Tholoana e Ntle ea Botšepehi
◻ Louis o ne a batla ho fumana tumello ea tšireletso ea bophelo le ea tšireletso kholofalong. Empa o ne a e-na le bothata. O ne a e-na le lefu la tsoekere. Ha a kōpa tšireletso, potso e ’ngoe eo a neng a tlameha ho e araba e ne e re: Na u na le lefu la tsoekere kapa ba nang le Iona ka lapeng? Louis a arabela ka hore che. Mokhatlo oa tšireletso oa batla hore a hlahlojoe ke ngaka, empa mohla letsatsi la tlhahlobo, Louis ha a ka a ja. Ka hona, ha a hlahlojoa, ha hoa ka ha bonahala tsoekere e feteletseng maling a hae. Eaba Louis o fumana litumello tsa hae.
Leha ho le joalo, a ithuta Bibele, ’me kapele letsoalo la hae la qala ho mo tšoenya. Eaba o bolella moemeli oa hae oa mokhatlo oa tšireletso seo a se entseng. Moemeli a leka ho mo nyahamisa hore a se ke a bolella mokhatlo, empa Louis a tsitlella ’me a ba ngolla lengolo. Ka thabo, mokhatlo oa sebetsa Louis ka mosa. Oa tsoela pele ka tumello ea tšireletso ea bophelo. Leha ho le joalo, oa khaotsa tšireletso ea kholofalo, empa leha ho le joalo ba khutlisa lichelete tseo a neng a se a li lefile, le tsoala ea tsona, eo a neng a e lefelletse. Joale Louis o sebeletsa Molimo ka letsoalo le hloekileng.
◻ Le bona bana ba ka tšepahala. Eugene ea lilemo li supileng a tla Lefapheng la tse Lahlehileng tsa Fumanoa kopanong ea Lipaki tsa Jehova ’me a nehelana ka peni eo a e thotseng. Mosebeletsi ea ikarabellang lefapheng a mo botsa hore na ke hobane’ng ha a tlisa peni. Motho a ka etsa’ng ka peni? Eugene a re, “ba ka reka ‘bubble gum’ kapa pompong.” Leha ho le joalo, a tsitlella hore peni hase ea hae, ’me ha a rate ho koatisa Jehova ka hore a e boloke. Ea ikarabelang a re: “U entse hantle. Ke u leboha haholo, ’me ke tšepa hore mang kapa mang ea lahlileng peni ena o tla tla e nka.”
◻ Kopanong e ’ngoe e khōlō ea Lipaki tsa Jehova, ho ile ha tlalehoa hore lichelete tse khōlō joaloka $20 li thotsoe ka lebaleng la lipapali ’me tsa isoa Lefapheng la tse Lahlehileng tsa Fumanoa ke bana, ba sa khannoe ke batsoali ba bona. Hona ho tloaelehile lipokanong tse joalo.
Botšepehi, bo hlokoa ho ba lakatsang ho amoheloa ke Molimo. ’Me, “letsoalo le letle” le hōlisa thabo. (Ba-Heberu 13:18) Ruri botšepehi bo bea tholoana e ntle ka litsela tse ngata.