Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 4/1 maq. 8-12
  • Levitike—Ho Bitsetsoa Borapeling bo Halalelang ba Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Levitike—Ho Bitsetsoa Borapeling bo Halalelang ba Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tse Kahare li Tiisa Khalalelo
  • Linyehelo tse Halalelang le Tšebeletso ea Boprista
  • Borapeli bo Halalelang bo Hloka Bohloeki
  • Ho Tlamehoa ho Bolokoa Khalalelo
  • Kamoo Levitike e ka Amang Borapeli Ba Rōna
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Levitike
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Buka ea Bibele ea 3—Levitike
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • “Le Halalele”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Lengolo la Levitike le re Ruta Hore re Tšoare Batho ba Bang Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 4/1 maq. 8-12

Levitike—Ho Bitsetsoa Borapeling bo Halalelang ba Jehova

BARAPELI ba Jehova ba tlameha ho halalela. Buka ea Bibele ea Levitike e hlakisa hona haholo khafetsa. Ka mohlala, ho eona rea bala: “Ke ’na Jehova, Molimo oa lōna; le tšoanetse ho ikhetha, le be le halalele, hobane kea halalela.”—Levitike 11:44; 19:2; 20:7, 26.

Levitike e ngotsoe ke moprofeta Moshe Sinai, ho bonahala e le ka 1512 B.C.E. Ha e-ea nka ho feta khoeli—ho tloha ha ho ema tabernakele ka letsatsi la pele la khoeli ea pele selemong sa bobeli sa ho lokolloa ha Baiseraele litlamong tsa Baegepeta ho fihlela Jehova a laela Moshe hore a bale sechaba “ka selemo sa bobeli sa ho tloha ha bona lefatšeng la Egepeta, ka tsatsi la pele la khoeli ea bobeli.” (Numere 1:1-3; Exoda 40:17) Tse kahare ho buka ena li bontša bophelo bo kang ba likampong, kahoo e supa ho ngoloa ha eona lefeelleng.—Levitike 4:21; 10:4, 5; 14:8; 17:1-5.

Lipaki tsa Jehova kajeno ha li tlas’a Molao o fanoeng ke Molimo ka Moshe, hobane lefu la Jesu Kreste le hlakotse molao oo. (Ba-Roma 6:14; Ba-Efese 2:11-16) Ka hona, na melao e fumanoang ho Levitike e ka tsoela Bakreste molemo? Haeba ho joalo, ka litsela life? Bukeng ee, re ka ithuta eng ka borapeli ba rōna ho Jehova.

Tse Kahare li Tiisa Khalalelo

Ho buuoa ka linyehelo le mahlabelo ho Levitike khaolo ea 1 ho ea ho 7. Nyehelo ea secheso ea boithatelo e ne e neheloa Molimo kaofela ha eona, joalokaha Jesu Kreste a ile a fana ka boeena kaofela. Karolo ea sehlabelo sa teboho sa boithatelo e ne e isoa ho Molimo aletareng, ha karolo e ’ngoe e ne e jeoa ke moprista e moholo ’me e ’ngoe ke mofani. Ha ho bapisoa, bakeng sa Bakreste ba tlotsitsoeng Sehopotso sa lefu la Kreste ke sejo sa teboho.—Levitike 1:1-17; 3:1-17; 7:11-36; 1 Ba-Korinthe 10:16-22.

Linyehelo tsa sebe le tsa molato li ne li tlama. Ea pele e ne e le ho etsa pheko bakeng sa libe tse entsoeng ka phoso kapa e se ka boikemisetso, ha ea bobeli ho ne ho totobetse hore ke ho khotsofatsa Molimo holim’a tokelo e tlotsoeng le/kapa ho tsosolosa litokelo tse ling tse itseng bakeng sa mofosi ea bakileng. (Levitike 4:1-35; 5:1–6:7; 6:24-30; 7:1-7) Hoa hlokomeleha hore Baiseraele ba ile ba hopotsoa ka makhetlo a fetang bonngoe hore ba se je mali. (Levitike 3:17; 7:26, 27) Ho ne ho boetse ho le teng linyehelo tsa lijothollo tse se nang mali tse etsoang ka ho hlokomela ho fana ha Jehova. (Levitike 2:1-16; 6:14-23; 7:9, 10) Bakreste kajeno ba hlokomela lintho tsena kaofela ka thahasello, hobane mahlabelo ’ohle a laetsoeng tlas’a selekane sa Molao a ne a supa Jesu Kreste le sehlabelo sa hae kapa melemo e tlisoang ke sona.—Ba-Heberu 8:3-6; 9:9-14; 10:5-10.

Ho latela melao ea boprista. Joalokaha a ne a laetsoe ke Molimo, Moshe a etella pele mokete oa peho ea Aarone, moprista e moholo, le bara ba hae ba bane e le baprista ba ka tlasana. Ho tloha ka nako eo boprista ba qala ho sebetsa.—Levitike 8:1–10:20.

Ho latela melao e busang lintho tse hloekileng le tse litšila. Melao e mabapi le liphoofolo tse hloekileng kapa tse litšila e le lijo e ile ea sireletsa Baiseraele ho re ba se hlaseloe ke likokoana-hloko ’me ea boetse ea matlafatsa mokoallo pakeng tsa bona le batho ba lichaba tse ba potolohileng. Melao e meng ea sebetsana le sesila sa litopo, ho hloeka ha basali hoba ba belehe, mehato e amanang le lepera, le sesila se bakoang ke ho lutla ha motho e motona le e motšehali. Ho nahana ka melao e joalo ho lokela ho re etsa hore re bone hore hoa hlokahala ho boloka khalalelo joaloka barapeli ba Jehova.—Levitike 11:1–15:33.

Mahlabelo a bohlokoa haholo bakeng sa libe a ne a etsoa ka letsatsi la selemo la lipheko. Har’a lintho tse ling, poho e ne e nyeheloa bakeng sa baprista le moloko ’ohle oa Levi. Meloko ea Baiseraele e neng e se ea boprista e ne e etsetsoa sehlabelo sa phooko e le ’ngoe, ’me ho ne ho boleloa libe tsa sechaba holim’a phooko e phelang e neng e lelekeloa lefeelleng. Liphooko tseo tse peli li ne li nkoa e le sehlabelo se le seng sa sebe (16:5), ho neng ho bontša hore ka bobeli li tšoantšetsa ntho e le ’ngoe. Kahoo, Jesu Kreste ha a ka a etsoa sehlabelo feela empa hape a jara libe tsa bao a neng a ba shoela ka sehlabelo.—Levitike 16:1-34.

Ho hlahlama melao ea ho ja nama le e mabapi le linyehelo. Haholo-holo ho neng ho hlokomeleha e ne e le thibelo ea bomolimo khahlanong le ho ja mali. Ho itima mali esale molao bakeng sa bao ba rapelang Jehova ka khalalelo.—Levitike 17:1-16; Liketso 15:28, 29.

Liqeto tsa boahloli tsa beoa e le tse hlahlamang mabapi le ho ba le likamano tsa botona le botšehali le mong ka uena, likamano tse fosahetseng tsa botona le botšehali, le mekhoa e meng e manyala, ho akarelletsa borapeli ba litšoantšo, boloi, boeki, joalo joalo, le tsona li lokela ho re bontša hore ho hlokahala khalalelo ha ho rapeloa Jehova. Ka ho loketseng, baprista ba ne ba lokela ho ipoloka ba halalela. Har’a lintho tse ling, melao e ne e beiloe mabapi le lenyalo la baprista, litšila tsa boprista le ho ja lintho tse halalelang.—Levitike 18:1–22:33.

Kamor’a moo ho boletsoe mekete e meraro ea selemo le selemo—Paseka mathoasong a selemo, Pentekonta mafelong a selemo, le Mokete oa Metlotloane, kapa Kotulo ha se tonamela. Ho latelang sena ke melao e amanang le thohako ea lebitso le halalelang la Jehova, ho hlokomela Sabbatha (ka beke le beke, ka khoeli le khoeli le selemo le selemo se seng le se seng sa bosupa) le Jubile, tšoaro ea Baiseraele ba futsanehileng le tšoaro ea makhoba.—Levitike 23:1–25:55.

Mahlohonolo a neng a tla tla ka lebaka la ho mamela Jehova a bapisoa le thohako e tla latsuoa ka ho se mamele. Ho boetse ho na le melao ea linyehelo tsa boikitlaetso le litekanyetso, matsibolo a liphoofolo le ho fana ka karolo ea leshome e le “ntho e halalelang ho Jehova.” Hona ho tlisa pheletsong “melao eo Jehova a e neileng bana ba Iseraele ka Moshe, thabeng ea Sinai.”—Levitike 26:1–27:34.

Ho baloa ha Levitike ka hloko ntle ho pelaelo ho tla u khahla ka tiiso ea eona ka borapeli bo halalelang ho Jehova. Empa u ka ’na ua boetse ua kopana le mathata. Ka hona, lipotso tse latelang le likarabelo e ka ’na eaba tse thahasellisang.

Linyehelo tse Halalelang le Tšebeletso ea Boprista

• 2:11—Ke hobane’ng ha linyehelo tsa linotši li ne li sa amohelehe ho Jehova?

Ka ho totobetseng, linotši tseo ho buuoang ka tsona mona e ne e se mahe a linotši empa e ne e le lero le tsoekere la litholoana. Ho seng joalo, le ka be le sa ka la kopanyelletsoa har’a “lilopotsiea.” (Levitike 2:12; 2 Likronike 31:5) Kaha tsoekere ea litholoana e ka bela, e ne e sa amohelehe e le nyehelo aletareng.

• 3:17—Ke hobane’ng ha ho jeoa ha mafura ho ne ho thibetsoe?

Mafura a ne a nkoa e le karolo e molemo haholo kapa e nonneng haholo, joalokaha ho bontšitsoe ke polelo ea tšoantšetso e le “monono oa naha.” (Genese 45:18) Ka lebaka leo, ho thibeloa ho ja mafura ka ho totobetseng ho ne ho susumelletsa Baiseraele hore ba tsebe hore likarolo tse molemohali ke tsa Jehova. Le hoja Bakreste ba se tlas’a thibelo ena ea Molao, ho ka ’na ha hopotsa bahlanka ba Jehova ba mehleng ea kajeno hore ba lokela ho tsoela pele ba fana ka lintho tsa bona tse molemohali ho eena.—Liproverbia 3:9, 10; Ba-Kolosse 3:23, 24.

• 10:1, 2—E ka ’na eaba ho ne ho ameha eng sebeng see?

Ha Nadabe le Abihu ba nka litokelo tsena tse sa ba tšoanelang, mohlomong ba ne ba le tlas’a tšusumetso ea tahi. Hona ho ka etsahala, kaha hang kamor’a moo Jehova o ile a hanela baprista ho noa veine kapa joala bo tahang ha ba sebetsa tabernakeleng. Leha ho le joalo, lebaka-baka la lefu la Nadabe le Abihu e ne e le ho “hlahisa pel’a Jehova, mollo osele, e le seo a sa kang a ba laela sona.” (Levitike 10:1-11) Taba ena e bontša hore bahlanka ba Jehova ba nang le boikarabelo kajeno ba tlameha ho lumellana le litlhoko tsa Molimo le hore ba ke ke ba etsa ho lokileng mosebetsing oo ba o filoeng ke Jehova ha ba le tlas’a tšusumetso ea lino tse tahang.

Borapeli bo Halalelang bo Hloka Bohloeki

• 11:40—Molao oo o ka lumellanyoa joang le Deuteronoma 14:21, e reng: “Le se ke la ja nama ea tse ichoeletseng”?

Haele hantle, litemana tsena ha ho moo li hananang teng. Deuteronoma 14:21 e hanela ho ja phoofolo e ichoeletseng ka boeona kapa e fumanoeng e shoele. Empa Levitike 11:40 e totobatsa se neng se hlokahala haeba Moiseraele a ne a tlōla thibelo ena. Ka ho tšoanang, Molao o ne o thibela liketso tse kang bosholu, empa batho ba bang ba ne ba utsoa. Likahlolo tse neng li balloa bafosi tsa fa lithibelo tsa Molao matla.

• 12:2, 5—Ke hobane’ng ha ho tsoaloa ha ngoana ho ne ho ‘silafatsa’ mosali?

Litho tse belehang li ne li etselitsoe ho fetisa bophelo ba motho ea phethahetseng. Leha ho le joalo, ka lebaka la liphello ho ne ho fetisetsoa baneng bophelo bo sa phethahalang le ba boetsalibe. Linako tsa “sesila” sa nakoana se amanang le ho tsoaloa ha ngoana, ho ilela khoeli le ho lutla li re hopotsa sebe sena se futsitsoeng. (Levitike 15:16-24; Pesaleme ea 51:5; Ba-Roma 5:12) Hona e ne e le ’nete ka ho khethehileng ka tsoalo ea ngoana, hobane nyehelo ea sebe e ne e hlokahala mabapi le hona. Ho thahasellisang, ka ho nahanela ha Jehova, tabeng ena, o ne a lumella mafutsana ho nyehela linonyana ho e-na le linku tse theko e boima. (Levitike 12:8) Melao e joalo ea tlhoekiso e ne e tla thusa Baiseraele hore ba ananele tlhokahalo ea sehlabelo sa topollo ho koahela sebe sa motho le ho tsosolosa phetheho ea botho. Bonneteng, mahlabelo a liphoofolo ao ba neng ba a nyeheloa a ne a ke ke a finyella sena. Ka hona, Molao o ne o ba lebisa ho Kreste le ho ba thusa ho ananela taba ea hore ke sehlabelo sa hae feela se ka fellang ka tšoarelo ea ’nete ’me qetellong ho tsosolosetsoa phethehong ea botho.—Ba-Galata 3:24; Ba-Heberu 9:13, 14; 10:3, 4.

Ho Tlamehoa ho Bolokoa Khalalelo

• 16:29—Ho ne ho boleloa eng ka ho “hlomola lipelo”?

Ho ka ’na ha etsahala hore e be, ho ‘hlomola pelo’ mona ho ne ho bolela ho itima lijo. Har’a lintho tse ling, mohla letsatsi la lipheko ho ne ho etsoa sehlabelo sa liphoofolo bakeng sa libe tsa Balevi le sechaba ka kakaretso. Kamor’a hore moprista e moholo a bolele libe tsa sechaba tsa selemo se fetileng ho phooko e phelang, e ne e lelekoa, e nkile libe tsa bona ho ea lefeelleng. Ka pono ea mehato e neng e lateloa Letsatsing la Lipheko, ho itima lijo ka nako eo ka ho totobetseng ho ne ho amana le ho lumela libe.—Levitike 16:5-10, 15, 20-22.

• 20:9—Ke hobane’ng ha kahlolo ea lefu e ne e etsetsoa ea “rohakang” batsoali ba hae?

Motho ea rohakang batsoali ba hae ’me a rata hore ba oeloe ke bomalimabe o ne a e-na le botho ba lehloeo, le ba ho bolaea. Le hoja a sa sebelisa sebetsa ho ba bolaea, pelong o ba lakalelitse lefu. Kaha moea o mobe joalo mahlong a Jehova o bolela polao, Molao o bolela kahlolo e tšoanang hobane ha motho a rohaka batsoali ba hae ho tšoana le ho ba bolaea. Hona ho tla susumelletsa Mokreste hore a bontše lerato, e seng lehloeo, ho balumeli ’moho le eena.—1 Johanne 3:14, 15.

• 25:35-37—Na kamehla ho phoso ho batla tsoala ho ngoan’eno?

Haeba moena a alima e mong chelete ka morero oa khoebo, moalimi a ka ’na a lebella ho khutla ha chelete ’me mohlomong a ba a batla le tsoala. Ea alimiloeng chelete o sebelisa chelete hore e mo sebele tse ’me a etse e ngata, ’me moalimi ka nepo a ka ’na a kopanela se hlahisoang ke chelete eo ka ho batla tsoala e loketseng. (Bapisa Mattheu 25:27.) Leha ho le joalo, Molao o ne o hanela ho batla tsoala holim’a likalimo tsa lichelete ho thusa mafutsana. Moalimi a ka lebella ho khutla ha chelete eo, empa ho nkoa e le phoso ho batla phaello ho moahelani ea hlokang.—Exoda 22:25.

• 26:26—Ho boleloa eng ka hore ‘sebopi se le seng se tla lekana basali ba leshome ho apeha bohobe’?

Ka tloaelo, mosali e mong le e mong o hloka onto ea hae bakeng sa ho apeha tsohle tseo a batlang ho li apeha. Empa mantsoe ana a supa hore tlala ke eona e neng e tla etsa hore basali ba leshome ba apehele tsohle ka ontong e le ’ngoe. Bona e ne e le bo bong ba maemo a boletsoeng esale pele a ho ‘setakela’ Jehova ’me ka hona ho hlōleha ho halalela tšebeletsong ea hae.—Levitike 26:23-25.

Kamoo Levitike e ka Amang Borapeli Ba Rōna

Lipaki tsa Jehova tsa kajeno ha li phele tlas’a molao. (Ba-Galata 3:23-25) Empa kaha se boletsoeng ho Levitike se re fa bohlale ponong ea Jehova linthong tse fapa-fapaneng, se ka ama borapeli ba rōna. Hlokomela litsela tse seng kae tse pakang hore hona ke ’nete.

Jehova, Morena oa Bokahohle, o batla borapeli bo halalelang. Haa lumelle tlholisano, o-oa halalela ’me o batla hore ba etsang tšebeletso ea hae e halalelang ba halalele. (Levitike 11:45; 19:2) Tekanyetso ena e sebetsa le borapeling ba Bakreste, joalokaha moapostola Petrose a hlakisitse ha a ngola: “Joale ka bana ba mamelang, lahlang litakatso tseo le neng le e-na le tsona pele mehleng ea ho se tsebe ha lōna. Empa joale ka ha ea le bitsitseng a halalela, le lōna le halalele metsamaong ea lōna eohle; kamoo ho ngoliloeng, ho thoe: ‘Halalelang, hobane kea halalela.’”—1 Petrose 1:14-16, NW.

Lebitso la Jehova le tlameha ho bolokoa le halalela. Lipaki tsa Jehova ha li rate ho tlisa thohako lebitsong la Molimo, joalekaha Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba lokela ho itebela ho sena. (Levitike 22:32; 24:10-16, 23) Joaloka ba beetsoeng ka thoko kapa ba khethetsoeng, tšebeletso e halalelang ea Jehova, ka nepo re tlameha ho rorisa lebitso la hae le ho le rapella hore le halaletsoe.—Pesaleme ea 7:17; Mattheu 6:9.

Jehova o batla hore re loantše sebe. Ho tšoareloa ha sebe ha ho hloke feela sehlabelo sa pheko empa hape le ho ipolela, pako le ho ntlafatsa ho isa moo ho khonehang. ’Me haeba re tseba hore setho se seng sa phutheho se entse sebe se seholo empa se sa tl’o se bolela, re lokela ho se tlisa tlhokomelong ea baholo ba khethiloeng. (Bapisa Levitike 4:2; 5:1, 5, 6.) Haele hantle, bakeng sa libe tse ling, ha ho tšoarelo. (Levitike 20:2, 10; Ba-Heberu 6:4-6; 10:26-29) Empa haeba re loantša sebe, kamehla re ikemiselitse ho etsa lintho ka tsela ea Ntat’a rōna oa leholimo ’me re iketsa ba fumanehang sehlabelong sa topollo sa Jesu Kreste, re ka ema hantle le Jehova Molimo o halalelang.—1 Johanne 2:1, 2.

Ka ho hlakileng, Levitike e lokela ho ama borapeli ba rōna joale ka Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste. E lokela ho re susumetsa ka taba ea hore Molimo oa rōna o batla hore bahlanka ba oona ba halalele. Ka hona, rea tlameha ho boloka lebitso la hae le halalela le ho phehella ho loantša sebe. Ho feta moo, Buka ena ea Bibele e lokela ho re susumeletsa hore re fe Ea Holimo-limo se molemohali sa rōna, re hloekile le ho halalela kamehla tšebetsong e halalelang thorisong ea Molimo oa rōna o halalelang, Jehova.

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Mahlabelo a entsoeng tlas’a Molao a ne a supa sehlabelo sa lefu la Jesu Kreste le melemo e tlisoang ke sona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela