“Pelo” Lentsoeng la Molimo, Bibele
HA HO pelaelo hore pelo ea motho e hlokometsoe haholo monahanong oa batho ho feta setho leha e le sefe sa ’mele. Lithothokiso le libuka tse buang ka eona li ngata. Kahoo ha ho makatse hore ebe Lentsoe la Molimo le bua haholo ka pelo. Ha e le hantle, e boletsoe ka makhetlo a ka bang sekete ka mekhoa e sa tšoaneng. Joale, re lokela ho utloisisa eng ka lentsoe “pelo”?
Ka Bibeleng, ho tloaelehile hore lentsoe le sebelisoe ka litsela tse fapaneng. Ka mohlala, a ke re hlokomele kamoo Bibele e sebelisang mantsoe “maholimo” le “moea.” Ka linako tse ling, “maholimo” a bolela sebaka sa moea se kaholim’a lefatše moo linonyana li fofang teng. (Genese 1:26) Bokahohleng bohle bo bonahalang, ho akarelletsa linaleli tse bonoang le tse sa bonoeng, ka linako tse ling ho buuoa ka bona e le maholimo. (Pesaleme ea 19:1) Ho 2 Petrose 3:7 ho buuoa ka maholimo a bopolotiki. Leha ho le joalo, ka linako tse ling “maholimo” a bolela sebaka sa bolulo sa phutheho ea Jehova ea libopuoa tsa moea. (Tšenolo 12:12) A ka boetse a bolela ’Muso oa leholimo, ho ea ka 2 Petrose 3:13.
Hoa tšoana le ka lentsoe “moea” spirit. Ka linako tse ling Jehova Molimo, Jesu Kreste le mangeloi ho buuoa ka bona e le batho ba moea. (Johanne 4:24; 1 Ba-Korinthe 15:45; Ba-Heberu 1:13, 14) Matla a bophelo a susumetsang libopuoa tsohle tse phelang le oona a bitsoa “moea.” (Moeklesia 12:7) Matla a susumetsang motho ka linako tse ling a bitsoa “moea,” joaloka ho Liproverbia 25:28 (NW) ’Me, ka makhetlo a mangata haholo, matla a sebetsang a Jehova Molimo a bitsoa “moea” kapa “moea o halalelang.”—Genese 1:2; Zakaria 4:6; Mareka 13:11.
Joale, ho thoe’ng ka “pelo”? Ho Exoda 28:30 lentsoe la Seheberu bakeng sa “pelo” le bua ka setho sa sebele. Mona Jehova Molimo o ile a laela hore seaparo sa sefuba sa kahlolo se beoe pelong ea Aarone. Eo e ne e le pelo ea motho ea nama. ’Me ka ho totobetseng ho na le tšebeliso ea sebele ea Pesaleme ea 45:5, e balehang tjena: ‘Metsu ea hao e nchocho . . . ho hlaba pelo tsa bao e leng lira ho Morena.’
Hape, pelo e ka sebelisoa ho bolela bohare ba ntho. Ho Ezekiele 27:25-27 (NW) ka makhetlo a mararo re fumana polelo “pelong ea leoatle le bulehileng,” ha ho pelaelo hore ho bolela bolibeng ba leoatle. Ka ho tšoanang, Jesu o profetile hore o ne a tla ba “pelong” ea, har’a, lefatše ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.—Mattheu 12:40, NW.
Pelo e boetse e amana le maikutlo a rōna a thabo le a masoabi, kapa ho tepella. Ho 1 Marena 8:66 re bala hore ha tempele ea Salomone e ne e neheloa, ‘Iseraele eohle ea thaba ka pelo tse thabileng, tse nyakaletseng ke molemo oohle oo Jehova a o etselitseng Davida, mohlanka oa hae, le sechaba sa hae sa Iseraele.’ Ho Nehemia 2:2 re fumana Morena Artaxerxes a botsa Nehemia hore na ke hobane’ng ha a bonahala a tepelletse hakana ha a sa kule. A etsa qeto, “Hona hase ho hong ha e se masoabi a pelo.”
Pelo e amana le boemo ba rōna, boikutlo ba rōna, hore na ke ho iphahamisa, boikhohomoso, kapa ho inyenyefatsa, boikokobetso. Liproverbia 16:5 e re “motho ka mong ea ikhohomosang ka pelong, ke manyala ho Jehova.” Ka lehlakoreng le leng, ho Mattheu 11:29, Jesu o itse: “Ke mosa le pelo e nolo.”
Litšoaneleho tsa boitšoaro—botle, botšepehi, bobe le bokhopo—ho thoe li lula pelong. Ka mohlala, ho Jeremia 7:24 re bala ka Baiseraele “ba tsamaea mererong le bothateng ba lipelo tse mpe tsa bona.” Ho Mattheu 12:34, 35 Jesu o bontša hore lintho tse ntle le tse mpe li ka fumanoa pelong.
Tumelo e akaretsa pelo, hobane ho Ba-Roma 10:10, Pauluse o re bolella hore: “Motho o lumela ka pelo, hore a beoe ea lokileng, ’me o bolela ka molomo, hore a bolokehe.”
Tšusumetso e lula pelong. Exoda 35:21 e hlalosa hore ba neng ba etsa menehelo bakeng sa tabernakele “bohle ba pelo li ithatetseng, ba fihla.” Ho ea ka Ba-Heberu 4:12, 13, lentsoe la Jehova le tšoana le sabole e nchocho, e khonang ho “ahlola maikutlo le mehopolo ea pelo.” E, pelo ea motho ke mohloli oa tšusumetso, ho susumelletsa kelello botleng kapa bobeng. Mohlala oa pelo e susumetsang batho ba Molimo ho etsa ka bohlale o fumanoa ho Exoda 31:6, e balehang tjena: “Ke kentse bohlale pelong tsa batho bohle ba masene, hore ba sebetse tsohle tsee ke u laetseng tsona.”
Leha ho le joalo, kaholim’a tsohle, maikutlo a lerato le a lehloeo a amana le pelo. Baiseraele ba ne ba laetsoe hore: “U se ke ua hloea oa heno pelong ea hao.” (Levitike 19:17) Re boetse re bala ka pelo tsa Baegepeta tse neng li hloile Baiseraele. (Pesaleme ea 105:25) Ka lehlakoreng le leng Pauluse oa re bolella: “Moo taelo e isang teng, ke leratong le tsoang pelong e hloekileng.” (1 Timothea 1:5) Le Petrose o-oa re eletsa: “Joale, meea ea lōna ha e hlatsoitsoe ke ho utloa ’nete . . . a le ke le rataneng ka ho tiea ka pelo e hloekileng.”—1 Petrose 1:22.
Mangolo a boetse a bua ka liphihlelo tsa bohlokoa e le tse bolokiloeng pelong. Kahoo ho Luka 2:51 re bala hore Maria, ’m’a Jesu, o ile a “boloka litaba tseo kaofela [tse amang Jesu] pelong ea hae.”—Today’s English Version; New International Version; The New English Bible.
Khili, ke mesebetsi e mengata hakaakang le e fapaneng eo ho hlalosoang hore e etsoa ke pelo! Na ntho tsee tsohle li lula pelong ea nama? Hoo ho ka ba thata hore ho etsahale. Hona ho bontšoa ke lipuo tse ngolang phapang e hlakileng pakeng tsa pelo ea nama le pelo ea tšoantšetso. Ka mohlala, ka Sechaena le ka Sejapane ho sebelisoa litlhaku tse peli, tse bolelang “setho sa pelo,” bakeng sa pelo ea nama. Empa ha li hlalosa litšobotsi tse hlahang pelong, li sebelisa feela tlhaku ea pele ho tsena, tlhaku ena e kopanngoa le likarolo tse ling, ’me e fetoha tlhaku e rarahaneng ka sebele, mantsoeng a kang lerato, lehloeo, boikemisetso le mamello. (Bona lebokoso le tsamaeang le sehlooho sena.) Kahoo phapang e hlakileng e entsoe pakeng tsa setho se bonahalang le litšusumetso tsa motho le litšoaneleho tsa boikutlo, le hoja kamano pakeng tsa tsena tse peli e bolokiloe.
Hape hoa khahlisa ho hlokomela kamoo ho buuoang le ka litho tse ling tsa ’mele ka Mangolong. Ke ka lebaka leo re fumanang hore ka makhetlo a fetang 20 ho buuoa ka liphio tsa sebele Mangolong a Seheberu, haholo-holo libukeng tse hlano tse qalang Bibele. Khafetsa re bala ka “liphio tse peli, le mafura” kamanong le mahlabelo a liphoofolo a neng a hlokoa tlas’a Molao. (Exoda 29:13, 22; Levitike 3:4, 10, 15; 4:9; 7:4) Ha ho pelaelo hore hona ho bolela liphio tsa sebele. ’Me ha ho pelaelo hore Mopesaleme Davida o ne a bua ka liphio tsa sebele ha a ngola: “Efela ke uena u bōpileng letheka [“liphio,” NW] la ka; u ntohile popelong ea ’mè.”—Pesaleme ea 139:12.
Leha ho le joalo, na moprofeta Jeremia o ne a bua ka liphio tsa sebele ha a bolela ho Jeremia 11:20 hore Jehova o ‘lekola matheka [“liphio,” NW] le lipelo’? Ho feta moo, na Davida o ne a bua ka liphio tsa sebele ha a bolela hore: “Esita le ka bosiu pelo [“liphio,” NW] ea ka ea nkeletsa”? (Pesaleme ea 16:7) Ka sebele liphio tsa rōna li ke ke tsa re eletsa. O ne a bua ka eng? Na Jeremia 12:2 ha e fane ka leseli tabeng ee? E baleha tjena: “U ba hlomile; ba kentse metso, ba melile, ba beile litholoana. U haufi le melomo ea bona, u mpa u le hole le lipelo [“liphio,” NW] tsa bona.” Na moo “liphio” ha li bontše maikutlo a tebileng a motho? Lengolo lena le boetse le tšoana le Esaia 29:13, leo Jesu a qotsitseng ho lona, joalokaha ho tlalehiloe ho Mattheu 15:7, 8: “Baikaketsi, Esaia o na a profete tsa lōna hantle, ha a itse: Sechaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le ’na.” Ha ho pelaelo hore mona Jesu o ne a bua ka hore na bana ba khopo ke batho ba mofuta ofe botebong ba bona.
Mohlala o mong o ka ’nang oa fanoa ke lentsoe la Segerike bakeng sa mala kapa likahare, splagʹkhna. Le sebelisitsoe ka kutloisiso ea sebele ho Liketso 1:18, moo re balang ka Judase: “Empa eare hobane a ithekele tšimo ka moputso oa bokhopo, a itihela, a phatloha ka lehare, mala a hae a ba a horometseha kaofela.”
Leha ho le joalo, le hoja lentsoe lena le hlaha ka makhetlo a leshome le motso o le mong Mangolong a Bakreste a Segerike, ke lekhetlong lena feela moo le bolelang mala a sebele. New World Translation e fetoletse lentsoe leo e le “bonolo” ho Luka 1:78 le “lerato le mosa” ho 2 Ba-Korinthe 6:12; 7:15; Ba-Filippi 2:1; Ba-Kolosse 3:12 le Filemone 7. Ho Genese 43:30 le 1 Marena 3:26 ra·chamimʹ, lentsoe le tšoanang ka Seheberu, le fetoletsoe e le “mala” ho Authorized Version, leo ka nepo le bolelang “maikutlo a ka hare,” ’me le fetoletsoe joalo ho New World Translation.
Ho joalo le ka mantsoe a Seheberu le Segerike a sebelisoang e le “pelo” ka Libibeleng tsa rōna. Ho na le makhetlo a fokolang, ao ho buuoang ka pelo ea sebele, ka mohlala ho Exoda 28:30 le Pesaleme ea 45:5. Leha ho le joalo, makhetlong a ka bang sekete a mang a buang ka “pelo” ka Bibeleng, “pelo” ka ho hlakileng e sebelisitsoe ka kutloisiso ea tšoantšetso. Hona ha ho bolele hore ha ho na kamano pakeng tsa pelo ea sebele le pelo ea tšoantšetso. E teng. Ka mohlala, ho tepella maikutlo ho ka senya pelo, ha baka ho kula esita le lefu. Empa, ka ho hlakileng, phapang e tlameha ho etsoa pakeng tsa setho sa pelo le pelo ea tšoantšetso. Joalokaha W. E. Vine a bolela: “Pelo e sebelisoa ka tšoantšetso e le e emelang mohloli oa maikutlo a patiloeng a bophelo ba botho.”—An Expository Dictionary of New Testament Words, Moqolo II, maqephe 206-7.
Ho tsoa tlhalosong eohle e ka holimo ho hlakile hore mantsoe a Seheberu le a Segerike bakeng sa “pelo” a sebelisoa ke bangoli ba Bibele ho bua ka litšoaneleho tse ’maloa tsa boikutlo le boitšoaro tse tla etsa motho oa ka hare. Ka ho hlakileng, ha Lentsoe la Molimo le re lemosa ka litakatso tsa rōna le litšusumetso, le re thusa hore re mo “sebeletse ka pelo eohle.” Le re hlomella bakeng sa mosebetsi ’ohle o motle. (1 Likronike 28:9, NW; 2 Timothea 3:17) Keletso e molemo haholo tabeng ena e teng ka Lentsoeng la Molimo.
[Chate e leqepheng la 6]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Mongolo oa Sechaena o bontšang pelo
[Setšoantšo—Tlhaku ea Sechaena] pelo, hangata e-ea tšoantšetsa
[Setšoantšo—Tlhaku ea Sechaena] setho sa pelo, ea sebele
Hlokomela kamoo mongolo oa motheo o hlahang ka litšoaneleho tse amanang le pelo:
[Setšoantšo—Tlhaku ea Sechaena] lerato
[Setšoantšo—Tlhaku ea Sechaena] lehloeo
[Setšoantšo—Tlhaku ea Sechaena] ho tšoarela
[Setšoantšo—Tlhaku ea Sechaena] masoabi
[Setšoantšo—Tlhaku ea Sechaena] ho tšoenyeha
[Setšoantšo—Tlhaku ea Sechaena] boikemisetso
[Setšoantšo—Tlhaku ea Sechaena] khalefo
[Setšoantšo—Tlhaku ea Sechaena] mamello
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Pelo e amana le maikutlo, tumelo le litšusumetso tsa batho