Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 9/15 maq. 4-7
  • U ka ba le Bokamoso bo Thabileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka ba le Bokamoso bo Thabileng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re ka Fumana Tsebo e Joalo Hokae?
  • Boitsebiso ba Bohlokoa
  • Se ke ua Tšaba Bohlale
  • “Matlotlo ’Ohle a Bohlale”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
  • Bohlale ba Molimo bo ke Keng ba Lekanngoa
    Atamela ho Jehova
  • Na “Bohlale bo Tsoang Leholimong” bo Tataisa Bophelo ba Hao?
    Atamela ho Jehova
  • U Lokisetsa Bokamoso Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 9/15 maq. 4-7

U ka ba le Bokamoso bo Thabileng

KETSAHALO e totobetseng lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna e bontšitse kamoo ntho e ’ngoe e fetang bohlale bo tloaelehileng e hlokahalang haeba re batla ho lokisetsa bokamoso bo atlehileng. Matsatsing ao karolo e khōlō ea lefatše e ne e le tlas’a puso ea bohatelli ea Roma. Naha ea habo Jesu Kreste, Palestina, e ne e le karoloana feela ea ’Muso o moholo oa Roma. Empa moo Bajode ba ne ba nahana likhōlō. Ba ne ba sola-sola tlas’a puso ea Roma ’me ba rabela khafetsa. Har’a bona, bohlale bo tloaelehileng e ne e le hore Molimo o ka lehlakoreng la bona.

Leshomeng la bosupa la lekholo la pele la lilemo, Bajode ba etsa boiteko bo matla ba ho itjarolla joko ea Roma. Lekhotla la Roma la ba loantša ’me la batla le hapa motse oa Jerusalema empa joale la checha. Marabele a nahana hore a hlōtse ka thuso ea Molimo. Leha ho le joalo, Jesu o ne a se a ile a profeta hore motse o tla timetsoa. Kahoo, Bakreste ba khabane ba sebelisa ho checha ha Baroma e le monyetla oa ho baleha motseng. (Mattheu 23:33-39; Luka 21:20-24) Nakoana hoba ba tlohe, Baroma ba khutla. Ka 70 C.E. motse oa Jerusalema oa timetsoa ’me baahi ba oona ba bolaoa kapa ba rekisoa bokhobeng. Ke feela ba ileng ba mamela ka bohlale temoso ea Jesu ba ileng ba pholoha phihlelo eo e tšabehang.

Hoo e ne e le pontšo e makatsang ea bonnete ba polelo ena ea Bibele: “Bohlale ke tširelo; joale ka ha le eona chelete e le tširelo; empa moo tsebo e fetisang ka molemo, ke hobane bohlale bo phelisa ba bo ruileng.” (Moeklesia 7:12) Ka Kreste, Molimo o ne o file balateli ba Jesu tsebo ea hore na ho ne ho tla etsahala’ng. Ka bohlale ba latela tsebo eo, ’me ‘bohlale boo ba Molimo’ bo ba pholositse boemong boo chelete, thuto ea lefatše le tse tšoanang li neng li tla hloka molemo ho hang.—1 Ba-Korinthe 1:21.

Lefatšeng la kajeno le sa tsitsang, ba bangata ba tšaba hore ba ka timela joaloka Bajode bao ba Jerusalema. Merero eohle ea bona ea bokamoso e ka sitisoa ke koluoa e phahametseng taolo ea bona ea botho. Kahoo, seo re se hlokang ke tsebo e tšoanang le eo Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba bileng le eona—kutloisiso ea hore na bokamoso bo hlile bo tšoere eng le hore na tsela e bohlale haholo ke efe.

Re ka Fumana Tsebo e Joalo Hokae?

Selemo se seng le se seng ho hatisoa libuka tse likete, tse koahelang thuto e ’ngoe le e ’ngoe e ka nahanoang. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe boitsebiso bona bohle, bokamoso bo shebahala bo tšosa. Leha ho le joalo, kajeno re na le buka e fapaneng le libuka tse ling tsohle. E ne e se e qalile ho ngoloa pele ho mehla ea Salomone, ’me ka ho eona ho tlalehiloe ‘mantsoe a mangata a ba bohlale’ a kang “litsenene”—ho susumetsa motho ea amohelang hore a etse ka bohlale. (Moeklesia 12:11) Nakong eo Jesu a neng a tlile lefatšeng, karolo e khōlō ea buka ena e ne e se e ngotsoe, ’me o ile a sebelisa keletso ea eona ka bolokolohi ho thusa balateli ba hae hore ba etse ka bohlale. Jesu o ne a bua ka lipolelo tsena tse bohlale ha a ne a re: “Ho ngoliloe, ho thoe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.”—Mattheu 4:4.

E, buka eo ke Bibele. Empa Bibele e fapane joang le mokoloko o sa feleng oa libuka tse hatisoang kajeno? Ka lebaka le le leng, e fana ka tsebo ea mofuta o mong. Ke hokae hape moo u ka ithutang ’nete ka hore na motho o bōpiloe joang le hore na ke hobane’ng ha a e-shoa? Ke buka efe e ’ngoe e arabelang lipotso tse joaloka tsee: Ke hobane’ng ha Molimo o lumelletse bokhopo? Ke hobane’ng ha lefatše le senyehela pele? Na ho na le morero bophelong? Bibele e fana ka likarabelo tsa ’nete lipotsong tsena le tse ling tse ngata.

Hape Bibele e re fa keletso e bohlale le e sebetsang bophelong ba letsatsi le leng le le leng. E lemosa ka liphello tse mpe tsa botahoa, boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali le litšila tsa ’mele. E hatisa liphello tse molemo tsa lerato, boitšoaro le ho se be moithati. E beela lenyalo molao o hlileng o sebetsang ’me e fana ka thuso ea bohlokoa mabapi le ho finyella bophelo bo thabileng ba lelapa. Ha re latela keletso ea Bibele re tla khona ho lokisetsa bokamoso bo putsang.—1 Ba-Korinthe 6:9-11; 13:4-8; Ba-Galata 5:22-24; Ba-Efese 5:21–6:4.

Boitsebiso ba Bohlokoa

Leha ho le joalo, Bibele e molemo haholo hobane e re bolella ka Jehova Molimo, ’Mōpi. Ho tseba ka Jehova ke habohlokoa hobane ke eena Mohloli oa tsebo eohle. E, esita le lintho tseo batho ba ithutang tsona ka pōpo le bokahohle li ka ba ruta ho hong ka Molimo! Bibele e re: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona.” Ka sebele, ‘tse sa bonoeng tsa Molimo, li lemohuoa ka mesebetsi eo o e entseng.’ (Pesaleme ea 19:1; Ba-Roma 1:20) Bafuputsi le ba bohlale bo tebileng ba beellang Molimo ka thōko menahanong ea bona ba ka ’na ba etsa liqeto tse fosahetseng kapa tse sa fellang.

Ho ithuta ka Jehova ke habohlokoa hape hobane ho re bontša hore Molimo o na le merero ea hae ka lefatše le batho. “Mehopolo e mengata ka pelong ea motho, empa morero oa Jehova ke oona o tieang.” (Liproverbia 19:21) Ho sa tsotellehe seo batho ba lekang ho se finyella, haeba merero ea bona e hanana le merero ea Molimo, qetellong e tla ba lefeela.—Pesaleme ea 127:1.

Morena Salomone o itse: “Ho tšaba Jehova ke motheo oa tsebo.” (Liproverbia 1:7) Bohlale bo theiloeng tse bong e joalo bo na le molemo oa sebele ha motho a lokisetsa bokamoso. Empa Bibele e boetse e paka Jesu Kreste e le “Moeletsi ea makatsang.” (Esaia 9:6) Kahoo re ka rera bokamoso ka katleho joang haeba re mo hlokomoloha? Re tlameha ho mamela ‘mantsoe a hae a bophelo bo sa feleng’ a bolokiloeng ka Bibeleng. (Johanne 6:68) Ho feta moo, re tlameha ho mo hlokomela e le Morena e moholo ea khethiloeng ke Molimo, Ea tla ahlōla batho bohle. (Johanne 5:22) ’Me re lokela ho arabela leratong le leholo leo a le bontšitseng ka ho fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo bakeng sa libe tsa batho.—Johanne 3:16; 1 Johanne 2:1, 2.

E, Jesu ke motho oa bohlokoahali historing ea batho, ’me merero efe kapa efe e sa mo eleng hlōko e tlameha ho thekesela. Hona ke ’nete haholo-holo ha re nahana ka seo moprofeta Daniele a se buileng ka eena. Ha a bua ka ’Muso oa Molimo tlas’a Jesu Kreste, o itse: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” (Daniele 2:44; Pesaleme ea 2:1, 9) Hang, kamor’a moo, ’Muso oa Molimo tlas’a Morena Jesu Kreste o tla nkela mebuso eohle ea lefatše lena sebaka. Ka lebaka lena, lintho tse khathatsang batho hona joale—bothata ba tšilafatso, tšabo ea ntoa ea “nuclear,” ho se tsitse ha moruo le lipolotiki—li tla feta haufinyana. (Tšenolo 11:18) E, bokamoso ba hao e ka ba bo thabileng ka sebele Paradeiseng e tlang ea lefatše tlas’a puso ea ’Muso.—Luka 23:43.

Tsebo ena e re fa botsitso ha re nahana ka ho hlōleha ha babusi ba lefatše ho rarolla mathata. Empa ho na le bothata bo ka hlōloang.

Se ke ua Tšaba Bohlale

Lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a ruta ka tsela eo ho se nang e mong ea kileng a ruta. Matla a hae a ile a bontšoa ha a phekola ba kulang, ba foufetseng le ba hlotsang, a bile a tsosa bafu. (Mattheu 11:5, 6) Mehlolo ena e makatsang e ne e tsamaea le mokhoa oa Jesu oa bophelo o se nang sekoli. (Ba-Heberu 7:26) Ka sebele, lintho tse joalo li pakile hore Jesu e ne e le Messia ea tšepisitsoeng khale. Empa o ne a sa bolele ho ea ka bohlale bo tloaelehileng, ’me Bajode ba bangata ba mo khesa.

Lilemo hamorao moapostola oa Mokreste Pauluse a bolella Morena Agrippa. Ha a arabela mantsoe a Pauluse a matla, Agrippa a re: “U batla ho ntlhōla hore ke be mokreste.” (Liketso 26:28) Ka ho hlakileng, o ne a utloa matla a molaetsa. Empa ho ne ho bonahala ho sa tloaeleha ’me ho ne ho tla mo hloka liphetoho tse khōlō mokhoeng oa hae oa bophelo. Kahoo ha ho mohla Agrippa e kileng ea e-ba Mokreste.

Joaloka Morena Agrippa kapa Bajode ba ileng ba hlōleha ho arabela lipolelo tsa Jesu, ba bangata kajeno ba ho fumana ho le bonolo haholo ho latela bohlale bo tloaelehileng ho feta ho amohela bohlale ba Molimo. Empa hopola hore ke feela Bajode ba ileng ba arabela molaetseng oa Jesu ba ileng ba pholoha thipitlo ea Jerusalema.

Ka ho tšoanang kajeno, ke feela ka ho arabela bohlaleng ba Molimo rōna batho re tlang ho etsa ka bohlale ha re lokisetsa bokamoso ba rōna. Ke ’nete, ha feela tsamaiso ena e ntse e le teng re tla tlameha hape ho sebelisa kelello ha re lokisetsa bophelo ba rōna. Empa haeba litokisetso tsa rona tsohle bakeng sa bokamoso li theiloe tsamaisong ena ea lintho, e tla ba lefeela qetellong, hobane bofelo ba eona bo haufi. Ke tsela ea bohlale ba ’nete ho bala Bibele ka hlōko e le ho ithuta ka merero ea Molimo. Re lokela ho ithuta eona ka thapelo hore re tsebe seo o ratang hore re se etse hona joale. ’Me re tla be re etsa ka bohlale haeba ka letsoalo le letle re etsa thato eo.

‘Bohlale ba Molimo’ bo bea litholoana tse monate. Ngoan’abo Jesu Jakobo o itse: “O kae har’a lōna ea hlalefileng, ea rutehileng? A ke a bonahatse ka motsamao oa hae o motle mesebetsi ea hae ka mosa o tsoaloang ke bohlale. . . . bohlale bo tsoang holimo, taba ea bona ea pele, bo hloekile, hape bo na le khotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le litholoana tse monate, ha bo fetofetohe, ha bo na boiketsiso.” (Jakobo 3:13-17) Ka sebele bohlale bo joalo bo tla “phelisa ba bo ruileng”! (Moeklesia 7:12) Bo tla u atlehisa ha u lokisetsa bokamoso bo thabileng.

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 5]

“Bohlale ba Molimo” bo pholositse Bakreste ba pele boemong boo chelete e neng e se na thuso

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 7]

Bohlale bo theiloeng tsebong e tsoang ho Molimo bo na le molemo oa “sebele” mothong ea lokisetsang bokamoso

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Thuto e hlokolosi ea Bibele e senola hore Morena Jesu Kreste o ‘tla thumakanya lichaba ka molamu oa tšepe’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela