Molisa ea Molemo le “Lesaka Lena” la Hae
1, 2. (a) Morena Davida o hlalositse Jehova joang ho Pesaleme ea 23:1? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse ho tšoantša Jehova le molisa ’me Iseraele le linku tsa hae?
“JEHOVA ke molisa oa ka, nke ke ka hloka letho. O mphomotsa makhulong a matala, o ntsamaisa pel’a metsi a khutsitseng.” Moshemane eo e neng e le molisana le seletsi sa harepa, eo hamorao e bileng morena oa sechaba sa Iseraele, o qalile e ʼngoe ea lipina tsa hae tse ratoang haholo ka mantsoe ao.—Pesaleme ea 23:1, 2.
2 Ha ho sechaba se seng ntle ho sa Iseraele oa boholo-holo seo mopesaleme e mong a neng a ka se ngolla mantsoe a Pesaleme ea 95:6, 7: “Tlong, re khumameng, re inameng, re oe ka mangole pel’a Jehova, ʼMōpi oa rōna! Hobane ke Molimo oa rōna, re sechaba seo e leng molisa oa sona, mohlape o tsamaisoang ke letsoho la hae.” Le hoja morena oa sona oa motho a ne a ka tšoantšoa le molisa, sechaba sa Iseraele se ne se ka tšoantšoa le linku tse nang le molisa e moholo ho bohle, Jehova Molimo. Ke Molisa ea molemo ea neng a ka etsisoa ke banna ba sebeletsang e le balisa ba tšoantšetso phuthehong ea batho ba ineetseng ba Jehova.
3. Ho supa Jehova e le Molisa ho ne ho loketse joang leha e le mabapi le Jesu?
3 Morena Davida o ne a tšoantšetsa Jesu Kreste, empa e le hore feela Jesu Kreste o moholo haholo ho feta Davida oa boholo-holo, eo e neng e le ntate moholo oa hae oa morena. Ke ka nepo a neng a ka qotsa le ho bua mantsoe a Davida: “Jehova ke molisa oa ka.” Na selelekela sa hae, Johanne Mokolobetsi, ha sea ka sa supisa bamameli ba sona Jesu Kreste ea atamelang ʼme sa re: “Bonang, ke Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše”? (Johanne 1:29, 36) Mohlomong Johanne o ne a hopotse mantsoe a Esaia 53:7 ha a bua ka Jesu e le Konyana, mofuta oa nku: ‘A isoa hlabong, le joale ka nku e semumu.’ ʼMe bukeng ea ho qetela ea Bibele, ho tloha ho Tšenolo 5:6 ho ea pele, Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng o boleloa ka makhetlo a 28 e le Konyana ea tšoantšetso.
4. Jesu o ile a tšoana le nku ka lesakeng joang, ʼme lesaka leo la linku e ne e le lefe?
4 O ne a ile a tsoalloa sechabeng sa Iseraele ka mokhoa oa mohlolo ka selemo sa 2 B.C.E. Eaba ka hona o kena tlas’a selekane sa Molao seo Jehova, Molisa oa Iseraele, a neng a se entse le sechaba seo se khethiloeng. Selekane seo sa Molao, ka Melao e Shome ea sona, se ne se buelletsoe ke moprofeta Moshe lebitsong la sechaba sa Iseraele. (Ba-Galata 4:4, 5) ʼMe Jesu, e le setho sa sechaba seo se khethiloeng, a tsoaloa e le e ʼngoe ea linku tsa tšoantšetso tseo Jehova e neng e le Molisa e Moholo oa tsona. Jesu le eena ka tsela eo o ne a le ka lesakeng la tšoantšetso, kamano e hauhetsoeng le Molisa ea halalelang joalokaha e tširelelitsoe ka selekane sa Molao se kang lerako.
5. Lebaka la ho ba le maikutlo a fapaneng ka lesaka la linku la Johanne 10:1 ke lefe?
5 Na mona re khetholla lesaka la linku la Johanne khaolo ea 10, temana ea 1, e le ntho e le ’ngoe le tokisetso ea selekane sa Molao oa Moshe? E hlile! Tlhaloso ea pele ea hore lesaka la linku ke selekane sa Abrahama e ne e theiloe maikutlong a hore Johanne khaolo ea 10 e ne e bolela ka ho toba lesaka le le leng feela, ’me haeba ho le joalo, ho ne ho utloahala hore e bolela selekane sa Abrahama. Leha ho le joalo, ho ithuta khaolo ena ka ho tsoetseng pele ho bontšitse hore Jesu o ne a hlile a bua ka masaka a linku. Kahoo, joalokaha re tla bona, ho ile ha ipakahatsa hore hoa hlokahala hore tlhaloso e lokisoe.
6. U ikutloa joang ka litokiso tse joalo kutloisisong ea lintlha tsa Bibele?
6 Litokiso tse joalo lia hlokahala nako le nako, hobane Liproverbia 4:18 e re bolella hore “Tsela ea ba lokileng e joale ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.” Le hoja bahanyetsi ba bakoenehi ba “tsikitlanyetsa meno” litšenolo tse joalo tse tsoelang pele, hona ha ho re tšoenye ka letho. (Liketso 7:54) Ho e-na le hoo, re leboha Jehova hore “leseli le jaletsoe ea lokileng, thabo e neiloe ba pelo e lokileng.” (Pesaleme ea 97:11) Re na le tšepo ea hore u tla thabela ho tseba hore na setšoantšo sa Jesu sa masaka a linku se bolela eng bakeng sa hao le Lipaki tse ling tsohle tsa Jehova kajeno.
Lesaka la Linku la Pele, Tlas’a Molao
7. Maloka le lesaka la linku la Iseraele, Jesu o nkile karolo e ncha joang ka 29 C.E.?
7 Ho thoe’ng joale ka lesaka lela la linku la selekane sa Molao oa Moshe? Hoba Jesu a kolobetsoe ke Johanne Mokolobetsi, ’me a be a tlotsoe ka moea o halalelang oa Jehova le ho feta tekong ea matsatsi a 40 lefeelleng la Judea, Jesu Kreste a tla e le Molisa oa moea oa lesaka la linku la Iseraele ka selemo sa 29 C.E. Jesu Kreste a hla a toboketsa hore o rometsoe ho “linku tsa ntlo ea Iseraele tse timetseng.” (Mattheu 10:6; 15:24) Ho tla fihlela kolobetsong ea hae e ne e ntse e le e mong oa Baiseraele ba tlhaho feela ba phelang tokisetsong ea lesaka la linku la selekane sa Molao oa Moshe. Empa joale ha a se a tlotsitsoe le ho tsoaloa ka moea oa Jehova, Jesu Kreste o ne a ka tla lesakeng leo la linku ka karolo ea hae e ncha e le “molisa ea molemo.”—Johanne 10:11.
8. Molebeli oa tšoantšetso oa monyako oa Johanne 10:3 e ne e le mang, hona joang?
8 Johanne Mokolobetsi ke eena oa pele ho hlokomela Jesu e le Molisa oa ’Nete ea khethiloeng ke Molisa e Moholo, Jehova Molimo. Jesu o ne a sa tlela ho tlatlapa lesaka la linku empa o ne a tlile ka mosebetsi o tšoanelehang. O ne a ka itlhahisa ka hlompho e le Molisa oa moea lesakeng la linku la sechaba sa Iseraele. Tumellanong le boprofeta bo ho Malakia 4:5 (bapisa Mattheu 11:12-14; Luka 1:13-17), Johanne o ne a abiloe ke Molisa e Moholo hore e be “molebeli oa monyako” oa lesaka la linku tsa Iseraele. (Johanne 1:15, 17, 19-28; 10:3) Johanne o hlokometse bopaki ba hore Jesu Kreste ke Molisa ea Tlas’a Jehova Molimo, ʼme o ne a loketse hore a ka mo amohela, ho mo khetholla e le Molisa oa Messia ea hlileng a boleloa ea neng a tla bitsa linku tsa hae ka mabitso e be o li isa lekhulong.
9, 10. Jesu o ile a tšoanela tlhaloso ea hae ea molisa joang, ʼme balisa ba Baiseraele ba ile ba sebetsana joang le linku tsa bona?
9 Jesu o ne a tšoanela tlhaloso ea hae ea Molisa oa ʼNete le ea Molemo, joalokaha e ngotsoe ka mantsoe ana ho Johanne 10:1-5: “Ka ʼnete-nete ke re ho lōna: Ea sa keneng ka monyako lesakeng la linku, a mpa a tlōlela teng kahosele, ke lesholu le senokoane. Empa ea kenang ka monyako, eena ke molisa oa linku. Molebeli oa monyako o ee a ʼmulele, ʼme linku li utloe lentsoe la hae, ʼme a bitse linku tsa hae ka mabitso a tsona, a li ise kantle. Ere hobane a ntše linku tsa hae, a li etelle pele, ʼme linku li mo latele, kahobane li tseba lentsoe la hae. Osele li ke ke tsa mo latela, empa li ka ’malehela kahobane, li sa tsebe lentsoe la osele.”
10 Iseraeleng ea boholo-holo molisa o ne a tloaelana le linku tsa hae haholo-holo. O ne a e-ba le mokhoa o tloaelehileng ho eena feela oo a bokellang linku tsa hae ka oona hore a li ele hloko. Ho feta moo, o ne a li rea mabitso e ʼngoe le e ʼngoe. Nku ka ʼngoe e ne e arabela ka hlompho ha ho bitsoa lebitso la eona. Linku li ne li tseba botenya le molumo oa lentsoe la molisa oa tsona ʼme kahoo li ne li ke ke tsa arabela lentsoe la osele.
11. Re lokela ho ikutloa joang ka karolo ea Jesu e le Molisa?
11 Tumellanong le sena, ke matšeliso a makaakang ho rōna ho tiisetsoa hore Molisa oa rōna oa moea o tseba e mong le e mong oa rōna ka lebitso ʼme a ka re baballa le ho re ela hloko! E se eka re ke ke ra tšoana le bamameli ba bangata ba mehleng ea Jesu ba sa kang ba utloisisa se boleloang ke papiso ea hae e matla. E le mohlala o lemosang ho rōna, ho ngotsoe ho Johanne 10:6: “Jesu a ba [bamameli ba hae ba Bajode] bolella papiso eo, empa bona ha ba ka ba utloisisa tsee a ba bolellang tsona hore na ke life.”
12. ‘Basele’ bao Jesu a buileng ka bona ke bafe, ʼme ho bile joalo joang?
12 Baiseraele ba bang ba ileng ba tla ʼme ba ipolela hore ke bo-Messia kapa bo-Kreste ba tšepisitsoeng, ke bona bao Jesu a itseng ke basele. Johanne eo e neng e le “molebeli oa monyako” oa Jesu, eo Jesu a ileng a tla ho eena hore a kolobetsoe, o sitiloe ho ba tsebahatsa hore ke bona Molisa oa Messia oa Jehova. Jesu ha a ka a fosa ka letho ho sena. (Mattheu 3:1-7; Mareka 1:1-7; Luka 3:1-9) E ne e le ka sepheo sa ho sireletsa batho moo joale Jesu a ileng a bona ho le molemo ho itsebahatsa e le Eena eo Jehova a mo rometseng ho bona e le Molisa oa bona oa moea le ho pepesa balisa ba bohata.
Lesaka le Lecha Tlas’a Molisa ea Molemo
13. Molimo o ile oa fetola joang mabapi le lesaka la oona?
13 Nakong eo le hona joale, ntho ea bohlokoa ke hore motho a kene ka lesakeng la linku le nepahetseng. Na hoo ke ho etsa tlhahiso ea hore masaka a amoheloang ke Jehova Molimo a ne a ka ʼna a fetoha? E. Seo Jesu a se buileng hape ho Johanne khaolo ea 10 le seo linnete tsa histori li se bontšang, ka bobeli li bontša hore Molimo o ne o tla nkela lesaka la linku le neng le le la Iseraele tlas’a Molao sebaka ka lesaka le lecha. Hlokomela sena ha re ntse re tsoela pele le mantsoe a Jesu.
14, 15. Ho totobetse joang hore ho Johanne 10:7-10 Jesu o ne a bua ka lesaka le lecha?
14 “Jesu a boela a re,” ho Johanne 10:7-10, “Ka ʼnete-nete ke re ho lōna: Ke ʼna monyako oa linku. Bohle ba tlileng pele ho ʼna, e ne e le masholu le linokoane, empa linku ha lia ka tsa ba utloa. Ke ’na monyako; ekare ha motho a kena ka ’na, o tla bolokeha; o tla ʼne a kene, a ʼne a tsoe, a bone makhulo. Senokoane ha se tle ha e se ho utsoa, le ho hlaba, le ho timetsa feela; ʼna, ke tlile hore li be le bophelo, li bo bone ka ho fetisisa.”
15 Hlokomela ka litemana tsena hore Jesu o ipolela e le monyako oa lesaka leo a buang ka Iona joale, monyako o kenang ka lesakeng lena la linku la Molisa e Moholo, Jehova Molimo. Jesu e ne e se monyako oa tšoantšetso o kenang ka lesakeng la linku la Iseraele oa tlhaho, hobane eena ka boeena o ne a tsoaletsoe ka ho Iona ka ho tsoaloa ke moroetsana oa Mojode Maria. Jesu e ne e se ’muelli ea kang monyako oa selekane sa Molao seo ka sona sechaba sa Iseraele se neng se kentsoe kamanong e khethehileng le Jehova Molimo. Ke khale pele Jesu a tsoaloa lefatšeng ha Jehova Molimo a re ho sechaba sa Iseraele: “Ke tsebile lōna feela har’a meloko eohle ea lefatše.” (Amose 3:2) Ke lesakeng la linku la tšoantšetso la Sejode moo Molisa oa ʼnete ea tlas’a Jehova Molimo a neng a tla bitsa linku tsa pele tsa mohlape oa hae le ho li isa lekhulong la hae le khethehileng la moea. Ka hona Jesu o tlameha a be a ile a qala ho bua ka lesaka le lecha leo eena, Molisa ea Molemo, e neng e le monyako ka kutloisiso e ʼngoe.
16. (a) Ke pontšo efe e neng e bile teng hore Jehova o ne a tla ba le lesaka le lecha la linku? (b) Jesu o bontšitse joang hore lesaka le lecha la linku le ne le tla tloha le e-ba teng?
16 Bajode bao ba ileng ba hana ho fetoha barutuoa ba hae ba kang linku ba ikutloa hore Jehova Molimo o ne a hopotse ka lesaka la bona feela le hore le ne le tlameha ho lula le le teng ho ea ho ile. Ha baa ka ba ela hloko “selekane se secha” seo Jehova Molimo a neng a tšepisitse hore o tla se thea ho latela boprofeta ba Jeremia 31:31-34. Hona ha bolela kamano e ncha le Jehova Molimo ʼme, kahoo, lesaka le lecha la tšoantšetso. Jesu Kreste e ne e sa tlo ba monyako oa lesaka le neng le tla fetoha lefeela, le seng le sa sireletsoa ke lerako la tšireletso ea Jehova. (Ba-Heberu 8:7-13) Bosiung boo ka bona a ileng a keteka Paseka ea ho qetela le barutuoa ba hae ba Bajode, Jesu a bua mantsoe a mang a bohlokoa ha a ba tšella veine ea Paseka. A hlalosa veine ka mokhoa oa tšoantšetso, a re: “Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka, a tšolleloang lōna—Luka 22:20; Mattheu 26:27-29.
17, 18. (a) Lesaka lena le lecha la linku leo Jesu e neng e le Molisa ea Molemo ho Iona ke lefe? (b) Hape o ne a ka tšoantšoa le monyako oa lesaka le lecha lee joang?
17 Jesu Kreste e ne e tla ba monyako lesakeng la kamehla, le neng le tla nkela sebaka lesaka la pele la linku la Baiseraele ba tlhaho tlas’a selekane sa Molao. Ha Jesu a sia balateli ba hae lefatšeng ’me a nyolohela leholimong kamorao ho matsatsi a 40 a tsohile bafung, o nyolohile a ntse a e-na le tokelo ea hae ea bophelo bo phethahetseng ba nama, tokelo eo a neng a sa e lahla ka sebe sefe kapa sefe nameng. (Esaia 53:3-12; Liketso 8:30-35) Kahoo, a hlomelleloa ho sebeletsa e le Mokena-lipakeng le ho sebelisa tokelo ena ea bophelo, e neng e tšoantšetsoa ke mali a hae, ho tiisoeng ha selekane se secha le se molemo lebitsong la barutuoa ba hae ba lefatše. Hona o ho entse hamorao ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., ha moea o halalelang o tšolleloa ho barutuoa ba hae ba utloang ba Bajode ba emeng Jerusalema.
18 Kahoo barutuoa bana ba kenngoa selekaneng se secha, ʼme lesaka le lecha la linku la e-ba teng, la kamano le Jehova Molimo motheong oa selekane se secha se tiisitsoeng ka mali a Jesu Kreste. Linku tsa tšoantšetso ka lesakeng lena le lecha tsa tsoaloa ka moea oa Jehova le ho tlotsoa ka moea oa hae. Jesu Kreste e ne e le monyako oa lesaka lena hammoho le Molisa ea Molemo ea khethiloeng ke Jehova oa linku tse ka lesakeng lena.
19. Boprofeta bo ho Zakaria 13:7 bo phethahalitsoe ka tsela efe?
19 Likarolong tsa matsatsi a mararo ao Jesu a ileng a tšoaroa ʼme a shoele ka lebitleng, o ile a tlameha ho siela Jehova Molimo, Molisa e Moholo hore e be eena eo ho hang a hlokomelang barutuoa ba hae ba kang linku. Ke moo joale polelo ea Jehova ho Zakaria 13:7 e ileng ea phethahatsoa, hore: “Otla molisa, linku li tle li qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka holim’a ba banyenyane.” Letsoho la Molisa ea Matla ’Ohle, Jehova, la boela la apesa barutuoa bana ba banyenyane, ho fihlela ba khutlisetsoa ho Jesu Kreste Molisa ea tsositsoeng ea Tlas’a hae.—Mattheu 26:31, 32.
20. Johanne 10:16 e khannela ho lebelleng lesaka le leng hore le be teng joang, ’me hoo ho lokela ho re ama hobane’ng?
20 Empa u hopotse lesaka la linku le lecha tlas’a Molisa ea Molemo, hlokomela hore ho Johanne 10:16 Jesu o itse: “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise.” Na hona ha ho bontše hore o ne a tla ba le lesaka le leng, lesaka la bobeli, leo a neng a tla le sebeletsa e le Molisa ea Molemo? Haeba ho joalo, le ne le tla ba teng neng ’me ke bafe bao e neng e tla ba linku ka ho lona? Tsena ke lipotso tse nakong hantle ’me likarabelo tsa tsona li ka amana ka ho toba le tšepo ea hao le litebello tsa ka ho sa feleng. Ka baka leo, a re ke re hlahlobeng taba ena.
U Tla Arabela Joang?
◻ Jesu o tsoaletsoe lesakeng la linku joang, hona Molisa oa Iona e le mang?
◻ Jesu o tlile ka karolo efe e ncha ka 29 C.E.?
◻ Johanne Mokolobetsi o sebelelitse boemong bofe mabapi le lesaka la linku la Iseraele?
◻ Lesaka la linku le lecha leo Jesu e bileng Molisa ea Molemo oa lona ke lefe?
◻ Ke eng e bontšang hore ho ne ho sa ntsane ho tla tla lesaka le leng la linku?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
E le molebeli oa tšoantšetso oa monyako, Johanne Mokolobetsi a amohela Molisa ea Molemo Jesu
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Jesu a isa linku tsa hae lesakeng le lecha. E ne e le lefe?