Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 9/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boloka ‘Tšepo ea Hao ea Poloko’ e Khanya!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Poloko Seo e Hlileng e se Bolelang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Lumela Hore ke Tsona Feela Tse Tla Pholosoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Buka ea Bibele ea 54—1 Timothea
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 9/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

▪ Timothea oa Pele 4:10 e bitsa Molimo “’Moloki oa mefuta eohle ea batho, haholo ba tšepahalang.” (“NW”) Empa, na motho leha e le ofe ea sa tšepahaleng o tla bolokeha?

Che. Taba ke hore poloko e tšepisitsoe batho ba sebelisang tumelo ea bona.

Moapostola Pauluse o ne a elelitse Timothea hore molemo oa borapeli ke “pallo ea bophelo ba joale le ea bo tlang ho tla.” (1 Timothea 4:6-8) Eaba joale Pauluse o ngola taba ena e latelang: “Ka baka la sena re sebetsa ka matla, kahobane re beile tumelo ea rōna ho Molimo o phelang, eo e leng ’Moloki oa mefuta eohle ea batho, haholo ba tšepahalang.”—1 Timothea 4:10.

Molimo o nea batho bohle monyetla oa poloko. Pauluse o ngolile sena: “Hobane Molimo o mong feela, le ’Muelli mahareng a Molimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste motho, ea ineetseng ho ba topollo ea bohle.” (1 Timothea 2:5, 6) Empa ke mang ea tla arabela topollong eo, a khetha bophelo, e seng lefu? (Deuteronoma 30:19, 20) Batho ba bang ba hana molaetsa oa Bokreste oa poloko. Ba bang ba amohela ‘peō’ hore e mele le ho hōla ho se ho kae, empa hamorao ba lumella lithahasello tse bonahalang kapa likameho tse ling ho kena pakeng tsa bona le poloko.—Mattheu 13:3-8.

Le hoja Molimo o beile ka pele ho e mong le e mong monyetla oa poloko, qetellong lintho li tla paka hore haholo “ba tšepahalang” ke bona ba amohelang poloko. Ka hona moapostola Petrose oa khothatsa: “Ha ho le joalo banab’eso, le mpe le tiee matla ke hona ho tiisa ho bitsoa le ho khethoa ha lōna; hobane ha le ka etsa joalo, ke moo le ke keng la khopjoa le ka mohla o le mong.”—2 Petrose 1:10; Johanne 3:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela