Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 9/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moshe—Kamoo Bophelo ba Hae bo U Amang Kateng
    Tsoha!—2004
  • Ke ka Tsela Efe Jesu Kreste e Neng e le Moprofeta ea Tšoanang le Moshe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Tseba Litsela Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • E-ba Motho ea Bonolo ’Me U Thabise Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 9/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

▪ Ha motho e fetoha e mong ao Lipaki tsa Jehova, na ka linako tsohle o lula a ntse a bitsoa joalo?

Che, Lipaki tsa Jehova ha li tšoane le bolumeli bo itšoarelletseng tabeng ea hore, ‘Hang feela ha u le setho sa rōna, u tla lula u ntse u le sona ka ho sa feleng.’ Sehlotšoana sa batho se ikhethela ho ikarola phuthehong ea Bokreste kapa se lelekoa kahobane e le baetsalibe ba sa bakeng.

Ka lekhetlo le leng barutuoa ba bangata ba ile ba furalla Jesu ’me “ba se ke ba hlola ba tsamaea le eena.” (Johanne 6:66) Bibele e boetse e hlalosa hore haeba Mokreste a sa bake a etsa sebe se tebileng, phutheho e tla ‘tlosa e mobe ka har’a eona’ ’me ‘e khaohane le eena.’—1 Ba-Korinthe 5:9-13.

Kahoo, kajeno, haeba Mokreste a oela sebeng, komiti ea baholo ba tšoanelehang moeeng e kopana le eena. Ba batla ho bona haeba a bakile hore a khutlisetsoe tseleng. (Ba-Galata 6:1) Haeba a sa baka, baholo ba mamela tataiso ea Bibele ea ho khaola mofosi hore phutheho e “hloke tomoso.”—1 Ba-Korinthe 5:7, “NW.”

Kapa, joaloka ha ho boletsoe ho Johanne 6:66, ka linako tse ling Paki ka boithatelo e etsa qeto ea ho tlohela tsela ea ’nete. Mohlomong e bile e ka bolela qeto ea eona kamor’a hore komiti e qale ho hlahlobisisa phoso ea eona. E ka ba bolella ka lengolo, kapa e bue sena pel’a lipaki tse ling, hore e batla ho ikarola phuthehong ’me e se hlole e bitsoa Paki. ’Me ho ke ke ha hlokahala hore baholo ba tsoele pele ka patlisiso ea bona. Leha ho le joalo, baholo ba tla etsa tsebiso e khutšoanyane ka ho ikarola ha eona hore phutheho e tsebe hore e ‘tsoile ho rōna.’ (1 Johanne 2:19) Ka ho etsa joalo ba tla be ba khomarela taelong e bululetsoeng ea hore ‘ba se amohele ea joalo matlung a bona kapa ho mo lumelisa, hore ba se kopanele le eena mesebetsing ea hae e mebe.’—2 Johanne 10, 11.

Ka baka leo, batho ha ba tlanngoa ho lula e le karolo ea phutheho. Empa bongata ba Lipaki tsa Jehova bo na le boikutlo ba baapostola bao ka boithatelo ba ileng ba khomarela Jesu, ba amohela thuso ea hae ea moea ’me ba thabela botsoalle bo mofuthu ba phutheho ea Molimo.—Luka 22:28.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela