Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 9/15 leq. 32
  • “Buka Ena” Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Buka Ena” Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 9/15 leq. 32

“Buka Ena” Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele

Lengolo le tsoang Belize, Amerika e Hare, lea tlaleha: “Motseng o mong, Otoxha, moshemane e monyenyane a re mathela, a sheba ka mokotlaneng o mong oa rōna oa libuka, a kenya letsoho ’me a hula seo a ileng a se bitsa ‘Buka ENA.’ Hoba a ikholise hore ke Buka (Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele), a hula mokotlana o monyenyane o tletseng chelete e leoana. E ne e le likhoeli a ntse a bolokile chelete a lebelletse ka cheseho mohla letsatsi le le leng ka selemo leo ka lona Lipaki tsa Jehova li etelang motse oa habo.”

Lengolo la tsoela pele: “Pono e ’ngoe e hlomolang haholo mehopolong ea rōna ke ea ha monna a le mong feela ea buang Senyesemane motseng oo a lutse fatše ka har’a cabildo (ntlo ea motse ea baeti) ’me a fetolela Buka ea Lipale puong ea Kekchi ha banna ba bang ba mo potile, ba mametse lentsoe le leng le le leng ’me ba hlahloba ka nloko litšoantšo tse ntle.”

Re ikutloa hore le uena, u tla thabela ho fumana Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. E na le litlaleho tse 116 tsa Bibele tse neang ’mali kelello ea seo Bibele e se fupereng. Buka e ngotsoe ka mongolo o motenya ’me e na le litšoantšo tse fetang 125, boholo ba tsona li le mebala e metle. Fumana buka ena ea bohlokoa e maqephe a 256 ka ho tlatsa le ho romela setlankane sena.

Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata, e maqephe a 256 Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Ke kentse R3,00.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela