Machato a Thabisang a Bokreste
1, 2. Batho ba bangata ba itšoara joang ka lentsoe “lechato,” hona hobane’ng? (Mattheu 19:4-6)
MOAPOSTOLA Johanne, paki e boneng, o-oa tlaleha: “Ho ne ho e-na le lechato Kana Galilea. ’M’a Jesu o na a le teng, le Jesu le barutuoa ba hae le bona ba ne ba menngoe.” (Mongolo o sekameng ke oa rōna.)—Johanne 2:1, 2, The Jerusalem Bible.
2 U itšoara joang mantsoeng ao a ho Johanne 2:1, 2? Ha ho makatse haeba u arabela ka mofuthu, hobane lentsoe “lechato” le na le moelelo o thabisang. Batho ba thabela machato. Joalokaha re bala ho Genese 2:18-24, lechato la pele le bile Paradeiseng, ha batho ba ne ba se na sebe. Lechato leo la monna le mosali ba phethahetseng le ne le lokiselitsoe le ho amoheloa ke ’Mōpi oa rōna. Le ne le phahame ’me la beela machato a tlang mohlala o thabisang.
3. Mangolo a amahanya machato le moea ofe, empa ke bothata bofe bo hlahileng? (Jeremia 7:34)
3 Ho thabela ha hao machato ho lumellana le seo re se balang Lentsoeng la Molimo. Ha Pesaleme ea 45:15 e hlalosa ba bileng teng lechatong la boreneng, e re: ‘Ba tlisoa ka thabo le nyakallo, ba kena tlung ea morena.’ Ho nyakalla ho boetse ho bontšoa moo Bibele e buang ka tšoantšetso ka manyalo. (Mattheu 22:2-4; 25:1-10; Tšenolo 19:6-9) E, le hoja ho nkuoa bohato bo tebileng—ho kena ha ba babeli tokisetsong e halalelang ea lenyalo—machato a lokela ho hopoloa e le liketsahalo tse thabisang, tse hlomphehang. Leha ho le joalo, litlaleho tse tsoang lefatšeng lohle li bontša hore machato a mangata aa hlōleha, ’me hoo ho hlahisetsa ba nyalang mathata le masoabi, ’me ho bakela ba tlileng lechatong mahlomola. Sena se etsahetse le machatong a mang a amang bahlanka ba Jehova. Hobane’ng?
4. (a) Ke hobane’ng ha machato a mangata e le litaba tsa pontšeng? (b) Jesu o itse’ng ka ho nyala mehleng ea rōna?
4 Linaheng tse ngata ba babeli ba nyalanang ba ka etsa sena tšebeletsong e amang bona feela ’me e phethahatsa litlhokahalo tsa molao. Haeba ba babeli ba nyalanang ba khetha tšebeletso e joalo, ba bang ha baa lokela ho ba nyatsa kapa ho nahana hore ba tlameha e be ba lihlong ka ntho e ’ngoe e itseng. E ka ’na ea ba feela hore ba rata joalo ’me ho ka ’na ha e-ba le melemo ea sebele, ka mohlala, ho ka ba bolokela chelete hore ba itlhomelle ho kopanela tšebeletsong ea Jehova ka botlalo. (Luka 12:29-31) Empa, machato a mangata ke a pontšeng haholoanyane, ho ba teng metsoalle e mengata le beng ka motho. Kahoo boemo bo fetohileng ba banyalani bo hlokomeleha haholo motseng. Haeba ho e-na le tšebeletso ea bolumeli kapa puo ea Bibele, ho kenyelletsoa motsoako oa moea. ’Me ba bang ba ka kopanela thabong ea banyalani bana. Ena ke melemo e sebetsang. Ho ntse ho le joalo, machato a maholo a hlahisa likotsi, haholo-holo kajeno ha lefatše le tšoarehile hakana ka ‘ho nyala le ho nyalisa’ hoo ba ‘sa lemoheng’ hore tsamaiso e khopo ea lintho e haufi le ho fela.—Mattheu 24:37-39.
5. Ke bo-mang ba lokelang ho thahasella keletso ea Molimo ka machato?
5 Haeba u nahana ka ho kena lechatong le thabisang la Bokreste kamoso, ho na le lintho tseo u lokelang ho li nahana. Empa rōna bohle bao re ka ’nang ra ba bamemuoa kapa baetsana machatong a Bokreste re ka fumana molemo ka ho nahana ka keletso ea Bibele tabeng ena.
Bothata ba ho Tlōlisa
6. Machato a maholo a ka hlahisa mathata a mofuta ofe?
6 Ho batho ba bangata ba lefatše, lechato le leholo e ka ba pontšo ea boemo, bopaki bo bonahalang ba lichelete kapa ho ba ea phahameng motseng. Ka masoabi, le Bakreste ba ka tšoaseha ka ho leka ho khahlisa ba bang ka mose o mabenyane, kapa litokisetso tse feteletseng. (Ba-Galata 5:26) Baholo ba bang ba Bakreste Afrika Bophirima ba sa tsoa hanana le “tšekamelo e matla ea ho etsisa meetlo ea lefatše, boikhantšo ba bophelo le boithabiso bo sa laoleheng” machatong. Hona ho theola tlhompho le thabo tse loketseng bophelo ba ba seng ba sa ‘tsamaee ka litakatso tsa bona tsa nama, ba seng ba sa etse ho ratoang ke nama.’ (Ba-Efese 2:3) Ho e-na le hore ho be le thabo le mehopolo e metle, hangata machato a joalo a hlahisa ‘bonyala, hloeano, mōna, likhang, mohono, meharo’—mesebetsi ea nama.—Ba-Galata 5:19-21.
7. Ke eng se ka ’nang sa susumetsa batho ba bang ho batla machato a mabenyane?
7 Histori e re bolella hore ha Ptolemy VI Philometor a nyalisa morali oa hae Alexandere Balas oa Syria, ba “ile ba ketekela lechato Ptolemais ka bokako bo boholo, joalokaha marena a etsa.” (1 Maccabees 10:58, The Oxford Annotated Bible) Kajeno, ba bangata ba nang le lichelete tse fokolang ba ikutloa hore le bona (kapa bana ba bona) ba tlameha ho chata “ka bokako bo boholo, joalokaha marena a etsa.” E ka ’na eaba ba thetsitsoe ke liphatlalatso tsa khoebo hore ba be le mohopolo o joalo. Banna ba khoebo ba thahasellang machato a mabenyane ba khothaletsa pono ea hore monyaluoa e be “mofumahali mohla letsatsi leo,” joalokaha e ka limemo tse hatisitsoeng, lifoto, lipalesa kapa lireng tsa mofuta o itseng feela ke tsona tse etsang lechato le phethahetseng. Ba rata hore u ikutloe hore, ‘Kajeno teng ke sa ikutloisa’—ho sa tsotellehe hore na u-ua ho khona kapa che. ‘Boikhantšo bona ba bophelo’ ke ba lefatše le fetang. (1 Johanne 2:15-17) Baholo ba bang ba Bakreste ba hlalositse: “Moea oa tlhōlisano o hlokomelehile. [Ka mohlala,] meetlo ea lefatše, e ka ’na ea susumetsa monyaluoa le baetsana ba hae ho chencha ka mese e mene kapa e mehlano e theko e boima.”
8. (a) Re ka ithuta eng litemaneng tsa Bibele mabapi le liaparo tsa lechato? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba khethile liaparo tseo ba nang le tsona bakeng sa lechato?
8 Bibele ha e fane ka maikutlo a hore machato e lokela ho ba a nyatsehang a hlokang bokhabane. Ka mohlala, re bala ka “monyali ea khabisitsoeng ka moqhaka, le . . . monyaluoa ea itlhophisang ka mekhabo ea hae.” (Esaia 61:10; Pesaleme ea 45:13, 14; Esaia 49:18; Jeremia 2:32; Ezekiele 16:9-13; Tšenolo 21:2) Monyaluoa oa tšoantšetso oa Kreste o hlalosoa e le ea ‘ikapesitseng ka line e ntle, e khanyang, e hloekileng.’ Kahoo, monyaluoa (le baetsana ba bona) ba lokela ho apara liaparo tse hloekileng, tse bohehang, empa ha ba hloke liaparo tse khethollehileng tse hlahisang mathata a lichelete. Banyalani ba bang ba ile ba reka liaparo tsa theko e tlaase ka boomo, le hoja ba ne ba ka ’na ba khona ho reka tse turang. Hobane’ng? Hore ba qobe liaparo tse majaba-jaba, tse ka etsang hore bamemuoa ba ikutloe ba nyenyefetse kapa tse ka faposang tlhompho, thabo le bomoea ba lechato.—Tšenolo 19:8; Liproverbia 11:2; 1 Timothea 2:9.
9. Re lokela ho ikutloa joang ka mekhoa kapa meetlo ea lechato?
9 Lebaka le leng la ho feteletsa machato ke ho ameha haholo ka mekhoa eo “baholo” ba molao ba reng e lokela ho lateloa. Hona ha ho bolele hore bahlanka ba Molimo ka boomo ba qhela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo e leng moetlo oa tulo ea bona mabapi le lechato.a Bibele e bolela sena mabapi le lechato, “Samsone a etsa mokete teng, kamoo e leng mokhoa oa bahlankana.” (Baahloli 14:10) Leha ho le joalo, ho etsisa mekhoa e tloaetsoeng motseng ho ka senya lechato, ho pupetsa se hlileng se boleloang ke mokete le ho amoha e mong le e mong thabo e lokelang ho ba teng.
Ho Nyalana ka Molao—Mehleng ea Bibele le Kajeno
10. Machato a ne a le joang mehleng ea Bibele?
10 Re ka rua molemo ho seo Bibele e se buang ka machato, le haeba mekhoa e fapana mehleng ea rōna le libakeng tsa rōna. Mehleng ea Bibele ho ne ho sa hlokahale tšebeletso e khethehileng ea molao kapa ea bolumeli. Monyali o ne a e-ea habo molebetsuoa oa hae ’me a tsamaee le eena pontšeng ho ea hahabo. Banyalani ba ne ba etsa sena ka thabo, beng ka bona ba haufi le bashebelli ba ne ba bontša thahasello ketsahalong ena e thabisang. Ka tloaelo monyali le monyaluoa ba ne ba apara liaparo tse ntle, ’me ha habo monyali ba ne ba e-ba le mokete oa lechato le bamemuoa.—Genese 24:65-67; Mattheu 1:24; 25:1-10; Bapisa 1 Maccabees 9:37, 39.
11. Boemo e ne e le bofe ka mangolo a hlokahalang a lenyalo mehleng ea boholo-holo?
11 Lichaba tse neng li pota-potile Baheberu li ne li e-na le melao ea litumellano tsa lenyalo tse ngotsoeng. Leha Bibele e sa bolele mangolo a joalo, e bua ka lenyalo e le “selekane.” (Malakia 2:14) Ho thathamisoa ha meloko ea Bibele ho hlahisa hore manyalo a ne a tlalehoa ka tsela e itseng, ’me hoa thahasellisa hore, Josefa le Maria ba ile ba lumellana le mofuta o joalo oa ngoliso ea molao. (Luka 2:1-5; 3:23-28) Mengolo ea pampiri ea lekholo la bohlano la lilemo B.C.E. e tsoang koloneng ea Bajode Elephantine (Egepeta) e na le litumellano tsa lenyalo, e ’ngoe e baleha tjena:
‘ . . . Ke tlile ha hao hore u ntumelle ho nyala morali oa hao Miphtahiah. Ke mosali oa ka ’me ’na ke monna oa hae ho tloha kajeno ho isa ka ho sa feleng. Ke u file bohali ba morali oa hao Miphtahiah (chelete e kalo ka) lishekele tse 5. . . .’
12. (a) Lipaki tsa Jehova li ikutloa joang ka manyalo a molao? (b) Ke hofe ho molemo haeba ho e-na le tšebeletso ea molao le ea bolumeli?
12 Lipaki tsa Jehova li ananela hore lechato le lokela ho lumellana le molao oa sebaka, kahoo li ‘ntšetsa Cesare tseo e leng tsa Cesare.’ (Mareka 12:17; Ba-Roma 13:1, 7) Molao o ka ’na oa hloka hore banyalani ba hlahlobe mali, ba fumane lengolo la tumello le ho etsa ka pel’a ea filoeng matla a ho tiisa manyalo. Linaheng tse ling, ke ba boholong feela, ba kang ’musi oa setereke kapa moahloli, ba ka tiisang manyalo. Empa, litho tsa likereke tsa Bojakane hangata li ikutloa hore e hlile ha lia nyalana ha li sa etsa le lechato la kereke. Bakreste ba ’nete ba nka hore lenyalo la molao ke la ’nete, empa ba bang ba ntse ba rata (kapa maikutlo a sebaka seo a ka ’na a buella) hore tšebeletso ea molao e lateloe ke puo ea Mangolo. Ha hoo ho lokela ho etsoa, ho molemohali hore tšobotsi ena e latele hang kamor’a lenyalo la molao.b
13. Haeba moholo oa Mokreste a kōpuoe ho tsamaisa lechato, ho ka ’na ha etsahala eng pele ho lechato?
13 Linaha tse ling li fa basebeletsi ba Lipaki tsa Jehova matla a ho tiisa manyalo. Ka tloaelo ana a etsoa ke baholo ba phutheho, banna ba nang le phihlelo, temoho, khōlo le tsebo ea Lentsoe la Molimo. Moholo ea kōpuoeng ho tsamaisa tsa lechato mohlomong o tla kopana pele ho nako le ba tlang ho nyalana. Hape, ba tla rata ho mo kholisa hore ha ho lithibelo tsa molao kapa boitšoaro tse sitisang ho nyalana ha bona. A ka ’na a fana ka keletso ea Mangolo e utloahalang le keletso ea bontate. Mohlomong a ka boetse a buisana le bona ka litokisetso tsa mokete le ka ’moka leha e le ofe oa botsoalle o tla latela, kaha o tla rata ho ba le letsoalo le hloekileng ka ketsahalo ena eo a kōpuoeng ho nka karolo e khōlō ho eona.—Liproverbia 1:1-4; 2:1; 3:1; 5:15-21; Ba-Heberu 13:17, 18.
14. Ke lipuo tsa mofuta ofe tsa lechato tse loketseng?
14 Ho sa tsotellehe hore na puo ea lechato e fanoang ke mosebeletsi oa Lipaki tsa Jehova e etelletsoe pele ke tšebeletso ea molao kapa che, e ka thusa ho hatisa hore ho tloha qalehong lenyalo le lokela ho ba le boemo ba moea. Lipuo tse joalo ha li telele haholo, joalokaha e ka li jere boitsebiso bohle boo Bibele e bo buang ka lenyalo, kapa hona hore li lokela ho imetsoa ka litšeho kapa ho rorisa banyalani ka ho feteletseng. Ho lekalekana, thabo le bohlokoa ba lipuo tsena tsa Mangolo ho ka ruisa ba nyalanang molemo, hammoho le ba bang bohle ba leng teng.c—2 Timothea 3:16.
15. Likano tse sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova li fapana joang le tse sebelisoang kajeno?
15 Likano ke karolo ea machato a mangata. Likano tse sebelisoang machatong a mang a “kajeno” a lefatše ke metsoako ea lithothokiso tse tsoileng tseleng, kapa li phahamisa lipono tse khelohileng tsa bophelo. Moqoqo oa makasine oa Time sehloohong se reng “Likotsi tsa Likano tsa Maiketsetso” o boletse ka moruti ea ileng a botsa: “Gina, na u lumela ho rata Peter ho feta kamoo u ratang ‘chocolate’? ’Me ho Peter a re: “Na u lumela ho rata Gina ho feta pampiri ea litaba ea hoseng?” Leha ho le joalo, sehlooho sa hatisa hore “lechato ke taba e amang sechaba” le hore le lokela ho hlompha bohato ba bohlokoa bo nkiloeng sechabeng. Machatong a Lipaki tsa Jehova likano li tla lumellana le se hlokoang ke molao oa moo. Haeba likano li lumelletsoe, likano tsena tse hlomphang Molimo, Mohloli oa lenyalo, lia sebelisoa:
“ ’Na —— ke nka uena —— hore u be mosali oa ka eo ke mo chatileng, ke tla u rata le ho u hlokomela tumellanong le molao oa Molimo kamoo o beiloeng ka Mangolong a Halalelang bakeng sa banna ba Bakreste, ha feela ’na le uena re ntse re phela hammoho lefatšeng ho ea ka tokisetso ea Molimo ea lenyalo.”
“ ’Na —— ke nka uena —— hore u be monna oa ka eo ke mo chatileng, ke tla u rata le ho u hlokomela le ho u hlompha ka ho tebileng, tumellanong le molao oa Molimo kamoo o beiloeng Mangolong a Halalelang bakeng sa basali ba Bakreste, ha feela ’na le uena re ntse re phela hammoho lefatšeng ho ea ka tokisetso ea Molimo ea lenyalo.”
Likano tsena ha lia lokela ho fetoloa kapa ha kenngoa tse ling sebakeng sa tsona hore li lumellane le se ratoang ke banyalani.d
Machato Holong ea ’Muso
16, 17. (a) Sehlopha sa baholo se ameha joang machatong a tšoareloang Holong ea ’Muso? (Jakobo 3:17) (b) Ke hobane’ng ha ho ameha ho joalo ho le bohlale?
16 Bakreste ba bolelloa hore ‘ba nyale feela Moreneng.’ (1 Ba-Korinthe 7:39) Ha Bakreste ba babeli ba itšoereng hantle phuthehong ba lakatsa ho tšoarela lechato la bona (kapa, puo ea lechato) Holong ea ’Muso, ba lokela ho batla tumello ho sehlopha sa baholo.e Banna bana ha ba na ho hlahisa litakatso tsa bona tsa botho mabapi le litokisetso tsa lechato, empa ba tla botsa ka litokisetso tsa banyalani bana e le hore ho se etsoe letho Holong leo mohlomong le ka khathatsang phutheho.—Bapisa 1 Ba-Korinthe 14:26-33.
17 Ka mohlala, ho tlalehiloe lintho tse khathatsang ka machato a neng a sa tšoareloa Holong ea ’Muso. Pele ho le leng, ho ne ho letsoa ’mino o lerata, ’me monyaluoa, le monyali le baetsana ba bona ba kena holong e hiriloeng ba tjeka. Bamemuoa le bona ba kena motjekong ho fihlela ha molula-setulo a kenella e le hore, kamor’a thapelo, puo ea lechato e ka qala. Ka ho hlakileng, oo e ne e se moea o loketseng bakeng sa lechato la Bokreste. Leha ho le joalo, sena se bontša lebaka leo ka Iona baholo ba lokelang ho ba hlokolosi mabapi le machato a tšoareloang Holong ea ’Muso. Holong, ho sebelisoa feela ’mino o hahang, o kang o fumanoang bukeng ea lipina ea Lipaki tsa Jehova. Lipalesa leha e le life kapa mekhabiso li lokela ho ba tse itekanetseng le tse loketseng, joalokaha ho lokela ho ba joalo le ka tsela eo baetsana ba kenang Holong ka eona le tsela eo lifoto li nkuoang ka eona.—Ba-Filippi 4:5.
18. Ke bo-mang ba ka ’nang ba e-ba le monyaluoa le monyali lechatong? (1 Ba-Korinthe 5:13; Jakobo 2:1-4)
18 Mehleng ea Bibele, kamehla ho ne ho e-na le “motsoalle oa monyali” le metsoalle ea monyaluoa ea basetsana. (Johanne 3:29; Pesaleme ea 45:14) Hangata sena se ea etsoa machatong a bang Holong ea ’Muso. Leha ho le joalo, ho hlokahala kelello e masene ho tseba hore ke ba bakae ba bang teng moo, le hore na ba apara le ho itšoara joang. E tla ba ho sa lokang hore baetsana e be batho ba khaotsoeng kapa bao mokhoa oa bona oa bophelo o hananang le metheo ea Bibele. (2 Ba-Korinthe 6:14-16) Ho e-na le ho khetha batho ba phahameng kapa ba ka ’nang ba fana ka limpho tse theko e boima, balekane ba bangata ba Bakreste (le libui) ba rata ho ba le ba atamelaneng le bona ho sebeletseng Jehova e le baetsana.
19. Ke ho hlokomela lintho life hape ho tla thusa lechato le tšoaretsoeng Holong ea ’Muso hore le thabise?
19 Haeba Holo ea ’Muso e tla sebelisoa, tsebiso e khutšoaane e ka ’na ea etsoa mabapi le nako ea lechato. Ka tsela eo phutheho e tla tseba hore Holo e tla sebelisoa ’me ba ka ba teng haeba ba khetha joalo. Kaha Holo ea ’Muso haholo-holo ke ea liboka tsa Bokreste, lechato le tla ba ka hora eo e ke keng ea thulana le ea liboka tsena. Ho sa tsotellehe hore na ho lokiselitsoe nako efe, ha bohle ba fihla ka nako ba bontša lerato le ho nahanela. Setšoantšong seo Jesu a faneng ka sona se amang lechato, ‘monyali o ne a lieha,’ ’me ha hlahisetsa ba bang mathata a maholo.—Mattheu 25:1-12.
20. Ke karolo efe e ’ngoe ea lechato e hlokang tlhokomelo ea rōna?
20 Moprofeta Esaia o ngotse ‘ka monyali ha a thabela monyaluoa.’ (Esaia 62:5) Monyaluoa le eena o thabela letsatsi la hae la lechato. Ba bangata ba lakaletsang tsela tšoeu, le bona, ba ‘thaba ka thabo e kholo’ machatong a Bokreste. (Johanne 3:29) Hangata thabo eo e boleloa le ho phaelloa ke ho bokana ha botsoalle ho latelang lechato, mokete oa lijo, kapa mokete oa lechato. Ke keletso efe eo Jehova a fanang ka eona Lentsoeng la hae e tla tlatsetsa thabong ho e-na le ho hlahisa mathata ’mokeng e joalo? Ha re boneng.
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa puisano ea meetlo, bona Molula-Qhooa oa December 15, 1974, maqephe 572 le 573.
b Haeba ho fetisoa nako e telele haholo, batho ba motse ba ka ’na ba khopisoa ke tsela eo banyalani ba sebetsang litaba ka eona, kahobane ba sa utloisise hore na e be ba phela e le monna le mosali kapa ha ba phele joalo.—2 Ba-Korinthe 6:3.
c Lipuisano tsa Mangolo tseo lipuo tse joalo li ka ’nang tsa theoa ho tsona li ka fumanoa ho Molula-Qhooa oa September 15, 1969, maqephe 416-21; November 1, 1974, maqephe 499-502; September 15, 1977, maqephe 418-31.
d Haeba lenyalo le ile la tiisoa ka molao pejana ’me le lateloa ke puo ea lechato ea Bokreste, mosebeletsi a ka ’na a bolela hore bohato ba molao bo se bo nkiloe. Balekane ba bang ba ntse ba khetha ho pheta likano tsena ka pel’a Molimo le phutheho.
e Ka linako tse ling batho ba babeli ba sebeletsang Molimo ’me ba emetse ho ea kolobetsoa kopanong ba ’nile ba chatisoa Holong ea ’Muso.
Na U Hopola Ntlha Ee?
◻ Ho hlokahala hore Bakreste ba lemohe likotsi life mabapi le machato a mabenyane?
◻ Lipaki tsa Jehova li nka boemo bofe mabapi le litšebeletso tsa machato tsa molao le tsa bolumeli?
◻ Liqeto tsa ba nyalanang mabapi le tšebeletso ea lechato la bona li ka eketsa thabo ea Bokreste ea ketsahalo ee joang?
◻ Ke machato a mofuta ofe a ka tšoareloang Holong ea ’Muso?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ka thabo le ka hlompho monyali oa Moheberu o ne a tlisa monyaluoa oa hae hae