Deuteronoma e re Khothalletsa ho Sebeletsa Jehova ka Thabo e Tsoang Lipelong
BARAPELI ba Jehova ba lokela ho mo sebeletsa ka botšepehi le ka thabo e tsoang pelong. Buka ea Bibele ea Deuteronoma e hlakisa taba ena. (Deuteronoma 28:45-47) Khothatso ea eona bakeng sa tšebeletso e joalo ea botšepehi le thabo e ama haholo bophelo ba lipaki tsa Jehova tsa lekholong lena la mashome a mabeli la lilemo.
Deuteronoma e ngoliloe ke moprofeta oa mo-Heberu Moshe a le mahoatateng a Moabe ka 1473 B.C.E. ’me e nkile likhoeli tse ka batlang li feta tse peli. Ho ka etsahala hore khaolo ea ho qetela e ile ea ekeletsoa ke Joshua kapa Moprista e Moholo Eleazare. Deuteronoma e na le lipuo tse ’ne, le tlhohonolofatso ea Moshe ha Iseraele e ea e lebile ho kena Naheng ea Pallo. (Deuteronoma 1:3; Joshua 1:11; 4:19) Ho Deuteronoma Moshe o hlalosa le ho buella lintlha tse itseng tsa Molao. Har’a tse ling, buka ena e bontša hore Jehova o batla ha borapeli bo isoa ho eena a ’notši. Hape e lemosa ka borapeli ba bohata le ho khothalletsa batho ba Molimo ho tšepahala tšebeletsong ea oona e halalelang.
Empa leha ho le joalo, ke ka litsela life tse khethehileng mantsoe a tlalehiloeng ho Deuteronoma a ileng a thusa Baiseraele? Buka ena e ka ba le molemo ofe ho Lipaki tsa Jehova kajeno?
Baiseraele ba bile naha thote ka lilemo tse 40 ha joale Moshe a buisana le bona. Karolong e ’ngoe, Moshe o bua ka ho khethoa ha baahloli ba neng ba tla mo thusa. O qotsa peho e mpe ea lihloela tse leshome e ileng ea lebisa bofetoheling le ho lelereng ha bona naha thote. Hape o ba hopotsa kamoo Molimo o ileng oa ba nea tlhōlo ka litsela tse ngata kateng. Moshe o ba lemosa ka ho iketsetsa setšoantšo se betliloeng ’me o hatisa taba ena ka hore: “Jehova, Molimo oa hao, ke mollo o timeletsang, ke Molimo o boulelang.” Joale ho latela khothatso ea hore ba utloe Jehova.—Deuteronoma 1:1–4:49.
Puong ea bobeli, Moshe o qala ka ho pheta Melao e Leshome le ho hlalosa kamoo Molao o fanoeng kateng. Taba eo a e buellang haholo ke hore ba rate Jehova Molimo ka pelo eohle, moea le matla. Hape o totobatsa ho rutoa ha bana. Lichaba tse supileng tsa Bakanana le borapeli ba tsona ba bohata li loketse timetso. Baiseraele ba bolelloa hore ba ile ba khethoa e seng ka baka la ho loka ha bona empa ka baka la ho tšepahala ha Jehova selekaneng sa hae. Hang ha ba kena Naheng ea Pallo, ba ne ba lokela ho lula ba tšepahala ’me ba se lebale Molimo. Mothating oo o ba phetela litaba tsa ho se tšepahale, ’me o ba bontša kamoo ho leng bohlokoa kateng ho ba le lerato la ’nete le tšabo ea Molimo. Mahlohonolo le thohako li beoa pel’a Baiseraele, ’me ba khothalletsoa ho utloa Molimo.—Deuteronoma 5:1–11:32.
Joale o ba bolella melao e amanang le bophelo ba bona Naheng ea Pallo. Har’a melao eo ke litaelo tsa ho felisa borapeli bo litšila, ho ja nama le ho sebetsana le mali, tsela ea ho tšoara baprofeta ba bohata le bokoenehi, lijo tse hloekileng le tse sa hloekang, le ho ntša karolo ea leshome. Ho fanoa ka lintlha tse qaqileng mabapi le litefello tsa topollo, bokhoba le matsibolo a liphoofolo. A hlalosa mekete e meraro e tšoaroang ka selemo, le litaba tse itseng tsa boahloli le melao bakeng sa marena le ba-Levi. Kamor’a hore likhaolo tsena li lemose ka bonohe, li bua ka moprofeta Moshe.—Deuteronoma 12:1–18:22.
Har’a litaelo tse ling tse fanoeng e bile tse mabapi le metse ea setšabelo, ba neng ba sa kene lebothong la bahlabani, ho itlhatsoa molatong oa mali, ho nyala basali ba thopiloeng, litokelo tsa letsibolo, bana ba bafetoheli, ho hlompha thepa ea motho e mong le bophelo, litaba tsa botona le botšehali, ho se tšoanelehe ho ba setho sa phutheho. Athe melao e meng ke e amang ba sebetsanang le makhoba, litefello tsa phaello le likano. Puo ena ea Moshe e lihela likhala ha a fana ka litaelo tse amang tlhalano, kalimo ea chelete, ho hauhela khutsana le mohlolohali, lenyalo le ngoan’abo monna, litekanyetso tse nepahetseng, ho fana ka lilopotsiea le karolo ea leshome.—Deuteronoma 19:1–26:19.
Puo ea boraro ea Moshe e simolla ka litaelo tsa ho ngoloa ha Molao majoeng a maholo. Litlhohonolofatso li ne li tla boleloa ho tsoa Thabeng ea Gerizime, le lithohako ho tsoa Thabeng ea Ebale. Joale o bontša phapang pakeng tsa litlhohonolofatso tse tlang ka baka la ho utloa Molimo le lithohako tse ka lebelloang haeba ba sa utloe.—Deuteronoma 27:1–28:68.
Mabapi le puo ea bone ea Moshe, ho qolloa ho nchafatsoa ha selekane pakeng tsa Jehova le Baiseraele. Moshe o ba hopotsa ka tlhokomelo ea Molimo ha ba tsamaea naha thote. O fana ka khalemelo ea ho hloka kutlo, ’me o hatella mohau oa Jehova. Qetellong, o bea pel’a bona khetho ea bophelo kapa lefu. Batho ba Iseraele ba ne ba ka ‘lula ba phela ka hore ba rate Jehova, ba utloe lentsoe la hae le ho mo khomarela.’—Deuteronoma 29:1–30:20.
Moshe o khothalletsa Baiseraele hore ba etse ka senna ha ba kena Naheng ea Pallo, hobane Jehova o tsamaea le bona. Ho khethoa ha Joshua e le moeta-pele ho ne ho tsamaisana le boprofeta bo maloka le bofetoheli ba Iseraele. Taba e latelang, e leng pina, Moshe o tlotlisa Jehova, o bolela ka malimabe a tla oela Baiseraele ba sa tšepahaleng empa o phetha ka tiiso ea boiphetetso ba Molimo bo tsamaisanang le ketso, “Etsang litlatse tsa thabo, lōna lichaba, hammoho le sechaba sa hae.” Moshe o ba nea mahlohonolo a ho qetela, ’me kamor’a moo moprofeta enoa ea tsofetseng ea lemo li 120 o ala mahlo a hae Naheng ea Pallo, oa shoa ’me o patoa ke Jehova lebitleng le sa tsejoeng.—Deuteronoma 31:1–34:12.
Ho ka etsahala hore kakaretso e fanoeng mona ka holimo e tsositse takatso ea hao ea lijo tsa moea. Empa ha u ntse u bala Deuteronoma, ho na le lipotso tse totobetseng tseo mohlomong u ipotsang tsona. Joale mona a re nahanele lipotso tseo ’me re arabe tse ling tsa tsona.
Puo ea Pele ea Moshe
• 4:15-24—Na mantsoe a moo a lemosang ka ho iketsetsa setšoantšo se betliloeng a bontša hore ho phoso hore motho a be le litšoantšo tsa batho?
Litemana tsena li hanela ho iketsetsa litšoantšo tse betliloeng ka morero oa borapeli ba bohata. Empa Baiseraele ba ne ba sa haneloa ho iketsetsa litšoantšo bakeng sa merero e meng. Ka mohlala, maseleng a khethehileng a tente ea tabernakele le a koahelang areka e halalelang ho ne ho entsoe litšoantšo tse amoheloang ke Molimo tsa likerubime. E ne e tla ba ho sa nepahalang hore ho nkuoa le ho tšoantšoa ha litšoantšo e se e le borapeli ba litšoantšo, ntle le haeba li ne li entsoe ka boomo bakeng sa borapeli ba bohata. Ka ho tloaelehileng, ha ho na Lengolo le hanelang setšoantšo, ho tšoantša ka pente le ho betla setšoantšo se etsoang ka merero e thusang kapa e bontšang mosebetsi o motle oa setšoantši sa batho kapa lintho.
Puo ea Bobeli ea Moshe
• 6:6-9—Na molao ona oa ho ‘tlamella molao oa Molimo letsohong’ o lokela ho utloisisoa o bolela ho tlamella molao letsohong la sebele?
Litemana tsena ha li tšehetse mokhoa oa ho roala lifilakatera (mabokoso a manyenyane ao kahar’a ’ona ho kentsoeng maqetsoana a ngotsoeng litemana tsa Bibele). Ho e-na le hoo, mantsoe ana ke a tšoantšetso. (Bapisa Exoda 13:9; Liproverbia 7:2, 3.) Ha ho boleloe hore melao e ne e lokela ho ngoloa nthong e itseng ’me e be motho oa e apara kapa o e maneha lifateng tsa menyako ea ntlo kapa mamating. Baiseraele ba ne ba lokela ho boloka litaelo tsa Molimo ka linako tsohle, ebang ba hae, ba tseleng kapa ba haufi le menyako ea motse, moo baholo ba neng ba tšoarela linyeoe tsa molao teng. Ba ne ba lokela ho boloka molao oa Molimo pelong, ba o rute bana ba bona, le ho e bonahatsa ka liketso (joalokaha ho etsoa ka matsoho) hore ba e khomarele. Batho ba ne ba lokela ho ikhetholla phatlalatsa e le baemeli ba molao oa Jehova, joalokaha e ka o ne o ngotsoe pakeng tsa mahlo a bona hore bohle ba o bone. Ka ho tšoanang, kajeno Lipaki tsa Jehova li batla ho ipaka e le bahlanka ba utloang Molimo. Lipelo tsa bona li ba khannela ho mamela Lentsoe la hae, ’me li tlatsa likelello tsa tsona ka lintho tseo e leng ’nete, tsa bohlokoa, tse lokileng, tse ratehang, tse bontšang boitšoaro le poko. Ka litsela tsohle li leka ho bontša hore litaelo tsa Jehova li ka pel’a tsona ka linako tsohle.—Ba-Filippi 4:8; Ba-Kolosse 3:23.
• 8:3, 4—Na sena se bolela feela hore ba ile ba neoa liaparo tse ling?
Tokisetso ea manna e ne e le mohlolo o tsoelang pele. Ho bile joalo le ka taba ea hore liaparo ha lia ka tsa ōnala ’me maoto a bona ha a ka a ruruha lilemong tse mashome a mane ba le lefelleng. Haeba e ne e le tloaelo hore ho tlisoe liaparo tse ling, ketso eo e ne e ke ke ea ba mohlolo. Ho ne ho ke ke ha e-ba le bothata ka ho sebelisa liaparo tsona tseo lilemong tseo kaofela, hobane liaparo tsa bona li ne li ka fetisetsoa ho ba banyenyane ’me ba bang ba ne ba tla fumana liaparo ha batho ba baholo ba e-shoa. Kaha palo ea Baiseraele e ne e batla e le kamoo e neng e le kateng bofelong ba leeto la lefeelleng, liaparo tsa pele li ne li tla be li lokile lilemong tse 40 kaofela.—Numere 2:32; 26:51.
• 14:21—Kaha Baiseraele ba ne ba sa je “nama e ichoeletseng,” ke hobane’ng ha ba ne ba lokela ho e nea molichaba kapa ba mo rekisetse eona?
Joaloka Monei-molao e moholo, Jehova o ne a na le tokelo ea ho beela Baiseraele feela melao e itseng. E ne e le “sechaba sa khethiloeng” ho eena. Lichaba tse ling li ne li sa boloke thibelo ea hoja phoofolo e ichoeletseng. Ho ne ho se letho le sa lokang ka ho nea molichaba setopo se sa ntšoang mali kapa ho mo rekisetsa sona, kahobane Baiseraele ba ne ba sa sothe litaba ’me moamoheli kapa motho ea ratang o ne a iketsetsa ka boithatelo. Re ka eketsa ka hore Deuteronoma 14:21 e lumellana le Levitike 17:10, e thibelang molichaba ho ja mali. Molichaba eo e neng e le mosokolohi o ne a sa lokela hoja mali, empa thibelo ena e ne e sa sebetse ho molichaba eo e neng e se mosokolohi ea feletseng. Moiseraele ea tšepahalang kapa mosokolohi o ne a talima motho eo ea sebelisang setopo sa phoofolo e sa ntšoang mali e le motho ea sa hloekang.
• 17:5-7—Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore letsoho la paki e be lona la pele ho otla motho ea neng a ahloletsoe lefu?
Motho e mong le e mong Iseraeleng o ne a lokela ho chesehela borapeli ba ’nete ’me a laba-labele ho bona hore phutheho e lula e hloekile le hore ha ho thohako e tlisetsoang lebitso la Molimo. Lipaki li ne li bontša cheseho e joalo ka ho etella pele ha ho lihuoa kahlolo. (Bapisa Numere 25:6-9; Deuteronoma 13:6-11.) Koana, ho pakela motho le ho ’molaea e ne e le litaba tse peli tse sa tšoaneng. Litaba tsena li ne li etsa hore paki e nahane ka kelo-hloko ha e fana ka bopaki, ’me e ne e le motho ea khopo feela ea neng a tla fana ka bopaki ba bohata a tseba hore ke eena oa pele ea tla nka bohato ba ho bolaea monna kapa mosali. Lipaki tsa Jehova li ka sebelisa metheo ena ka ho chesehela bohloeki ba phutheho ’me hape li be hlokolosi haholo ka ho fana ka bopaki ba ’nete. E mong le e mong oa rōna o lokela ho ikarabella ho Moahloli e Moholo, Jehova.—Mattheu 12:36, 37.
• 22:5—Ka baka la thibelo ena, na ho loketse hore mosali a apare borikhoe?
Morero o totobetseng oa molao ona e ne e le ho thibela ho sebelisoa hampe ha likamano tsa botona le botšehali le pherekano e neng e tlisoa ke ho se tsebe ho khetholla motho e motona ho e motšehali. Ponahalong le moaparong, ka tloaelo monna o batla ho shebahala joale ka motho e motona ’me mosali joale ka motho e motšehali. Ho Moiseraele ho tlola tšoanelo ena ea boikutlo bo ka hare ho ne ho ka lebisa ketsong ea bosodoma. Le hoja banna le basali ka nako eo ba ne ba apara liaparo tse telele, ho ne ho e-na le phapang pakeng tsa seaparo sa batho ba batona le ba batšehali. Ka ho tšoanang, likarolong tse ling tsa lefatše kajeno, banna le basali ba apara marikhoe, le hoja meseho ea banna e fapane le ea basali. Motheo oa temana ena ha o hanyetse hore mosali oa Mokreste a apare marikhoe ka linako tse ling, ha a sebetsa ka tlung kapa tšingoaneng. ’Me ho ea ka mokhoa o tloaetsoeng sebakeng seo leha ho hlokahala, marikhoe e ka ’na eaba seaparo se ratoang ha boemo ba leholimo bo bata haholo. Bibele e eletsa basali hore ba “itlhophe ka tlhompho le ka tšabo.”—1 Timothea 2:9, 10.
• 24:6—Ke joang ho nka leloala kapa tšilo ea lona e le tebelletso ho neng ho tšoana le ho nka bophelo ba motho?
Ka tloaelo, bohobe bo ne bo phehoa tsatsi le leng le le leng ’me hangata koro e ne e siloa hore e be phofo. Ka baka leo bohobe ba tsatsi le leng le le leng ba lelapa bo ne bo itšetlehile ka leloala. Ka mosa, molao oa Molimo oa thibela motho hore a se nke leloala kapa tšilo ea lona. Ho nka e ’ngoe ea lintho tsena ho ne ho tla fella ka ho amoha lelapa bohobe ba lona ba tsatsi le leng le le leng ’me ho ne ho tla lekana le ho nka “bophelo” kapa “tsela ea ho iphelisa.”
Lipuo tsa ho Qetela, Pina le Tlhohonolofatso
• 32:39—Ho tla joang hore ho se be le melimo e bang teng hammoho le Molimo athe Johanne 1:1 e bolela hore ‘Lentsoe le ne le na le Molimo ’me e ne e le molimo’?
Litemana tsena li bua ka litaba tse peli tse fapaneng haholo. Ntlha e boleloang ho Deuteronoma 32:39 ke hore melimo ea bohata ha e na kopano le Molimo oa ’nete, Jehova, liketsong tsa hae tsa ho phelisa. Ha e tsebe ho lopolla barapeli ba eona tlokotsing, ’me melimo e joalo e ne e le sieo linthong tsohle tseo Jehova a li entseng. Le hoja “Lentsoe” e le molimo kapa ea matla, ha a itekanye le Jehova kapa hore o itšoara joaloka mohanyetsi oa hae, joaloka ha ho builoe ka melimo ea bohata.—Deuteronoma 32:12, 37, 38.
• 33:1-29—Ke hobane’ng ha ho sa buuoe ka Simeone tlhohonolofatsong ena?
Simeone le Levi ba ile ba tšoarisana ketsong e sehlōhō, ’me le hoja ba ne ba na le likabelo Iseraeleng, likabelo tsena li ne li sa tšoane le tsa meloko e meng. Ba-Levi ba ne ba neuoe metse e 48 naheng eohle, athe karolo ea Simeone e ne e le lekanyelitsoe feela tikolohong ea Juda. (Genese 34:13-31; 49:5-7; Joshua 19:9; 21:41, 42) Ka baka leo ha Moshe a lebisa tlhokomelo ea hae ho Juda, o ne a tseba hantle hore kabelo ea Simeone e ne e kopanyellelitsoe ho eona. Ho feta moo, leloko la Simeone le oela tlas’a tlhohonolofatso e akarelletsang: “O lehlohonolo hakakang Iseraele! Sechaba ke sefe se tšoanang le uena, sechaba se pholositsoeng ke Jehova?”—Deuteronoma 33:29.
E na le Thuso e sa Feleng ho Bahlanka ba Tšepahalang
Deuteronoma e na le molemo o sa feleng ho bahlanka ba Jehova, ’me re ka iphumanela thuto ea bohlokoa ho eona. Ka mohlala, nakong ea phutuhelo ea Kanana, Joshua o ile a latela ka matla keletso e ngotsoeng bukeng ena. Ka ho tšoanang, re lokela ho ikemisetsa ho amohela tataiso ea Molimo. (Deuteronoma 20:15-18; 21:23; Joshua 8:24-29) Jesu Kreste o ile a qotsa ho Deuteronoma hore a atlehe ho hanyetsa Satane. Ho tšoana le Jesu, re lumela hore motho o lokela ho phela ka lipolelo tsa Jehova, le hore re ke ke ra leka Molimo le hore re lokela ho etsetsa oona feela tšebeletso e halalelang.—Mattheu 4:1-11; Deuteronoma 5:9; 6:13, 16; 8:3.
Buka ena e khetholla Jehova e le Molimo o hlokang borapeli bo khethehileng. (Deuteronoma 4:24; 6:15) E boetse ea bolela: “Rata Jehova, Molimo ao hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oohle.” (Deuteronoma 6:5) Taba ea bohlokoa ke hore, Deuteronoma e re khothalletsa ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. Ka baka leo, e se e ka re ka mo etsetsa tšebeletso e halalelang ka thabo e tsoang pelong.