Boraro-bo-bong—Na U Lokela ho Bo Lumela?
NA KA TIEO u lumela Boraro-bo-bong? Makholo a limillione Bojakaneng a bo lumela. Mohlomong kamehla u ’nile ua nahana hore bo theiloe Bibeleng. Na u tseba hantle hore na ke eng? Na ua bo utloisisa? Na u ka bo hlalosa?
Tumelo ea Athanasia, e ’ngoe ea lipolelo tse feletseng tsa pele-pele tsa Boraro-bo-bong, e bo hlalosa ka tsela ena:
“Hloho ea Molimo ea Ntate, ea Mora le ea Moea o Halalelang bohle ke ntho e le ’ngoe. Khanya e-ea lekana, boholo ba ka ho sa feleng boa lekana, . . . Ntate o matla ’ohle, Mora o matla o ’ohle, le Moea o Halalelang o matla o ’ohle. . . . Ka hona Ntate ke Molimo, Mora ke Molimo, le Moea o Halalelang ke Molimo. Empa hase Melimo e meraro, empa Molimo o le mong. . . . Borarong-bo-bong bona ha ho ea tlileng pele kapa kamorao; ha ho ea moholo kapa ea monyenyane ho e mong. Empa batho ba bararo bana kaofela ke ba ka ho sa feleng, ’me baa lekana.”
Ka hona ho ea ka thuto ea Boraro-bo-bong, Ntate, Mora le Moea o Halalelang baa lekana ka matla, borena le ho se fele. Empa potso e thata ke ena: Na Jesu Kreste le baapostola ba hae ba ile ba lumela le ho ruta Boraro-bo-bong? Haeba re lumela hore ba ho entse, re tobane le lipotso tse ’maloa tse thata haholo.
Ho Mareka 13:32, Jesu Kreste o itse: “Empa ha e le bakeng sa letsatsi leo le hora eo [ea ho tla ha kahlolo ea Molimo], ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a leholimong, leha e le Mora, ha e se Ntate feela.” (Bona lebokoso, “Ke hobane’ng ha a le Sieo?” leqepheng la 7.) Empa haeba Ntate le Mora ba lekana, Ntate a ka tseba lintho tseo Mora a sa li tsebeng joang? Ba bang ba tla arabela, ‘Jesu o habeli! Mona o bua e le motho oa nama.’ Empa, le haeba ho ne ho le joalo, ho thoe’ng ka “Moea o Halalelang”? Haeba ke motho oa boraro oa Boraro-bo-bong, ke hobane’ng ha o sa tsebe? Matla a ketane a ho tieeng ha mahlo oohle a eona. Le “Moea o Halalelang” ke leihlo la ketane ea Boraro-bo-bong.
Ka ho tšoanang, pejana lekhetlong le leng Jesu o ne a itse: “Ha ho ea tsebang hoba Mora ke mang, ha e se Ntate, le ho ba Ntate ke mang, ha e se Mora.” (Luka 10:22) Hape hape, ho thoe’ng ka “Moea o Halalelang”? Haeba ke karolo e ikutloang ea “Hloho ea Molimo,” e lekanang le Ntate le Mora, ke hobane’ng ha o sa tsebe?
Kamor’a lilemo tse fetang 20 hoba Jesu a shoe ’me a nyolohele leholimong, moapostola Pauluse a ngola: “Hobane ke mang ea tsebileng khopolo ea Morena [Ntate], a tle a mo rute? Empa rōna, re tsebile khopolo ea Kreste.” (1 Ba-Korinthe 2:16) Re ka tseba “khopolo ea Kreste” joang ’me ra se ke ra tseba “khopolo ea Morena”—haeba Ntate le Mora baa lekana?
Ho Liproverbia 8:22-24 rea bala: “Jehova o mpōpile ho qaleng ha litsela tsa hae, mesebetsi ea hae e e-so ho be teng, boholo-holo. Ke beiloe borena mehla e e-so ho qalehe, lefatše le e-so ho ka le e-ba teng. Ka hlahisoa maoatle a sa le sieo.” Bakreste ba pele ba ile ba utloisisa ka ho hlaka hore tlhaloso ena e ne e bolela Kreste. Joalokaha seithuti sa Boraro-bo-bong Edmund J. Fortman se ngola: “Pauluse o sebelisitse [Liproverbia 8:22-31] ho Mora oa Molimo. Basireletsi ba thuto ena ba e sebelisitse ho pakela Balichaba le Bajode ho ba teng ha Lentsoe pele le karolo ea Lona pōpong.” (Bapisa Ba-Kolosse 1:15-17; Tšenolo 3:14.) Empa haeba Jesu o na le qalo ‘a bōpiloe,’ ‘a beiloe,’ ‘a hlahisitsoe,’ le hoja e le nako e telele pele a hlaha lefatšeng, a ka lekana le Ntate ea sa feleng joang? Ho phaella moo, ke sebopuoa feela (tabeng ena, motho ea nang le qalo) se ka reng: “Ke phela ka Ntate.”—Johanne 6:57.
Khafetsa Jesu o ne a bua ka Ntate joale ka “Molimo oa ka”—le kamor’a hore a khutlele khanyeng ea leholimo. (Mattheu 27:46; Johanne 20:17; Tšenolo 3:2, 12) Ke morapeli, ea ka tlaasana feela ea ka reng ho e mong “Molimo oa ka.” Empa ke hobane’ng ha re sa fumane le hanngoe moo Ntate a reng Mora ke “Molimo oa ka”? Hona ke hobane’ng ha le ka mohla re sa bone Ntate kapa Mora ba re “Moea o Halalelang” ke “Molimo oa ka”?
Na u ke ke ua lumela hore ke lipotso tse nahantšang?
Ke Hobane’ng ha ho ne ho se Bohato?
Haeba re nahana hore Jesu Kreste o ne a lumela ’me a bile a ruta hore o lekana le Molimo, ho na le ho hong ho tsietsang: Ke hobane’ng ha ho se moo re balang ‘Testamenteng e Ncha’ ka liphello tse ka beng li hlahile thutong e joalo? Liphello life?
Ea pele, nahana kamoo thuto e joalo e ka beng e amile barutoa ba Jesu. Qalehong, ba tlameha ba be ba ile ba nka Jesu e le motho feela. (Bapisa Mareka 6:3.) E be joale kae-kae, ka mohlomong Jesu o ba senolela hore ke Molimo ka boeena. Ba ka be ba ile ba itšoara joang? U ka itšoara joang haeba ka tšohanyetso u iphumana u eme pel’a Molimo?
Andrews Norton, e mong oa liprofesara tsa pele Sekolong sa Boruti Harvard lekholong la bo19 la lilemo, ha a nahana ka tebello e joalo, a bolela: “Re ka hlolloa hoo mantsoe a haellang!” ’Me haeba motho a hlile a ithuta hore o kile a ba teng ka seqo moo Molimo o le teng, “re ne re tla ho hlalosa ka puo e matla hakaakang ka nako efe le efe ha re e-na le monyetla oa ho bua ka eena!”
Empa, ka botšepehi bohle, ha u ntse u bala Mangolo na u bona boitšoaro boo ba ho makala ho barutuoa ba Jesu? Ba bang ba ka ’na ba re: ‘Ke ka lebaka lena Jesu a ileng a ba senolela bonnete ba eona butle-butle.’ Ke hobane’ng he, ha ho se mohlala oa letho oa ho makala ho joalo esita le mangolong a “Testamente e Ncha,” a ngotsoeng lilemo kamor’a lefu la Jesu le tsoho ea hae? Na ha ho makatse?
Ka ntle ho hona, ho na le maemo a mang a neng a tla hlahisoa ke hore e be Jesu o rutile hore ke Molimo. Ho Bajode ba neng ba lumela hore “MORENA . . . KE MORENA a ’notši,” e ne e tla ba ho nyefola ho hlahisa hore Kreste o lekana le Molimo e le motho oa bobeli oa Boraro-bo-bong. (Deuteronoma 6:4, Revised Standard Version) Hona ho hlahisa lipotso tse peli.
(1) Ke hobane’ng ha re sa fumane bangoli ba “Testamente e Ncha” ba hlalosa, ba hlakisa, ba tšoantšetsa le ho sireletsa thuto ee e sa kholeheng khafetsa molemong oa Bajode ba lumetseng? Ho ne ho se thuto e neng e tla hloka ho hlalosoa haholoanyane ho feta ena!
(2) Hona ke hobane’ng ha re sa fumane Bajode ba sa lumelang, bao ka bokhopo le ka khalefo ba neng ba hanyetsa Bokreste, ba hlasela thuto eo e neng e tla be e nyonyeha ho bona? Ha ho thuto e ka beng e potapotiloe ke likhang tse ngata ho feta ena!a
Ka hona, Profesa Norton o hlokometse:
“Joale, ho bonahala hore le hoja lipotso tse ling tse seng thata haholo (ka mohlala, lebollo la basokolohi ba Balichaba) e ne e le lithuto tse belaelloang le tsa likhang hoo esita le matla a Baapostola a neng a lekana feela ho hlahisa ’nete, thuto ena [ea Boraro-bo-bong], e sa tloaelehang hakana, e sa rateheng hakana, le e utloisisehang ka thata hakana, e ile ea kenngoa ka lenyele, ’me ea amoheloa ntle ho tikatiko, ea ratuoa, ea se hanyetsoe, kapa ha thoe ha e utloahale.”
Re ka re feela, hoa makatsa!
Kahoo ke hobane’ng ha bangoli ba “Testamente e Ncha” ba ne ba sa hlakise? Bajode ba bahanyetsi ba sa hlasela? Hobane ho Jesu kapa baapostola ba hae ha ho ea rutileng se lumeloang ka ho tloaelehileng Bojakaneng—Boraro-bo-bong! Joale, thuto ea Boraro-bo-bong e tsoa hokae?
Boraro-bo-bong—Na bo Hlompha Molimo?
‘Boraro-bo-bong hamorao bo ile ba amoheloa ka moetlo, leha bo sa rutoa ka Mangolong,’ ba bang ba ka ’na ba phea khang joalo. Empa, hoo ho lumellana joang le mantsoe a Pauluse ho Ba-Galata 1:8: “Athe motho, leha e ka ba rōna, kapa lengeloi le tsoang leholimong, ha a ka le bolella Evangeli esele ho eo re seng re le boleletse eona, a neeloe anathema”?
Bibele e lemositse ka bokoenehi Bokresteng ba ’nete, e re: “Mehleng ea morao ba bang ba tla koenehela tumelo, ba khomarele meea e thetsang le lithuto tsa bademona.” (1 Timothea 4:1) Kaha, ho ea ka New Catholic Encyclopedia, thuto ea Boraro-bo-bong e ne e sa tsoela pele ka botlalo ho fihlela “karolong ea ho qetela ea lekholo la 4 la lilemo,” rea botsa: Na ho ka etsahala hore e be thuto ea Boraro-bo-bong ke tholoana ea bokoenehi Bokresteng ba ’nete? Na kannete Boraro-bo-bong e ka ba ‘thuto ea bademona’?
Ka sebele ntlha e lekanyetsang e ne e tla ba tholoana ea thuto ena. Ha a qosoa ke Bajode ka hore o ‘na le modemona,’ Jesu a arabela: “ ’Na, ha ke na modemona, ke mpa ke hlonepha Ntate.” (Johanne 8:49) Ka hona ho thoe’ng ka thuto ea Boraro-bo-bong? Na e u atamelitse haufi le Molimo oa Bibele? Na e hlomphile Molimo ka ho tlisa batho haufi le eena? Linnete li bontša eng?
Robert I. Gannon moruti oa K’hatholike o-oa lumela: “Thuto ea Boraro-bo-bong bo Halalelang e thata haholo ho hlaloseha, ’me ha ho ea e utloisisang.” E le hore ba ka ba le motheo oa tumelo, batho ba nahanang ba hloka litlhaloso tse khotsofatsang kelello e utloisisang. Na ha ho phoso ha ho e-na le maikutlo a sa hlaloseheng ka Molimo? Na Molimo o ka hlomphuoa ka maikutlo ao ‘ho seng motho ea ka a utloisisang’? Bakreste ba ’nete ba tlameha ho tseba Molimo oo ba o rapelang. Ha ho sebaka sa sephiri!—Johanne 17:3.
Hape, ho e-na le ho tlisa batho pel’a Ntate, thuto ea Boraro-bo-bong e mo nketse sebaka. Ka moetlo oa Prostanta, hona ho theoletse Ntate boemong bo tlase-tlase, bo lerootho haholo. Botsa mang kapa mang hore na ba bolela mang ha ba re “Rorisa Morena!” ’me ba tla arabela ka ho fapana, “Ha e le hantle ke Jesu Kreste!”
Haufi le Molimo—Kapa le Maria?
Moetlong oa Roma e K’hatholike, taba e boetse ea thatafatsoa ke ho hlomphuoa ha Maria e le “ ’Mè oa Molimo,” “ ’M’a mehauhelo,” “Mosali ea kopanetseng ho lopolloeng ha motho” le “Mofumahali oa Leholimo”—liphello tsohle tse latelanang tsa thuto ea Boraro-bo-bong! Joalokaha New Catholic Encyclopedia e hlalosa: “Ka ’nete Maria ke ’mè oa Molimo haeba ho phethahatsoa maemo a mabeli: hore ruri ke ’mè oa Jesu le hore Jesu e hlile ke Molimo.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Arnold Toynbee, ha a bontša hore na Ntate o chechiselitsoe morao hakae ho An Historian’s Approach to Religion o qotsa Setho sa kereke ea French reformed sa lekholong la bo 17 la lilemo sa Mofora Pierre Bayle, ea nyefolang ka hore Molimo o neile Maria bokahohle:
“Ho tloha letsatsing leo ho ea pele, Molimo ha o oa ka oa hlola o kenakenana le eng kapa eng, empa o ne o itšetlehile ka Maria ea hlokolosi, bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe: hore litaelo li se li hasitsoe ho mangeloi a ’maloa ho tsebisa lefatšeng phetoho ena ea ’muso, e le hore Batho ba ka tseba hore na kamoso ba ipolela ho mang le ka mokhoa ofe liketsong tsa bona tsa thapelo; le hore ba ne ba sa . . . lokela ho ipolela ho Moroetsana Maria ka tekanyo ea hore ke ’muelli oa mosali kapa hore ke mofumahali ea tlaasana, empa ba ne ba tlameha ho ipolela ho eena e le ’musi oa bokahohle le ’musi oa mosali ea matla oohle oa lintho tsohle.”
Ha ho bapisoa, Jehova Molimo o hatella boinehelo bo khethehileng! (Exoda 20:5) O-oa lemosa: “Nke ke ka nea e mong khanya ea ka.”—Esaia 42:8.
Joale, linnete li bontša eng? Hona: Thuto ea Boraro-bo-bong ha e-ea hlompha Molimo ka ho atametsa batho ho oona. Ho e-na le hoo, e emetse Molimo hampe haholo. Ka hona hoa bonahala hore bao ba ikarabellang bakeng sa ho tsoela pele ha eona ba ne ba koenehile Bokresteng ba ’nete.
E Tsoa Hokae?
Ha e le hantle, melimo ea boraro-bo-bong e tlile pele ho Bokreste, e tloaelehile litšomong tsa Egepeta oa boholo-holo le Babylona. Khopolo e ile ea nyonyobela Bojakaneng joang? History of Christianity, ea Peter Eckler, e-ea hlalosa:
“Haeba Bohetene bo ile ba haptjoa ke Bokreste, ke ’nete ka ho tšoanang hore Bokreste bo silafalitsoe ke Bohetene. Tsamaiso e hloekileng ea bolumeli ea batho ea Bakreste ba pele, (ba neng ba fapane le Bajode bahabo bona feela tumelong ea hore Jesu e ne e le Messia ea tšepisitsoeng,) e ile ea fetoloa, ke Kereke ea Roma, ho ea tumelong e sa utloisiseheng ea Boraro-bo-bong. Lithuto tse ngata tsa bohetene, tse qapiloeng ke Baegepeta ’me tsa neoa sebopeho ke Plato, li ile tsa bolokoa e le tse tšoaneloang ke ho lumeloa.”
“Tse tšoaneloang ke ho lumeloa”? Na ua lumela? Jesu Kreste o ile a bolela ka ho hlaka hore barutuoa ba hae ba ’nete ba tlameha ho “rapela Ntate ka . . . ’nete.” (Johanne 4:23, 24) E, borapeli ba rōna bo tlameha ho lumellana le ’nete e fumanoang Lentsoeng la Molimo, Bibele. Hona ho akarelletsa ho amohela Jesu Kreste e le “Mora oa Molimo,” e seng Molimo Mora! (Johanne 20:31; 1 Johanne 4:15) Ho hlokahala hore re qhele ka ho tiea mashano oohle a bolumeli ba bohetene. Makasine ona oo u o balang, ke ka lilemo tse fetang lekholo, e thusitseng batho ba tšepahalang ba limillione ho rapela “ka ’nete,” Molimo o le mong, “Morena ’Musi Jehova.”—Pesaleme ea 140:7, New World Translation.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ba bang ba ka ’na ba supa ho Johanne 5:17, 18, moo e reng: “Ntate o sa sebetsa le joale, le ’na kea sebetsa. Ka baka leo, ba-Jode ba thootheloa ho ’molaea, ka ho re, ha a tlole molao oa sabbatha feela, empa o bile o re, Molimo ke Ntat’ae ka sebele, ’me o iketse ea lekanang le Molimo.” Leha ho le joalo, Johanne o hlalosa seo Bajode ba sa lumelang ba neng ba se nahana ka phoso hore Jesu o-oa se bolela, ka hore “o iketsa ea lekanang le Molimo.” Hona ho totobatsoa ke ’nete ea hore ba boetse ba qosa Jesu ka phoso ka ho tlola Sabbatha.—Bapisa Mattheu 5:17-19.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 6]
Ke hobane’ng ha re sa fumane Bajode ba hanyetsang ba hlasela thuto eo ho bona e neng e tla be e nyonyeha?
[Lebokose le leqepheng la 7]
Ke Hobane’ng ha a le Sieo?
Mabapi le nako ea ‘mahlomola a maholo,’ Mattheu 24:36 e baleha tjana, ho ea ka “Authorized Version,” kapa “King James Version”: “Empa ha e le letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang; esita le mangeloi a leholimo ha a tsebe, empa ho tseba Ntate a ’notši.” Hlokomela hore mantsoe “leha e le Mora” a siiloe le hoja a hlaha liphetolelong tse ling tse ngata. Ke hobane’ng ha a le sieo? Ho totobetse hore temana ena e tšoenya ba Boraro-bo-bong! Hobane Ntate a ka tseba lintho tseo Mora a sa li tsebeng joang—haeba ba lekana? Ha e hlalosa Mattheu 24:36, “The Codex Sinaiticus and The Codex Alexandrinus,” e phatlalalitsoeng ke batšepuoa ba Polokelo ea lintho tsa khale, Brithane, e ea hlalosa: “Sinaiticus le Vaticanus [libuka tsa Bibele tse ngoliloeng ka letsoho] li eketsa leha e le Mora, kamor’a leholimo, ho bonahala hore mokhoa oo e neng e baleha ka oona pele o tlositsoe ka lebaka la tšabo ea thuto e sa utloisiseheng.”
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Boemeli ba Boraro-bo-bong lekholong la bo14 la lilemo Kerekeng e K’hatholike ea Mohalaleli Petrose Tagnon, France
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Na u ne u tseba hore melimo e meraro e bile teng khale pele ho Bokreste?