Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 7/15 maq. 27-30
  • Na Ua Thuisa kapa U Lora U Ntse U Shebile?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Ua Thuisa kapa U Lora U Ntse U Shebile?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ‘Tsitsisa’ Kelello
  • Ithute ho Thuisa
  • “Ka Linako Tsa Bosiu”
  • Thuso ea ho Rarolla Mathata
  • Thuso e Isang Mamellong
  • “Tsatsi Lohle”
  • Ho Thuisa ho Ruisang Molemo
    Tsoha!—2000
  • Thuisa ka Lintho Tsa Moea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ho Thuisa
    Tsoha!—2014
  • Ho Rapela le ho Thuisa ke Habohlokoa e le Hore re be Baboleli ba Chesehang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 7/15 maq. 27-30

Na Ua Thuisa kapa U Lora U Ntse U Shebile?

HA HO BATLA e ka ho tla phola mantsiboea, letsatsing le chesang la Boroa, mohlankana ea bitsoang Isaaka a tloha tenteng ea hae ’me a ea ikhatholla “naheng ho ea imamela [“ho thuisa,” Authorized Version].” Hore na o ne a nahana ka’ng, Bibele ha e bolele. Leha ho le joalo, re ka tiisa hore hoo e ne e se ho hloka mosebetsi, ho nahana mehlolo. Lenyalo la Isaaka le tlang le ne le bolela boikarabelo bo bocha le bo boima. Ngoana ea neng a tla hlaha kopanong ena o ne a tla ntšetsa pele leloko le isang ‘Peong’ e tšepisitsoeng kapa Messia. Kahoo, ha ho pelaelo hore Isaaka o ne a hloka nako ea ho hlophisa lintho kelellong ea hae. Empa eare ha ho thuisa ha hae ho sitisoa ke ho bona sehlopha sa likamele se hlahang, e be pelo ea hae e ile ea otla hakaakang! Hobane kamele e ’ngoe e ne e kaletsoe ke monyaluoa oa hae, Rebeka.—Genese 24:62-67; 22:17, 18.

Tlaleho ena e phahamisa ntho e ’ngoe eo e lokelang ho ba karolo ea mokhoa oa Mokreste e mong le e mong: HO THUISA. Ke ’nete hore lentsoe ‘ho thuisa’ le hlaha ka makhetlo a seng makae ka Bibeleng. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo hangata le hatella tlhokahalo ea monahano o tebileng joalo. Moapostola Pauluse o elelitse, “Hlokomela [“thuisa,” Authorized Version] taba tseo, ’me u be ho tsona; ho tsoela pele ha hao ho ’ne ho lemohuoe ke bohle.”—1 Timothea 4:15.

Ho ‘Tsitsisa’ Kelello

Ba bangata ho rōna ba thatafalloa ke ho thuisa le hoja ho hlakile hore ke ha bohlokoa. Mohlomong boholo bo ka rata ho lora bo ntse bo shebile feela—ho tlohela kelello hore e lelere, ho tšoana le seketsoana se phaphametseng se theosa molatsoana. Haeba ho etsoa linakong tsa phomolo, hona ho khatholla haholo. Empa haeba ho etsoa libokeng tsa Bokreste, linakong tsa ho ithuta kapa nakong ea mosebetsi, ho lora u ntse u shebile ho ka tšoana le ho lumisa enjene ea koloi e sa tsamaeeng—u senya mafura ’me ho se moo u eang.

U ka ‘tsitsisa’ kelello ea hao joang? Pele ho liboka tsa Bokreste, u ka ’na ua fumana ho le molemo ho ja hanyenyane, ka ha ho ja haholo ho ka khothalletsa boroko. Ho ngola lintlha ke thuso e ’ngoe ea ho mamela ka hloko. Empa ho khalemela kelello mohlomong ke ntlha ea bohlokoa haholo. Re nahana ka pele ho feta kamoo sebui se ka buang ka teng. Ka hona ho e-na le ho lumella mantsoe ho kena ka tsebe e ’ngoe ’me a tsoe ka e ’ngoe, leka ho nahana hore na sebui se tla re’ng. Latela tsela eo se beang mabaka ka eona. Hlokomela likhang tsa Mangolo tseo se li sebelisang. Hamorao, thuisa lintlha tseo se li entseng, ho thusa hore li ka lula polokelong ea hao ea moea li loketse ho sebetsa nakong e tlang. Hobane joalokaha Jesu a boletse: “Motho ea molemo o ntša litaba tse molemo letlotlong le molemo la pelo ea hae, . . . hobane molomo oa motho o bolela seo pelo e tletseng sona.”—Luka 6:45.

Mohlomong kelello ea hao e na le ho “khelekhetha” ha u bala. Haeba ho joalo, leka ho ithuta ka nako e khutšoanyane empa e le hangata. Ha e le hantle, kananelo ea seo u ithutang sona ke ea bohlokoa. ’Me haeba ho haella ha eona ho etsa hore kelello ea hao e lelere, nahana seo Ntate oa rōna oa leholimo a se buang ho Liproverbia 4:20-22: “Mora oa ka, mamelisisa taba tsa ka, u sekehele lipolelo tsa ka tsebe. . . . U ’ne u li boloke ka pelong. Hobane ho ba li fumaneng ke bophelo, ke boiketlo ba ’mele oohle oa bona.”

Ho mamelisisa lipolelo tsa Jehova ke taba ea bophelo kapa lefu. ’Me lipolelo tsena li tlameha ho tebela botebong ba lipelo tsa rōna haeba li tla re susumelletsa ho etsa se lokileng. Ho thuisa ho kenella hona mona. Ho bala Bibele ntle le ho thuisa ho tšoana le pula e nang ka sekhahla, e fete ho bo ho omelle kapele—e khatholla nakoana empa e se na molemo oa nako e telele. Ho thuisa ho tšoana le pula ea molupe e ngobelang ’me e etse hore lintho li hole. Joale, motho a ka ithuta ho thuisa joang?

Ithute ho Thuisa

Na u se u kile ua hlahlobisisa palesa e nyenyane ea naheng le ho makalla bokhane ba likarolo tsa eona le botle, kapa ua talima linaleli ’me ua ikutloa u hlolletsoe ke khanya ea tsona? Koana, ena ke mekhoa e bonolo ea ho thuisa e ka khothalletsang tlhompho ea hao ho ’Mōpi oa rōna Jehova, ’me ea u tlatsa teboho le kananelo. (Pesaleme ea 8:3, 4) Ke hobane’ng ha u sa tsitsise monahano oa hao mehopolong e joalo ha menyetla e itlhahisa?

Leha ho le joalo, ho thuisa, ho ka etsoa ka boemo bo tebileng haholoanyane. Na u kile ua shebella khomo ha e thuisa? Ho “thuisa” ke ho nahanisisa ka botebo. Empa khomo e ke ke ea thuisa ho se na letho ka mpeng, joalokaha re ke ke ra thuisa ho se letho ka likelellong. Ka hona thuto ea Bibele kea bohlokoa, hobane ha u ithuta Bibele haholo, u tla ba le menahano e eketsehileng ea moea eo u lokelang ho e “thuisa.” Esita le haeba u inka u le seithuti se selehe, u tla fumana hore ha u ikitlaetsa, butle-butle ho ithuta ho tla ba bobebe, ho thabise haholo. Mehopolo ea khale e tla nyalana le e mecha. Le menahano e bonahalang e lobokane e tla itlhopha ho ba ntho e momahaneng. ’Me joalokaha Salomone a boletse, “tsebo e fumanoa ka bonolo ke ea masene.” (Liproverbia 14:6) Empa ho nka nako. ’Me haeba bophelong hona joale ha u thabele ho ithuta Lentsoe la Molimo hakaalo-kaalo, ke hobane’ng ha u sa thuise ka see hona joale?

Ipotse, ‘Ke hobane’ng ha takatso ea ka ea lijo tsa moea, e fokola hakale? Na e be ke ipipitletsa ka matlakala a lijo tsa moea, tse kang libuka tse baloang tse se nang morero le TV le lipale tse tsoelang pele tsa sea-le-moea? Na ka ho sa hlokahaleng ke ipepesetsa litloaelanong tse fokolisang moeeng?’ Ho nahana taba ena ka ho teba hona joale ho ka ’na ha u thusa ho etsa liphetoho tse hlokahalang.

Bakreste ba pele ba ne ba sa thabele ho fumana Bibele habonolo joaloka rōna kajeno. Empa ba ne ba tšoara Lentsoe la Molimo ka tsebo. (Ka mohlala, hlokomela botsibi ba Bibele ba Setefane ho Liketso 7:2-53.) Ha ho pelaelo, ha ba utloa Mangolo a Halalelang a baloa libokeng, ’me ba a bala ka bobona, ka linako tse itseng ba phehella ka hohle-hohle ho tseba ka hlooho seo ba ithutileng sona.

Na le uena, ka ho tšoanang, u se u kile ua leka ho tseba ka hlooho mangolo a sehlooho? Ha ho hlile ha ho thata haeba u beile kelello ea hao teng. E le teko e bonolo, bona hore na u ka hopola litemana tse latelang tse tloaelehileng tsa Bibele: Mattheu 24:14, Genese 3:15, Tšenolo 21:3, 4, Pesaleme ea 83:18, Johanne 17:3 le 2 Timothea 3:1-5.

“Ka Linako Tsa Bosiu”

Mopesaleme o supa bonyane molemo o mong oa ho ithuta Mangolo: “Ha ke u hopola ke sekame liphateng tsa ka, ke ntse ke nahana tsa hao ka linako tsa bosiu.” (Pesaleme ea 63:6) Hangata, ha a hlobaetse, motho o oela monahanong o se nang thuso. Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore motho a rapele Jehova joaloka Davida: “U amohele mantsoe a molomo oa ka, u khahlisoe ke ho nahana ha pelo ea ka, uena, Jehova.” (Pesaleme ea 19:14) Motho ea tsebang litemana tsa Bibele ka hlooho a ka sebetsa tumellanong le thapelo ena habonolo.

Hape motho a ka ’na a phaphama har’a mpa ea bosiu a ikutloa a tepelletse haholo. Empa ho pheta butle le ka kananelo mantsoe a bululetsoeng a tsoang Bibeleng, a kang a fumanoang ho Exoda 34:6, ho ka ba le phello e potlakileng, e khathollang le e molemo: “Jehova, Jehova, Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete.” Kapa haeba pelaelo e tebileng e u hlobaetsa, leka ho hopola mantsoe ana a tšelisang: “Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho. ’Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.”—Ba-Filippi 4:6, 7.

Thuso ea ho Rarolla Mathata

Kajeno mathata a ngatafala. Ka mohlala, batsoali, nako le nako ba tobane le liqeto tse boima. Thuto ea ngoana, bophelo ba hae, liaparo tsa hae, ho tsoela pele ha hae phuthehong ea Bokreste le ho khetha ha hae metsoalle ke tse ling tsa libaka tse amehang. Motho o khona ho phunyelletsa joang moo ho bonahalang e ka menyetla e mengata ’me a khethe tsela e molemo? Liqeto tse potlakileng hangata lia soabisa hamorao. Kahoo Bibele e re, “Pelo ea motho ea lokileng e nahana [“thuisa,” Authorized Version] karabo.—Liproverbia 15:28.

Motho o tlameha ho ba le lintlha tseo a li thuisang, ’me libuka tsa Watchtower Society ke mohloli o enneng oa tsona. Ho nahana ka keletso ea batsoali ba bang ba Bakreste ba nang le phihlelo le/kapa baholo ba phutheho le hona ho ka u thusa hore u bee lintho ka mahlofo.

Ho thuisa ho ka u thusa ho tsoa litekong tsa tumelo ea hao. Ka mohlala, ka seoelo ho na le liphetoho kutloisisong ea rōna ea lirapa tse itseng tsa Bibele kapa boprofeta. Ho Liproverbia 4:18, Bibele e re, “Tsela ea ba lokileng e joale ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.” Leha ho le joalo, ba bang ba tšoenngoa ke liphetoho tsena. Empa “ba lokileng” ba ipha nako ea ho thuisa le ho monya linnete tsena tse ncha tsa Bibele, ho e-na le ho potlakela ho etsa qeto ea hore “mohlanka ea khabane” o fositse.

Thuso e Isang Mamellong

Jesu o lemositse, “Diabolose o se a ea kenya ba bang ho lōna teronkong, hore le lekoe.” (Tšenolo 2:10) Ka sebele ekaba ho tetebetsang ho kenngoa teronkong e litšila ka tšohanyetso u se na Bibele ’me ho se le Bakreste ba heno bao u ka retelehelang ho bona.

Lilemong tse ’maloa tse fetileng sehlopha sa bacha ba Lipaki Afrika Boroa sa hlomolisoa ka likhoeli tse ngata litlamong se koaletsoe boinotšing ka lebaka la ho se sekisetse ha Bokreste. Ka lehlohonolo, ba ne ba lumelloa ho ba le Bibele, ’me e mong oa bona a lumela: “Ntle ho Bibele nka be ke ‘tebile’ ka ha ke ne ke e tseba hanyenyane ka hlooho.” Leha ho le joalo, e mong ea ileng a ikitlaetsa ho bala Bibele—le hoja a ne a sa thuise ka eona—ka pele a iphumana a ntse a fokola moeeng. Eaba o qala ho nahanisisa haholoanyane ka seo a se balang. Ha nako e ntse e ea a fumana kamoo ho hlasimollang ho qala ka thapelo ho Jehova, ebe joale u bala litemana tsa Bibele ’me u ipotse: ‘Nka sebelisa see joang, kapa ka qoba kotsi ee joang? Hoo ho nthusa ho tseba Jehova joang? Mangolo a mang a ka nthusang ho see ke afe?’ joalo joalo. Phello? Ho sa tsotellehe maqakabetsi a hae, o re, “E bile phihlelo e matlafatsang tumelo haholo ea bophelo ba ka!”

“Tsatsi Lohle”

Hore na u tobane le liteko tsa tumelo kapa ke likhathatso le lihloho tsa letsatsi le leng le le leng tsa bophelo, boikutlo ba bahlanka ba tšepahalang ba Jehova bo lokela ho tšoana le ba mopesaleme: “Molao oa hao [Molimo] ke o rata hakaakang! Ke o nahana tsatsi lohle.” (Pesaleme ea 119:97) Maemo a ka ’na a thibela ho thuisa “tsatsi lohle.” Leha ho le joalo, re lokela ho ameha ka hore re se ke ra khaotsa ho latela Lentsoe la Molimo.

Ithute ho Jesu Kreste, ea neng a ba tla menyetla ea ho rapela le ho thuisa. (Mattheu 14:13) Haeba o ile a ikutloa hore hoa hlokahala ’me a ho beela nako, na ha rea lokela ho etsa joalo kajeno?

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Ho e-na le ho lora re shebile, ho molemo hakaakang hore re laee likelello tsa rōna ho mamelisisa ka hloko!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela