Ho Nyarela ka Litabeng
Engelane le Bibele
‘Batho ba tšeletseng ho ba leshome kajeno Engelane ha ba tsebe Bibele ho hang,’ kamoo ho boletseng Tom Houston, mosebeletsi ea phahameng oa Mokhatlo oa Bibele oa Engelane. Ha a bua ka se fumanoeng ka liphuphutso tsa haufi tjena tse entsoeng sechabeng sohle tsa Gallup, a tsoela pele: ‘Halofo ea bona ha e tsebe feela le se ka Lievangeling, re se re sa re Testamente ea Khale.’ Ho ba ka tlase ho lilemo tse 25, e mong le e mong ho ba bararo ha ho mohla a kileng a bala Bibele! Molato ke eng?
Ho boleloa hore batho ba furaIla bolumeli feela hobane kereke e bosula e bile ha e susumetse. Houston o tsoela pele ‘Hoo e ka bang batho ba babeli ho ba bang le ba bang ba bahlano bao ho buisanoeng le bona ba ikutloa hore ho hlokahala hore kereke e fetole sebopeho sa eona haeba e tla hohela batho.’ Ho latela phuputso ena, karolo ea 56 lekholong ea baahi, haeba e e-ea kerekeng, e ea feela bakeng sa machato, liphupu kapa kolobetso ea bana.
Hase Engelane feela e lapileng moeeng empa ho joalo ka lefatše ka kakaretso. Bibele e hlile ea bolela lefifi le joalo ha e re: “Matsatsi a tla, ho itsalo Morena Jehova, ao ke tla romela ho lapa lefatšeng, e seng ho lapela bohobe, leha e le ho nyoreloa metsi; empa e leng ho lapela mantsoe a Jehova.” (Amose 8:11) Ha ho bapisoa, Lipaki tsa Jehova li thabela paradeise ea moea. (Esaia 65:13, 14) Ka mohlala: Brithani ho ntse ho fihleloa keketseho e tlang butle-butle ea Lipaki tse mafolo-folo—5 lekholong ngoahola—ka ba bang teng libokeng tsa beke le beke ba eketsehileng ka 110 lekholong. Kamehla liboka tsa Lipaki li na le sehlooho se matla se theiloeng Bibeleng. Ha li etsa barutuoa, li ruta hore ho bolokoe melao eohle ea Jesu.—Mattheu 28:19, 20.
Botlokotsebe—Sesosa le Thibelo
Na tšekamelo ea botlokotsebe ba bana e-ea futsoa kapa e-ea iqapeloa? Sekolo se seng se ithutang taba ena se nqosa mabaka a lefutso e le oona sesosa se seholo sa bona. Sekolo se seng se ithutang taba ena se supa tikoloho eo motho a phelang ho eona. Le hoja ka bobeli li ka ’na tsa phetha karolo ho hōleng ha botlokotsebe, likamano tsa lelapa ke senotlolo sa ho bo hotetsa kapa ho nyahamisa khōlo ea bona. Pampiring ea liphuputso e sa tsoa hatisoa ho “Adolescence,” Dr. Steven A. Anolik oa Lefapha la Thuto ea Kelello, Kolecheng ea St. Francis, Brooklyn, New York, o hlokometse hore: “Le haeba lisosa tsa boitšoaro bo hlaha, ho hlokomeloa hore li simoloha lefutsong kapa tikolohong, maemo ka lapeng a sa ntsane a hlokomeloa e le lebaka le bakang botlokotsebe.” Boithuto bo entsoeng khale hoo e ka bang ho tloha lilemong tse fetileng tse 30 le ho tla fihla joale bo khetholla batsoali ba bangata ba bana ba litlokotsebe ba se mosa, ba sa tsitsa tabeng ea khalemelo, ba bile ba khahlapetsa.
Mehleng ena ea ha bana ba ‘sa utloe batsoali,’ ʼme litho tsa malapa ‘li se na lerato la hlaho,’ keletso e utloahalang ea Bibele e sa ntsane e sebetsa. (2 Timothea 3:1-3) Bana ba ithuta ho rata ka hore ba ratoe, ʼme thabo e tla ka ho fana ka lerato hammoho le ka ho le fuoa. (Liketso 20:35) Leha khalemelo le lithibelo li hlokahala bakeng sa bacha, Bibele e hlalosa hore e boetse ke tlameho ea batsoali hore ba se ke ba feteletsa litaba, ba khalemela bana hoo ba ba khopisang kapa ba ba tlatlapang. E-ea eletsa: “Se halefiseng bana ba lōna, ba tle ba se ke ba nyahama lipelo.”—Ba-Kolosse 3:21; Ba-Efese 6:4.
“Motlhotlo oa Moruo”
Charles Maynes, mohlophisi oa makasine ea “Foreign Policy” le eo e kileng ea e-ba motlatsi oa mongoli oa naha oa U.S. o-oa ngola ho “The Guardian:” “Lefatše le lintšing tsa tlokotsi ea motho le koluoa ea lipolotiki.” O bona mokitlane o moholo oa lefatše e le o monyang kaheho ea lipolotiki ea linaha tse nyenyane moruong hoo o ka hotetsang phutuhelano e befileng. Maynes o hlokometse hore: “Linaha tse hōlang li kentsoe motlhotlong oa moruo o senyang le lintho tseo e leng mashome a lilemo li finyelletsoe. Linaha tse ileng tsa fumana boipuso mathoasong a bo-1960 ’me tsa qala ho nka leoto le mehla mathoasong a bo-1970 hona joale li hatela morao. Merero ea matsete e eme feela, bana ha ba rutoe, maloetse a ntse a ata, mekōpa-kōpa e tlala literateng tseo e neng e le sieo ho tsona ka mashome-shome a lilemo, batho ba utsoa lijo mabenkeleng a lijo . . . Linaha li bona ha tšepo ea tsona bakeng sa nako e tlang e nyamela.”
Mehleng ena e thata, ho loketse hakaakang ho ela hloko mantsoe a mopesaleme ea bohlale: “Ha le ateloa ke maruo, le se ke la bea lipelo tsa Iona ho ’ona.” Ho e-na le hoo, mo etsise: “Moea oa ka, u itšepele Molimo, hobane tšepo ea ka e tsoa ho oona.”—Pesaleme ea 62:5, 10.