Bobatana ba Motho ho Motho
PONO—naheng e ’ngoe ea Afrika-Bophirimela ka 1961. Sesole sa sepolesa se hlometseng ka lisabole ka tšohanyetso sa sitisa seboka sa khotso sa Bokreste. Sa tlama banna ba teng ’me joale sa ba khakhatha hore ba namalle. Motsamaisi oa seboka o tetekoa ka molamu hoo a hlatsang mali ka matsatsi a 90. Mapolesa a lebeletse hore banna bana ba shoe.
“Bobatana ba motho ho motho” ke taba e bohloko le e iphetang ea histori. Baassyria ba boholo-holo ba ne ba khokhothela batšoaruoa ba bona ba ntoa lipalong tse neng li matha ka mpeng li eo kena sefubeng. Baroma le bona ba ne ba e-na le mokhoa oa bona oa ho sebelisa palo. Batšoaruoa ba bona ba ne ba shapuoa pele ka sehlōhō hoo hangata ba neng ba eboha linama. E be joale ba tlamelloa kapa ba khokhotheloa palong e otlolohileng, ba tlohelloa hore ba shoe—butle-butle, habohloko.
Baprista le bona hangata ba ’nile ba bontša sehlōhō sa ho se nahanele le lonya. Ma-Aztec a Mexico a ne a etsetsa molimo oa bona Huitzilopochtli mahlabelo a batho ka ho tsomula pelo ea bahlaseluoa, ba ntse ba ikutloa. Leha ho le joalo, lekholong la bo 16 la lilemo Hernán Cortés oa Spain a hapa ma-Aztec. Na bolumeli ba hae bo ne bo le molemonyana? Mehleng eo Lekhotla le Sehlōhō la Spain le ne le e-na le libaka tse tšabehang tsa tlhōriso le ho chesa “bakhelohi” ho isa lefung. Hape ho ne ho e-na le mokhoa oa ho sarolla bahlaseluoa ka maoto le matsoho ho fihlela li tsomuha. Mekhoa e meng e ne e tšabeha ho feta eo—empa re e tlohela molemong oa hao.
Batho ba bang ba re: ‘Bobatana boo ke ba mehleng e fetileng. Hona joale batho ba na le botho haholoanyane ’me ba tsoetse pele kajeno.’ Na ho joalo?
Che, le hanyenyane, tlhōriso e tsoela pele. Ke ’nete, ho chesoa pontšeng ho tšabehang ho kileng ha thabisa matšoele a lonya le a sa nahaneng le baruti ho khaolitse. Empa lekunutung la liphapusi tsa matlo a teronko, tlhōriso e sa ntsane e etsoa—hangata e le ka mekhoa e tsoetseng pele e sa bontšeng le mōtoanyana feela oa bopaki. Naheng e ’ngoe ea Amerika-Boroa, mohlaseluoa e mong ea neng a ile a hlōrisoa ka mokhoa oa kajeno ka ho tsitsipanngoa ka sehlōhō ka motlakase o re: “Ntho feela eo ke e hopolang ke hore: ba ne ba ntabola linama. Empa ha ho nama le e ’ngoe ea ka e tabohileng. . . Le mōtoanyana feela ha o ka oa bonahala.”
Tlaleho e ’ngoe ea koranta e bolela hore linaha tse ngata li “tumme ka ho hlōrisa le ho bolaea batšoaruoa ba tsona ba lipolotiki.” Tlaleho e tsoela pele: “Batho ba ’nile ba ‘nyamela’ kamor’a hore ba tšoaroe—ho se mohla ba tla hlola ba bonoa.” Komiti ea Machaba a Kopaneng ea Litokelo tsa Botho e nyelisa linaha tse fetang lekholo tseo e leng litho tsa Machaba a Kopaneng—empa li le molato ka hore ke “bahatelli le batlatlapi ba khopo.”
Ho rinngoa ha batho ho etsahala hangata lekholong lena la bo20 la lilemo. Ka 1915-16 lebotho le futuhileng le ile la tlosa boholo ba baahi ba Armenia ka likhoka, hoo ka nako eo ho ileng ha bolaoa Maarmenia a ka bang millione. Ho hakanngoa hore ka lebaka la liphutuhelo tsa Russia, batho ba sa loaneng ba limillione tse 14 ba ile ba e-shoa lipakeng tsa 1914 le 1926. China, ho tloha ka 1949 ho ea ho 1958, ho timetse ba pakeng tsa limillione tse 15 le 30 “likampong tsa polao tsa lipolotiki.” Bajode ba ’nile ba rinngoa ka makholo a lilemo; empa ha ho mohla ba kileng ba rinngoa ka sehlōhō le ka bongata ho feta polao ea Bajode ba fetang limillione tse tšeletseng tlas’a puso ea Hitler.
Leha ho le joalo, ho na le libe tse etsoang ka ho lesa ntho ka boomo le tse etsoang ka ho etsa ntho e fosahetseng. Bobatana bo ka iponahatsa feela ka ho iphoufaletsa ba matšoenyehong. Haufinyane ho tsoa etsoa teko Afrika Boroa, mosali a rapalla ka thōko ho koloi ea hae e emeng ka thōko ho tsela e khōlō ho bona hore na ho na le ea tla ema ho thusa. Ha ho ea ileng a ema ka matsatsi a mabeli.
Bobatana bo boetse bo bonahala linaheng tse thabelang khora. Li etsa joang ha lijo li sala? Boholo ba tsona boa senngoa. Empa leha ho le joalo, ho ea ka tlaleho ea 1982 ea Machaba a Kopaneng, bana ba banyenyane ba 40 000 ba bolaoa ke khaello ea lijo tse nepahetseng le mafu a tšoaetsanoang—letsatsi ka leng!
“Bobatana ba motho ho motho” bo tsoela pele le mehleng ea rōna “ea tsoelo-pele.” Empa bo qalile joang? Na ho na le ea ka bo thibelang?