Ho Nyarela ka Litabeng
“Ho Hohela ho Kotsi”
Tlas’a sehlooho sena, “Seatle Times” e boletse ka pale ea Craig Hunt ea lilemo li 16. Morutoana ea bohlale ho feta bohle, ’me e bile e le mookameli oa sehlopha sa hae sa sekolo se phahameng, a bile a le pele lipapaling ’me o ne a hlokomeloa e le motho ea thabileng le ea botsoalle. E le motho ea kenang kereke ka mafolofolo le setho sa sehlopha sa bacha ba evangeli. Empa ho sa tsotellehe hona hohle, a ipolaea ka ho itihela Phororong ea Snoqualmie, e bolele ba limithara tse 98, a siile lengolo la ho ipolaea. Pampiri ea litaba e re: “Ka ho lona, Hunt o bontšitse metsoalle ea hae hore hase ka hore o ne a halefile kapa a khenne hore a tle a ipolaee, empa ho e-na le hoo ke ka baka la ho hoheloa ke bophelo kamor’a lefu.”
Ho ea ka “Times,” motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo o boletse hore o “ne a hlile a bonahala a batla ntho e ’ngoe e neng e ka ekelletsa moelelo le molemo bophelong ba hae,” hore o “ne a e-na le takatso e matla ea ho fumana hore na ‘ho hlileng ho leng ka nqane ho bophelo lefatšeng ke eng.’ ”
Ka sebele liphello tse joalo tse tšosang li ka be li qobiloe ka tsebo ea ’nete ea lithuto tsa Bibele mabapi le boemo ba bafu. (Moeklesia 9:5, 10; Johanne 8:32) Ka sebele ke bohlale ho batsoali hore ba holise bana ba bona ka “ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.”—Ba-Efese 6:4.
‘Moloko oa Harmagedone’?
Kamoo ho bolelang tlaleho ea New York “Daily News,” “Matsatsi a mahlano a pele likhukhuni li qhomisa le ho bolaea masole a Maamerika a makholo a Beirut, ho tlalehoa Mopresidente Reagan a ile a hopola boprofeta ba Bibele ’me a re oa ipotsa hore na lefatše le tobane le ‘Harmagedone’ kapa che.” Ho ea ka tlaleho, puisanong ea mohala le Thomas Dine, motsamaisi oa phethahatso oa Komiti ea Litaba tsa Sechaba Amerika le Iseraele, Reagan o itse: “Ua tseba ke’ng, ke khutlela morao baprofeteng ba lōna ba boholo-holo Testamenteng ea Khale le lipontšo tse profetang Harmagedone, ’me ke iphumana ke ipotsa hore na haeba—haeba re moloko oo o tla bona ha hoo ho etsahala.” A phaella: “Ha ke tsebe haeba u kile oa hlokomela bo bong ba boprofeta bono morao tjena, empa, nkholoe, ka sebele bo hlalosa linako tseo re fetang har’a tsona.”
Ke habohlokoa hore e be kajeno baeta-pele ba lefatše ba bona lipontšo tse buang ka linako tse thata. Empa na ba hlokomela hore lipontšo tsee tse phethahalang hona joale li supa “mehleng ea qetello” bakeng sa tsamaiso ee ea lintho? (2 Timothea 3:1-5; Mattheu 24:3-14) Ha ho bonahale joalo, hobane ha baa ikemisetsa ho neela mebuso ea bona ’Musong o hlomiloeng oa Molimo o tla tloha o nkela mebuso eohle ea batho sebaka.—Daniele 2:44.
Moloko oa “Batho ba Khopo”
Ha Derek Ingram, moqolotsi oa litaba, a ngola koranteng ea Nigeria “National Concord” o hlalosa Ntoa ea II ea Lefatše e le ntoa ea sechaba ea Europa ’me o re: “Ntoa eo e bile ea sechaba e sehlōhō ka ho fetisa lintoeng tsohle tse bileng teng makholong a fetileng a lilemo; ka maikutlo a mang ntoa ena e bile karolo ea bobeli ea ntoa ea sechaba lilemong tse 31 pele ho moo e qalileng ka 1914. . . . Taba e tšosang haholo ka nako ena e pakeng tsa 1933-1945 ke hore Europa e ile ea hlahisa batho ba khopo ka mefuta ea bona, ’me batho bana ba hlahile bohle ka nako e le ’ngoe. Ho tla joang hore lefatše le se be le lehlanya le le leng feela la senatla le kang Adolf Hitler, empa le be le lebothohali la mahlanya a kang eena la linatla?” Mehlala eo a faneng ka eona ea batho ba entseng liketso tse tšabehang ke Göring, Goebbels, Himmler, Heydrich, Mussolini le Stalin, ’me o tsoela pele hore: “Banna bao bohle ke moloko o le mong, ka matla a borena, ’me batho ba limillione tse ngata ba ile ba beoa tšabong e khōlōhali hore ba ba latele.”
Bibele e arabela potso ea Monghali Ingram. E bua ka ‘mehla ea bofelo’ le ka ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho’ e le nako e neng e tla tšoauoa ke batho ‘ba se nang lerato la tlhaho,’ ‘ba se nang boitšoaro, ba mabifi,’ le ka lefatše le arohaneng leo ‘sechaba se seng se tsohelang se seng matla,’ ’me “lerato la ba bangata le tla tapa.” (Mattheu 24:3, 7, 12; 2 Timothea 3:1-3) Ho tloha ka 1914 boprofeta bona le bo bong bo ’nile ba phethahala. Bo qolla motso oa moloko ona oa “batho ba khopo”—Satane Diabolose. O hlalosoa e le eena ea tlisang ‘malimabe lefatšeng’ le ho susumelletsa batho ho etsisa botho ba hae bo khopo. Empa (Satane) oa tseba hore “nako ea hae ha e sa le ekae.” Ka baka leo re ka ba sebete kahobane Jesu o boletse hore, “Topollo ea lōna e tla ba e atametse.”—Tšenolo 12:7-12; Luka 21:28.