Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 11/1 maq. 22-26
  • Le Rapellane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le Rapellane
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Thapelo e ka re Etsetsang Sona
  • Ke Hobane’ng ha re Rapellana?
  • Bakeng sa Bonngoe, Tataiso le Bohlale
  • Bakeng sa Boboleli bo Atlehileng ho sa Tsotellehe Tlhōriso
  • Bakeng sa Bophelo bo Botle ba Moea
  • Melemo ea ho Rapellana
  • “Le Rapellane”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Mpho eo Jehova a re Fileng Eona
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Thapelo e ka U Thusa ho ba Motsoalle oa Molimo
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ho Atamela Haufi le Molimo ka Thapelo
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 11/1 maq. 22-26

Le Rapellane

“Le re rapelleng.”—2 BA-THESSALONIKA 3:1.

1-3. (a) Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba ka ba le kholiseho ha ba mo rapela? (b) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li lokela ho ba batho ba thapelo?

JEHOVA ke ‘moutloi e moholo oa merapelo.’ (Pesaleme ea 65:2) Ka lebaka leo, bahlanka ba hae ba tšepahalang ba ka mo atamela ka tšepo ka likōpo tsa bona tse ikokobelitseng le ka mantsoe a liteboho. Ka sebele, Lipaki tsa Jehova li na le mabaka a mangata a ho ba batho ba thapelo.

2 Lebaka le leng ke hore Jesu Kreste o rutile balateli ba hae ho rapela. A re ho bona: “Ha le rapela, le n’o re: Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; . . . u re fe, ka matsatsi ’ohle, bohobe ba rōna, bo lekanang letsatsi le leng le le leng; u re tšoarele libe tsa rōna, hobane le rōna re tšoarela ba re sitetsoeng; u se ke ua re isa molekong.” (Luka 11:2-4) Thapelo eo ka nepo e bea Molimo pele ’me e kopanyelletsa likōpo tsa botho. Thapelo ena ea Mohlala e boetse e bontšitse hore lithapelo tsa rōna ha lia lokela ho hlokomoloha batho ba bang.

3 Baapostola ba Jesu ba boetse ba khothaletsa balumeli ’moho le bona hore e be batho ba thapelo. Ka mohlala, moapostola Pauluse o itse: “Le tiee thapelong” hape a re, “Se phetseng ho rapela.” (Ba-Roma 12:12; 1 Ba-Thessalonika 5:17) Le moapostola Petrose o boletse: “Bofelo ba ntho tsohle bo haufi; le tsohe masene ke hona, ’me le phele ka boitšoaro, le tle le tsebe ho rapela.” (1 Petrose 4:7) Ke keletso e babatsehang hakaakang!

Seo Thapelo e ka re Etsetsang Sona

4. Ho hlokahala eng haeba lithapelo tsa bahlanka ba ineetseng ba Molimo li tla utluoa?

4 Seroki se tsebisahalang Alfred Tennyson se ngotse: “Lintho tse ngata li lokisoa ka thapelo ho feta kamoo lefatše lena le nahanang kateng.” Ke ’nete hakaakang! Empa haeba bahlanka ba ineetseng ba Molimo ba tla utluoa, lithapelo tsa bona li tlameha ho tobisoa ho Jehova ka tumelo ka Jesu Kreste, li tlameha ho lumellana le thato ea Molimo ’me li tlameha ho etsoa ka tsela e nepahetseng. (Johanne 14:6; 1 Johanne 5:13-15) Ka ho thahasellisang, ho ’nile ha boleloa: “Molimo ha o talime bokheleke ba lithapelo tsa hao, hore na li khahleha hakae; leha e le ho momahana ha lithapelo tsa hao, hore na li telele hakae; leha e le tsela ea lithapelo tsa hao, hore na li ngata hakae; ho latellana ha lithapelo tsa hao, mokhoa oa tsona; empa o talima botšepehi ba tsona.”—Thomas Brooks moruti oa Lenyesemane Kerekeng ea Engelane ea “Puritan” lekholong la bo17 la lilemo.

5. (a) Thapelo e ka re etsetsa eng? (b) Mabapi le thapelo, ke potso efe eo re tla e hlahloba?

5 Ho rapela kamehla, ka pelo eohle, ho re atametsa haufi le Jehova. Thapelo e ikokobelitseng le e matla e re thusa ho phethahatsa thōmo ea rōna ea ho bolela. (Mattheu 24:14; 28:19, 20; 2 Ba-Korinthe 2:17) E re thusa ho etsa liqeto tse thabisang Ntate oa rōna oa leholimo. Thapelo e boetse e re thusa ho mamella tlhoriso le ho boloka botšepehi ho Molimo. (Pesaleme ea 109:3, 4; 119:86) E re fa monyetla oa ho bolella Jehova teboho e tlohang botebong ba pelo. ’Me ho boetse ho teng ho rapellana. Empa ka ho rapellana, lithapelo tse joalo li ka re tsoela molemo le balumeli ’moho le rōna joang?

Ke Hobane’ng ha re Rapellana?

6. Jesu o ile a rapella bo-mang, ’me kahoo re ka rapella bo-mang?

6 Jesu, Mohlala oa rōna, o ile a rapella barutuoa ba hae. Ka matla, a rapela Jehova: “Kea ba rapella; ha ke rapelle lefatše, ke rapella bao u ’neileng bona, hobane ke ba hao.” Le hoja Jesu a shoetse lefatše la batho, ha a ka a rapella “lefatše” ka kutloisiso ea mokhatlo oa batho o khelohileng ho Molimo. Leha ho le joalo, Jesu o ile a rapella ba tsoileng lefatšeng leo ’me ba lumela ho eena. (Johanne 3:16, 17; 17:8, 9; bapisa 2 Petrose 2:5; 3:6.) Joale, ponong ea mohlala oa Jesu, ka ho loketseng re rapella batho ba joalo ba barapeli.

7. Ke mohlala ofe oa boapostola o susumeletsang batho ba Jehova hore ba rapellane?

7 Moapostola Pauluse o ile a rapella balumeli hammoho le eena. Ka mohlala, o bolelletse Bakreste ba Efese hore: “Ka baka leo, ha e sa le ke utloa le ’na tumelo ea Iona ho Morena Jesu, le lerato la Iona ho bahalaleli bohle, ha ke lese ho leboha ka Iona, ke ntse ke le hopola merapelong ea ka.” (Ba-Efese 1:15, 16) Ho feta moo, Pauluse ha a ka a tsila-tsila ho khothalletsa hore a rapelloe le ba bang. Hoba a khothalletse Baefese ‘ho apara lihlomo tsohle tsa moea’ le ho amohela “lerumo la Moea, e leng lentsoe la Molimo,” a phaella: “Le rapele ka Moea ka mehla, ka merapelo eohle, le falimehele teng ka tiisetso eohle, ’me le rapelle bahalaleli bohle. Le ’na le nthapelle, hore ke neoe ho bua phatlalatsa, ke tie ke tsebise batho sephiri sa Evangeli.” (Ba-Efese 6:11-19) Mohlala ona oa boapostola o susumelletsa batho ba Jehova hore ba rapellane.

8. Ke hobane’ng ha ho loketse hore Bakreste ba tlotsitsoeng le ba “bongata bo boholo” ba rapellane?

8 Lipaki tsa Jehova ke boena ba lefatše lohle. Har’a balateli ba Kreste ba tsoetsoeng ka moea ho na le “kopano,” kapa “botsoalle,” le Molimo, Mora oa oona le Bakreste ’moho ba tlotsitsoeng. (1 Johanne 1:3, 7; bapisa An American Translation.) Leha ho le joalo, Jesu o bontšitse hore barutuoa bohle ba hae ba ne ba tla ratana, ’me moapostola Petrose o itse: “Ratang banab’abo lōna bohle.” (1 Petrose 2:17; Johanne 13:34, 35) Kahoo, ho loketse hakaakang hore Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona ea “bongata bo boholo,” ba rapellane! (Tšenolo 7:9) Empa lithapelo tse joalo li ka bua ka eng?

Bakeng sa Bonngoe, Tataiso le Bohlale

9. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapella bonngoe ba boena ba rōna ba Bokreste?

9 Re lokela ho rapella bonngoe bo lerato boeneng ba rōna ba Bokreste. Jesu o ile a rapella hore balateli ba hae ba be bang le eena le Ntate oa hae, le Pauluse a khothaletsa barapeli ’moho le eena ba Jehova hore ba “phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.” (1 Ba-Korinthe 1:10; Johanne 17:20, 21) Moea oa ’nete oa boena kamehla e ’nile ea e-ba letšoao la ba ineetseng ho Jehova. ‘Ho hotle hakaakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang!’ (Pesaleme ea 133:1-3) ’Me tsela e ’ngoe ea ho tlatsetsa bonngoeng boo ke ka ho bo rapella.

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapella tataiso le tšehetso ea moea o halalelang?

10 Re lokela ho rapela hore Jehova ka moea oa hae a tataise le ho tšehetsa mesebetsi ea batho ba hae. Ba bang mohlomong ba na le likabelo tse thata haholo tšebeletsong ea Molimo—lintho tse neng li ke ke tsa finyelloa ka matla a motho feela. Kahoo, rōna, hammoho le Bakreste bana ba tšepahalang, re hloka thuso ea Jehova ka moea oa hae o halalelang.—Zakaria 4:6; bapisa Luka 11:13; Liketso 8:14, 15.

11. Mabapi le bohlale, re ka rapela ka tsela e loketseng joang?

11 Re ka rapella hore baena ba rōna ba fuoe bohlale bo tsoang ho Molimo. Pauluse o ile a rapela hore e se e ka Bakreste ba Kolosse ‘ba ka tlala tsebo ea thato ea oona [Molimo], ka bohlale bohle, le kelello eohle ea Moea; ba tle ba tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Morena, ba mo khahlise ka hohle.’ (Ba-Kolosse 1:9, 10) Ho boetse ho loketse ho rapella ba tsamaisang mosebetsi oa ho bolela le ho lokisetsa lingoliloeng tsa rōna hore ba be le “moea oa bohlale.” (Ba-Efese 1:15-17) Na u rapella ba tsamaisang mosebetsi oa boboleli ba ’Muso le ho lokisetsa lingoliloeng tse fanang ka lijo tsa moea nakong ea teng’?—Mattheu 24:45-47.

Bakeng sa Boboleli bo Atlehileng ho sa Tsotellehe Tlhōriso

12. Ba-Thessalonika ba Bobeli 3:1 e amana joang le ho rapella ba bang?

12 Hape re lokela ho rapella hore balumeli ’moho ba atlehe mosebetsing oa ho hasa molaetsa oa ’Muso. Pauluse o khothalitse: “Ha e le ka tse ling, banab’eso, le re rapelleng, lentsoe la Morena le tle le ’ne le titime, ’me le tlotlisoe hohle joale ka ha heno.” (2 Ba-Thessalonika 3:1; bapisa Ba-Efese 6:18, 19.) E, Pauluse o ile a kōpa balumeli ’moho le eena hore ba mo rapelle le metsoalle ea hae hore ba atlehe ha ba bolela “lentsoe la Morena.” Re lokela ho rapella ho hasoa ho potlakileng ha Lentsoe la Molimo le ho hōlisoa ha lithahasello tsa ’Muso. Bonneteng, lithapelo tse joalo li kopanyelletsa ba bang—bohle ba etsang thato ea Jehova ka cheseho ‘mehleng ena ea qetello.’—2 Timothea 3:1-5.

13. (a) Timothea oa Pele 2:1, 2 e bontša eng mabapi le ho rapella babusi ba lefatše? (b) Re ka rapella eng haeba re hlorisoa re le baboleli ba ’Muso?

13 Ka ho loketseng batho ba Jehova ba ka rapella babusi ba lefatše. Pauluse o itse: “Joale, khothatso ea ka ea sehloho, ke re: Liqelo, le merapelo, le lithapello, le liteboho, li etsetsoe batho bohle, le marena, le bohle ba boholong.” Mantsoe a tsoelang pele a Pauluse a bontša hore lithapelo tsena qetellong li molemong oa batho ba Molimo, ke “hore re tle re iphelele khotsong le boiketlong ka borapeli bohle le ka bokhabane.” (1 Timothea 2:1, 2) Ka ho thahasellisang, batlamuoa ba Bajode Babylona ba ile ba bolelloa hore ba rapelle khotso ea motse oo, ‘hobane khotsong ea oona ba ne ba tla ba le khotso le bona.’ (Jeremia 29:7) Ka lebaka leo, re le Lipaki tsa Jehova, ka ho loketseng re rapella babusi ba lefatše e le hore rōna le baena ba rōna ba moea re ka phela khotsong, le boiketlong bo tla etsa hore re khone ho ntšetsa pele thōmo ea rōna re le baboleli ba ’Muso. Empa haeba re hlorisoa, re ka rapela ka tšepo hore rōna le Lipaki tsa habo rōna re fuoe thuso ea Molimo e hlokahalang ho bua lentsoe la Molimo ka sebete tlas’a maemo a joalo. ’Me re ka kholiseha hore lithapelo tseo li tla arabeloa.—Liketso 4:29-31; 5:29.

14. Re na le motheo ofe oa Mangolo bakeng sa ho rapella baena ba rōna ba hlorisoang hore ba amohele thuso le matšeliso tsa Molimo?

14 Ka sebele ho loketse ho rapela hore baena ba rōna ba hlorisoang ba amohele matšeliso le thuso tsa Jehova. Seterekeng sa Asia, moo motse oa Efese o neng o hlonngoe teng, moapostola Pauluse o ‘kile a hatelloa ka hosele ho fetisa matla a hae, a ba a felloa le ke tšepo ea ho phela.’ Hobane, e ka ’na eaba o ile a loana le liphoofolo tse hlaha lebaleng la lipontšo Efese! Leha ho le joalo, Pauluse a bolella Bakreste ba Korinthe hore: “Re ntse re thusoa ke thapelo eo le ntseng le re etsetsa eona, hore mohau oo re o batleloang ke batho ba bangata, o leboheloe rōna ke ba bangata.” (2 Ba-Korinthe 1:8-11; Liketso 19:23-41; 1 Ba-Korinthe 15:32) Ha ho pelaelo hore re lokela ho rapella baena le likhaitseli tsa rōna ba utloang bohloko hore e se e ka Jehova a ka ba thusa le ho ba tšelisa kajeno.—2 Ba-Korinthe 1:3-7.

15. Re ka etsetsa balumeli hammoho le rōna ba hlorisoang eng le haeba le rōna re kentsoe litlamong?

15 Bahlanka ’moho le rōna ba Jehova ka sebele ba hloka lithapelo tsa rōna ha ba tobane le tlhoriso, khatello kapa likotsi. Ka linako tse joalo, re ka ’na ra arohanngoa le bona ’me ra hlōleha ho ba thusa ka tsela leha e le efe. Hobane, mohlomong le rōna re tla be re kentsoe litlamong! Empa, re ka etsa ho molemo haholo ka ho rapella balumeli hammoho le rōna. Hafeela re ntse re phela, lira tsa rōna li ke ke tsa thibela thapelo e joalo. E ka ’na eaba e khutsitseng, empa ka sebele e na le matla.—Bapisa Nehemia 2:4-6.

Bakeng sa Bophelo bo Botle ba Moea

16. Tumellanong le 2 Ba-Korinthe 13:7, re ka rapella Bakreste hammoho le rōna joang?

16 Re ka boetse ra rapela ka ho loketseng hore Bakreste hammoho le rōna ‘ba se etse bobe, empa ba etse hantle.’ (2 Ba-Korinthe 13:7) Thapelo e joalo e lerato, e se nang boithati e bontša hore re hlile re batla ha ba tsoela pele ba phela mohaung oa Molimo. Moapostola Pauluse o ngotse: “Ke ka baka leo re le rapellang ka mehla, hore Molimo oa rōna o le etse ba lokeloang ke pitso ea oona, ’me o phethe ka ho lōna ka matla lithato tsohle tsa mosa oa oona, le mesebetsi eohle ea tumelo.” (2 Ba-Thessalonika 1:11) Epafrase o ile a rapella Bakreste ba Kolosse hore e se e ka ba ka ‘ema ba phethehile, ’me ba kholisehile ke thato ea Molimo.’ (Ba-Kolosse 4:12, NW) Le hoja mantsoe ao a ne a tobisitsoe ho Bakreste ba tlotsitsoeng, lithapelo tsa rōna kajeno ka nepo li ka bolela maikutlo a joalo molemong oa bohle ba inehetseng ho Jehova.

17. Ke lithapelo life tse loketseng mabapi le bophelo ba moea ba baena ba rōna?

17 Re ka rapella bophelo ba moea ba barapeli ’moho le rōna. Haeba ba bang ba kula moeeng, ka nepo baholo ba khethiloeng baa ba rapella le ho rapela le bona, ho batla hore ba hlaphoheloe. Morutuoa Jakobo o ngotse: “Thapelo e entsoeng ka tumelo e tla pholosa mobabi, ’me Morena o tla mo tsosa liphateng.” (Jakobo 5:13-16; 1 Samuele 12:18-25) Lithapelong tsa rōna tsa lekunutu re ka bitsa balumeli hammoho le rōna ka mabitso ’me re ba lakaletse hore ba lule ‘tumelo ea bona e ntse e hloka sekoli.’ (Tite 1:13; 2:1, 2) Ha e le hantle, ho phoso ho rapella bao ka boomo ba hanang tokisetso ea Molimo ea topollo.—Ba-Heberu 10:26-29.

Melemo ea ho Rapellana

18, 19. Melemo e meng ea botho ea ho rapellana ke efe?

18 Ka sebele, melemo e mengata e tla fumaneha haeba re rapellana. Ka mohlala, lithapelo tsa rōna lia matlafala. Ha ho pelaelo hore ho rapella balumeli ’moho le rōna ho tla ntlafatsa boikutlo ba rōna ho bona. Ka sebele, lithapelo tse joalo li ka ’na tsa re etsa ba mamellang haholoanyane, ba sa ithateng, ba lerato, ba amehileng ka ba bang haholoanyane. Ho feta moo, ho rapella baena ba rōna ba moea le likhaitseli ho tla bontša Jehova hore re thahasella phutheho ea hae, mesebetsi ea eona le bophelo ba eona.

19 Ho na le matšeliso a maholo ka ho tseba hore baena ba rōna ba moea le likhaitseli baa re rapella, joalokaha re ba rapella. Ke ho babatsehang hakaakang ho hlokomela hore lithapelo tsa rōna bakeng sa lipaki tse ling tsa Jehova li utluoa ke “Ea utloang merapelo”! Kahoo, re rapellane ha re ntse re hōlisa lithahasello tsa ’Muso le ho phahamisa lerato le bonngoe.

Karabelo Ea Hao Ke Efe?

◻ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li lokela ho ba batho ba thapelo?

◻ Thapelo e ka re etsetsa eng?

◻ Ke hobane’ng ha re rapellana?

◻ Mabapi le balumeli ’moho, re ka rapella lintho life?

◻ Melemo e meng ea ho rapellana ke efe?

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Na u rapella Lipaki tsa Jehova tse ling hore li be le katleho mosebetsing oa ho hasa molaetsa oa ’Muso?

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ke hangata hakae u rapellang Bakreste ba hlorisoang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela