Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 11/1 maq. 18-21
  • Ho Talima ka Nģane ho Lechato

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Talima ka Nģane ho Lechato
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lokisetsa Lenyalo le Thabileng
  • Ikemisetse ho Sebetsa
  • Hlaolela Botšepehi Lenyalong la Hao
  • Eketsa Thabo le Seriti sa Letsatsi la Hao la Lechato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Machato a Hlomphehang Mahlong a Molimo le a Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • U ka Hlophisa Lechato le Tlotlisang Jehova Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Machato a Thabisang a Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 11/1 maq. 18-21

Ho Talima ka Nģane ho Lechato

1, 2. Machato ho la Japane a bontša phapang efe e rutang?

MAKASINE oa Time (6 Tšitoe, 1982) o boletse hore naheng ea Japane machato ke ‘khoebo e khōlō e etsang lidolara tse 17 000 000 000,’ hoo ho bolela hore “banyalani ka bomong ba lefa chelete e tšosang ea lidolara tse 22 000.” Empa leha ho le joalo, “lenane la banyalani ba hlalang Japane le phahame haholo; balekane ba bararo ho ba leshome ba tla tlohelana.”

2 Ha ho bapisoa, pampiri ea litaba Hokuu Shimbun e itse ka lechato la ba banyalani ba Lipaki tsa Jehova Noshiro: “Ka bobeli ke Bakreste ba mafolo-folo, ’me motheong oa thuto eo baa nahana, ‘Lechato le ka ba bonolo empa hape ea e-ba le rorisoang ke bohle.’” Ha ho bapisoa le machato a theko e boima, a majaba-jaba a tloaelehileng, ho itekanela ha lechato lena ho entse hore e be le tšoaneloang ke ho rorisoa likoranteng. Pampiri ea litaba ea totobatsa: “Leha ho le joalo, lechato le ne le tletse ka thabo ea ho lakaletsa banyalani katleho ea kamoso.”

3. Letsatsi la hao la lechato le ka ama thabo eo hao joang?

3 Boikutlo ba banyalani le seo ba se batlang lechatong li ka amana ka ho toba le thabo ea bona ea kamoso. Hobane’ng? Ho ea ka Dr. Sally Witte setsebi sa thuto ea kelello, “boithuto bo bontša hore maikutlo ha a imeloe feela ke ho etsahalloa ke lintho tse mpe, empa le tsona lintho tse ntle.” Litsebi tsa bophelo ba kelello li bontša hore ho kena lenyalong ho u imela maikutlo ho feta ho lahleheloa ke mosebetsi. Ka ho hlakileng, ha lechato le le leholo, le sa lekanyetsoa, le le theko e boima ho e-na le ho ba lechato le tloaelehileng, boima boo u bo utloang bo tla ba matla ho feta.

4. Hangata ho etsahala’ng kamor’a machato a majaba-jaba?

4 Ho feta moo, batho ba bangata ba nyalang matsatsing ana ba lebisa tlhokomelo e khōlō—le litebello tseo e seng tsa sebele—lechatong leo kamorao ho Iona ho bang le ho nyahama ho tšabehang. Mosali ea tsoa nyaloa o boletse: “Ka likhoeli, mang le mang eo ke neng ke mo tseba o ne a bonahala a nkehile, e seng ’na feela. Empa lechato la feta ka potlako e kang ea motsotso, ’me ha re fihla hae re e-tsoa moketeng, ke ne ke aparetsoe ke masoabi.” Mohlankana ea qotsitsoeng bukeng Getting Married o itse:

‘Nako eo u lebeletsoang ka eona e lokela ho ba e khanyang haholo le e thabisang. Joale u lebelletse ho ba le lechato le leholo, le khabileng. Hoo hoa tšosa. Joale u ea phomolong ea kamor’a lechato, ’me hoo ho tšosa ka ho fetisisa. U lebella hore ho tla etsahala ntho e ’ngoe e mohlolo le e makatsang hang ha u nyala. ’Me hang-hang hoa thola ho re tu. Ka pele-pele le setse le le babeli feela.’

5. Bakreste ba lokela ho ba le pono efe ka lechato la bona?

5 Kaofela re ka lumela hore banyalani ba lokela ho lebella lechato la bona e le nako ea thabo, e khethehileng le ea bohlokoa, hobane ba nka bohato bo boholo bophelong ba bona. Empa ba tla tlatsetsa thabong ea lechato la bona haeba ba qoba ho hatisa lechato haholo hoo le sirang seo e hlileng e leng sa bohlokoahali, bophelo ba bona kamor’a lechato e le Bakreste ba nyalaneng.

Ho Lokisetsa Lenyalo le Thabileng

6. Pele ho letsatsi la lechato, ho bohlale hore u etse joang?

6 Jesu o boletse ’nete e ka sebelisoang ke batho ba seng lenyalong: “Hobane ke mang har’a lōna, ha a rata ho haha tora, a ke keng a lula pele ho bala se tla ntšetsoa eona, a tle a bone ha a e-na le seo a ka e phethang ka sona?” (Luka 14:28) E, ke bohlale ho nahana ka mohaho pele u o qala. Ho joalo le ka lenyalo. Baeletsi ba bangata ba lenyalo ba eletsa baeletsuoa ba bona hore ba lebelletseng ho chata ba ee lithupelong, kapa ba ee mekhatlong ea boeletsi mabapi le ho tloaelana le bophelo ba lenyalo le ho tobana le mathata a ka ’nang a hlaha. Moeletsi e mong o itse: “Hoja bana ba pasang sekolong se phahameng ba ne ba tseba haholo ka likamano tsa lenyalo joalokaha ba tseba ‘li-computer,’ lenyalo e ne e tla ba phihlelo e khotsofatsang haholo.”

7. Ke hokae moo u ka fumanang boitsebiso bo thusang ka bophelo ba lenyalo?

7 Lipaki tsa Jehova li fane ka tataiso e utloahalang karolong ena, tataiso e sa theoang lehlabatheng le fokhohang la maikutlo a motho ka se tlisang katleho bophelong ba lenyalo, empa keletsong e phethahetseng ea Moqapi oa lenyalo. (Pesaleme ea 119:98-105) Molula-Qhooa le Tsoha! li fana ka lihlooho tse fapaneng tse batsi ka bophelo ba lenyalo. U ka ananela hamolemo bongata ba litaba tse joalo ka ho sheba lihloohoaneng tse ngata le litšupiso tse tlas’a sehlooho “Marriage” ho index ea litokollo tsa Watch Tower Society, tse kang index ea 1976-1980. Lihlooho tse ngata tse buang ka lenyalo lia ithutoa phuthehong, ho lumella ba babeli ba lebeletseng ho nyalana hore ba utloe likeletso tse sebetsang tse tsoang ho banna le basali ba Bakreste ba nang le phihlelo ea botho hape e le liithuti tse mafolo-folo tsa Lentsoe la Molimo.

8. Haeba u ne u rera ho kena lenyalong, ke bohato bofe bo molemo boo u ka bo nkang?

8 Haeba u itokisetsa ho nyala, u lokela ho nahana hape ka taba ea bohlokoa e hatisitsoeng lithusong tse ling tsa ho ithuta Bibele. Ka mohlala, Happiness—How to Find Ita e na le likhaolo tse sebetsang le mathata a lichelete, botona kapa botšehali le ho finyella katleho bophelong ba lelapa. Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabilengb e na le keletso e eketsehileng e molemo e tsoang Lentsoeng la Molimo le phethahetseng. Likhaolo tse ling ke tsena “Ho Rala Motheo o Motle Bakeng sa Lenyalo la Hao,” “Kamor’a Letsatsi la Lechato,” “Monna ea Hapang Hlompho e Tebileng,” “Mosali ea Ratoang Haholo” le “Lerato, ‘Tlamo ea Phetheho!’ ” Lokisetsa ho sheba taba eo le molekane oa hao oa kamoso pele ho lechato la lōna. Hape, ho tla ba molemo hakaakang ho lōna ho buisana ka taba eo hammoho le moena oa Mokreste ea hōlileng tsebong eo le mo hlomphang le ea ka fanang ka litlhahiso tse thusang. (Liproverbia 4:1-9) Hona ho tla le thusa ka bobeli ba lōna ho boloka litokisetso tsa lechato la Iona hantle linthong tsa bohlokoahali, bophelo ba lōna hammoho joaloka balekane ba nyalaneng.

Ikemisetse ho Sebetsa

9, 10. (a) Ke hobane’ng ha pono ea sebele ka lenyalo e le ea bohlokoa? (b) Bakreste ba thusoa joang hore ba be le pono ena?

9 Re hlokometse hore ba bangata ba atamela letsatsi la bona la lechato ba lebelletse hore “ho tla etsahala ntho e ’ngoe e mohlolo le e makatsang hang ha u kena lenyalong.” Batho ba nang le pono ena ea bohata ba mocheng oa ho khelosoa, ho tlatlapuoa, le ho hloka thabo. ’Nete ke hore lenyalo le thabileng ke mosebetsi, mosebetsi o fetang hōle oa lechato, ho sa tsotellehe hore na le ne le le leholo hakae. Sebokeng sa pheko ea mathata a lenyalo se lokiselitsoeng ke moprofesa E. M. Pattison, mosali ea monyenyane ea bitsoang Betty o itse: “Ke ne ke nahana hore lenyalo ke monakalali oa keboleloa o netefatsoang feela ke ho phela hammoho. Empa ho ne ho se monakalali oa keboleloa lenyalong—ke mosebetsi o thata o mongata feela.”

10 Thuto ea Lentsoe la Molimo e lokela ho thusa Bakreste ho itokisetsa linnete tsa bophelo lenyalong. Hobane’ng? Pele ho tsohle, rea tseba hore batho bohle ba futsitse ho se phethahale ho Adama. Ba-Roma 3:23 e-ea re tiisetsa: “Hobane bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.” Feela joalokaha e le ’nete, motho ea sa phethahalang eo e tla ba molekane oa hao o tla u siteloa litebellong tse ling tsa hao. Hang ha ho qala tsela ea bophelo ba letsatsi le letsatsi, monna oa hao a ka ’na a hloka mamello, a khena hanyenyane, a ba ea kang o botsoa kapa a sekamela ho qoba litšoanelo tsa hae tsa Mangolo e le hlooho ea lelapa la lōna. Kapa, ha u ntse u phela le mosali oa hao, katamelano ea lenyalo e ka ’na ea mo senola e le ea kang ke lekako, ea ratang ho busa, ka nako e ’ngoe e be ea thata kapa a rata maruo ka tsela e makatsang.

11, 12. Ho ba ha hao Mokreste ho thusa ho ntlafatsa boemo ba bophelo ba lenyalo joang?

11 Ho ba ha lōna Bakreste ba lumelang hore keletso e fanoeng ke Molimo e phethahetse ke motheo oa ho ntlafatsa. Le ka ’na la khona ho buisana ka masene empa e le ka botšepehi ka libaka tseo e mong le e mong a tla ananela ho bona e mong a lumellana haholoanyane le keletso ea Molimo. Le be le bohlale le masene ha le khetha nako ea ho buisana ka litaba tse joalo, e seng ha ho bonahala hore molekane e mong o khopisehile kapa o koatile. Se molemohali se tla finyelloa haeba, nakong ea lipuisano tse joalo, ka ho phehella u leka ho qoba ho hanyetsa pono ea molekane oa hao. Ho e-na le hoo, mamela ka tieo ’me u lumele seo molekane oa hao a se nyatsang kapa a se kōpang.—Liproverbia 15:28; 18:13.

12 Ka mohlomong litaba tse joalo li itlhahela feela nakong eo monna le mosali ba kopanelang thutong ea bona ea lelapa ea Mangolo. Mokhoa oo o ka thusa, hobane o tiisa hore ka bobeli le na le takatso e tšepahalang ea ho amohela keletso ea Molimo hammoho le takatso ea ho thabisana. Thahasello ena ea Mangolo ea ho thabisana e lumellana le seo moapostola Pauluse a se ngotseng: “E mong le e mong ho lōna [banna] a fele a rate mosali oa hae joale ka ha a ithata, ’me mosali eena a hlomphe monna oa hae.”—Ba-Efese 5:33; bapisa 1 Ba-Korinthe 13:4-7.

Hlaolela Botšepehi Lenyalong la Hao

13. Ho thoe’ng ka ho tšepana pakeng tsa banyalani?

13 Le tla ba le thuso e khōlō ho rarolla mathata afe kapa afe a lenyalo kapa likhohlano haeba ka bobeli le hlaolela boemo bo haellang manyalong a mangata a lefatšeng—ho tšepana. Boemo bo soabisang bo tloaelehileng manyalong ao bo tšoana le bo neng bo le teng Iseraeleng: “Se tšepeng molekane, se ithetseng ka motsoalle; lebela menyako ea molomo oa hao pel’a ea robetseng sefubeng sa hao.” (Mikea 7:5; Jeremia 9:4, 5) Monna le mosali ba ne ba sa tšepane, e mong le e mong a tšohile hore le litaba tsa lekunutu li tla jala-jaloa hampe kapa li sebelisoe hampe. Ha ho se tšepane ho joalo ho le teng, tšepo ke efe ea hore banyalani ba tla sebetsa hammoho ho rarolla liphapang le ho ntlafatsa litlamo tsa lenyalo kamor’a letsatsi la bona la lechato?

14. Ke hobane’ng ha ho tšepana e le habohlokoa hakaale lenyalong, ’me re ka bona see joang ka Mangolong?

14 Mabapi le bohlokoa ba ho tšepana, Moprofesa Ned L. Gaylinc o ngotse: “Lenyalo le tšoanelehang, le khotsofatsang, le la nako e telele le na le litšiea tse peli: lerato le ho tšepana. . . . Ntle ho ho tšepana ho ka thoe lenyalo ke tumellano e thekeselang eo katleho ea eona e belaetsang.” Hlokomela kamoo Liproverbia 31:11 e hlalosang mosali ea molemo: “Pelo ea monna oa hae ea mo tšepa, ’me a ke ke a hlokisoa leruo.” Ha e le hantle, monna oa hae, monna ea hōlileng motseng, o tlameha a be a ne a tšoarane le litaba tse ling tsa phutheho tseo ka ho loketseng a sa li bolellang mosali oa hae. Hona e ne e le mosa hobane mosali oa hae ha a ka a imetsoa ka litaba tseo a sa lokelang ho li tseba. (Liproverbia 31:23; 20:19) Ntle ho moo, ho tlameha ho be ho bile le kamano e bulehileng le ho tšepana. E mong le e mong o ne a tšepa lerato la e mong ’me a ikutloa hore a ka ntša maikutlo ntle le ho nyenyefatsoa kapa ntle le hore litaba tse joalo tsa lekunutu li tsejoe ke bohle.

15. Re ka ithuta eng ka ho tšepana lenyalong litšebelisanong tsa Jesu le balateli ba hae?

15 Ho tšepana ho boetse ha bontšoa pakeng tsa Jesu le monyaluoa oa hae oa tšoantšetso oa Bakreste ba tlotsitsoeng. (Ba-Efese 5:22-32; 2 Ba-Korinthe 11:2) Ho bile le lintho tse itseng tseo a sa kang a li bolella baapostola tseo ba neng ba tla sitoa ho li jara. Leha e le hore Jesu o kile a pepesa letsatsi le hora ea letsatsi le leholo la Molimo; e, le eena mora, Jehova ha a mo senolela letsatsi leo. (Johanne 16:12; Mattheu 24:36) Empa ntle ho lintho tseo tse ’maloa tse ka thōko, Jesu o ne a ba bolella lintho tsohle. O ne a sa tsejoe ka lekunutu le fetelelitsoeng kapa e le motho ea bolokang lekunutu le ea sa tšepeng ba neng ba tla etsa monyaluoa oa hae oa moea. O ne a buisana le bona habonolo le ka nako e telele, le ho ba beela lintho tseo ba neng ba tla li utloisisa feela hamorao.—Johanne 13:7; Marena 8:17.

16. Ho tšepana ho ka tlatsetsa joang lenyalong le molemo?

16 Ha uena le molekane oa hao le hlaolela ho tšepana, ho tla matlafatsa litlamo tsa lōna tsa lenyalo. U tla ba le tšepo ea hore u ka bolela maikutlo a hao a sebele. ’Me ha mohlomong le buisana ka taba eo maikutlo a lōna a sa tšoaneng ho eona kapa sebaka seo molekane e mong a ka ’nang a etsa phetoho ho sona, e ka ’na ea se ke ea qheloa kapa ea hlahisa boikutlo ba ho itšireletsa ka ho teneha. Ho e-na le hoo, ka botšepehi u tla lumela hore molekane oa hao o oa u rata le hore ka botšepehi o hlahisa pono kapa tlhahiso eo u lokelang hore u ke u e nahane.—Liproverbia 27:6.

17. Ke eng e lakatsehang lechatong la rōna, ho sa tsotellehe hore na le fetile kapa ke hona le tlang?

17 Hape, ho tšepana hona ho ka khothalletsoa ka hore u nahane ka maikutlo a bonolo le a monate a lefereho la Iona le letsatsi la lechato. Ho hopola mehopolo e joalo e mofuthu ho tla u thusa ho hlōla boikutlo bofe kapa bofe ba ho teneha. Ka hona haeba hona joale u leferehong kapa u lokisetsa lechato la hao, etsa hona ka tsela e tla u siea le thabo, khotso, mehopolo e metle e tla hotetsa bonolo le maikutlo a mang a monate leha ho se ho fetile nako e telele u chatile.—Sefela sa Lifela 3:11.

[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York.

b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York.

c Motsamaisi oa Thuto ea Pheko ea Lenyalo le Lelapa, Univesithing ea Maryland.

U Ithutile eng?

◻ Ke mehato efe e sebetsang e ka ’nang ea tlatsetsa meketeng ea lechato e laolehileng haholoanyane?

◻ Machato a mangata a mabenyane a fella ka eng?

◻ Hoo ho ka ama litebello tsa hao tsa lenyalo le thabileng joang?

◻ Ho ba ha hao Mokreste ho ka u thusa joang mabapi le thabo ea lenyalo?

◻ Ke hobane’ng ha ho tšepana e le habohlokoa hakaale ho banyalani?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela