Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 8/1 leq. 32
  • E Fana ka Tšepo e Hlollang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E Fana ka Tšepo e Hlollang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 8/1 leq. 32

E Fana ka Tšepo e Hlollang

Monna ea neng a e-na le bana ba bararo ba banyenyane o sa tsoa shoa selemong se ka pele ho se fetileng sepetleleng sa kankere sa Sloan-Kettering se Motseng oa New York. Mosebeletsi ea neng a tšoere tšebeletso ea khopotso a hlalosa puong ea hae hore lihoranyana pele a e-shoa o ile a re mosali oa hae a mo tšoarelle buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng e le hore a ka boela a bala karolo e buang ka tšepo ea tsoho. Qetellong ea tšebeletso mosebeletsi a bolela hore phutheho ea Lipaki tsa Jehova e lakatsa ha litho tsa lelapa la monna eo li ka fumana buka e ileng ea nea mong ka bona tšepo e matla hakaalo. Ba ’maloa, ho akarelletsa mong a tšebeletso ea moo ea liphupu, ba atamela ka cheseho ’me ba kōpa buka. Ha tsamaisoa libuka tse 20 ho ba neng ba le teng.

Re ikutloa hore le uena, u tla rua molemo o moholo nehelanong e hlakileng le e susumetsang ea tšepo e hlollang ea Bibele bukeng U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Buka ena e tsotehang e na le maqephe a 256. Maqephe a eona a lekana le a makasine ena ka boholo ’me e na le litšoantšo tse 150 tse rutang, boholo li entsoe ka mebala e metle. Romela hona joale. Ke R3 feela.

Ka kōpo romelang, poso e lefelletsoe, U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ke kentse R3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela