Lesaka la Morao bakeng sa “Linku Tse Ling”
“Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ʼme li tla utloa lentsoe la ka, ʼme mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.”—JOHANNE 10:16.
1. Ke keketso efe e ileng ea etsahala maloka le lesaka la Iseraele oa moea e etsahetseng ka 36 C.E.?
KA HO kenngoa ha lesaka la linku le lecha la Iseraele oa moea mohla Pentekonta ka 33 C.E., lesaka la linku la pele bakeng sa Bajode ba tlhaho tlas’a selekane sa Molao oa Moshe le ile la fela e le le phethileng morero oa Iona. Lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng hamorao ha tla tšokoloho, kolobetso le ho tlotsoa ka moea ha molaoli oa lekholo oa Moroma Kornele le lelapa le lumelang la hae le metsoalle Cesarea. Ka tsela eo Balichaba ba sa sokolohang le ba sa bollang ba kenngoa ka lesakeng leo Jesu Kreste e neng e le “monyako” oa lona. (Liketso khaolo ea 10) Lesaka lena le kenya “Iseraele oa Molimo,” Baiseraele ba moea. Na ho bona ho na le bao ho ka boleloang tjee ka bona—leha e le Bajode kapa Balichaba—hore ‘hase ba lesaka lena’—lesaka le bokelletsoeng ho latela tokisetso ea selekane se secha? Ha ho monyetla!—Ba-Galata 6:16; Johanne 10:16.
2. Ke joang Jesu a sa ntsaneng a sebeletsa e le Molisa ea Molemo oa bao ba ka selekaneng se secha?
2 Ka nako ena e seng e ile hakana ho na le masala a Iseraele enoa oa Molimo a ntseng a le lefatšeng, ʼnete ena e paka hore Jesu Kreste, ʼMuelli oa Selekane se Secha, e bile Molisa ea Molemo ea Khabane. Le kajeno, kamorao ho lilemo tse fetang makholo a 19, Jesu Kreste ea tlotsitsoeng a ka bua ntle ho boithoriso sena seo a ileng a se bua pele ho lefu la hae le tsoho, ʼme re se bala ho Johanne 10:14, 15: “Ke ʼna molisa ea molemo, ke tseba linku tsa ka, le linku tsa ka lia ntseba, joale ka ha Ntate [Molisa e Moholo] a ntseba, le ʼna ke tseba Ntate; ’me ke beela linku bophelo ba ka.”
3, 4. Ke hobane’ng ha “linku tse ling” li ka khetholloa ho “mohlatsoana”?
3 Ntlheng ena ke moo joale Jesu a ileng a bua ntho e tsotehang empa e le e bontšang qenehelo: “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ʼme li tla utloa lentsoe la ka, ʼme mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.” (Johanne 10:16) Ke bo-mang bao a ileng a ba supa e le “linku tse ling”?
4 Kaha “linku tse ling” tseo e ne e se tsa “lesaka lena,” li ne li sa tšoanela ho kopanyelletsoa ho Iseraele oa Molimo, eo litho tsa eona li tlang ho ja lefa la moea kapa la leholimo. Ha ba felletse, Baiseraele bana ba moea ba ne ba tla etsa “mohlatsoana,” hobane Jesu o itse ho barutuoa ba hae ba neng ba tla emela ho tšolleloa moea o halalelang ka Pentekonta: “Mohlatsoana, se tšabe, hobane ho khahlile ntat’a lōna ho le fa ‘muso.” (Luka 12:32) Mohlatsoana o tla neoa ’Muso oa leholimo le o tla busa le Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, ʼMusong oo palo ea oona e tla ba feela Baiseraele ba moea ba 144 000.—Tšenolo 7:1-8; 14:1-5.
5. U ka sebelisa Tšenolo 14:4 joang ho bontša hore linku tse ling ka ho utloahalang li na le tšepo e fapaneng le ea mohlatsoana?
5 Tšenolo 14:4 e re: “Ke ba lopolotsoeng har’a batho, e be lithakangoaha ho Molimo le ho Konyana.” Baiseraele bao ba moea ba 144 000 ba ne ba ka tšoantšetsa litholoana tsa pele joang tse tsoang har’a batho haeba ho ne ho ke ke ha e-ba le litholoana tse ling tsa morao? Ka ho ke keng ha latoloa, he, ntle ho Baiseraele ba moea ba 144 000, ba etsang mohlatsoana oa linku tsa borena lesakeng la linku la selekane se secha, ho tlameha ho be le linku tse ling tse lokelang ho bokelloa hamorao. ʼMe ho fetse ha e-ba joalo, na ha ho joalo?
6, 7. Tšenolo 22:17 e phethahatsoa joang, ’me ke bo-mang ba sa mengoeng hore ba ‘tle’ mona?
6 Ho Tšenolo 22:17 ho hlile ha boleloa hore “Moea le monyaluoa ba re: Tlo! Le ea utloang a ke a re: Tlo! Le ea nyoriloeng a a tle; le ea ratang, a nke feela metsi a bophelo.” Monyaluoa oa moea oa Kreste ha a imeme a re “Tlo,” ke hore, a mema bao Jehova Molimo a neng a sa ntsane a tla ba hloka ho phetha karolo ea sehlopha sa monyaluoa e le hore ba ka ba 144 000. Ke ‘bofelong bona ba lefatše’ bo qalileng ka 1914 moo re utloileng memo e fetisoa ke “monyaluoa,” tumellanong le moea o halalelang oa Molisa e Moholo.—Mattheu 24:3.
7 Mantsoe ao a memo a fetiselitsoe ho batho hona mona lefatšeng, ba batlang ho fumana bophelo bo phethahetseng ka setšoantšo le ka ho tšoana le Molimo Paradeiseng eo ʼMuso oa Molimo ka Kreste o tla e khutlisetsa lefatšeng. Kajeno, bofelong bona ba tsamaiso ea lintho, bamemuoa bana ke “linku tse ling” tsa boprofeta ba Jesu bo nkileng nako e telele ho Johanne 10:16. Hase ba “lesaka lena” leo Molisa ea Molemo Jesu a le boletseng moo. Empa ba mengoa ke masala a “linku” tse ka ‘lesakeng lena,’ ʼme ba kopanela le masala a moea ho atoloseng memo ho e isa ho ba bang ho ea fihlela qetellong ea tsamaiso ena ea lintho.
8. Ho bile le maikutlo afe ka linku tse ling ka 1905?
8 Tokollong ea Zion’s Watch Tower ea March 15, 1905, ho ile ha hatisoa sehlooho sa taba e neng e re “Molisa oa ʼNete, Linku tsa ʼNete, Lesaka la ʼNete.” Ea hlakisa phapang ea linku tsa “lesaka lena” le bao ba bitsoang linku tse ling. Ea hatisa hore “lesaka lena” le amana le phutheho ea Bakreste ba lopolotsoeng nakong ena e neng e bitsoa “Mehla ena ea Molaetsa.” Kamor’a lihlohoana tse neng li re “Linku tse Ling tsa Lesaka le Leng” le “Majalefa Hammoho a Pallo e le ’Ngoe” (maqephe 89, 90) ha boleloa hore:
“Mohlape oo Morena a neng a o bokella ho eena ka nako ea setšoantšo sena e ne e se Iseraele ea tlhaho, empa Iseraele ea moea. . . . Kahoo maikutlo ao ba bang ba a nkileng a hore rōna bao re leng Balichaba kapa ‘linku tse ling’ tse boletsoeng hona joale re kenngoa ka lesakeng le le leng haa nepahala. . . . Ka ho totobetseng ‘linku tse ling’ tsena tse boletsoeng setšoantšong sena ke bao e tlang ho ba linku tsa Morena kamor’a hore ho phethahale ‘mohlatsoana’ oa hona joale.”
9, 10. (a) Ke hobane’ng ha setšoantšo sa linku le lipōli se ke ke sa sebetsa Lilemong tse Sekete? (b) Linku tse ling li ne li tla bokelloa neng?
9 Hammoho serapeng se seng hona sehloohong seo “linku tse ling” li beoa maemong a le mang le “linku” tse hlalositsoeng setšoantšong sa Jesu sa linku le lipōli, kamoo se ngotsoeng ho Mattheu 25:31-46. Ka selemo sa 1905 ho ile ha nahanoa hore setšoantšo seo se tla sebetsa Pusong ea Lilemo tse Sekete ea Kreste kamorao ho “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” lebaleng la ntoa la Harmagedone. (Tšenolo 16:14-16) Leha ho le joalo, re ke re hopole hore setšoantšo sa linku le lipōli e ne e le karolo e qetellang karabelo ea Jesu potsong ea barutuoa ba hae ka hore na pontšo ea ‘ho ba teng ha hae le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho’ ke efe. (Mattheu 24:3, NW) Ka hona ho phethahala ha setšoantšo sena ho tlameha ho bonahala bofelong ba tsamaiso ena ea lintho bo qalileng ka selemo sa 1914.
10 Kahoo hoa ananeloa hore Molisa ea Molemo Jesu Kreste ha a ka a tsoela pele ho tlisa “linku tse ling” tsa Johanne 10:16 lekholong la pele la lilemo ha Basamaria ba bolotseng ba qala ho sokolleloa Bokresteng. Leha e le hore o ile a etsa joalo ha molaoli oa lekholo oa Moroma, Molichaba Kornele ea sa bollang a sokoloha hoo e ka bang 36 C.E. E be joale Molisa ea Molemo o qalisitse ho tlisa linku tse ling tsa hae neng? Makholo-kholo a lilemo hamorao, e, lekholong lena la bo20 la lilemo, ho latela linnete tsa taba ena.—Liketso 8:4-17; 10:9-48.
11. Baiseraele ba moea ba ne ba tšoarehile ho eng ho fihlela ka 1935?
11 Re hlokomela hore ho tla fihlela selemo selemong sa 1935 masala a Baiseraele ba moea ao e leng a “lesaka lena” a ne a tšoarehile ka ho bokella ka lesakeng leo, ba ho qetela ba tla etsa litho tse feletseng tse 144 000 tsa Baiseraele ba moea. Bana e ne e tla ba ba ho qetela ba tlisoang tlas’a selekane se secha se buelletsoeng ke Molisa ea Molemo, ea shoeleng e le Konyana ea Molimo ho fana ka “mali a selekane se sa feleng.” (Ba-Heberu 13:20; Pesaleme ea 50:5) Joale ho ile ha etsahala joang ka 1935?
12. Ke ntho efe e sa tloaelehang e ileng ea hōla mabapi le kopano ka 1935?
12 Ha tšoaroa kopano e akaretsang ea Lipaki tsa Jehova motse-moholo oa Linaha tse Kopaneng tsa Amerika, Washington, D.C., moo Liithuti tsa Bibele tse tšabang Molimo tse neng li tšoana le Jonadabe oa Molichaba li ileng tsa memeloa ka ho khethehileng hore li be teng. Ka letsatsi la bobeli la kopano, la 31 Motšeanong, eo e neng e le mookameli oa Watch Tower Bible and Tract Society ka nako eo a thabisa ba kopaneng ka puo ea hae e buang ka Tšenolo 7:9-17, maloka le “bongata bo boholo.” (Tšenolo 7:9) A hlalosa hore “bongata bo boholo” bona bo hlileng ba boleloa bo ne bo tla etsoa ka “linku tse ling,” bo hlile ba tšoantšetsoa ka Jonadabe, monna oa Molichaba ea neng a tsamaea le Jehu, morena oa Iseraele, pontšong ea ho chesehela Jehova le ho loantšeng borapeli ba molimo oa bohata Baale. (2 Marena 10:15-28; Jeremia 35:6-19) Kahoo Jehu a bontša hore ‘ha a mamelle bora bo etsetsoang Jehova,’ kapa ka Bibele ea Sesotho ‘ho chesehela Jehova.’—2 Marena 10:16, NW.
13, 14. (a) Ke bo-mang bao e bileng Majonadabe a kajeno? (b) Ho ne ho loketse hore ba etse joang, hona hobane’ng?
13 Makholo a ba neng ba batla ho tšoana le Jonadabe ʼme ba be har’a “linku tse ling” tsa Molisa ea Molemo ba ile ba arabela memo e ngotsoeng ʼme ba e-ba teng kopanong ea Washington. Ho ba Majonadabe a mehleng ea kajeno a sebele Mangolo a ne a ba hloka hore ba ineele ka botlalo ho Jehova Molimo ka Molisa ea Molemo oa hae ʼme ba tšoantšetse boineelo bona ka ho qoelisoa metsing ka ho feletseng, joalokaha linku tsa “lesaka lena” li ne li entse. Ke kahoo eitseng ka Moqebelo oa la 1 Phuptjane, 1935, ho bileng le ba 840 ba kopanong ba ileng ba kolobetsoa metsing, ba tsoantšetsa kolobetso e pharaletseng e ileng ea etsahala ka Pentekonta selemong sa 33 C.E. Jerusalema. Ke tsela e khahlisang le e tšoaeang linako hakaakang hore Molisa ea Molemo a bontše hore joale o ne a kene tseleng ea ho hlokomela ka bolisa linku tse ling tse neng li mamela lentsoe la hae joaloka Molisa eo li ikhethelang eena! Hona e tlameha ebe ho ile ha mo thabisa hakaakang! Kamorao ho kopano ea Washington ea 1935, puo ea sehlooho e neng e hlalosa Tšenolo 7:9-17 ea hatisoa likarolong tsa makasine oa Molula-Qhooa (ka Senyesemane), litokollong tsa Phato 1 le 15, 1935, tlas’a sehlooho “Bongata bo boholo” (Likarolo 1 le 2).
14 Likete-kete tsa babali joale tsa bona tokelo ea tsona ea hore e hle e be karolo ea linku tse ling tsa Molisa ea Molemo le ea ho kenngoa ka lesakeng le nepahetseng. Ho finyella seo, ba kolobetsoa ha ho hlaha monyetla oa pele ho tšoantšetsa ho ineela ha bona ho entsoeng ka kelello e hlaphohileng ho Molisa e Moholo ka tlas’a Hae, Jesu Kreste. Kaha ba ile ba hlokomela hore Molisa ea Tlas’a Jehova o neetse moea oa hae oa botho lebitsong la linku tsohle, bona, ha e le hantle, “ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona” tsa boitsebahatso “maling” a “Konyana” ena ea Molimo le ‘ho li soeufatsa’ e le hore ba ka feta hantle tlhahlobong ea Molimo.—Tšenolo 7:14.
15. Linku tse ling li atile hakae, ʼme hona ke bopaki ba eng?
15 Ho fela ha tsamaiso ea lintho ho qalileng bofelong ba Mehla ea Balichaba ka 1914 ha hoa ka ha fela ka 1935 ha ho talingoa hore Molisa ea Molemo o ile a lebisa tlhokomelo ea hae e phelisang ho linku tse ling. Empa ho tsoetse pele ho tla fihlela selemong sena sa 1984, ha bofelo e le hona bo tla tla kamorao ho hore boboleli ba ʼMuso bo finyelloe. Ba seng ba ntse ba iponahatsa hore ba ka lesakeng la linku tse ling ho ketekoeng ha Sejo sa Morena sa Mantsiboea ba baloa ka limillione, le ka ba bang ba se nang palo ba ntseng ba le molemong oa ho kena ka lesakeng. Ba se ba ntse ba feta hole palo ea 144 000, e leng palo e khethiloeng pele e lekanyelitsoeng e kentsoeng ka ‘lesakeng lena’ le boloketsoeng Baiseraele ba moea, majalefa hammoho le Molisa ea Molemo ʼMusong oa hae oa leholimo. ʼNete ena e fana ka bopaki bo bong ba hore ha ba ka ‘lesakeng lena’ la “mohlatsoana” oa Molisa ea Molemo.—Luka 12:32.
16, 17. (a) Kamano ke efe pakeng tsa linku tse ling le mohlatsoana? (b) Mantsoe a Jesu ka ho ba ‘mohlape o le mong’ a fumane ho phethahatsoa joang?
16 Na ho se tšoane ha tšepo—tšepo ea leholimo bakeng sa linku tsa “lesaka lena” le tšepo ea lefatšeng bakeng sa linku tse ling tseo e leng tsa lesaka lena le leng le sa tsoa lokisetsoa—ho li susumellelitse hore li arohane joalokaha eka ha ho moo li amanang teng? Liphetoho ho tloha ka selemo sa 1935 lia arabela, Ha ho joalo ho hang! Jesu, Molisa ea Molemo, o hlile a bolela hore ho ke ke ha e-ba joalo, hobane o ile a boela a re:” ‘Me mohlape o tla ba mong.” (Johanne 10:16) Rea hlokomela hore ha a ka a re, “Mohlape o le mong ka lesakeng le le leng.” Empa le hoja masaka a ka ʼna a fapana, ho ne ho tla ba le ‘molisa a le mong,’ ʼme enoa o ipaka e le Molisa le Morena ea ileng a busa maholimong ho tloha qetellong ea Mehla ea Balichaba ka 1914. Tumellanong le ʼnete ena, “linku” li na le mosebetsi o le mong oo li lokelang ho o phethahatsa, ‘ho bolela litaba tsena tse molemo tsa ʼMuso lefatšeng lohle le ahiloeng e le bopaki ho lichaba tsohle,’ pele ho bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ea lefatše la khale.—Mattheu 24:14.
17 Ha ho tsela eo ka eona linku tse ling li ikutloang hore li arohantsoe le mohlatsoana. Kaofela li etsa mohlape o le mong oa linku tsa Molisa ea Molemo. Linku tse ling li thabela kamano ea tsona e haufi le mohlatsoana, li e nka e le tokelo e khōlō ho sebeletsa le marena le baprista bao ba kamoso, bao ba tlang ho fetoha bafo ba bona ʼMusong oa lilemo tse Sekete.
18. (a) Bokamoso bo tšoaretse selekane se secha le linku tse tlotsitsoeng tsa “lesaka lena” eng? (b) Linku tse ling li lebelletse eng?
18 Ha ka nako ea Molimo e loketseng masala a Baiseraele ba moea a phetha tsela ea oona ea lefatšeng ʼme a nyamela lefatšeng ho kena moputsong oa oona oa leholimo, selekane se secha se neng se theiloe maling a ʼMuelli, Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, se tla khaotsa ho sebetsa, kaha se tla be se sebelelitse morero oa sona ka katleho. Ho tla fela le ho bolokoa ha Sejo sa Morena sa Mantsiboea Letsatsing la Paseka. Joale, le “lesaka lena” la mohlape oa Baiseraele ba moea ha le sa tla ba teng. Linku tse ling tse ineetseng le ho kolobetsoa li tla hlola lefatšeng ho kena mahlohonolong ao li tla a tšolleloa ke ʼMuso o entsoeng ke Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, le baprista ba hae le marena ba 144 000. Mohlape o tla siuoa lefatšeng le hloekisitsoeng o tla be o entsoe feela ka linku tse ling tse kopaneng. Li tla ʼne li mamele lentsoe la Molisa le Morena oa tsona, ʼme hona ho tla isa ho fumaneng bophelo bo sa feleng phethehong ea botho Paradeiseng ea lefatše.
Na U Ka Hlalosa?
◻ Ke eng e bontšang hore linku tse ling ha li tšoane le mohlatsoana?
◻ Tšenolo 22:17 e phethahatsoa joang kajeno?
◻ Ke neng hona hokae moo linku tse ling li ileng tsa qala ho hlahella?
◻ Kaha linku tse ling li ka lesakeng lesele ho batlotsuoa, ke mohlape o le mong joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Sehlooho “Bongata bo Boholo,” se neng se hatisitsoe ka 1935, se ile sa thusa ho tsebahatsa “linku tse ling”
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ha ho bitsoa ha “mohlatsoana” ho e-ea qetellong, Jesu a bokella letšoele la “linku tse ling”