Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 8/1 leq. 30
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lilekane Tse Amang Morero oa ka Mehla oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Litlhohonolofatso Tse Khōloanyane ka Selekane se Secha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Jehova ke Molimo oa Lilekane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Na U Tla Rua Molemo Lilekaneng Tsa Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 8/1 leq. 30

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

▪ Seo Jesu a se buileng ho Johanne khaolo ea 10 ka masaka a dinku se amana joang le selekane sa Abrahama?

Selekane seo Jehova Molimo o se entseng le Abrahama se thathamisa morero o hlollang le oa nako eohle oa Molimo oa ho hlohonolofatsa batho ba lichaba tsohle ka peō ea Abrahama. Masaka a linku ao Jesu a buileng ka oona ho Johanne khaolo ea 10 ke litšobotsi tse ho sebetsahaleng ha morero oa Molimo o senotsoeng selekaneng sa Abrahama.

Ha o atolosa selekane seo o se boletseng pele ho Genese 12:1-3, Molimo oa re ho Abrahama: “Ho hlohonolofatseng ke tla u hlohonolofatsa, ʼme ho atiseng ke tla atisa moloko oa hao, o be ka ka linaleli tsa maholimo, le lehlabathe le lebopong la leoatle, ʼme moloko oa hao o tla rua likhoro tsa lira tsa oona. Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao, ka baka la hobane u mametse lentsoe la ka.”—Genese 22:17, 18.

Empa lesika la peō eo le ne le tla sireletsoa joang le ho bolokoa le hloekile, hona peō e tšepisitsoeng e ne e tla tsejoa joang ha e fihla? Jehova Molimo a kenella ʼme a fana ka selekane sa Molao se buelletsoeng ke Moshe; sena ha sea ka sa etsa selekane sa Abrahama lefeela empa sa phaeIla ho sona. (Ba-Galata 3:16-18) Litlhokahalo tsa Molao tsa thusa ho boloka Iseraele e sirelelitsoe moeeng, boitšoarong le nameng ho silafatsoeng ke lichaba tse ahelaneng le eona. Ka hona Baiseraele ba tšoana le linku tse ka marakong a tšireletso a lesaka le tiileng. Ho feta moo, joalokaha Ba-Galata 3:24 e bolela, Molao e ne e le molisa ea isang ho “leloko [“peō,” “NW”]” ea Messia, e le hore ha a fihla Baiseraele ba ka ba boemong ba ho lemoha boetsalibe ba bona le hore baa mo hloka.

Jesu Kreste ea e-ba peō e ka sehloohong ea selekane sa Abrahama, empa leha ho le joalo Molimo oa itherela ho khetha batho ba bang hore e be peō e hlahlamang. Ka hona moapostola Pauluse a ngola hore bao ‘e leng ba Kreste ke leloko [“peō” “NW”] ea Abrahama, le majalefa a pallo.’ (Ba-Galata 3:29) Tšobotsi ee ea selekane sa Abrahama e ne e lokela ho finyelloa joang?

Kreste a hlaha ho ‘linku tse timetseng tsa ntlo ea Iseraele’ ʼme a khetha balateli ba tšepahalang har’a linku tse lesakeng la Molao oa Moshe. (Mattheu 10:6) Bajode ba lemohileng hore ke Messia, ebile e le molisa eo ba mo hlokang haholo, a ba isa ka lesakeng le lecha, la Iseraele oa moea ‘selekaneng se secha’ se profetiloeng se buelletsoeng ke Jesu ka boeena. (Ba-Heberu 8:7-13; Ba-Galata 6:16) Hamorao, Basamaria ba bolotseng le Balichaba ba sa bollang ba kenngoa ka lesakeng lena, le bona ba fetoha karolo ea peō e hlahlamang ea Abrahama. Ho Johanne 10:11 Jesu o itse, “ke ʼna molisa ea molemo.” O ne a hlile a le joalo ho Bajode le Balichaba ba ileng ba fetoha Bakreste ba tlotsitsoeng ba bokelletsoeng ka lesakeng la linku la selekane se secha.

Hona hohle ho bontša kamoo lesaka la linku la Molao oa Moshe la Iseraele oa tlhaho le lesaka la linku la selekane se secha le nang le Iseraele oa moea a sebelitseng tumellanong le selekane sa Abrahama.

Ho thoe’ng joale, ka “linku tse ling” tseo e neng e se tsa “lesaka lena,” lesaka la Iseraele oa moea le etsang peō e hlahlamang ea Abrahama? (Johanne 10:16) Linku tse ling ,e tsona li kena boahlamong ba selekane sa Abrahama, hobane u tla hopola hore Molimo o tšepisitse Abrahama hore “lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao.” (Genese 22:18) Linku tsena tse ling li ka hlalosoa li le ka lesakeng lesele (lesaka la bobeli) tlas’a Molisa ea Molemo. Bonneteng ha li ka sakeng le le leng le batho bao ba fetohileng majalefa a tšepiso e etselitsoeng Abrahama. Empa li sebetsa ka kutloano le peō e hlahlamang ea Abrahama, li fetoha mohlape o le mong tlas’a molisa a le mong eo e leng peō e khōlō ea Abrahama. Linku tsena tse ling li lebelletse ka thabo bophelo bo sa feleng Paradeiseng e tsositsoeng ea lefatšeng. Ha ho ea ka latolang hore ka tsela eo li itlhohonolofatsa ka peō ea Abrahama.

Ka lebaka leo, masaka a linku a sa tšoaneng a Johanne khaolo ea 10—lesaka la linku la selekane sa Molao oa Moshe bakeng sa Baiseraele ba tlhaho, lesaka la Iseraele oa moea ea selekaneng se secha, le tokisetso e kang lesaka bakeng sa linku tse ling tse tsoang ‘lichabeng tsohle tsa lefatše’—kaofela a isa ho phethahaleng ha morero o moholo oa Molimo o bontšitsoeng selekaneng sa Abrahama.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela