Na U ka Thabela Paradeise Hona Joale?
PARADEISE e teng lefatšeng kajeno. E ntse e atoloha ho ea pele ’me e se e ntse e thabeloa ke batho ba limillione. Le uena u ka ba karolo ea eona. Na hoo ke khōpolo-taba? Le hanyenyane, hobane ha re bue ka paradeise ea tlhaho ea lefatšeng empa ea moea.a
Ua botsa: “U bolela’ng ka paradeise ea moea?” Ka mantsoe a bonolo ke: Mokhatlo oa Bakreste ba fetotseng botho ba bona hore bo lumellane le litlhoko tsa Molimo le ba kopaneng borapeling ba hae ba ’nete ho ka thoe ba paradeiseng ea moea.
Ke hokae moo Bibele e fanang ka pontšo ea boemo bo joalo bo babatsehang ba moea? Ke bopaki bofe bo teng ba hore boemo bo joalo bo teng kajeno?
Phiri le Konyana
Ho na le boprofeta bo bongata ba Bibele bo hlalosang maemo a re hopotsang ka paradeise. Tlhaloso e thabisang haholo ea paradeise e joalo e fumanoa ho Esaia 11:6-9, e balehang ka tsela e latelang:
“Phiri e tla lula le konyana, lengau le bothe le potsanyane; namane le taoana le khomo e nontšitsoeng li tla ba hammoho, li sotetsoe ke moshanyana. Sethole sa khomo le sa bere li tla fula hammoho, manamane a tsona a robale hammoho; tau e tla fula joang joale ka khomo. Lesea le anyang le tla ipapalla mosimeng oa marabe, ngoana ea khoesoang a kenye letsoho lefarung la qoaane. ’Me ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.”
Nahana feela hore na ho ne ho tla thabisa hakaakang ho phela tikolohong e khatholohileng joale ka e hlalositsoeng mona, khotso eohle e feletseng e rena ka mokhoa o babatsehang joalo! Hona ho tla tsosolosa maemo a Paradeise e neng e le teng tšimong ea Edene ha batho le liphoofolo ba ne ba phela tšimong eo ka kutloano. (Genese 1:30; 2:8, 19, 20) Bakreste ba ’nete ba lebelletse ka thahasello ho thabela mahlohonolo ana a maholo lefatšeng lohle kamoso tlas’a puso ea Morena Messia, Jesu Kreste. Puso ea hae e hlalositsoe ho Esaia 11:1-5, litemana tse tlang pejana ho tse qotsitsoeng kaholimo. Empa na mahlohonolo aa a bonahalang a tla tla kamoso tlas’a puso ea ’Muso ke oona feela a phethahatsang mantsoe a Esaia?
Che, boprofeta bona ho ka ’na ha thoe bo bontša phetoho ea botho ba batho. Ka tsela efe? Seithuti sa Bibele sa lekholong la lilemo la bo 18 Matthew Henry, se arabela tjena: “Batho ba nang le botho bo mabifi le bo bohale, ba neng ba harola le ho metsa ntho eohle eo ba kopanang le eona, boikutlo ba bona bo tla fetoha ka mohlolo . . . ’me ba tla phela ka lerato le batho ba fokolang haholo, bao, nakong e fetileng ba ka beng ba ba harotse habobebe.”
’Me seithuti se seng sa Bibele, Joseph Benson, se ngotse lekholong le fetileng la lilemo hore: “Batho ba bohale, ba sehlōhō, le ba botho bo sa busoeng ba tla fetoloa ke ho boleloa ha molaetsa, le ka mohau oa Kreste, ba tla fetoha ba ikokobelitseng, ba hlomphehang, le ba bonolo haholo, le ba busoang, ’me ha ba sa tla baka likhathatso le ho hlorisa ba fokolang le ba futsanehileng, ba boletsoeng temaneng [ea] 4.”
Nahana hoo! Batho ba lahla mekhoa ea pele ea bohale ’me sebakeng sa eona, ba apara botho bo nang le khotso le lerato! Hase hore batho ba joalo ha e sa ba batho. Esaia ha a re phiri e fetoha konyana, empa ho e-na le hoo, o re boemo ba eona boa fetoha e le hore e ka lula ka khotso le konyana.
Ka ho tšoanang, ho lumellana le mantsoe a Esaia, batho ba mekhoa ea bobatana—bao mohlomong ba bolaileng ba hahabo bona, ba ba tlatlapa kapa ka tsela e ’ngoe ba ba ntša likotsi—ba fetola botho ba bona, ba sebelisana hantle le batho ba bang bao ka khotso ba nang le botho bo kang ba konyana. Ha boemo bo joalo bo e-ba teng har’a batho, liphello tse khōlō tsa bona li ka tšoantšoa le paradeise ea moea. Empa na mantsoe a Esaia a phethahatsoa kajeno?
Paradeise ea Moea—Neng?
Boprofeta bo tšoanang bukeng ea Esaia bo re thusa ho bona nako eo ka eona boemo bona ba moea bo babatsehang bo qalang ho fumaneha. Re bala Esaia 2:2-4:
“Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, e okamele maralla, ’me lichaba kaofela li tla phallela teng. . . . ’Me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”
Hlokomela hore phetoho e tšoanang e hlalositsoe—batho ba ba le botho ba khotso, ba “tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma.” Hona ho tla etsahala neng? Boprofeta ba Bibele bo arabela ka hore “mehleng ea bofelo.” Joalokaha ho bontšitsoe hangata ho Molula-Qhooa, tsamaiso ena ea lintho e bile mehleng ea bofelo ho tloha ka selemo sa 1914. Ka baka leo, e tlameha e be re phela nakong eo Esaia 11:6-9 e sebetsang ho eona. Hona joale ho tlameha ho be ho le teng boemo bo boholo ba moea! Ua botsa, ‘empa boemo bona bo hokae?’
Ho Thapisa Botho
Ho thapisoa ha botho, joalekaha ho bontšitsoe boprofeteng ba Esaia, ho ’nile hoa phetoa ka makhetlo a mangata har’a batho ba tšepahalang bao, ka ho ithuta ’nete ea Bibele, ‘ba fetohileng ka nchafalo ea kelello tsa bona,’ le “ho apara motho e mocha.” (Ba-Roma 12:2; Ba-Efese 4:23, 24) Nahana mohlala o latelang:
David ke mohlankana oa senatla, oa seqhobane, ea hōletseng polasing ea Minnesota, ho la United States. David eo hamorao e bileng ralitebele ea sa lefuoeng a hlalosa: “Kamehla ntate o ne a mpolella hore khang ea monna e khaoloa ke letlaka. Kamehla ke mo hopola a re, ‘Le ka mohla u se ke ua qala ntoa, empa u etse bonnete ba hore ua e qeta.’ Ka lebaka leo, ke ne ke loana pele ke sa botse lipotso. Haele hantle ke ne ke thabela ho qhoalisa ’mele ea ba bang.”
Ka mohlala, bosiung bo bong monna e mong a tlosa koloi moo ho emisoang makoloi ’me a koalla koloi ea David. Ka manganga a hana ho e tlosa. David o re: “Ka lōlōma hoo ke ileng ka batla ke ’molaea.” A hula monna eo ka koloing ea hae ’me a mo otla hoo a ileng a ea le maili-ili. Na ka sebele motho ea nang le botho bo khopo joalo a ka fetola tsela ea hae?
Ka letsatsi le leng, ha a ntse a hloka mosebetsi, David o ile a atameloa ke Lipaki tsa Jehova. Molaetsa oa tsona ka Tsamaiso e Ncha e tlang ea lintho ea ho lōka, oa ama pelo ea hae. David o re: “Ke ile ka kholiseha li sa tloha feela hore ba na le ’nete.” David a qala ho fetoha ha a sebelisa seo a ithutang sona bophelong ba hae—a tlohela ho tsuba le lithethefatsi. O ne a bile a tsoela pele hantle ka ho thapisa botho ba hae bo khopo.
Empa likhoeli tse ’maloa hamorao David a khutlela morao ka mokhoa o nyahamisang. O ne a sebetsa kontrakeng. Hoseng ho hong motho ea sebetsang le eena a qala ho mo tsunya-tsunya. David a mo lemosa hore a khaotse, empa a hana. Liphello? David oa hlalosa: “Ka mo otla haholo hoo ke ileng ka nahana hore o shoele. A ea le maili-ili metsotso e ka bang 20. Ka sebele ke ile ka itšoabela.”
Leha ho le joalo, butle-butle David a ntlafatsa butle ho fetola botho ba hae. Kamor’a lilemo tse ’maloa e le paki ea Jehova e kolobelitsoeng a tleloa ke teko ea sebele. O ne a tsoile a bolela ka ntlo le ntlo. Monyakong o mong ha hlaha monna ’me a qala ho mo rohaka. Monna eo a hulanya David ka libaki ’me a mo tlōlisa mekatako. A sa re letho David a ea ntlong e hlahlamang. Monna eo a sa khotsofala ke seo, a mo lelekisa, a nka molangoana oa “baseball” ’me a otla David mokokotlong. Empa mohlankana enoa eo pele a neng a le khopo ha a ka a iphetetsa! A itsamaela. Ke phetoho e tsotehang hakaakang ea botho! “Phiri” ena hajoale e hula hammoho ka khotso le “likonyana,” e sebeletsa e le moholo le mosebeletsi oa nako e tletseng ka phuthehong.
Hangata batho baa hlolloa ha ba bona liphetoho tse joalo ho ba bang hoo le bona, ba eeng ba susumeletsehe ho ntlafatsa bophelo ba bona. Ka baka leo, mohlankana e mong eo le eena a neng a bitsoa David, kamor’a ho kopana le motsoalle oa hae oa khale kamor’a nako e telele, motsoalle oa hae a re: “O ne a fapane. A se a se na moriri o molelele, a se a sa rohakane le ho sebelisa lithethefatsi. O ne a hloekisitse bophelo ba hae ka ho feletseng. Hona ho ile ha ’makatsa hoo ke ileng ka tlameha ho fumana hore na phetoho ena e bakiloe ke eng.” Motsoalle oa David o ne a fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova. ’Me le eena David hoba a hloekise bophelo ba hae pele, ea e-ba Paki.
Liphihlelo tsena tse ka holimo li ka phetoa khafetsa liphuthehong tse 45 000 tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Mohlomong u tseba a le mong kapa ba bangata ba entseng liphetoho tse tsotehang bophelong ba bona.
Ha babohi ba e-ea likopanong tsa Lipaki tsa Jehova, hangata ba buoa ka moea oa khotso. Mongoli oa koranta ea Journal de Montréal o ngotse tjena: “Ha ke Paki. Empa ke pakela ’nete ea hore Lipaki ke lipaki tsa taolo e ntle le boitšoaro bo botle. . . . Haeba e ne e le bona batho feela lefatšeng, bosiu re ne re ke ke ra fasa mamati ka thata ha re a koala le ho kenya lialamo tse thibelang masholu.”
Mexico metse e ’meli e ne e loantšana. Ho ne ho tloaelehile lipolao tse sehlōhō. Ho ne ho se seo mapolesa a ka se etsang ho li thibela. Eaba, lelapa le leng le qala ho ithuta le Lipaki tsa Jehova. Malapa a mang a rekisa libetsa tsa oona, a sebelisa chelete ea libetsa tseo ho reka Libibele, e le hore le oona, a ka ithuta. Kapele, paradeise ea moea ea khotso ea ’nete le kutloano tsa hlaha har’a baahi ba metse eo.
Empa hase hore Lipaki tsa Jehova li fumana tlotla ka ho finyella boemo bo boletsoeng ho Esaia 11:6-9. Ho na le matla a le mang feela bokahohleng a ka etsang hore batho ba etse phetoho e khōlō hakaalo bothong ba bona. Matla ao ke moea o halalelang oa Molimo. (Ba-Galata 5:22, 23) ’Me Molimo ka thabo o fana ka moea ona ho batho bao ka botšepehi ba o batlang ’me ba iphaphatha le litlhoko tsa hae.—Luka 11:9-13; Liketso 5:32.
Lipaki tsa Jehova ha li ipolele li phethahetse. Li ntse li e-na le mathata joale ka mang le mang. Empa li na le tataiso e utloahalang ho rarolla mathata a tsona, Bibele. (Pesaleme ea 119:105) Li leka ka matla ho sebelisa metheo ea eona bophelong ba tsona, leha ka nako e ’ngoe li haelloa. (Ba-Roma 3:23) Ua bona hore, mekhoa ea botho e metseng ka ho teba hase habonolo e tsoang ka metso. Empa, ka thuso ea moea oa Molimo, esita le batho ba nang le botho bo hlaha haholo ba ka ntlafatsa ho tapisa mekhoa e sa rateheng.
Leha ho le joalo, ’nete e-ea sala: Ho e-na le lintoa, likarohano ho hloka boitšoaro tseo u li bonang lefatšeng kajeno, lerato, khotso ea kelello le bonngoe, tse bonahalang har’a Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle, li ntse li thabeloa paradeiseng ea moea. Hona ho fana ka tatso ea kamoo batho ba tlang ho phela ka khotso le ba bang lefatšeng lena Paradeiseng ea sebele nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Jesu Kreste.—Luka 23:43.
Ke hobane’ng ha u sa ithute ka ho eketsehileng ka paradeise? A k’u hlahlobe hore na ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li thabela khotso e ngata, khotsofalo, thabo le bonngoe tse kaalo—lintho tseo ntle ho pelaelo u li momahanyang le paradeise. Le uena ithute kamoo u ka thabelang paradeise e joalo hona joale!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe la Senyesemane “paradise” le nkiloe lerehong la Segerike paraʹdeisos, le bolelang “serapa.”—Genese 2:8, Douay Version; Septuagint Version ea Segerike; Luka 23:43.
[Lebokose le leqepheng la 5]
BOPROFETA BA PARADEISE
Boprofeta bo ’maloa Mangolong a Seheberu mabapi le paradeise bo se bo phethahetse linakong tsa rōna. Nka mohlala e le boprofeta ba Esaia khaolo ea 35, bo bolelang e sa le pele hore ‘mahalaopa a tla mela lipalesa joale ka leshoma.’ Boprofeta bona bo ipakile e le ’nete ka tekanyo e nyenyane ha Bajode ba ne ba khutla botlamuoeng Babylona ka 537 B.C.E. A thabisitsoe ke ho khutlela ha bona borapeling ba hae, Molimo oa etsa hore Juda, lehae la bona le entsoeng lesupi, e mele lipalesa hape le ho beha haholo e le hore e ka ba paradeise e nyenyane.
Ka ho totobetseng boprofeta ba Esaia 35 bo boetse bo na le phethahatso ea moea. Re tseba joang? Lebaka le leng ke hore, litemaneng ea 5 le 6 bo tšepisitse hore lifofu, bo-tsebe-tutu, lihlotsa le limumu li tla folisoa. Ha ho bopaki ba hore Bajode ba neng ba khutle ka 537 B.C.E. ba ne ba folisitsoe maloetse a joalo ’meleng. Ka ho totobetseng hona ho lokela ho utloisisoa ka kutloisiso ea Moea—ka mohlala, mahlo a bona, a ile a tutubolloa hore ba bone leseli la bolokolohi naheng ea habo bona. Ka ho tšoanang paradeise ea moea hona joale e ea atleha har’a barapeli ba Jehova Molimo, empa nakong ena ke ka bophara ba lefatše.
Haufinyane ha Jehova a felisa bokhopo bohle lefatšeng la rōna, “bongata bo boholo” bo pholohang le bafu ba tsositsoeng ba tla latsoa pheko ea sebele ea ’mele. Motheong oa sehlabelo sa hae sa topollo, Kreste Jesu o tla tlisa ba ikokobelitseng phethehong ea botho ho tla phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise e tsosolositsoeng. Ke kamoo se boletsoeng ke Esaia 35 se tla atolosoa haufi ho kopela lefatše lohle ha qitikoe ea rōna e fetoleloa serapeng se kang serapa sa lifate sa khotso seo ho sona Paradeise ea sebele e tlang ho ba ntho ea ’nete.—Esaia 25:6-8; Tšenolo 7:9; 21:3, 4.