Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 10/15 leq. 19
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Borapeli ba Satane boa Eketseha
  • Ho Hana ’Nete
  • Batho ha ba E-s’o Khaotse ho Etsa Lipatlisiso Sebakeng
  • Bacha Ba Kajeno—Na Ba Hlaseloa Habonolo ke Borapeli ba Satane?
    Tsoha!—1994
  • Na ho Ntse ho le Bohlokoa ho Bua ’Nete?
    Lihlooho Tse Ling
  • Bathusi ba Borapeli ba Satane—Lithethefatsi Le ’Mino oa Heavy Metal
    Tsoha!—1994
  • Borapeli Ba Satane Mehleng ea Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 10/15 leq. 19

Ho Nyarela ka Litabeng

Borapeli ba Satane boa Eketseha

“Ho eketseha ha litšebeletso tsa Satane le ho tšoaseha ha batho ’minong o morethetho o boima oa liletsa tsa tšepe . . . ho entse hore bacha ba bangata ba kopanele borapeling ba diabolose.” Mantsoe ana a boletsoe ke The Press Democrat ea Santa Rosa, California. Lintho tse ling tseo bahlokomeli ba li akarelletsang borapeling bona ba Satane ke bosholu bo etsuoang mabitleng, ho retloa ha liphoofolo esitana le lipolao. Melaetsa ea Satane le matšoao a hae, ho akarelletsa le palo 666, a ngotsoe likoahelong tsa lialbamo le mantsoeng a ngotsoeng libakeng tsa batho bohle. Ke’ng eo hantle-ntle e hohelang bacha ba bangata hakaale tšebeletsong ea Satane? “Bana ba fumana melaetsa ea mefuta-futa ’minong [o morethetho o boima oa liletsa tsa tšepe],” ho its’alo lefokisi Dave Gaerin oa Lefapha la botlokotsebe la Setereke sa San Diego. “Ho bile le mokete oa ’mino mona ’me bana ba 15 000 ba ne ba le teng ba ntse ba hoa ba re ‘Natas’ ”—mantsoe ana a bolela “Satan” ha u a bala u khutlela morao.

Ntho e ’ngoe e hohelang ke ho batla ho ipusa. Seithuti se seng sa sekolo se phahameng se hapiloeng ke borapeli ba Satane se boletse mantsoe ana: “Kamehla ke nka Satane e le mothaka ea khutsitseng. Kahobane a laola karolo e le ’ngoe ea sebaka se phahametseng motho, o etsa hore u ikutloe o lokolohile ho iketsetsa ntho efe kapa efe eo u e ratang, athe Molimo oona o na le melao e bontšang kamoo u lokelang ho phela kateng.”

Ke lona leraba lena—cheseho ea ho batla ho ipusa ntle ho lithibelo tse molemo tsa molao oa Molimo—le entseng hore batsoali ba rōna ba pele ba hloke kutlo ’me ba lihele moloko ’ohle oa batho mahlomoleng a masetla-libete ka lilemo tse 6 000. (Genese 3:4, 5, 13) Satane o sebelisa thetso e tšoanang le kajeno lena, haholo kahobane a tseba hore nako e setseng e khutšoanyane. (Tšenolo 12:12; 2 Ba-Korinthe 2:11) Ba hanelang tšusumetso ea hae e hohelang ba ka lebella pele ho thabela ‘tokollo ea khanya ea bana ba Molimo.’—Ba-Roma 8:21.

Ho Hana ’Nete

Ha Jesu a le pel’a ’Musisi oa Roma Pilato, o itse: “Ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete. E mong le e mong eo e leng oa ’nete o utloa lentsoe la ka.” ’Nete e ne e le ea bohlokoa ho Jesu, o ne a ke ke a e koenehela.—Johanne 18:37.

Kajeno batho ba itšoara joang ka taba ea ’nete ea bolumeli? Mongoli oa The Times, ea London moqapi oa libuka oa Roma e Katholike Christopher Derrick o hlokometse: “Polelo leha e le efe ea ‘’nete’ ea bolumeli e bolela mofuta o itseng oa taba e lokelang ho tsejoa; ’me leha ho le joalo ka tsela e sa bonahaleng, le e masene, e hlahisa taba ea hore motho e mong o fositse.” A eketsa: “’Nete e tšosang ke hore haeba u ka bua mantsoe a bolumeli a hlalosang ho hong, u bolela hore motho e mong o fositse; le hore motho eo a ke ke a etsa letho ho hang.”

Hobane’ng? Ke hobane kajeno ho etsoa khoeletso e khōlō ea hore mekhatlo ea bolumeli e sebelisane, ’me Derrick o hlalositse sena e le “molemo o feletseng,” ’me baeta-pele ba bolumeli ba batla ho felisa karohano eohle. Ka baka leo motho e mong le e mong o tlohelletsoe ho lumela ntho e leng “molemo” ho eena. Ho thoe’ng joale ka ’nete? Jesu o itse: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” Batho ba ileng ba mamela seo a ileng a se bua ba ile ba leboha hore ha a ka a khella ’nete fatše—ba bona bohlokoa ba hore a ba lokolle meetlong le lithutong tsa bohata tsa baeta-pele ba bona ba bolumeli ba neng ba ba thibela ho fumana bophelo.—Johanne 8:32; Mattheu 23:13, 15.

Batho ha ba E-s’o Khaotse ho Etsa Lipatlisiso Sebakeng

Na sebakeng ho na le lipheli tse ling tse bohlale? Patlo ena e ’nile ea etsoa ka lilemo tse 25 tse fetileng ’me hona joale e ekelitsoe. The New York Times e beha hore: “Mosebetsing o moholo haholo, o akarelletsang ho hlahloba linaleli tse libillione ha o e-so ho fane ka bopaki bo bontšang hore ho na le bophelo bo bong kantle ho Lefatše.” Leha ho le joalo, mechini e meholo e ’meli le e meng e sebelisetsoang ho sheba sebakeng e sebetsa ka nako eohle le ho leka ho phenya-phenya sebakeng. Mosebetsi ona ’ohle o etsoa ka baka la lithuto tse bolelang hore “bophelo bo simolohile mafatšeng a mang” le hore “mohlomong batho ba bang sebakeng ba leka ho thea mecha ea puisano le ba bang,” ka hona ho etsoa lipatlisiso—esita le hoja ho se bopaki ba hore ho na le liplanete tse ling tse nang le baahi ntle ho planete e potolohang letsatsi la rōna.

Mosebetsi o moholo hakaale o etsoang ho ntse ho bonahala hore ha ho na bopaki bo o tšehetsang o totobatsa tšekamelo ea ka boomo ea batho ea ho hlokomoloha ’nete ea hore ho na le bophelo bo bong bo phahameng haholo sebakeng. Molimo le libōpuoa tsa oona tsa mangeloi ba teng sebakeng sa moea. Maholimo a bonahalang le pōpo ea oona ha li fane feela ka bopaki ba ho ba teng ha oona empa hape ho na le tataiso e ngotsoeng e fanang ka boitsebiso le thuto e neiloeng batho. Ho hlokahala hore batho ba se ee hōle empa ba shebe Bibele hore ba ithute ka tšimoholo ea motho, morero oa hae bophelong le nakong e tlang.—Pesaleme ea 14:1; 19:1; 2 Timothea 3:16, 17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela