Haha ’me U Sebelise Tumelo ea Hao le Baahloli
HAEBA ho ne ho ka thoe u khethe sehlopha sa Bibele sa batho ba tumelo e hlahelletseng, u ne u tla khetha sehlopha sefe? Baapostola ba 12? Bara ba 12 ba Jakobo? Mohlomong u ne u tla khetha bona. E, u ne u tla ba le mabaka a mangata a ho supa sehlopha se seng sa ba 12 bao tumelo ea bona re e babaletsoang ka Bibeleng.
Re bua ka banna ba 12 bao liketso tsa bona tsa tumelo li phetoang ka bukeng ea Baahloli. Ba bang ho bona mabitso a bona a boleloa ho Ba-Heberu 11:32-34: “Nka felloa ke sebaka sa ho bolela tsa Gideone, le tsa Barake, le tsa Samsone, le tsa Jafeta, . . . Bao bohle ka tumelo ba hlōtse marena, ba sebelitse ho loka, ba ruile lipallo, ba thibile melomo ea litau; ba timile matla a mollo, ba phonyohile bohaleng ba lerumo, ba thusitsoe lipabong tsa bona, ba entsoe linatla ntoeng, ba qhalile makhotla a lira.”
Mono u na le baahloli ba bane. Ke baahloli ba bakae hape ba khabane bao u ka ba hopolang? Leka mohopolo oa hao pele u sheba lethathamo le ka tlase.a Mohlomong hape u ka ’na ua hopola liketso tsa bohlokoa tse entsoeng ke baahloli, ba kang Samsone ha a timetsa marena a Bafilista le batho ba teng—le eena ka seqo—ka ho qhaqholla tempele ea Dagone, kapa ka Gideone ha a sebelisa banna ba 300 feela ho phalalisa makhotla a Midiane. Batho ba bangata Bojakaneng ba tseba litaba tse joalo ka sekolo sa Sontaha. Empa na bukeng ea Baahloli ba rua thuto ea bohlokoa e ka amang tumelo ea bona, ea ntlafatsa bophelo ba bona hona joale le ho ba thusa ho fumana ‘bophelo bo tlang ho tla’? (1 Timothea 4:8) Haeba u nahana hore ha ho joalo, ho fapane eng ka uena? Na u lumelletse buka ea Baahloli hore e thuse tumelo ea hao le bophelo ba Bokreste?
Rua Molemo ka Metheo
Bala buka. U tla fumana hore, le haeba u e bala ka lekhetlo la pele kapa u-oa e pheta, u tla fumana litlaleho tse ngata tse tletseng ketso. Li tla u nea ho hongata hoo u ka buang ka hona—le bana ba hao kapa bacha ba bang, hammoho le batho ba baholo ba nahanang. Leha ho le joalo, ha u bala hopola lintlha tse ling tse akaretsang lintlha tse ling tse akaretsang litlalehong tse ngata. Re na le mohlala ofe?
O mong ke hore ho bonolo haholo ho tlohella tumelo ea hao ho Molimo e fokole kapa ho lebala hore na o u etselitse’ng. Motho ea ithutang ka tšepo ea Bokreste le ea ho fumana tšoarelo ka Kreste a ka ’na a qala a e-na le cheseho e matla. A ka ’na a ea libokeng ka thabo ’me a kopanela tšebeletsong ea Bokreste. A etelletsa tsena pele bophelong ba hae, a sa tšoenyeha ka lintho tse bonahalang, tse kang hore na o na le koloi e ncha kapa che, ntlo e ntle kapa lisebelisoa tsa TV tsa morao-rao tse theko e boima. Empa kamorao ho lilengoana, na o tla lahleheloa ‘ke lerato leo a neng a e-na le lona pele’? (Tšenolo 2:4) Histori ea Iseraele e ileng ea senoloa ho Baahloli e bontša kamoo ka bonolo hoo ho ka etsahallang mang kapa mang ho rōna.
Likhaolo tse peli tsa pele li bula khoro. Hoba Baiseraele tlas’a Joshua ba lule Lefatšeng la Pallo, ha baa ka ba mamela litaelo tsa hore ba felise Bakanana ba rapelang litšoantšo le ba boitšoaro bo bobe. (Baahloli 1:28-33) Eaba Jehova o tlohella balichaba bana le melimo ea bona hore e be teko ho Iseraele. (Baahloli 2:19-23) Iseraele e ne e hlōloa ke teko hangata. Ke hona moo baahloli ba neng ba kenella.
Boemo ka moahloli oa pele, Othniele, ke mohlala oa se neng se etsahala nako le nako. Baiseraele ba ne ba inehetse borapeling bo litšila ba Baale, eaba Molimo o tlohella morena oa Syria a ba hatelle ka lilemo tse robeli. Hoo ha ba susumelletsa ‘ho bitsa Jehova hore a ba thuse. Eaba Molimo o hlahisa molopolli ea neng a ka ba pholosa, Othniele. Moea oa Jehova oa tla ho eena, ea e-ba moahloli oa Iseraele. Eare ha a futuha ho ea ntoeng, Molimo oa nehela morena oa Syria matsohong a hae. Kamor’a moo naha ea phomola ka lilemo tse 40.’—Baahloli 3:7-11.
Baiseraele bao ba tlameha e be ba ile ba leboha hakaakang hore ba lokolohe, joalokaha re ananela ho ithuta ’nete ea Bokreste le ho lokoloha bolumeling ba bohata! Leha ho le joalo, lilemo tse hlahlamang li tla tla le eng? Temana e latelang e re: “Eaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pel’a Jehova, ’me Jehova a tsosa Eglone, morena oa Moabe, hore a loantše ba-Iseraele, kahobane ba entse ho leng hobe pel’a Jehova.” (Baahloli 3:12) U bona mohlala le kotsi ea hore re lumelle kholiseho ea rōna e fokole. Empa ho re khothatsa, tlaleho e tsoela pele: Hang hoba Baiseraele ba inahane, Molimo oa hlahisa moahloli ea leqele Ehude. A fana ka molaetsa o tobileng ho Morena Eglone ea nonneng, o isang ho lopolloeng ha Iseraele. Bala karolo e thabisang karolong e saletseng Jg khaolo ea 3.
Tumelo e Matla Ketsong!
Ntlha e ’ngoe ea motheo e lokelang ho u khahla ke hore Molimo o ka u sebelisa ho phetha mesebetsi e meholo haeba u e-na le tumelo e matla.—Bapisa Mattheu 17:20; 21:21.
Mehlala e meng e mekhutšoaane: Nahana kamoo Gideone ka banna ba 300 feela ba tumelo a ileng a phalalisa Bamidiane ba neng ba “le ka ka litsie.” (Baahloli 7:1-25) Ka khothatso ea Debora, Barake a lopolla ka leboea ho Bakanana ba neng ba hlometse ka makoloi a ntoa a nang le litšepe tse tšabehang tse hlahileng mabileng a tsona. Hape u hlokomele hore le tabeng ena ke mosali ea ileng a etsa hore ho hlōloe. (Baahloli 4:1–5:31) Matla a Samsone a tsebisahala. Ka matla a fetisisang Samsone a petsola tau; a bolaea lira tse sekete ka mohlahare oa esele le ho qhaqholla monyako oa motse oa Gaza, a ea le oona thabeng.—Baahloli 14:5–16:3.
Ha ho pelaelo hore baahloli bana ba ile ba bontša tumelo e hlahelletseng, ruri e ba tšoanelehisa hore ba ka thathamisoa ka bukeng ea Baheberu e le mehlala ho rōna. Mehlala ka tsela efe? Ruri u ne u ke ke ua lebella ho petsola tau ka matsoho a feela, na u ka ho lebella? Empa u tla talimana le liphephetso tse matla tsa tumelo ea hao haeba u leka ho phela tsatsi le leng le le leng joaloka Mokreste ea tšepahalang ho Jehova.
Mohlomong joaloka motho e monyenyane sekolong u talimana le likhatello tse matla tsa ho leka ho sebelisa lithethefatsi kapa likamano tsa botona le botšehali, kapa hore u batle ho ithuta mosebetsi o tla u lefa hantle u le setsebi. U le motho ka mong, kapa le le lelapa, mohlomong u tetse lintho tse ngata tse bonahalang hore u be mosebeletsi oa nako eohle kapa ho phela moo ho hlokahalang ba joalo haholoanyane, empa u bona Bakreste ba bang ba bonahalang ba etsa ho phela hamonate ntho ea sehlooho bophelong ba bona. Kapa phephetso tumelong ea hao e ka ’na ea hlaha hobane e mong a u soabisitse haholo. Mohlomong ke motho ea neng a tsebahala har’a Bakreste empa eo boikhantšo ba hae bo mo entseng hore a fetohele baena ba hae. Le teng, mohlomong ke mong ka uena ea haufi eo lerato la hae le tapileng ’me a khaolitse ho sebeletsa Jehova.
Mabakeng leha e le afe ho ana, na u tla khothatsoa ke tumelo ea baahloli? Tumelo ea bona eo ba e filoeng ke Molimo ea ba nolofaletsa ho etsa se neng se ka ’na sa bonahala se le thata. Molimo oona oo o ka u nea tumelo haeba u tsoela pele ho e batla ka thapelo le ka ho mamella tseleng ea Bokreste. Tumelo ke tholoana ea moea o halalelang oa Molimo. (Ba-Galata 5:22) Ka oona moea o ileng oa tiisa Samsone, Jesu o itse, “Ntat’a rōna ea maholimong o tla . . . nea Moea o Halalelang ho ba o kōpang ho eena!” Ke ka baka leo hona khaolong eo ea Ba-Heberu e thathamisitseng baahloli e le mehlala ea tumelo, re tiisetsoang hore Molimo ke “moputsi oa ba o batlang.” (Luka 11:13; Ba-Heberu 11:6) Le uena a ka putsa tumelo ea hao.
Batla seo u ka Ithutang Sona
Re hlokomelisitse ka lithuto tse seng kae tseo u ka ithutang tsona ho Baahloli. Empa ha ho pelaelo hore u tla fumana molemo o eketsehileng ka karolo ena ea Mangolo a ‘bulutsoeng ke Moea oa Molimo, a nang le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka kholo ea ho loka.’—2 Timothea 3:16.
Ka mohlala, u tla bona hore Gideone ka boinyenyafatso o ne a sa batle ho kena tseleng ho fihlela a tiisa hore ruri e ne e le thato ea Molimo. Hamorao, boinyenyefatso bona boo ba mo thusa ho qoba hore katleho le botumo ‘li se mo mathele hloohong.’ U ka ’na ua rua molemo ho sena. Hopola hore ka lebotho le lenyenyane la Gideone Molimo o ile oa thusa hore ho qhaloe letšoele la Bamidiane. Nahana thoriso e ileng ea tlela Gideone. Ha ho bapisoa, u ka ’na ua rorisoa ka bohlale bo bong bo hlahelletseng, bo kang ho bua ka matla pontšeng kapa ho tseba ho hlophisa. Tabeng ea pele, “Batho ba Iseraele ba re ho Gideone: U re buse, e le uena, le mor’a oa hao, le setloholo sa hao, etsoe u re namoletse matsohong a ba-Midiane.” Motho a ka itšoara joang ka thoriso e joalo? Gideone a re: “Ha e le ’na, nke ke ka le busa, le eena mor’a ka a ke ke a le busa. Jehova ke eena ea tla le busa.” (Baahloli 8:22, 23) Le rōna re ke re loanele ho boloka boinyenyefatso joalo, re hlokomela hore mahlale ’ohle a rōna—mesebetsi ea rōna e bohlale—a tsoa mahlaleng a fanoeng ke Molimo ho batho.
Histori ea Gideone le baahloli ba bang e etsa hore re bone hore le bona e ne e le batho ba sa phethahalang, joaloka rōna. Re ka ithuta ho hong ka ho khoptjoa ha bona.
Kahoo, eitse ha Gideone a lumella Baiseraele ho abelana khapo ea bona le eena, a etsa efoda, seaparo sa kaholimo se theko e matla, mohlomong se khabisitsoeng ka mabenyane. Le hoja a tlameha hore e be o ne a e-na le tšusumetso e ntle ha a etsa sena, Baiseraele ba bang ba e nka e le setšoantšo sa ho rapeloa, ba tlosa tlhokomelo borapeling ba Jehova sehalalelong.—Baahloli 8:24-27.
Moea oa Jehova o ile oa sebetsa ka matla ho Samsone, o mo nolofaletsa ho etsa liketso tseo ho hlakileng hore li phahametse matla a motho. (Baahloli 14:5, 6, 9; 15:14, 15; 16:3, 28-30) Hape ‘ke ka Jehova’ a ileng a kōpa mosali e mong oa Mofilista hore e be mosali oa hae, hobane Samsone “o ne a batla sebaka sa ho loantša ba-Filista.” (Baahloli 14:4) Hona ha isa likhohlanong tse ileng tsa tlisetsa Bafilista ba bangata ba hatellang lefu. Hape ha ho pelaelo hore e ne e le ka tataiso ea Jehova Samsone a ileng a ea Gaza ’me a lula tlung ea mosali oa seotsoa, hobane hona ho ile ha isa ketsong e ’ngoe ea hae e matla ho nyenyefatseng Bafilista ba eisehang.b Leha ho le joalo, ho bonahala hore ho teana ha Samsone le basali bana mohlomong ho ile ha mo susumelletsa hore a etse ka booatla ha a ratana le Delila, eo ho bonahalang e ne e le mosali oa Moiseraele eo Bafilista ba neng ba ka mo nea tjotjo.—Baahloli 16:1-21.
Litlaleho tse joalo li re ruta hore re tlameha ho ikalosa kamehla litlhaselong tse bolotsana tsa sera. Ka mohlala, Mokreste a ka ’na a ba le sepheo se tlotlehang ha a etela morapeli hammoho le eena e motona kapa e motšehali ho fapana le eena, mohlomong ka ho ea mo tšelisa kapa ho mo khothatsa nakong ea tlokotsi. Empa ha hoa nepahala ho ho etsa moo ba leng babeli feela. Ho se phethahale ha botho ho ka ’na ha ba hulela boitšoarong bo sa lokelang, kapa boemo bo ka etsa hore bao ho ahisanoeng le bona ba bolele hore Bakreste ba ntse ba itšoere hampe joaloka ba bang motseng.
Le teng, nahanisisa ka tumelo le boinehelo ba morali oa Jafeta oa moroetsana. Bakreste ba bang ba masooa ba ka ’na ba ikutloa hore haeba maemo a loketseng a ka hlaha hoo ba ka fumanang balekane ba batle, ba lerato le ba tšepahalang, ba ka ’na ba kena lenyalong. Empa ha e sa le masooa ba ka hopola le hoja morali oa Jafeta a ne a e-na le linako tsa ho sareloa hore ha a boemong ba ho kena lenyalong le ho ba le bana, o ile a boela a ba le tumelo e babatsehang kabelong e khethehileng eo bosooa bo ileng ba mo lumella ho ba le eona.—Baahloli 11:30-40.
Tsena ke lintho tse ling tsa tse ngata tse molemo tseo u ka ithutang tsona bukeng e thabisang le e susumelletsang tumelo ea Baahloli. U ka qeta ho bala buka ka kholiseho e eketsehileng hore Jehova ke Molopolli e moholo oa ba mo rapelang. Haeba u e mong oa barapeli ba hae, batla hore u be le tumelo e matla, e tsoelang pele, joalokaha e bontšitsoe ka ho hlaka ho Baahloli.
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a Othniele, Ehude, Shamgare, Thola, Jaire, Ibtsane, Elone, Abdone. Le hoja le bona ba ile ba ahlolela Iseraele, Joshua le Samuele hase hangata ba akarelletsoang sehlopheng se bukeng ea Baahloli.
b Hoa utloahala ho qeta hore, e le moeti, Samsone o mpile a ipatlela boroko, ho e-na le ho ea tlung ea seotsoa bakeng sa mabaka a boitšoaro bo bobe. Tlaleho e bolela hore “a robala ha ba ha e-ba bosiu bo boholo” empa e seng hore “a robala le eena ha ba ha e-ba bosiu bo boholo.”
[Chate e leqepheng la 28, 29]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
NAKO HO TLOHA HO HLŌLOENG HA BAKANANA HO FIHLA PUSONG EA SAULE
Chate ena e fanoe ho bontša tsela e ’ngoe eo ho baloa ha linako ha Bibele ho boletsoeng bukeng ea Baahloli ho tšoanela hantle nako e bontšitsoeng libakeng tse ling. Bakeng sa lintlha tse ling tse qaqileng, bona Aid to Bible Understanding, maqephe 335-8.
Melao e entsoe ka mebala e sa tšoaneng ho bontša linako tse sa tšoaneng
1473 B.C.E
HO HLŌLOA ha Kanana (6)
Nako e kenellang (35[?])
SYRIA tlas’a Kushane-Risheathaime a hatella Iseraele (8)
OTHNIELE a hlōla Baasyria
“Lefatše la phomola” (40)
MOABE tlas’a Eglone a hatella Israele (18)
EHUDE a hlōla Bamoabe
“Lefatše la phomola” (80)
KANANA tlas’a Jabine morena oa Hatsore a hatella Iseraele (20)
SHAMGARE ‘a namolela Iseraele’ ho ba-Filista. Nako ha ea bontšoa.
BARAKE a hlōla Bakanana
“Lefatše la phomola” (40)
BAMIDIANE ba hatella Iseraele (?)
GIDEONE a hlōla Bamediane
“Lefatše la phomola . . . mehleng ea Gideone” (40)
ABIMELEKE a busa (3)
THOLA (oa Isakare) moahloli oa Iseraele (23)
JAIRE (oa Gileade) moahloli oa Iseraele (22)
BAAMMONE ba hatella Iseraele (18)
Lilemo tse 300 ho tloha ho hlōleng ha Iseraele. (Baahloli 11:26-33)
JAFETA moahloli; a hlōla Baammone (6)
IBTSANE (oa Bethlehema) moahloli (7)
BAFILISTA ba hatella Iseraele (40)
ELONE (oa Zabulone) moahloli (10)
ABDONE(oa Efraime) moahloli (8)
SAMSONE (oa Dane) moahloli (20)
Areka ea selekane Kiryathe-Jearime lilemo tse 20.
ELI Moprista e moholo (40)
Bafilista ba hlōla Baiseraele
Nako e kenellang (5[?])
SAMUELE Moprofeta, moahloli
Samuele o etella Iseraele ho hlōla Bafilista (1 Samuele 7:7-14)
1117 B.C.E
SAULE Morena (40) Puso e qala ka selemo sa 356 ka ho hlōloa ha Bakanana. (1 Marena 6:1; Deuteronoma 2:7; Liketso 13:21; 2 Samuele 5:4)