eo. Ke ’nete hore o ile a ikhohomosa ka makhetlo a mangata. Empa bonyane ke tabeng e le ’ngoe moo boikakaso bo ileng ba mo khanella ketsong ea boikhohomoso le ea bokhopo.

Ka lekhetlo le leng Saule a utloa basali ba Iseraele ba bina: “Saule o bolaile likete tsa hae, Davida eena o bolaile mashome a likete tsa hae.” Hona ha theola Saule hoo a ileng a belaella Davida le ho mo honohela. Ha e le hantle, Saule a qala ho phalalisa Davida, ka morero oa ho mo bolaea. Ka boikakaso le ka bohale, Saule a ba a bolaea baprista ba 85 le banna, basali le bana ba Nobe—feela hobane e mong ho bona a ile a iketsa motsoalle oa Davida.—1 Samuele 18:6-9; 21:1-10; 22:16-19.

Saule a qetella a ipolaile ka lebaka la ho tsoela pele ka tsela ea hae ea boikakaso le boikhohomoso. (1 Samuele 31:4) Monna enoa ea neng a kile a ba khabane kapa a inyenyefatsa a fella ka tsela e sehlōhō hakaakang!

E se e ka re ka qoba tsela ea boikhohomoso ea Saule le Oziase. Ho e-na le hoo, e se e ka re ka ela hloko keletso ea Mangolo e be re rua molemo mehlaleng e lemosang e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo. (Ba-Roma 15:4) Ho feta moo, re ke re hlaolele ka bohlale tšoaneleho ea boinyenyefatso, eo ho tla buuoa ka eona lihloohong tse latelang. Tšobotsi ena ea bomolimo e tla re thusa ho qoba boikhohomoso ba boikakaso le ba boetsalibe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela