“Bonngoe ba Moea” Mohlapeng o Holang ka Potlako
1. (a) Ho Ba-Efese 4:1-6, ke keletso efe e loketseng ka bonngoe eo Pauluse a ngotseng ka eona? (b) Ke hobane’ng ha keletso eo e boetse e loketse le mehleng ea rōna?
HA MOAPOSTOLA Pauluse a ngolla Bakreste ba phutheho ea Efese o ile a hatella bonngoe, a ba khothalletsa ho ikokobetsa, ba mamellane ka lerato ’me ba phehelle “ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo ea khotso.” (Ba-Efese 4:1-6) Pauluse o ne a lutse ho feta lilemo tse peli Efese ’me o ne a tseba metheo e fapa-fapaneng ea baena ba moo. Hape o ne a tseba hore litšusumetso tsa bonngoe tseo Jehova a li sebelisang har’a batho ba hae li ka hlōla ho se tšoane ho joalo, ’me Pauluse a ba khothalletsa ho ananela le ho sebelisana le litšusumetso tsena. E ntse e le habohlokoa ho etsa joalo le mehleng ea rōna. Hobane’ng? Hobane batho “ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle” ba ntse ba bokelloa phuthehong ea Jehova ka palo e khōlō.—Tšenolo 7:9, 10.
2. Jehova o tšireletsa bonngoe ba phutheho ea hae e bonahalang joang?
2 Tumellanong le morero oa hae, Jehova o entse bahlanka ba hae ntho e le ’ngoe “joale ka linku tse har’a lesaka.” (Mikea 2:12) O sireletsa bonngoe boo ka ho ba tataisa kamoo ho hlokahalang. Joang? O khethile Mora oa hae, Jesu Kreste, e le hlooho ea phutheho ea Bokreste. Ka Bibeleng, Jehova o entse hore ho ngoloe makolopetso a morero oa hae, ’me ka phutheho ea hae e bonahalang o tsamaisa boiteko ba bahlanka ba hae ka mecha e lumellanang le morero oo. Ha e sa le ho tloha ka 1919, ke ho ntseng ho matlafatsa tumelo ho nahana ka bopaki ba tataiso ena ea Molimo mehleng ea kajeno.
Ho Lokisetsoa ho Fana ka Bopaki Lefatšeng Lohle
3. Bibele e ile ea profeta tšebeletso efe lebitsong la majalefa a ’Muso bakeng sa ho fela ha tsamaiso ea lintho?
3 Ha a tšohla qetello ea tsamaiso ea lintho, Mangolo a profetile ka ho phuthoa hape ha “bakhethoa” ba qhalakaneng ba hlophisetsoa ho ba ntho e le ’ngoe, le ka ho kotuloa ha litho tsa ho qetela tsa sehlopha sa ’Muso. (Mattheu 24:31; 13:37-43, 47-50) Hoo ho phethahalitsoe joang?
4. (a) Jesu le mangeloi ba ile ba sebelisa litsela life tse bonahalang ho bokella le ho kotula masala? (b) Ka hona Jehova moo o sebelisitse mekhoa efe e ’meli bakeng sa bonngoe ba bahlanka ba hae?
4 Mangolo a bolela hore Kreste o tla rōmela mangeloi a hae ho ho phethahatsa. Ha ho motho lefatšeng ea ka bonang libopuoa tseo tsa moea ha li le mosebetsing, empa liphello tsa mosebetsi oa tsona li bonahala ka ho totobetseng phuthehong e bonahalang ea Jehova. Kamor’a hore ho latsuoe mahloriso a sehlōhō nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, bahlanka ba Jehova ba ile ba matlafatsoa bocha ke lihlooho tsa Watch Tower tse reng “Ho Hlohonolofatsoa Ba sa Tšabeng,” tse phatlalalitsoeng ka 1919. Jehova o ne a e-na le mosebetsi o eketsehileng bakeng sa bona. Kopanong ea bona Cedar Point, Ohio, hona selemong seo, puong e neng e re, “Ho Bolela ’Muso,” ha phatlalatsoa tokollo e ncha, The Golden Age (e tsejoang e le Tsoha! hona joale), bakeng sa ho abjoa phatlalatsa ho supisa batho “Mehla ea Thabo e khōlō ea puso e khanyang ea Messia.” “Bakhethoa” bohle ba khothalletsoa ho kopanela tšebeletsong ena. Ka 1922, kopanong e ’ngoe hona Cedar Point, khothatso e matla ea fanoa e reng “Tsebahatsang, tsebahatsang, tsebahatsang, Morena le ’Muso oa hae.” Ka 1925, matla a mang a susumetsang mosebetsing a fanoa ka ho utloisisa bohlokoa ba tšebetso ea bahlanka ba Jehova kamor’a ntoa leseling la Tšenolo khaolo ea 12. Ka hona ka 1931, ka qeto e ileng ea amoheloa kopanong Columbus, Ohio, le likopanong tse 50 tse eketsehileng lefatšeng ka bophara kamor’a moo, ha amoheloa lebitso Lipaki tsa Jehova, le khetha Bakreste bana mekheng eohle ea thuto e khelohileng ea Bojakane ’me le tiisa mosebetsi oa bona oo ba o filoeng ke Molimo. (Esaia 43:10-12) Ka hona Jehova o ne a etsa hore bahlanka ba hae ba be bang (1) ka kutloisiso e tsoelang pele ea Mangolo le (2) ka ho ba susumelletsa tšebeletsong e chesehang joaloka lipaki tsa hae.
5. Ka 1935 ho ile ha fihleloa eng ka bohato bo kopaneng tlas’a tataiso ea Jehova?
5 Le hoja palo ea bona e ne e fokola, bohato ba bona bo kopaneng tlas’a tataiso ea Jehova bo entse hore molaetsa oa ’Muso o fihle le lipheletsong tsa lefatše. Ho tloha ka 1921 ho ea ho 1935 ba tsamaisitse libuka le libukana tse 205 217 917 ka lipuo tse mashome-shome. Ho boetse ha abjoa le lipampitšana tse makholo a limillione ’me le sea-le-moea sa sebelisoa haholo. Ka baka leo, ba bang ba likete ba inehela ho Jehova, ba kolobetsoa ’me ba tlotsoa ka moea o halalelang ha ho bokelloa ha sehlopha sa ’Muso ho ntse ho ea pheletsong. Leha ho le joalo, tšebeletso ea bona ea phatlalatsa e ne e-so ho fele. Jehova o ne a ntse a ba lokisetsa tse larileng ka pele.
Ba Matlafalitsoe ho Tobana le Khanyetso
6. Jehova o ne a boetse a lokisa bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng bakeng sa eng hape?
6 Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, batlotsuoa ba ne ba qhalakantsoe ke sera. Boiteko bo tsoelang pele ba ho senya mosebetsi oa bona bo ne bo le haufi. Empa Jehova a ba tiisa hore e se hlole e e-ba mohlape o qhalaneng. Hoo ho ile ha etsoa joang?
7. Nakong ea ho tsosoa ha tempele, Jehova o ile a etsa hore batho ba hae ba khone joang ho tsoela pele bonngoeng leha ba tobane le khanyetso?
7 Ha khanyetso e thibela ho tsosoa ha Tempele ea Jehova kamor’a hore ba kholehong ba khutle Babylona, Jehova a matlafatsa batho ba hae ka ho hlahisa baprofeta, liboholi tse bonahalang, le ho ba etsa hore ba fane ka melaetsa e nakong e tsoang ho eena. Ho feta moo, moea oa Jehova oa hlōla litšitiso tse kang lithaba ’me a etsa hore bahlanka ba hae ba sebetse joaloka phutheho e le ’ngoe.—Haggai 1:1-8; Zakaria 4:1-14.
8. Jehova o ile a matlafatsa baena ka tsela efe lekholong la pele la lilemo?
8 Ha barapeli ba ’nete ba le tlas’a tlhaselo ea sera lekholong la pele la lilemo, Jehova a etsa hore baapostola ba ngole mangolo a fanang ka tataiso le khothatso. A totobatsa mosusumetsi e moholo oa khanyetso e le Satane Diabolose, eo sepheo sa hae e leng ho thōlisa ho boleloa ha litaba tse molemo, a etsa joalo ka mahloriso a sehlōhō kapa ka ho qhalakanya bonngoe ba liphutheho ka tšusumetso ea baena ba bohata. Ka hona bohle ba thusoa hore ba bone ka ho hlaka litseko tse amehang. (Ba-Efese 6:10-13; 2 Ba-Korinthe 11:12-15; 1 Petrose 5:5-8) Ka lerato ba ile ba khothalletsoa hore ba ‘eme ba tiile moeeng o le mong le pelong e le ’ngoe, ba ntse ba loanela hammoho tumelo ea litaba tse molemo, le hona ba sa tšohe leha e le tabeng e le ’ngoe ka baka la bahanyetsi.’—Ba-Filippi 1:27, 28.
9. (a) Jehova o fane ka thuso e joalo joang mehleng ea kajeno? (b) Fana ka mehlala ea sena.
9 Mehleng ea kajeno, Jehova o ’nile a tsoela pele ho fana ka thuso e hlokahalang ho bahlanka ba hae, a ho etsa ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” masala a teng lefatšeng kajeno, ao Jesu a khethiloeng ho ba hlooho ea oona, ’me thuso ena e tla hantle ka nako e loketseng. (Mattheu 24:45-47) Ka hona ka 1925 sehlopha sa “mohlanka,” ka thuso ea Watch Tower, sa thusa babali ba eona ho ananela hore ’Muso oa Molimo o ’nile oa sebetsa leholimong ho tloha ka 1914 le hore, bonneteng, ho na le liphutheho tse peli feela—ea Jehova le ea Satane. Ka 1929 tlamo ea Bokreste ea ho mamela molao oa Molimo kamehla e le o ka holimo ho oa motho e ile ea hatelloa ka matla. Ka ho tsoelang pele, litokiso tsa phutheho li ile tsa etsoa ho fihlela ka 1938, ha ho khethoa balebeli liphuthehong ho etsoa ka puso ea leholimo, ho e-na le ho vouta ha phutheho. Hona ha kopanya le ho matlafatsa bahlanka ba Jehova, ’me ho ipakile ho le nakong hakaakang!
10. (a) Thuso eo e ipakile e le e nakong haholo joang? (b) Ha mahloriso a ntse a tsoela pele, Jehova o ile a ba fa thuso efe e tsoelang pele?
10 Ka bo-1930 le ho phunyelletsa Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki tsa Jehova tsa hlorisoa ka sehlōhō linaheng tse ngata. Tse likete li ile tsa isoa khotla. Linaheng tse mashome-shome mosebetsi oa tsona oa thibeloa ke ’muso. Tse ngata tsa tšoaroa lilemo likampong tsa bohatelli tsa mahloriso. Ha mahloriso ana a qala ho hlahisa hlooho, Jehova a tiisa bahlanka ba hae ho feta. Lithutong tsa Watch Tower ka 1931, ba buisana ka kamoo Bajode ba mehleng ea Mofumahali Esthere ba sa kang ba loanela bophelo ba bona feela empa ba loana khahlanong le lira tsa bona, ’me ha nahanoa hore na sena se sebetsa joang kajeno ntoeng ea moea. Ka 1934, lihlooho tse neng li bua ka “Teko e Boima,” tsa sebelisa tlaleho ea Baheberu ba bararo ba neng ba le khabong ea mollo ho matlafatsa Lipaki tsa Jehova hore li be le boikemisetso ba ho ema li tiile ka tšepo e tletseng ho Jehova. (Daniele 3:17, 18, 28) Le joale Jehova o ne a sa na le mosebetsi o moholo o lokelang ho etsoa, ’me khanyetso ea bosatane e ne e ke ke ea lumelloa ho o sitisa.
Ho Bokelloa ha “Bongata bo Boholo” bakeng sa Pholoho
11. (a) Ke bakeng sa mosebetsi ofe o atolohileng haholo moo Jehova a ileng a lokisa bahlanka ba hae? (b) Totobatsa e meng ea mehato lenaneong lena le lokisitsoeng la Molimo la tokiso.
11 Ha ho bokelloa ha “mohlatsoana” oa majalefa a ’Muso ho le haufi le ho fela, Jehova a lebisa tlhokomelo mosebetsing o moholoanyane ho feta, ho ruta “bongata bo boholo” bo tla phonyoha ‘mahlomola a maholo’ ho tla phela lefatšeng la Paradeise e tsosolositsoeng. Ka hona ka 1918 mookameli oa Watch Tower Society a fana ka puo Los Angeles, California, ka taba eo hamorao e ileng ea phetoa ke libui tse makholo, ka sehlooho se reng “Lefatše Le Felile, Limillione tse Phelang Hona Joale Mohlomong Ha Li Sa Tla Shoa.” Ka hona ka 1923, The Watch Tower ea supa hore “linku tse ling” tsa Johanne 10:16 li tšoana le “linku” tsa setšoantšo sa Jesu sa linku le lipōli, le hore li ne li se ntse li qala ho iponahatsa. Ka 1931 li ile tsa bontšoa hore li ne li tšoantšetsoa ho Ezekiele 9:1-11 e le ba tšoailoeng liphatleng tsa bona bakeng sa pholoho. Ka 1932 ha senoloa hore sona sehlopha sena se ne se tšoantšoa ke Jonadabe, ea ileng a hlokomela hore na ke habohlokoa hakaakang hore ho ineheloe ho Jehova ka ho khethehileng. Lenaneo lena le lokisitsoeng la Molimo la tokiso le ile la phahamisoa ka 1935 kopanong e neng e le Washington D.C., ha “bongata bo boholo” ba Tšenolo 7:9-17 le bona bo bontšoa hore ke sehlopha seo sa lefatše, ’me ba makholo-kholo ba bamameli ba ikhetholla e le sehlopha seo. Ka tlas’a tataiso ea moea oa Jehova, ho bokelloa ha sehlopha sena joale ha tsoela pele ka potlako.
12. (a) Ke hobane’ng ha ho bokelloa ha batho ba nang le tšepo ea lefatše kamanong le ba nang le tšepo ea leholimo ho sa fella ka karohano? (b) Bonngoe ba boiteko ba bona bo felletse ka eng ho tla fihlela joale ka tlhohonolofatso ea Jehova?
12 Na ho bokana hoo ha sehlopha sa lefatšeng le bao ba nang le tšepo ea leholimo ho felletse ka karohano phuthehong? Ka sebele ha ho joalo. Joalokaha Jesu a boletse e sa le pele, ba fetohile ‘mohlape o le mong’ ka eena e le ‘molisa a le mong’ oa bona. (Johanne 10:16) Ba hlokomela hore ho ba le tšepo e ’ngoe ho tsena tse peli ke bopaki ba mohau oa Jehova o sa tšoanelang, hore bohle ba na le tokelo le boikarabelo ba ho ba lipaki tsa lebitso la Jehova le ’Muso oa hae, le hore tekanyetso e tšoanang ea Bokreste ea botšepehi e sebetsa ho bona bohle. Ka sebele ke batho ba kopaneng. Hammoho ba itšebelisitse ho faneng ka bopaki ba ’Muso lefatšeng lohle, hona ho fella ka pokello e khōlō. Kamor’a Ntoa ea I ea Lefatše ho ne ho le teng ba likete tse seng kae feela ba kopanelang ho phatlalatseng ’Muso oa Jehova. Ha e-ea ba ho fihlela ka 1941 ha ba 100 000 ba kopanela mosebetsing ona lefatšeng ka bophara. Kajeno ba kopaneng e le baboleli ba phatlalatsa ba molaetsa oa ’Muso ba 2 652 323 kaofela. Ho ipakile ho le joalokaha Jehova a hlile a bolela ka moprofeta Esaia: “E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata. ’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.”—Esaia 60:22.
Bonngoe Boitekong ba ho Fana ka Lintho tse Hlokahalang
13. Khōlo ee e bile le phello efe litšebetsong tsa khatiso tsa Watch Tower Society, ’me tlhokahalo e ile ea khahlametsoa joang?
13 Keketseho ena e khōlō ea palo ea Lipaki tsa Jehova e hlokile ho atolosoa ha meaho. Ka bo-1920 boholo ba khatiso ea libuka tsa Bibele tse sebelisoang ke Lipaki bo ne bo etsoa Brooklyn, New York. Hona joale ho hatisa ho joalo ho boetse ho etsoa linaheng tse ling tse 30. Menehelo e etsoang ka boithatelo e fana ka lichelete tse hlokahalang, ’me moo ho bileng le khaello naheng e ’ngoe sekheo se ile sa koaloa ka thuso e lerato e tsoang linaheng tse ling.—Bapisa 2 Ba-Korinthe 8:14.
14. Ho tloha ka 1935 ho ’nile ha etsoa joang hore Liholo tsa ’Muso tse hlokahalang tse ncha li be teng?
14 Selemong sona seo “bongata bo boholo” bo ileng ba khetholloa hantle joaloka sehlopha sa lefatšeng, J. F. Rutherford, eo e neng e le mookameli oa Watch Tower Society ka nako eo, a rea sebaka seo Lipaki tsa Jehova li kopanelang ho sona Holo ea ’Muso ha a le Hawaii. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, lebitso lena le ’nile la sebelisoa kamehla ke Lipaki tsa Jehova bakeng sa liholo tseo li kopanelang ho tsona. Ho tloha ka 1940 ho tla fihlela joale, palo ea liphutheho e phahame ho tloha ho 5 118 ho feta 46 000. Bakeng sa ho hlokomela keketseho ea lefatše lohle, ho ’nile ha hahuoa Liholo tsa ’Muso tse likete hammoho le liholo tse khōlō tsa likopano. Hona ho hlokile bonngoe boitekong, ka lichelete le mosebetsing oa ho haha ka booona. Batho ba nang le bonngoe ba Jehova ba tšehelitse ka lipelo tsohle tsa bona!
15. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho rōna ho ba le libaka tse loketseng tseo re kopanelang ho tsona?
15 Kajeno palo ea batho ba bokanang Liholong tsa ’Muso tsa Lipaki tsa Jehova e khōlō ho feta leha e le neng pele ’me e hōla ka potlako. Re amohela bohle bao ka ’nete ba ratang ho rutoa litsela tsa Jehova e le hore ba ka tsamaea litseleng tsa hae. (Esaia 2:2, 3; Ba-Heberu 10:23-25) Hape re batla ho kholiseha hore ho na le lintho tse lekaneng bakeng sa ho hlokomela ba bontšang kananelo tokisetsong ena e entsoeng ke Jehova. Hoo ho ka etsoa joang?
16. (a) Haeba ho hlokahala Holo ea ’Muso e ncha bakeng sa phutheho e hōlang, re lokela ho ikutloa joang ka mosebetsi le litšenyehelo tse amehang, ho sa tsotellehe hore na rōna re tla sebelisa holo e ncha kapa che? (b) Ha keketseho e le ntle libakeng tseo thepa e leng theko e boima haholo, Liholo tse ncha tsa ’Muso li ka ’na tsa ba teng joang?
16 Le hoja re kopanela liphuthehong tsa mahae tse ngata, re ‘mohlape o le mong’ feela, batho ba le bang ba kopaneng. Thahasello katolosong ea borapeli bo hloekileng le ho rata baena ba rōna ho tla re susumelletsa ho tšehetsa le ka tsela leha e le efe eo re khonang ka eona, ho sa tsotellehe hore na tlhokahalo e hokae. Na ho eketseha ha liphutheho tse sebelisang Holo e itseng ea ’Muso ho hloka hore ho hahuoe e ’ngoe e ncha? Ho tla ba hotle hakaakang bakeng sa ba salang ba sebelisa holo ea khale ho fana ka thuso leha e le efe e ka khonehang malebana le ho hahuoa ha holo bakeng sa phutheho e fallang! Libakeng tse ling, baena ba ikentse ba fumanehang ho thusa ka ho hahuoa ha Liholo tse ling tsa ’Muso nako efe le efe ha tsena li hlokahala. Ka tokisetso e hlokolosi le boiteko bo kopaneng, Liholo tsa ’Muso tse ntle tse ngata li ile tsa hahuoa ka matsatsi a mabeli kapa a ka tlase ho moo. Leha ho le joalo, linaheng tse ling, theko e phahameng ea thepa metseng e meholo e entse hore liphutheho ka bomong li se khone ho tšehetsa ka lichelete mehaho e hlokahalang. Empa se ke keng sa finyelloa ke phutheho e le ’ngoe se ka finyelloa ka boiteko bo kopanetsoeng. Ha re tsebisoa ka menyetla ea ho thusa, re tla arabela joang?
17. Ke melao-metheo efe ea Bibele e loketseng bakeng sa ho khahlametsa tlhokahalo ee?
17 Ha Baiseraele ba fuoa monyetla oa ho nyehela mabapi le ho hahuoa ha tabarnakele e halalelang ea Jehova, lipelo tse ratang tsa ba susumelletsa ho fana ho feta tekanyo. (Exoda 35:5-9; 36:5-7) Menehelo e meholo bakeng sa ho tšehetsa borapeli ba ’nete ha se eona feela ea bohlokoa. Jesu o ile a babatsa monehelo o monyenyane oa mohlolohali ea neng a hloka. (Luka 21:1-4) Mabapi le litokisetso tsa ho thusa bahlanka ba bang ba Jehova ka litsela tse bonahalang, moapostola Pauluse o ngotse: “Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ee a natefeloe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang. . . . ho mpa ho etsoa ka ho re, ho lekane hantle . . . joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Ea neng a bokeletse haholo ha a ka a salloa ke letho; ’me ea neng a bokeletse hanyenyane ha a ka a hloka.” (2 Ba-Korinthe 8:12-15) Molao-motheo oo o ka re thusa hantle ka hore re sebelisane hore Liholo tsa ’Muso tse ncha li be teng le ho li atolosa moo ho hlokahalang, ho sa tsotellehe hore na re phela sebakeng seo kapa che.
18. (a) Ke eng e susumelitseng Phatlalatso ea rōna ea Bonngoe likopanong tsa setereke tse tsoa feta? (b) Ntlha ea pele e bolela’ng Phatlalatsong eo? (c) ea bobeli? (d) ea boraro? (e) Ka ho loketseng phatlalatso eo e ile ea fella ka thapelo efe?
18 “Bonngoe ba moea” bo khetholla phutheho ea Jehova, ’me ka bōrōna re na le tokelo ea ho bo phelisa. Likopanong tsa rōna tsa haufi tjena lefatšeng ka bophara, re entse phatlalatso e nakong mabapi le sena. E hlahisitsoe hape leqepheng la 23. Re u khothalletsa hore u hlahlobe Phatlalatso eo hona joale, kahoo u ipha monyetla oa ho nahana hape ka litsela tseo u ka e sebelisang ka bouena matsatsing a tlang.
Karabelo ea Hao Ke Efe?
◻ Jehova o sireletsa bonngoe ba bahlanka ba hae joang?
◻ Jehova o tsamaisitse litaba joang e le hore ho kotuloa ha sehlopha sa ’Muso ho ka phethoa?
◻ Lipaki tsa Jehova li ile tsa tiisoa joang bakeng sa mahloriso a sehlōhō a hlahileng pele le nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše?
◻ Molimo o ile oa lokisa Lipaki tsa oona bakeng sa ho bokana ho qalileng ka 1935 ka tsela efe?
◻ Re ka ba le karolo efe hore Liholo tsa ’Muso tse hlokahalang ka potlako li be teng?
[Lebokose le leqepheng la 23]
PHATLALATSO EA BONNGOE
Rōna, Lipaki tsa Jehova, re kopane Kopanong ea rōna ea Setereke ea “Bonngoe ba ’Muso,” re lakatsa ho bolela kananelo ea rōna e tebileng bakeng sa sohle seo Jehova a re etselitseng sona. Ka ’nete re leboha sehlabelo sa Mora oa hae ea ratoang le ho re khetha ha hae re le batho ba bitsoang ka Lebitso la hae.
Ka hona, RE BOLELA PHATLALATSA boikemisetso ba rōna, ba pele, ho boloka bonngoe bo boholo boo Jehova a re bokelletseng ho bona joaloka mohlape lesakeng la hae, ho hang re tšepile ho tsamaisoa le ho tataisoa ke eena ka moea oa hae o halalelang; ba bobeli, ho batla ho boloka kamano ea rōna e le ntle ka linako tsohle har’a lichaba ha ka cheseho re bolela tšepo ea ’Muso ho bohle ba mamelang; ’me ba boraro, ho itebela khahlanong le ho kheloha hofe kapa hofe tseleng ea Jehova ho sa tsotellehe hore na ke mang ea batlang ho re susumelletsa tseleng e fosahetseng.
’Me RE RAPELA hore e se eka re ka tsoela pele re tšoaneloa ke lerato leo Jehova a re bontšitseng lona, kamehla re ananela tokelo eo re nang le eona ea ho jara lebitso la hae le ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae tlas’a Kreste.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Hore Liholo tsa ’Muso tse lekaneng li be teng ho hloka bonngoe ba boiteko, mabapi le ho tšehetse ka lichelete le mosebetsi oa ho haha