Bophelo Lefatšeng—Na ke Tsela e Isang Leholimong?
NA LEFATŠE la rōna ke sebaka seo motho a tsoalloang ho sona, a phele lilengoana tse seng kae tse tletseng likhathatso e be, ha re lokile, re le sia ho ea phela ka ho sa feleng lehlohonolong la leholimo—kapa, haeba re le babe, ho ea phela sebakeng sa tlhokofatso ea mollo? Lefatše ka bolona, na ho tla nako eo ka eona le tla chesoa hore e be molora?
Baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba Bojakane ba tla arabela ka hore e. Na u lumellana le maikutlo a joalo? E be Bibele eona e re’ng ka lefatše le ka morero oa Molimo ha o bōpa batho holim’a Iona? Pesaleme ea 115:16 e opa khomo lenaka: “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, ʼme lefatše o le neile bana ba batho.”
Ha re lahla lithuto tsohle tsa bolumeli ’me re sheba tlaleho ea Bibele qalehong feela ea bophelo ba motho lefatšeng, Molimo o entse batho ba babeli ba pele ka setšoantšo sa Hae le ka ho tšoana le eena. (Genese 1:26-28) Ha ho le tlhase feela ea hore morero oa Molimo bakeng sa bona e ne e le hore bona le bana ba bona ba tla qetella ba shoele ebe ba ea leholimong kapa sebakeng se seng. Ha ba ntse ba phethahatsa thōmo eo ba e filoeng ke Molimo ea ho ‘ngatafala le ho ata, le ho tlala lefatšeng,’ lefatše le ne le tla tlatsoa butle-butle ka bana ba bona.
Molimo oa lokisetsa sebaka se khethehileng, tšimo ea Edene hore batho ba babeli ba pele ba be le lehae le phethahetseng. Tlaleho e re: “Eaba Jehova Molimo o nka motho, a ʼmea tšimong ea Edene, ho e lema le ho e lebela.” (Genese 2:8, 15) E ne e tla ’ne e atolosoe kamoo ho hlokahalang, ho fihlela ha lefatše lohle le fetoha Paradeise e nang le lijo tsa mefuta-futa tse hlabosang le tse hahang ʼmele le mehloli ea lintho tse ling.
Hore lefatše le ne le phahametse ho ba lehae la nakoana kapa tsela e isang sebakeng se seng ho hlakisoa ke mantsoe ao joale Molimo o a buileng ho Adama: “Jehova Molimo a laela motho, a re: Ha e le lifate tsohle tsa tšimo, u tla li ja; empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.”—Genese 2:16, 17.
Ha Eva a lekoa ke Diabolose, ʼme joale a lateloa ke Adama ba hlompholla molao ona ʼme ba fumana kotlo e ba tšoanetseng ea Molimo, lefu. Empa ipotse, ‘Haeba ba ile ba mamela teng?’ Ho hlakile hore ba ne ba tla ʼne ba phele—ho se mohla ba tla shoa. E, Adama le Eva ba ka be ba ntse ba phela le kajeno, ka ʼmele e phelang hantle le ka thabo.
Ho Thoe’ng ka Bokamoso ba Lefatše?
Albert Barnes bukeng ea hae Notes on the New Testament, o akaretsa tumelo ena e akaretsang ea Bojakane ka bokamoso ba lefatše. Ha a bua ka 2 Petrose 3:10, mohlalosi enoa o ngotse tjena:
Lefatše le Iona, le mesebetsi e ho Iona, li tla chesoa. Ke hore, le haeba ke mesebetsi ea Molimo kapa ea motho—limela tsohle le libopuoa tsa liphoofolo, le litora tsohle, metse e meholo, matlo a borena, lintho tse entsoeng ke bahlalefi, mekhabiso, lintho tse betliloeng, le libuka tse entsoeng ke motho.”
Joalokaha ho boletsoe mona, ke khale Bojakane bo lumela hore nako e-ea tla ea ha lefatše le ke ke la hlola le e-ba le baahi ba batho kapa ntho efe kapa efe e phelang. Lefatše la rōna, maikutlong a batho ba bangata ba kenang likereke, le tla be le phethile morero oa Iona, hobane ho bona lefatše le bonahala e le sebaka sa boipakahatso se isang leholimong kapa liheleng.
Leha ho le joalo, ke hantle ha u ka nahana ha u le ntlheng ena, Na morero oa Molimo ka lefatše le motho o ile oa fetoha ha Adama le Eva ba sitoa? U tla fumana hore ha ho lea mong ea ka supang temana leha e le ʼngoe ea Bibele e buang joalo. Ho fapana le moo, lilemo-lemo kamor’a hore batho ba babeli ba pele ba sitoe, moprofeta Esaia o ile a bululeloa hore a ngole:
‘Jehova, ʼmōpi oa maholimo, Molimo o bōpileng lefatše, moetsi oa lona ea le tiisitseng, ea sa kang a le bōpela lefeela, ea mpang a le bōpetse hore le ahuoe.’ Esaia a qotsa Jehova a re: “Morero oa ka o tla tiea, ke tla phetha thato ea ka kaofela.” (Esaia 45:18; 46:10) Mopesaleme a boela a ngola ka Eena: “Botšepehi ba hao bo hlola litloholong le litloholoaneng. U theile lefatše, ’me le tiile.”—Pesaleme ea 119:90.
U ka bona hore Bibele e totobatsa hore Molimo, ha o bōpa lefatše, o le tiisitse bokahohleng le hore morero oa hae o sa feleng ha o le bōpa e ne e le hore le ahuoe ke batho. Morero oo ha o-oa fetoha. Molimo o tla bona hore morero oa oona o phethahatsoa ka botlalo.
Empa na Bibele ha e bontše hore batho ba bang ba tla ea leholimong? E, Bibele e hlile e ruta hore palo e lekanyelitsoeng e ea leholimong ka lebaka le khethehileng. Molimo ha o hloke batho leholimong; leha e le hore o lokela ho ba isa leholimong hore o ba nee thabo e sa feleng. Ho seng joalo, ke hobane’ng ha o sa ka oa ba bōpela leholimong qalehong ea litaba, o felisa bohloko bohle le pherekano eo ba fetohileng ka eona ha ba le lefatšeng?
Leha ho le joalo, ha Adama le Eva ba ikhethela ho hlompholla Molimo, ka ho itšebeletsa ka bolokolohi boo o neng o ba neile bona joaloka libopuoa tse bohlale, Molimo oa potlakela ho tiisa hore morero oa oona bakeng sa lefatše le motho ea holim’a Iona o tla phethahatsoa. Batho ha baa ka ba qaqisetsoa lintlha tsohle ho fihlela kamorao ho lilemo tse makholo. Leha ho le joalo ho totobala ho se senoloang ke seo Bibele e se bitsang ‘sephiri se halalelang’ hore Molimo hona hoo o ile oa e-ba le morero o moholo oa ho lopolla motho. Hona ho etsahetse “o e-so ho thee lefatše,” ke hore, pele Adama le Eva ba tsoala bana ba neng ba ka lopolloa, joaloka mora ea tšepahalang oa bona Abele.—Ba-Roma 16:25; Ba-Efese 1:4.
Ho ile ha fanoa ka tlhase ea morero ona ha ho etsoa tšepiso ea “peō” e neng e tla tsoaloa ke “mosali” ea itseng le hore “peō” eo e ne e tla pshatla hlooho ea “noha,” e lopolla mathateng a tlisoang ke bofetoheli. (Genese 3:14, 15) Joaloka ho ahlama ha palesa e ntle, ha ’na ha phaelloa boitsebisong bo buang ka “peō” hoo kamorao ho ho tla ha Jesu, ho ileng ha totobala hore na ‘sephiri se halalelang’ se bolela eng. E, Molimo oa tsebahatsa hore “leloko” lena le ne le tla etsoa ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a le mong le metsoalle e 144 000 e neng e tla ‘lopolloa har’a batho.’ Ba tla thea ʼmuso, kapa puso e ncha le Kreste, holim’a lefatše.—Tšenolo 14:3, 4; Ba-Galata 3:16, 26-29.
Molimo ha o-oa ka oa khetha pele kapa oa thonya ka mabitso batho ka bomong ba tla nkeloa maholimong ba tloha lefatšeng ho ea etsa ʼmuso ona, empa o khethile pele hore sehlopha se joalo se tla ba teng ho latela thato e halalelang ea oona. Ho ne ho tla khethoa bo-mang ho se etsa, Molimo o ne o tla lekanyetsa hamorao hoba Mora oa oona a tle lefatšeng ’me a bule tsela e isang bophelong ba leholimo.
Hoba ‘sephiri se halalelang’ sena se senoloe ka botlalo, moapostola Pauluse, e le e mong oa ba khethiloeng ho ea leholimong, o ne a ka ngolla ba bang ba nang le tšepo e joalo ka eona. Pauluse a bua ka mosa o joalo o sa tšoanelang o bontšitsoeng ke Molimo:
“Oo Molimo o re atiselitseng oona ka bohlale bohle le ka kelello eohle; oa re tsebisa sephiri sa thato ea oona ka boithatelo ba oona, kamoo o nong o itherele kateng; hore, etlere nako tse beiloeng ke oona ha li se li phethehile, o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse leholimong, leha e le tse lefatšeng. Hape, ke ka ho Kreste re entsoeng lefa la oona, kamoo re neng re rereloe hona pele [e seng re le motho ka mong empa re le sehlopha se nang le palo e tobileng], ka morero oa ea sebetsang lintho tsohle ka phehello ea thato ea hae.”—Ba-Efese 1:8-11; Tšenolo 14:1-4.
Na Lefatše le Tla Chesoa Lore?
Empa ho thoe’ng ka mantsoe a Petrose a hore “ha e le maholimo a joale le lefatše la joale, li boloketsoe mollo”? (2 Petrose 3:7) Ho totobetse hore Petrose o ne a sa bue ka maholimo a sebele le lefatše tseo Bibele e reng li eme ka ho sa feleng. (Moeklesia 1:4) Molimo ha o na lebaka la ho felisa maholimo ao a lulang ho ona, leha e le linaleli, khoeli le letsatsi tse bonahalang tsa leholimo. ʼMe qitikoe e lefatše ka boeona ha e-ea mo nea lebaka la hore a e senye, ho sa tsotellehe seo motho a se entseng ho silafatsa le ho senya bokaholimo ba Iona. Jehova o re bolella hore ha lefatše le ne le bōptjoa ka mokhoa o ikhethang oa lona le ka botle, bara ba hae ba leholimo ‘ba bina ka nyakallo, ba ntša mehoo ea thabo.’—Jobo 38:4-7.
Morero ʼohle oa Molimo ho bokelleng palo e khethiloeng e tla ea maholimong ke ho tlisa thato ea oona lefatšeng, e, ho phethahatsa thapelo eo e leng khale e etsoa, “thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:10) Ho feta moo, ha Jesu a supa ho Pesaleme ea 37:10, 11, o ile a akarelletsa mantsoe ana Thutong ea hae e tsebahalang ea Thabeng: “Ho lehlohonolo ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatše.” (Mattheu 5:5) U bona ka ho hlaka mantsoeng ao hore Jesu o ne a se na boikutlo ba hore lefatše ke tsela feela e isang kae-kae. Leha “mohlatsoana” o lekanyelitsoeng ka palo o tla rua borena holim’a lefatše ka nako e beiloeng, tšepiso ea Jesu e boetse e ahlama ho akarelletsa libillione tsohle tsa batho tse tla ja lefa la lefatše. (Luka 12:32; Tšenolo 7:9, 10) Hoo ho ke ke ha etsahala ka nakoana e khutšoanyane ea bophelo ba masoabi, kamoo re bo tsebang kajeno, empa ka ho sa feleng thabong!
Ha Petrose a bua ka “maholimo” a tla chesoa, o bua ka “maholimo” a tšoantšetso. Ana ke mebuso e busang batho ba etsang “lefatše.” Joalokaha Cyclopædia ea McClintock le Strong e re:
“Kae le kae moo ho etsoang pontšo ea setšoantšo sa boprofeta, leholimo le emela . . . pokello eohle ea mebuso e busang, eo, mabapi le bafo ba lefatšeng, e leng leholimo la lipolotiki, le phahametseng le le busang bafo. Joalokaha leholimo la tlhaho le phahametse le ho busa lefatše.”—Moq. IV, leq. 122.
Baholo ba mebuso ba entsoeng ka batho ba sa phethahalang le ba hatellang hangata, ba hlōlehile ho hang, ʼme ba tla qhibilihisoa ‘letsatsing la Jehova, ‘joalokaha Petrose a bontšitse. Sebaka sa bona se tla nkoa ke “maholimo a macha” a entsoeng ka Jesu Kreste le palo e lekanyelitsoeng e eang leholimong ho ea thea puso ea ʼMuso. Ke ka baka leo Petrose a ngotseng: “Empa re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” Petrose 3:12, 13.
Ka ba etsang “maholimo a macha,” puso ena e ncha ea leholimo bakeng sa lefatše, Bibele e re: “Ho lehlohonolo, ho halaletse ba nang le kabelo tsohong ea pele; hobane lefu la bobeli ha le na matla holim’a ba joalo, empa e tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena lilemo tse sekete.”—Tšenolo 20:6.
Ba busa bo-mang? Ntle ho tika-tiko bafo ba lefatšeng—ntle ho moo temana ena e ne e tla be e ithōletse tu. “Lefatše” la khale le tla fela, joalokaha eka ke ka mollo, ha batho ba khopo le mekhatlo ea bona ba felisoa, ho sala feela mokhatlo o ‘mocha’ oa lefatše. Ha tlōlo ea molao, botlokotsebe le bofetoheli li se li sa tsejoe, leha bophelo bo phethahetseng ʼmeleng le thabo e sa seeloang moeli e tla ba lefa la motho e mong le e mong ea phelang, ruri ona e tla ba mokhatlo o ‘mocha’ oa batho, “lefatše le lecha”!
Re ka tiisa joang hore litšepiso tsee tsa Molimo li tla phethahatsoa? Kaha ke khale li entsoe, Molimo o ’nile oa etsa joang ho tiisa hore litšepiso tsee li tla qetella li phethahetse? Bakeng sa likarabelo lipotsong tsena, re u mema hore u bale lihlooho tse peli tse qalang leqepheng la 10.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 6]
Kreste o tla busa e le Morena holim’a bafo ba batho ba limillione ba thabelang Paradeise e khutlisitsoeng ea lefatšeng
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Molimo o ile oa bea Adama le Eva hokae ʼme oa ba rerela ho phela kae?