E re Joshua a U Thuse ho Sebeletsa Jehova ka Sebete!
“LE TLA ba le mahlomola lefatšeng; le mpe le bete lipelo; ke hlōtse lefatše.” Mohlomong u-ua hlokomela hore ao ke mantsoe a monna ea neng a bitsoa Jesu. Leha ho le joalo, haeba u bua Seheberu, mohlomong u tla hopola lebitso la Joshua, hobane ka Segerike Joshua ke Jesu.—Johanne 16:33.
Ka nepo, khopolo e ’ngoe ea sehlooho bukeng ea Bibele e ngotsoeng ke moholo-holo oa Jesu, Joshua mor’a Nune, ke ho ba sebete. Empa, mohlomong u-ua ipotsa, re ka rua molemo joang bukeng ea Joshua? A re ke re qaleng ka khopolo ena ea ho ba sebete.
Monna ea Sebete
Ho ea qetellong ea bophelo ba Moshe, Jehova a khetha Joshua eo e neng e le khale a li bona hore a hlahlame Moshe. Joshua o e ne a tsoaletsoe bokhobeng Egepeta, empa kamor’a Phallo a iponahatsa hore ke moeta-pele ea hloahloa ha a qhala Baameleke ba hlasetseng ntle ho lebaka. (Exoda 17:8-16) Joshua a tiisa hore o sebete, o na le tumelo, ha e-ba eena feela le Kalebe ho banna ba 12 ba neng ba rometsoe ho hloela naha ea Kanana ba tlalehang ka sebete hore ka thuso ea Jehova ho ka hlōloa Bakanana ba boitšoaro bo bobe ’me ha haptjoa Lefatše la Pallo.—Numere 13:1–14:9.
Kaha Moshe ha a ka a lumelloa ho kena Lefatšeng la Pallo, a re ho Joshua: “Iphe matla, ’me u tiee pelo; hobane ke uena u tla kena le sechaba sena lefatšeng leo Jehova a anetseng bontat’a bona hore o tla ba fa lona.”—Deuteronoma 31:7, 23.
Le uena u bona hore na ke hobane’ng ha re ka lebella ho ithuta ka buka ea Joshua hore na o ne a le sebete joang le hore na le rōna re ka ba sebete joang. Ha e le hantle, ka makhetlo a fetang halofo ao mantsoe “sebete” le “tiee” a hlahang ka oona kaofela ka Bibeleng ke bukeng ea Joshua kapa litlhalosong tse buang ka eena. Ka mohlala, ha re qala ho bala buka ena, re fumana temoso ea Jehova ho Joshua: “Feela u iphe matla, u etse ka senna haholo [ka sebete], u hlokomele ho etsa ka molao oohle oo Moshe, mohlanka oa ka, a u laetseng oona. U se ke ua o kheloha ho ea ka ho le letona, leha e le ho le letšehali, u tle u atlehe kahohle moo u eang teng.” (Joshua 1:7) A re hlokomeleng liketsahalo tse ling tseo ho tsona Joshua a faneng ka bopaki ba hore ka hare o na le sebete sa tumelo hammoho le sebete se bonahalang sa ketso. Ke moo joale re tla bona hore na re ka ithuta eng ho sena.
Tumelo le Liketso Tsa Sebete
Hang hoba Jehova a phehelle Joshua hore a ‘be sebete a etse ka senna,’ a qala ho lokisetsa ho etella pele Iseraele hore e tšele Jordane ho kena lefatšeng la Kanana. Joshua a laela: “Itokisetseng mefaho, hobane matsatsi a sa tla ba mararo, le ntoo tšela Jordane ena, ho ea rua lefatše leo Jehova, Molimo oa lōna, a le neileng Iona ho le rua.” (Joshua 1:11) Ka hona, tumelo e sebete ha e-ea ka ea lumella Joshua a ikutloe hore ba tla lula feela e be ba emela Jehova hore a etse sohle. Ho ne ho hlokahala boiteko ba botho. Ka ho tšoanang, re hloka tumelo le sebete ho latela keletso ea Jesu ea ho tšepa hore Molimo o tla re thusa ho fumana lijo le liaparo tse lekaneng. Empa tšepiso ea thuso e joalo ha e bolele hore re tla lula feela re sa etse letho hore re phele.—Mattheu 6:25-33.
Bothata bo potlakileng bo neng bo talimane le Joshua e ne e le ho tšela Nōka ea Jordane selemo ha metsi a tlōtse mabōpo ’me ho tšela ka nako eo ho le kotsi haholo. (Joshua 5:10) Joshua ha a ka a fihlela qeto ea hore, ‘Mohlomong ho molemo ho emela lehlabula le leholo ha metsi a kokobela.’ Molimo o ne o itse ho nkoe bohato, ’me Joshua a etsa joalo ka sebete. Na u bona thuto moo? Ha e le nako bakeng sa rōna hore re etse ho hong ho amang borapeli ba ’nete, ho hlokahala re etse ka sebete, ho e-na le ho sekamela ho lieha ho emela ha ho bonahala maemo a le matle. E, ho nka bohato joaloka Joshua.—Moeklesia 11:4; Jakobo 4:13, 14.
Molimo oa bontša hore o na le Joshua ha o mo laela hore a re baprista ba jereng areka ea selekane ba kene ka nōkeng e jang litlhokoa. Eare ha ba hata metsi, ea arohana. Sechaba joale sa tšela joalokaha eka ke moo ho omileng. Ho e-na le hore Joshua a itlotlise ka sena, a latela litaelo tsa Jehova ’me a haha sefika sa majoe a nkiloeng ka nōkeng Gilagale (ha ba tšetse ba le ka lebōpong le ka bophirima.) E ne e le ho hatisa hore ‘letsoho la Jehova le matla, e le hore a tšajoe ka mehla.’ (Joshua 3:5–4:24) Le hoja re ke ke ra bona sefika seo sa majoe, seo Jehova a ileng a se etsa ka Joshua se lokela ho haha tšepo matleng a Molimo hore o ka nka bohato lebitsong la batho ba oona. Khopotso eo ruri e ne e tla ba ea bohlokoa ho Baiseraele ba neng ba talimane le motse o sirelelitsoeng ka marako oa Bakanana oa Jeriko.
Na Joshua, le hoja e ne e le molaoli ea sebete oa mabotho, o ne a tla etella pele Iseraele ho futuhela motse ona o marako? Mohlomong u tseba hore ho e-na le hoo Joshua o ile a latela litaelo tsa Molimo. Hore a etse joang? Hore banna ba lebotho la hae ba pota-pote motse ba khutsitse ka letsatsi ba setsoe morao ke baprista, ba bang ba letsa manaka a liphooko ’me ba bang ba nkile Areka. Ka letsatsi la bosupa ba pota hasupa, moo ‘sechaba sa hlaba litlatse, ha letsoa literompeta, . . . lerako [la Jeriko] la heleha kaofela.’ Hoo ha lumella banna ba Joshua hore ba futuhe ’me ba timetse motse. E, tlhōlo e phethahetseng!—Joshua 6:20.
Ho Tiea ka Sebete, Empa ka Kelello
Ho sa na le liketsahalo tse ling tse peli tseo joale re ka ananelang tšobotsi e ’ngoe ea sebete sa Joshua ka tsona. Ea pele e ama motse o haufi le oa Jeriko oa Ai. Ha Baiseraele ba o futuhela, ba baleha pel’a bona. Hobane’ng? Hobane Akane o ne a hapile lintho tse ling tsa Jeriko, ntho e ileng ea haneloa ke taelo ea Molimo. Batho ba bang ba ka ’na ba mo tšoarela hobane lintho tseo a neng a li nkile e ne e le tsa bohlokoa ’me le ho li nka ha hae ho sa bonahale ho ka ntša mang kapa mang kotsi. Mohlomong u ’nile ua utloa batho ba rialo ka bosholu bo bonyenyane mosebetsing kapa liphoso tse ling tse “fokolang.” Joshua a nka bohato bofe?
Ka thuso ea Molimo Joshua a ntša mofosi ’me a tiisa bosholu ka hore ho fumanoe lintho tse utsoitsoeng. Lintho tseo e tlameha e be li ile tsa bonahala li se na molato hakaakang! Empa Joshua a kena botebong ba taba, a re ho Akane: “U re ferekanyelitse’ng? Jehova o tla u ferekanya le uena kajeno.” (Joshua 7:25) Joshua, a tiile ho lokeng, a re moetsalibe a bolaoe, a hleka tsela hore ho hapuoe Ai. Re ntse re hopoletse hore na Joshua o sebelitse taba ea Akane joang, re ka inahana, ’Na ke tiile hakaalo ha bao ke sebetsang le bona kapa bao ke kenang sekolo le bona ba bebofatsa liketso tsa tlōlo ea molao kapa tsa boitšoaro bo bobe?’
Joale nahana ka ketsahalo ea bobeli, e neng e ama baahi ba Kanana ba Gibeone. Ha ba utloa hore Joshua o hlōtse Jeriko le Ai, ba rōmela banna ka bohlale ba ikentse baeti ba tsoang naheng e hōle ’me ba batla ho etsa selekane le batho ba Iseraele, ’me ba fela ba etsa. Eaba joale hoa hlahela hore banna ba tsoa haufinyane, Gibeone, ’me Baiseraele ba bangata ba qala ho korotla ka hore na taba ena e sebelitsoe joang. Na Joshua o ne a tla lōlōma ke bohale ka lebaka la bolotsana, a timetse Bagibeone?
Selekane se ne se entsoe, ’me Joshua a se hlonepha. A laela hore ho tloha ka nako eo ho ea pele Bagibeone ba fuoe mosebetsi oa ho kha metsi le ho roalla patsi bakeng sa ntlo ea Molimo. Bagibeone ba lumela ho hlompha tokisetso ena, ’me liketsahalo tsa phakisa tsa bona hore Joshua le eena, o tla e hlonepha. Joang? Marena a mahlano a Kanana a etsa selekane ’me a futuhela Gibeone. Ka potlako kamor’a ho tsamaea bosiu bohle, Joshua a nka bohato ho hlasela mebuso ena e kopaneng. Jehova a thusa ka ho nesetsa Bakanana sefako sa setonana hape ka mohlolo a emisa letsatsi letšehare lohle hore Baiseraele ba hle ba phethe tlhōlo. Re hopotse Bagibeone, ha re kena tumellanong kapa re ikana ka ntho eitseng e sa hananeng le metheo ea Molimo, na re tla ba sebete ka tieo joaloka Joshua? Na re boloka lentsoe la rōna le haeba ho le thata kapa khoreletso e le teng?—Pesaleme ea 15:4.
Habohlokoa, kamor’a ntoa e sa tsoa boleloa, ’me e le ha ho tla bolaoa marena a mahlano a sera, Joshua a phehella batho ba hae: “Se tšabeng, le se ke la tšoha, itiiseng, le be banna; hobane Jehova o tla etsa joalo le ka lira tsohle tsa lōna tseo le tla li loantša.” (Joshua 10:25) Baiseraele ba ne ba tla ba botleng haeba ba le matla ba bile ba le sebete ha ba khothometsa ntoa e laetsoeng ke Molimo ba qala ka ho hlōla ka boroa joale ba leba ka leboea moo morena oa Hatsore a neng a bōpile setsoalle se khahlanong le Iseraele se sa kang sa atleha. Le hoja Baiseraele ba ne ba se na menyetla e tsoetseng pele joaloka Bakanana, ba neng ba e-na le metse e sirelelitsoeng le makoloi a ntoa, ka sebete ba phetha thato ea Jehova.
Lintho Tse Ling Tse ka Ithutoang ho Joshua
Re hlile ra ela hloko lintho tseo re ka ithutang tsona bukeng ea Joshua tse amanang le sebete sa hae. Empa ha u ntse u bala buka u ka ’na ua fumana lithuto tse ling tsa bohlokoa.
Ka mohlala, basali ba bangata ba ’nile ba khahloa ke boikutlo ba Rahaba, ea ileng a sireletsa Baiseraele ba babeli ba neng ba tlile ho tla hloela Jeriko. Bakanana ba bangata, ha ba utloa ka lintho tse khōlō tseo Molimo o li etsetsang Iseraele, ba itšireletsa le ho loantša Iseraele ka tšabo. Ha hoa ba joalo ka Rahaba. O ne a utloisisa ho iqabanya le batho bahabo le ho bea bophelo ba hae kotsing hore a amohele mosa o lerato oa Jehova. Hape a iteka kahohle hore a thuse beng ka eena hore ba ithute hore na ho hlokahala eng hore bophelo ba bona bo sireletsoe. Ruri re ka sebelisa tlaleho ena ho thusa basali kajeno hore ba tsebe ha borapeli ba ’nete bo tla pele ho likamano le baahisani kapa linaha tsa habo bona.—Joshua 2:8-14.
U tla ithuta ntho ea bohlokoa ho Joshua ka ho se ahlole merero ea ba bang hampe. Ho amana le nako ea hoba ho hapuoe boholo ba Kanana, ha Joshua a se a abile naha ka meloko. Banna ba meloko e ’meli le halofo ba ne ba khutlela sebakeng sa bona ka bochabela ho Jordane. Ha ba etsa joalo, ba haha aletare. Meloko e meng ea potlakela qeto—le hona e fosahetseng—hore na aletare e bolela’ng. Ha nkha moea oa ntoa ea meloko. Ha u bala tlaleho ea Joshua khaolo ea 22, ithute hore u lokela ho ba hlokolosi ka ho nahanela merero le liketso tsa ba bang hampe. Hape, hlokomela hore na ho ka bang molemo ho uena ke eng haeba u ikutloa hore e mong o u etsellelitse kapa ha a ka a itšoara hantle.
Ho hong hoo re sa lokelang ho ho tlōlisa mahlo bukeng ea Joshua ke khatiso ea eona ho ithuteng le ho khomarela borapeli ba ’nete bo theiloeng Lentsoeng la Molimo. Molimo oa lemosa Joshua hore a bale lentsoe la Oona kamehla ’me a se ke a suthela hōle le lona. (Joshua 1:8) Hoba a hlōle Ai, Joshua a isa sechaba kaofela ka leboea sebakeng sa Sikeme, pakeng tsa Thaba ea Ebale le Thaba ea Gerizime. Eaba o haha aletare ea mahlabelo teng, ’me a “ngola molao oa Moshe majoeng ao.” (Joshua 8:32) Ho feta moo, a balla sechaba molao. “Ha hoa ka ha e-ba taba e le ’ngoe ea tsee Moshe a li laetseng, eo Joshua a sa kang a e bala pel’a phutheho eohle ea Iseraele, ho bile ho na le basali, le bana ba banyenyane, le balichaba ba tsamaeang le bona.”—Joshua 8:35.
Hamorao, hoba Joshua a phele ka nakoana motseng oo a neng a ikōpetse oona ka hlompho hore e be lefa la hae, a boela a phutha batho, a re: “Ke tsofetse, ke holile. Le bone tsohle tseo Jehova, Molimo oa lōna, a li entseng ho lichaba tsena tsohle ka baka la lōna; hobane Jehova, Molimo oa lōna, ke eena ea le loanetseng.” Eaba o ba phehella hore: “Tieang matla haholo ke hona ho boloka le ho etsa tsohle tse ngoliloeng bukeng ea molao oa Moshe, hore le tle le se ke la li kheloha ka ho ea ho le letona, leha e le ho le letšehali. . . . Le mpe le khomarele Jehova, Molimo oa lōna.” Ho ba khothalletsa seo, a ba hopotsa: “Lea itsebela . . . lōna bohle hobane ha ho ntho leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova, Molimo oa lōna a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle li etsahetse.”—Joshua 23:2-8, 14.
Qetellong, a boela a phutha sechaba bakeng sa likhothatso tsa hae tsa ho qetela ’me a ipiletsa ho sona: “Ikhetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, . . . Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.” Eare ha ba mo tiisetsa hore le bona ba tla etsa joalo, a etsa selekane le bona. Tlaleho e halalelang e re: “Ka mor’a tseo, Joshua mor’a Nune, mohlanka oa Jehova, a shoa, a le lilemo tse lekholo le nang le leshome le le leng.” Morapeli enoa ea tšepahalang oa Jehova ruri o re susumetsa ka matla hore le rōna re be sebete re iphe matla ha ‘re tšaba Jehova re mo sebeletsa ka sebete le ka ’nete.’—Joshua 24:14, 15, 29.