Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 9/15 maq. 10-15
  • “Ba-lseraele Bohle ba Tla Bolokeha”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ba-lseraele Bohle ba Tla Bolokeha”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ba-Iseraele Bohle” ke Bafe?
  • Mosebetsi oa ho Khethuloa ha Makala o Phethuoe
  • “Ba-Iseraele Bohle” ba Bolokiloe ho Hlohonolofatsa Batho Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Sefate sa Mohloare se Beang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Bajode
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • ‘O! Botebo ba Bohlale ba Molimo!’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 9/15 maq. 10-15

“Ba-lseraele Bohle ba Tla Bolokeha”

“Ka mokhoa oo, ba-lseraele bohle, ba tla bolokeha, joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Molopolli o tla tsoa Sione, ’me o tla tlosa nyefolo ho Jakobo.”—BA-ROMA 11:26.

1. (a) Ka Ba-Roma 11:26, ho botsoa lipotso life? (b) Ke hobane’ng ha Rephabliki ea Iseraele e se Iseraele e neng e tla “bolokeha”?

KE SECHABA sefe se boleloang moo? Se bolokeha joang? Hona lichaba tse ling tsohle li angoa joang ke polokeho ea sona? Brithani e khaolitse ho alosa Palestina ka 1948, eaba Bajode ba hapa karolo ea sebaka seo ’me ba hloma Rephabliki ea Iseraele. Baiseraele ba sarolla meeli ea rephabliki ea bona ka ho hlōla Maarabia ntoeng ea matsatsi a tšeletseng ka 1967. Empa ha e sa le Rephabliki ea Iseraele e hlongoa, e ile ea tlameha ho hlahisa hlooho ka ho sebelisa likhoka tsa sesole. Ebang Iseraele ea kajeno e na le liqhomane tsa “nuclear” tse bokelletsoeng hore li sireletse sechaba kapa che, ho hang ha e-ea itšetleha ka ‘molopolli ea tsoang Sione.’ E, ’muso ona o monyenyane o ipusang, le lichaba tsa Balichaba, ke karolo ea Machaba a Kopaneng! Ho hlakile hore rephabliki ena hase puso ea leholimo kamoo sechaba sa Iseraele se neng se le kateng mehleng ea Moshe, khale koana ka 1513 B.C.E.

2. Ho hlongoa ha Rephabliki ea Iseraele ho fapane joang le ho khutlisetsoa ha Bajode hahabo bona ka 537 B.C.E.?

2 Moiseraele oa Austria Theodor Herzl, ea theileng Mokhatlo oa Sione oa Lefatše ka 1897, o boletse hore Bajode ke sechaba ’me a kōpa hore ba fuoe sebaka seo ba ka hlomang ’muso oa Sejode ho sona. Empa ha ho letho liphetohong tsena tsohle tse amang Rephabliki ea Iseraele le lumellanang kae kapa kae le ho khutlisetsoa ha Bajode hahabo bona ka selemo sa pele sa morena Cyruse oa Persia, ka 537 B.C.E. Ho khutlisetsoa hoo ha boholo-holo ho ile ha phethahatsa morero o neng o boletsoe ke Jehova, Molimo oa Iseraele, kamoo ho boletsoeng ho Esaia 45:1-5. (2 Likronike 36:22, 23; Esdrase 1:1-4) Empa ha ho theoa Rephabliki ea Iseraele ha rea bona tsela ea khotso e nkoang ka tumelo e feletseng ho Molimo oa Iseraele oa boholoholo. Hona ho ke ke ha hlalosoa e le phethahatso ea boprofeta ba Mangolo a Seheberu; kapa hona hore ke bopaki ba hore Messia oa Bajode o haufi le ho tla.

3. Liithuti tsa Machaba tsa Bibele li kile tsa talima “ba-lseraele bohle” e le eng, empa ha etsahala joang ka 1932 ntlheng ee?

3 Ho tla fihlela selemong sa 1929 litho tsa Mokhatlo oa Liithuti tsa Bibele tsa Machaba li ne li ntse li nahana hore Bajode ba tlhaho e sa le sechaba se khethiloeng sa Molimo, hore ba ne ba tla boetse ba bokelloa Palestina ba ntse ba se na tumelo, hore ha ba le moo ba ne ba tla sokolohela ho Jesu Kreste e le eena Leloko le tšepisitsoeng la Abrahama le hore joale e ne e tla ba bona sechaba se etellang pele lefatšeng bakeng sa ho hlohonolofatsa batho bohle. Leha ho le joaIo, ka 1932, hona ha pakoa hore e ne e le ho se utloisise boprofeta ba Bibele, ho akarelletsa mantsoe a Ba-Roma 11:26 a buang ka ho bolokeha ha “ba-Iseraele bohle.”—Bona Study VIII sa buka Thy Kingdom Come, e hatisitsoeng ka lekhetlo la pele ka 1891 ke Watch Tower Bible & Tract Society.

“Ba-Iseraele Bohle” ke Bafe?

4. Ke maemo afe kajeno a bontšang hore Rephabliki ea Iseraele hase “Iseraele oa Molimo”?

4 Seo mongoli oa Mojode oa Ba-Roma 11:26 a se bitsang “ba-Iseraele bohle” o se bitsa “Iseraele oa Molimo” ho Ba-Galata 6:16. Empa haeba Bajode ba tlhaho ba Rephabliki ea Iseraele le ba lefatšeng ka bophara e se bona “ba-Iseraele bohle,” e be litho tsa eona ke bafe? Potso ena ke ea bohlokoa hobane, Bajode ba tlhaho ba kajeno ha ba tsebe hore na ke ba moloko ofe ho e 12 ea Iseraele. Ba na le borabbi e seng boprista, ha ho moprista e moholo lefatšeng, ha ho tempele ea Jerusalema ’me moo ha ho aletare eo ba ka nyehelang mahlabelo ho eona ho ea ka Molao oa Molimo oo ba o neiloeng ka Moshe. Hona hohle ha e sa le ho nyamela ha Baroma ba timetsa Jerusalema ka 70 C.E. Hape ha ho bopaki bo bontšang hore Molimo oo ba hanang le ho bitsa lebitso la oona o sa na le bona joaloka sechaba. Empa, Jehova Molimo o na le Iseraele lefatšeng, le hona lekholong lena la lilemo la bo20. E be litho tsa eona ke bo-mang?

5, 6. Pauluse o bontšitse joang hore ho ba “Iseraele oa Molimo” ha hoa itšetleha ka maemo a tlhaho, a nama?

5 Saule oa Tarese, Mojode ka tlhaho, ea ileng a neoa tokelo ea ho ba moapostola oa Mokreste Pauluse, o fana ka karabelo e khotsofatsang. Hoo e ka bang ka selemo sa 56 C.E. a ngolla ‘bohle ba leng Roma, baratuoa ba Molimo, ba bitsitsoeng, ba halalelang.’ (Ba-Roma 1:1, 7) Pauluse lengolong leo o hlahlolla bao Molimo o ba nkang e le Baiseraele ba ’nete—e seng Baiseraele ba nama empa ba moea. Pauluse a ngola:

6 “Hase bohle ba tsoileng ho Iseraele e leng ba-Iseraele. Hape, le bao e leng ba leloko la Abrahama hase bana ba hae kaofela; empa ho itsoe: U tla biletsoa leloko le tsoang ho Isaaka: ke ho re, bao e leng bana ba nama hase bona e leng bana ba Molimo; empa bana ba pallo ke bona ba baloang leloko. . . . Esaia le eena o phahamisitse puo holim’a Iseraele, a re: Leha palo ea bana ba Iseraele e ne e ka ba kale ka lehlabathe la leoatle, ho tla bolokeha masala feela. Hobane Morena, tokisong ea hae, o tla phetha lentsoe la hae lefatšeng ka mokhoa o tletseng, o mokhutšoanyane. Ho joale ka ha Esaia a kile a bolela pele, a re: Hoja Morena oa makhotla a se ke a re siela leloko, re ka be re entsoe joale ka Sodoma, re ka be re tšoana le Gomorrha.”—Ba-Roma 9:6-9, 27-29.

7, 8. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba tlhaho ba ile ba sitoa ho tlatsa likheo tsohle e le makala a sefate sa tšoantšetso sa mohloare se hlalosoang ho Ba-Roma khaolo ea 11?

7 Hamorao, ho Ba-Roma khaolo ea 11, Pauluse o tšoantša sechaba sa Iseraele le sefate sa mohloare se metseng ho “motsoalle oa Molimo,” mopatriareka Abrahama. (Jakobo 2:23) Hoba “motsoalle” eo a bontše kutlo, Molimo oa re ho eena: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao, ka baka la hobane u mametse lentsoe la ka.” (Genese 22:18) Kaha Bajode ba bangata ba tlhaho ha baa ka ba bontša tumelo ea moholo-holo oa bona Abrahama ’me ba utloa Molimo, Baiseraele bao ba sa lumelang ba khethuloa sefateng sa tšoantšetso sa mohloare seo metso ea sona e neng e le Jehova Molimo, Abrahama e Moholo. Libaka tsa bona tsa nkoa ke Balichaba ba lumelang, e le hore sefate sa tšoantšetso se ka ba le palo e feletseng ea makala a sona. Ba nkileng libaka tsa Baiseraele ba tlhaho ea e-ba “leloko la Abrahama” ka tšokoloho, kapa ka hore Molimo, o Moholo ho Abrahama, o itholle bona ho ba etsa Baiseraele. (Ba-Galata 3:26-29) Ea e-ba Baiseraele ka kutloisiso ea moea, ke hore, Baiseraele ba moea. Ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a tsoela pele, a re:

8 “Hobane, banab’eso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale; ke ho re, ho thatafala ho hlahetse ba-Iseraele ka nģa e ’ngoe, ho tlala ha ba-lichaba ho be ho kene. ’Me ka mokhoa oo, ba-Iseraele bohle ba tla bolokeha, joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Molopolli o tla tsoa Sione, ’me o tla tlosa nyefolo ho Jakobo; ’me ke sona selekane seo ke tla ba etsetsa sona, mohla ke tlosang libe tsa bona.”—Ba-Roma 11:25-27.

9. Le hoja ‘mehla e beetsoeng lichaba’ e ile ea fela ka 1914, boemo ba Rephabliki ea Iseraele ke bofe mabapi le ’Muelli oa selekane se secha?

9 Rea hlokomela hore Pauluse ha a ka a re, ‘ho fihlela ho phethoa mehla ea Balichaba.’ Ho e-na le hoo, o re, “ho tlala ha ba-lichaba ho be ho kene,” kapa, “ho fihlela ho kene palo e feletseng ea batho ba lichaba.” Mehla ea Balichaba, kapa ‘mehla e beetsoeng lichaba,’ e felile ka selemo seo Ntoa ea I ea Lefatše e ileng ea qhoma ka sona, ka 1914. (Luka 21:24, Authorized Version) Leha ho le joalo, kajeno, lilemo tse 70 hamorao, Rephabliki ea Iseraele le Bajode ba tlhaho ba tletseng lefatše ha ba ipolele hore ba selekaneng se secha seo Jehova a itseng o tla se hloma le ntlo ea Iseraele. (Jeremia 31:31-34) Hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse makholo a 19, ka la 14 Nisane, 33 C.E., bosiung ba Paseka ea Sejode, ea neng a lebelletsoe ho ba ’Muelli oa selekane seo a bea ka pel’a baapostola ba hae ba khabane senoelo sa veine, eaba o re: “Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka, a tšolleloang lōna.” (Luka 22:20) Empa kamor’a nako ena eohle Rephabliki ea Iseraele ha e hlokomele Jesu Kreste e le ’Muelli oa selekane se hlileng sa boleloa boprofeteng ba Jeremia.

10. Bajode ba tlhaho ba lumelang ba theile karolo e kae ea “leloko” la Abrahama bakeng sa ho hlohonolofatsa batho bohle, hona ka phello efe?

10 Baahi ba Iseraele kajeno ba bolela hore “molopolli” ha a e-s’o tsoe Sione. (Esaia 59:20; Ba-Roma 11:26) Empa mohla Pentekonta ea 33 C.E., masala a Iseraele ea boholo-holo a ile a amohela Jesu e le Messia. Ka nako eo masala ao a qala ho amohela moea o halalelang oo a neng a o tšepisitsoe le ho kenngoa selekaneng se secha se hlileng sa boleloa. Empa, masala a ne a sa lekana bakeng sa litho tse feletseng tsa “monyaluoa” oa Kreste oa moea, oa litho tse 144 000. (Tšenolo 7:1-8; 14:1-3; 21:9) Hoo ke hore ha hoa ba le Baiseraele ba tlhaho ba lekaneng ho ba karolo ea sefate sa tšoantšetso sa mohloare se metseng ho Abrahama e Moholo, ea tšepisitsoeng hore “leloko” la mopatriareka oa boholo-holo le tla tlisetsa mefuta eohle ea lefatše tlhohonolofatso, Bajode le bao e seng Bajode.

11, 12. “Ba-lseraele bohle” ke Baiseraele bafe, ’me hona ho ka pakoa joang ka Mangolo?

11 E be joale “ba-lseraele bohle” ba ne ba tla “bolokeha” joang ka “molopolli” ea tšepisitsoeng? Ak’u hlokomele hore Pauluse o ngotse lengolo la hae le eang ho Baroma hoo e ka bang ka 56 C.E., hoba a ngolle Bagalata (hoo e ka bang ka 50-52 C.E.). Kahoo, Ba-Roma 11:25-27 e ngotsoe kamorao ho mantsoe a ho Ba-Galata 6:16 a buang ka “Iseraele oa Molimo.” Ke eona Iseraele eo ho neng ho entsoe selekane se secha le eona ka Jesu Kreste, e seng ka moprofeta Moshe. Jesu e ne e le ’Muelli bakeng sa Iseraele ea Bokreste, Iseraele oa moea, e tsoetsoeng e le sechaba mohla Pentekonta ea 33 C.E., ha moea o halalelang o tšolleloa holim’a Bajode ba ileng ba amohela Jesu Kreste hore ke ’Muelli oa selekane se secha.

12 Moapostola oa Mojode Petrose o ne a le teng ketsahalong eo. Hamorao, a ngolla “ba khethiloeng ka ho tsejoa pele ke Molimo” ’me a re: “Le moloko o khethiloeng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le sechaba se ruiloeng, . . . lōna bao le neng le se sechaba pele, empa joale le sechaba sa Molimo.” (1 Petrose 1:1, 2; 2:9, 10) Hona ho tiisa ’nete ea hore Iseraele ‘eohle’ e tla “bolokeha” hase rephabliki ea kajeno ea Baiseraele kapa bona Baiseraele ba tlhaho ba hasaneng le lefatše. “Ba-lseraele bohle” ba ileng ba “bolokeha” e ne e le Baiseraele ba moea ba tsoetsoeng ka Pentekonta ea 33 C.E. ka nako eo ba tsoaloa ka moea o beang oa Molimo. Molopolli ea tšepisitsoeng o ne a tla tla ho ‘Iseraele enoa oa Molimo.’

13. (a) Molopolli ea tšepisitsoeng o tsoile Sione joang, hona neng? (b) Kamorao ho nako, litho tsa “Iseraele oa Molimo” li ile tsa kenyelletsa bo-mang?

13 Molopolli enoa o fetse a tla mohla Pentekonta ea 33 C.E. Joang? Ka hore moea o halalelang oa Jehova o tšolleloe ho barutuoa ba ka bang 120 phapusing e ka holimo motseng oa moreneng oa sechaba, Jerusalema. Eaba barutuoa bao ba fetoha karolo ea pele ea “Iseraele oa Molimo” ea tsoaletsoeng bophelong ba moea le ea nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng sebakeng se holimo sa moea. Qetellong Iseraele enoa oa moea a kenyelletsa Balichaba ba lumelang ho Molopolli ea tšepisitsoeng. Ho etsahetse neng? Ha ho sokoloha Basamaria—’me hamorao ho sokoloha Balichaba ba thata ka ho sokoloha ha molaoli oa lekholo oa Moroma Kornele le lelapa la hae le metsoalle ea hae ka 36 C.E.—Jehova, Abrahama e Moholo, a itholla balumeli bana bohle ba Balichaba ho ba kenya kutung ea tšoantšetso ea sefate sa mohloare, Mora oa hae ea tsoetsoeng a le mong, Jesu Kreste. Ke ka hona Balichaba bana ba neng ba ka nka libaka tsa Bajode ba se nang tumelo ba ileng ba khethuloa sefateng sa mohloare sa “makala” a 144 000.—Liketso khaolo ea 10; Ac 15:14-21.

Mosebetsi oa ho Khethuloa ha Makala o Phethuoe

14. Hona hohle ho na le bopaki bo botle ba ho bontša eng mabapi le “ba-lseraele bohle”?

14 Ketsahalo eane e phahameng ea 36 C.E. e na le lilemo tse makholo a leshome le metso e robong mashome a mane le metso e robeli e etsahetse. Ka ho utloahalang, hona joale mosebetsi oa Molimo o matla ’Ohle oa ho boloka “ba-lseraele bohle” o phethuoe ka mokhoa o moholo. Eo ke nako e telele haholo ho feta mehla ea mohau o khethehileng ho Bajode ho tloha ka 1513 B.C.E., mehleng ea Moshe, ho ea ho 36 C.E., ha ho sokoloha Balichaba ba pele ba sa bollang. Ha ho pelaelo, nako ena e telele e fane ka sebaka se lekaneng ho boloka “ba-Iseraele bohle,” ntlheng ea hore palo ea bona e felle. Ho na le bopaki bo botle haholo hona joale.

15. Boprofeteng ba Jesu bo amang “pontšo” ea “ho fela ha lefatše,” o itse “bakhethoa” ba tla bokelloa joang?

15 Jesu Kreste o ne a supa nako eo ha a fana ka boprofeta ba ho ba ‘teng’ ha hae a sa bonahale le ba “ho fela ha lefatše” ’me a re: “Pontšo ea Mor’a motho e tla hlaha leholimong; ke moo lichaba tsohle tsa lefatše li tla iteta lifuba, ’me li tla bona Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo, ka matla a maholo le ka khanya e khōlō. O tla roma mangeloi a hae a letsang literompeta tse molumo o moholo, hore a bokelle bakhethoa ba hae meeeng e mene, ho qala pheletsong e ’ngoe ea maholimo ho isa ho e ’ngoe.” (Mattheu 24:3, 30, 31) Jesu Kreste o bile ‘teng’ ho tloha neng?

16, 17. Jesu Kreste o qalile ho ba ‘teng’ neng, ’me ha latela liketsahalo life tse hlokomelehang mabapi le “bakhethoa” ba bokelletsoeng?

16 Jesu o ‘bile teng’ ha ho fela ‘linako tse supileng’ tsa mehla ea Balichaba bofelong ba 1914. (Daniele 4:23-36) Ka nako eo Jesu Kreste ea khanyang a lebisa tlhokomelo ea hae ho sebeliseng matla a hae lefatšeng le hlasetsoeng ke ntoa. Linnete tsa histori li paka hore selemo sa kamorao ho ntoa sa 1919 Morena Jesu Kreste ea busang o ile a roma mangeloi a hae a leholimo ho bokella “bakhethoa” likarolong tsohle tsa lefatše. Tlas’a tsamaiso ea Watch Tower Bible and Tract Society ba bokelloa hammoho bonngoeng ba lefatše lohle, ho phethahatsa litaelo tsa boprofeta ba Jesu bo tlalehiloeng ho Mattheu 24:14: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”

17 Kopanong e akaretsang ea batho ba Molimo ka 1931, ka ntsoe le le leng ba inkela lebitso le lecha, e le hore ba ka tsejoa e le Lipaki tsa Jehova. Hona ha lateloa ke ho hatisoa ha buka ea Mokhatlo e bitsoang Jehovah, e e-na le lebitso la Molimo leo ba neng ba thabetse ho bitsoa ka Iona. Ka teboho, Lipaki tsa Jehova tsa amohela buka e ncha ka selemo sa 1934, ha Führer oa Nazi, Adolf Hitler, a tsoile letšolo ho felisa Lipaki Europa e bohareng.

18. Ka nako ea teng, ke phetoho efe e bontšitseng hore palo e feletseng ea “bakhethoa” e bokelletsoe?

18 Ha latela pontšo ea hore ho bokelloa ha “bakhethoa” ba inehetseng le ho kolobetsoa bakeng sa ’Muso oa leholimo ho phethuoe. Joang? Hobane ka selemo sa 1935 “bakhethoa” bana ba ile ba lebisa tlhokomelo ea bona le boiteko ho “bongata bo boholo” bo hlileng ba bonoa ho Tšenolo 7:9-17. “Bongata bo boholo” bona kapa “letšoele le leholo” bo ne bo tla etsoa ka bo-mang? Ka batho ba neng ba tla lebisa khanya le tlhompho ho Jehova Molimo le Jesu Kreste ’me ba putsoe ka bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise leo ba neng ba tla fetela ho Iona ba sa shoa ho sa tsotellehe “mahlomola” a maholohali historing eohle ea batho. Bana ba hauhetsoeng ba tsejoa e le “linku tse ling” tsa lefatšeng tsa Molisa ea Molemo, Jesu Kreste. Ka thabo, e ne e tla ba ‘mohlape o le mong’ le masala a “ba-Iseraele bohle” a sa ntsaneng a phela lefatšeng.—Johanne 10:16.

U Arabela Joang?

◻ Ke hobane’ng ha Rephabliki ea Iseraele e se eona Iseraele e boleloang ho Ba-Roma 11:26?

◻ Ke hobane’ng ha Baiseraele ba tlhaho ba ile ba sitoa ho koala likheo tsohle e le makala a sefate sa tšoantšetso sa mohloare?

◻ Molopolli ea tšepisitsoeng ke mang, o tlile neng hona joang Sione?

◻ “Ba-Iseraele bohle” ke bafe, ’me palo e feletseng ea bona e bokelletsoe neng?

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 14]

Ka 1935, “linku tse ling” tse kopanelang le masala a “ba-Iseraele bohle” tsa tsejoa e le “bongata bo boholo”

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Ha Jesu a thea Sejo sa Morena sa Mantsiboea, “senoelo” se ile sa bolela eng?

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Boieane bo bileng kopanong Washington, D.C. ka 1935

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela