Lipotso Tse Tsoang ho Babali
■ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li hana ho fapanyetsana lithuso tsa tsona tsa ho ithuta Bibele ka libuka tsa bolumeli tsa batho bao li kopanang le bona?
Lipaki tsa Jehova li phethahatsa tšebeletso ea tsona ea pontšeng ka lebaka la ho utloa litaelo tsa Molimo. Jesu o boletse hore ‘mehleng ea qetello,’ “Evangeli ena ea ’muso e [tlameha ho] boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:3, 14) Ke kahoo Lipaki li sa eeng matlong a batho li batla ’nete kapa leseli. Ho e-na le hoo, li se li nkile lihora tse telele tse nehetsoeng ho ithuteng ’nete e tsoang Lentsoeng la Molimo ’me, kaha li amohetse “Evangeli,” li e abelana le ba bang ka kutlo.
Batho ba bangata ba lumela hore ‘malumeli ’ohle a lokile’ ba ka ’na ba ho nka e le ho nahanela haufi le ho nka litsela kahosele. (Bapisa maikutlo a Jesu a boletsoeng ho Mattheu 7:13, 14, 21-23.) Bafilosofi ba Bagerike ba Athene ea boholo-holo ba ile ba khothalletsa “maikutlo a bulehileng” joalo ’me ba thabela ho ‘bolela kapa ho mamela ho hong ho hocha.’ (Liketso 17:18-21) Empa eare ha moapostola Pauluse a hlaha ka pel’a bona, e ne e se ho ea fapanyetsana maikutlo kapa mahlale le bona. A sebelisa sebaka seo ho fana ka seo a neng a tseba hore ke ’nete, ho sa tsotellehe hore na o nkoa a nahanela haufi kapa che. Le hoja ba bang ho Baathene bao ba ile ba mo soma, ba bang ba nka bohato ’me ea e-ba balumeli.—Liketso 17:32-34; 2 Ba-Korinthe 6:14-18.
Ho totobetse hore Pauluse o ne a lemoha lithuto tse ling tse itseng tsa Bagerike, ’me tsebo e joalo a e sebelisetsa ho fana ka bopaki bo qaqileng haholo. (Liketso 17:28) Ka ho tšoanang, Lipaki tsa Jehova li tseba ka litumelo tsa ba bang. Li na le tsebo e ngata ea motheo ea lithuto tse lumeloang ke batho ba libakeng tseo li leng ho tsona. Ho buisanoe ka lithuto tse joalo bukeng What Has Religion Done for Mankind? hammoho le lihlooho tse ngata ho Molula-Qhooa le Tsoha! Boitsebiso bo joalo bo buang ka bolumeli bo sa tšoaneng bo fanoa tabeng e akaretsang ho fapana ha bona le lithuto tse nepahetseng tsa Bibele.
Lentsoe la Molimo le lemosa Bakreste hore ‘Satane le eena o ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli. Ha ho le joalo, re ke ke ra makala ha bahlanka ba hae le bona ba ikhakanya ka sebopeho se kang sa bahlanka ba ho loka; empa qetello ea bona e tla lekana le mesebetsi ea bona.’ (2 Ba-Korinthe 11:14, 15) Satane a atleha haholo ho hlaha e le “lengeloi la leseli” hoo a ileng a khona ho thetsa le motho ea phethahetseng, Eva. (1 Timothea 2:14) Kahoo e ka ba booatla bo fetisisang, hammoho le ho senngoa ha nako ea bohlokoa, hore Lipaki tsa Jehova li amohele le ho itšebelisetsa libuka tsa bolumeli ba bohata tse reretsoeng ho thetsa. Ha lia rera ho oela tseleng e bohloko ea Bajode, bao Pauluse a itseng ‘ba fapantse ’nete ea Molimo le leshano.’—Ba-Roma 1:25, NW; Revised Standard Version.
Ho feta moo, libuka tse ling tsa bolumeli tseo batho ba ka ’nang ba phehella Lipaki tsa Jehova hore li li bale li ngotsoe, kapa li na le maikutlo a batho ba koenehileng. Bakreste ba ’nete ba laeloa ho qoba bakoenehi ba joalo. (2 Johanne 9-11; Tite 3:10, 11) Ha e le hantle, ke ka baka leo Molula-Qhooa oa December 1, 1983, o ileng oa eletsa:
“Lekholong la pele la lilemo, Hymenea le Filete ba koeneha ’me ba leka ho senya tumelo ea ba bang. Tekanyo ea Molimo e ne e le hore: ‘U hane mesoaso ea lipolelo tsa lefeela.’ (2 Timothea 2:16-19) Bakreste ba tšoarelletseng tekanyetsong ena ba ne ba ke ke ba thahasella ho mamela bakoenehi, kapa hona ho fumana libuka leha e le life tse chefu tseo bana ba ka ’nang ba li aba ‘ho ipolokela maruo.’ Ke hobane’ng ha u ka tšehetsa bokhopo ba bona ka lichelete ka ho reka libuka tsa bona? (Tite 1:11) Re ke re tšoarelleng litekanyetsong tsa Molimo re le Bakreste ba tšepahalang, re fepa likelello tsa rōna ka seo e leng ’nete le se lokileng, ’me re itšoarelletse ka kananelo le ka botšepehi mocheng oo re ithutileng Bibele ka oona ka lekhetlo la pele.—Bapisa 1 Timothea 4:16.”—Leqephe 19.
Kahoo, ke ka baka la bohlale le ho hlompha keletso ea Molimo Lipaki tsa Jehova li sa itloaetsang ho fapanyetsana lithuso tsa bohlokoa tsa ho ithuta Bibele tse nang le ’nete ea Mangolo le libuka tsa bolumeli tse jalang phoso kapa maikutlo a bokoenehi.