Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 9/15 maq. 3-4
  • U Lokisetsa Bokamoso Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Lokisetsa Bokamoso Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bokamoso bo Joalo bo Tšepahala Hakae?
  • Ntho e ’Ngoe e-ea Haella
  • U ka ba le Bokamoso bo Thabileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Na Ruri Bokamoso bo tla Phethahatsa Litebello tsa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Kamoo U ka Fumanang Bophelo bo Thabisang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Bohlale ba Molimo bo ke Keng ba Lekanngoa
    Atamela ho Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 9/15 maq. 3-4

U Lokisetsa Bokamoso Joang?

“HO MOLEMO re inahane ka botebo ka bokamoso hobane re tla qeta bophelo ba rōna bohle moo!” Mohlomong u lumellana le polelo eo. Bongata ba rōna re bona bohlale ba ho etsa tokisetso e itseng bakeng sa bokamoso.

Libakeng tse ling, banyalani ba leka ho ba le bana ba bangata haholo hore ho tle ho be le ea tla ba hlokomela botsofaling ba bona. Bacha ba ka ’na ea kolecheng ho ea itokisetsa mesebetsi e metle. Ba baholo ba ka ’na ba boloka chelete e ngata bankeng ka boiteko ba ho lokisetsa botsofali bo monate. ’Me ba ba talimang chelete e le tšireletso e molemo ea bokamoso ba senya nako e ngata ea bona le matla, esita le bophelo, ka boiteko ba ho rua.

Bokamoso bo Joalo bo Tšepahala Hakae?

Litsela tsena tsa ho lokisetsa bokamoso li ka ’na tsa bitsoa bohlale bo tloaelehileng, ’me li na le bohlale bo itseng. Khathatso ke hore ka linako tse ling ha li atlehe. Batsoali ba futsanehileng ba ka ba le bana ba bangata, feela hore ba ba bone ba bolaoa ke maloetse kapa ke khaello ea phepo e nepahetseng. Kapa bana ba bangata ba hōlileng ba hana ho hlokomela batsoali ba bona. Hangata liithuti tsa mangolo a koleche li iphumana li tsoile mosebetsing kapa li sa thaba. Esita le banna le basali ba ruileng haholo ba bona kamoo mantsoe ana a Jesu Kreste e leng ’nete kateng: “Hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tsoa bongateng ba lintho tseo a li ruileng, leha li mo atetse haholo.”—Luka 12:15.

Ntle ho moo, ba ba bangata ba talima ka kameho ho phahama ha tšilafatso, khōlo ea pokello ea libetsa tsa “nuclear,” ho hloka botsitso ho eketsehang likamanong tsa machaba le ho thekesela ha boemo ba moruo, hammoho le boitšoaro bo hlephang. Ba na le boikutlo bo sa tsitsang ba hore bokamoso boo ba bo lokisetsang ka hloko hakana bo tla sitisoa ke liketsahalo tseo ba sitoang ho li laola. Ngaka ea mafu a kelello Karl Menninger o boletse maikutlo a ba bangata ha a ne a re: “Lefatše le boemong bo ferekaneng, bo sa tsitsang boo lintho tse tšabehang li ka etsahalang.”

Ho feta moo, hangata batho ba ferekanya merero ea bona ea bokamoso. Batho ba bangata ba sebelisa lithethefatsi, leha ba ntse ba bona bopaki bo bongata ba likotsi tsa ho li sebelisa hampe. Phuputso e pakile ho re ho tsuba ho ka baka kankere le mafu a mang a senyang bophelo. Leha ho le joalo ba bangata ba ntse ba tsuba. Ba bang ba shoa likotsing tsa sephethe-phethe tse etsahalang hobane bona kapa motho e mong a ne a khanna a tahuoe. Empa batho ba ntse ba e-noa ’me ba khanna. Boitšoaro bo bobe hangata bo tšoarisa mafu a tšoaetsanoang ka litho tsa botona le botšehali, empa hoo ha ho thibele ba bangata ho re ba se itšoare hampe.

Ntho e ’Ngoe e-ea Haella

’Nete ke hore ntho e ’ngoe e-ea haella ka tsela eo batho ba bangata ba rerang bokamoso ka eona. Bohlale bo tloaelehileng ha bo ele hloko linnete tsohle ’me ha bo khotsofatse litlhoko tsohle tsa motho. Ka baka leo, u ka ’na ua thahasella ho tseba hore Bibele e bua ka mefuta e ’meli ea bohlale—“bohlale ba lefatše” le ‘bohlale ba Molimo.’ (1 Ba-Korinthe 1:20, 21) Le hoja ho lokisetsa bokamoso ka litsela tse tloaelehileng ho e-na le melemo e itseng ka nakoana, ho latela bohlale bo tloaelehileng ka sebele ho batla ho se na molemo ho hang ha u lokisetsa bokamoso ba nako e telele.

Jesu o itse: “Bohlale bo ipakile bo lokile ka mesebetsi ea bona.” (Mattheu 11:19, NW) Joale, ke hobane’ng ha u sa sebelise metsotso e se mekae, u nahana ka ‘bohlale ba Molimo’ le ho bona kamoo bo ka amang pono ea hao ha u ntse u lokisetsa bokamoso?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela