Lentsoe la Molimo Lea Phela
’Muso ke oa Bohlokoa Hakae ho Uena
A RE re mohlomong u ne u tseba hore ho na le letlotlo la bohlokoa le patiloeng tšimong e itseng. Haeba u ka rekisa sohle seo u nang le sona, u ka fumana chelete e lekaneng feela ho reka tšimo eo letlotlo le patiloeng ho eona. U ne u ka etsa joang?
Jesu Kreste o sebelisitse papiso e joalo ho bontša bohlokoa ba ’Muso oa Molimo. A re: “’Muso oa maholimo o joale ka letlotlo le patiloeng tšimong, leo eitseng hobane motho a le fumane, a boela a le pata: ’me ka baka la ho le thabela, o rekisa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, o ithekela tšimo eo.”—Mattheu 13:44.
Na u tšoana le “monna” ea setšoantšong? Jesu o ne a le joalo. Ha a tseba hore Molimo o rerile ho ba le puso ea leholimo—mona e bitsoa “’muso oa maholimo”—a rekisa sohle seo a nang le sona ho reka letlotlo leo le patiloeng, leo ho eena e neng e le tokelo ea ho ba Morena oa puso eo. Jesu a tela boemo ba hae e le motho ea matla oa moea leholimong ’me ea e-ba setho sa lelapa le futsanehileng la lefatšeng motseng o thōko oa Nazaretha. Hamorao, a utloa bohloko ke ho hlorisoa ’me, qetellong, a bolaoa sefateng sa tlhokofatso. Kahoo a ipaka hore o tšoaneloa ke ho ba Morena oa ’Muso oa Molimo.
Na le uena u tla itela joalo hore u fumane letlotlo le joalo? Ho hatisa hore hoa hlokahala ho etsa joalo, Jesu a boela a re: “’Muso oa maholimo hape o joale ka mohoebi ea batlang liperela tse ntle. Hobane a fumane perela ea bohlokoa, a ea, a bapatsa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, ’me a ithekela eona.”—Mattheu 13:45, 46, bapisa le NW.
E, mohoebi a ‘potlakela’ ho rekisa sohle seo a nang le sona hore a fumane chelete ea ho reka perela eo. Hona e tlameha e be ho ile ha akarelletsa boitelo bo bokaakang le khoreletso! Empa hoo hohle e ne e se letho. O ne a tlameha ho nka bohato pele a lahleheloa ke monyetla! Letlotlo le theko e boima le ne le tla koala sekheo sefe kapa sefe le khoreletso. Ho joalo le ka ’Muso. Ho o etelletsa pele bophelong ba rōna ho ka ’na ha e-ba thata. Empa ke eng hape e ka bapisoang le moputso oa ho busa le Jesu Kreste leholimong kapa ho ba e mong oa bafo ba ’Muso oa hae ba tla thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng? Na u bona taba ka tsela ee?
Jesu o phehelletse balateli ba hae hore ba be le pono eo, a bile a sia mohlala oo ba ka o latelang. (1 Petrose 2:21) Boikutlo ba hae ka bophelo bo bontšoa ka mantsoe ana: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng, le ho phetha mosebetsi oa hae.” (Johanne 4:34) Sepheo-pheo sa Jesu e ne e le ho etsa thato ea Molimo. Ha a ka a leka ho ba le lintho tseo batho ba bang ba neng ba li nka li hlokahala bakeng sa bophelo bo “loketseng.” O ne a amehile ka ntho e le ’ngoe—ho fumana tšimo e nang le letlotlo le patiloeng, ho reka letlotlo la bohlokoa. Na le uena u hlile u batla ’Muso oa Molimo pele? Na tsela eo u phelang ka eona e-ea ho bontša?—Mattheu 6:31-33.